Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 11/1 maq. 12-16
  • Phephetso ea Ntlo le Ntlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phephetso ea Ntlo le Ntlo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PHEPHETSO
  • PHEPHETSO EA HO TIISETSA
  • MELEMO EA BOTHO
  • TŠIRELETSO
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ‘Ho Etsa Mosebetsi o Halalelang oa Litaba Tse Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Ho Bolela Lefatšeng le Khopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 11/1 maq. 12-16

Phephetso ea Ntlo le Ntlo

E NE e le e mong oa Lipaki tsa Jehova a le bohareng ba lilemo tse 70. O ne a hlotsa ha a ntse a kena ka ntlo le ntlo; empa ha ho makatse, kaha o ne a tsamaea ka maoto a mapolanka. Ha a kokota monyakong o mong, ha hlaha mosali. A mo supa ka monoana, mosali eo a mo botsa ka lentsoe le tletseng bohale: ‘Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?’

Monna eo a hula moea hanyenyane, joale a teanya mahlo le mosali eo, a re: ‘Kea u bolella, ’mè, ke leka ho ba eona. Ha ho bonolo. Kea ho sebeletsa. Ke kabelo e boima. Na u ka itekanyetsa hore na ho bolela eng ho ba paki ea Ea Holimo-limo, Jehova, Morena oa bokahohle? Ke kabelohali, Kea u bolella, ’mè, kea e sebeletsa.’

Mosali eo a arabela ka hore’ng? A khutsa tu. O ne a ka re’ng?

Ho ke ke ha latoloa. Ho ea ka ntlo le ntlo ka litaba tse molemo tsa ’muso oa Jehova Molimo ke phephetso ea sebele. Ha ho belaetse ha e le mona mokhoa ona oa ho bolela evangeli o khetholleha ho Lipaki feela. Ha ho sehlopha se seng sa bolumeli se hatellang kapa se lebelletseng mosebetsi o tjena ho litho tsohle tsa sona. ’Me ruri ke ho khahlisang hore ba somang lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ha ba li tsekise ho etsa mosebetsi oo ba ka reng ha o na mohlala oa Mangolo. Ho e-na le ho tsekisa Lipaki hore ha li na motheo oa Mangolo ka mosebetsi oa tsona, nako le nako basomi bana ba ’nile ba lumela ka ho ngola hore mofuta ona oa ho bolela evangeli ke oa Mangolo. Ba bang ba bile ba le bohloko ke ’nete ea hore mekhatlo ea bona ha e-ea lebella ho joalo ho litho tsa eona.

Hase hore Lipaki li ne li ke ke tsa e-ba le mabaka a ho ea ka monyako le monyako le haeba ho se teng litaelo le mehlala e tobileng kapa e qaqileng e tsoang ka Lentsoeng la Molimo hore li etse joalo. Ho rata Molimo le bao li ahisaneng le bona ho qobella hore li pake ho bohle bao ba ka ba fumanang, li bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le ho ba lemosa ka ‘mahlomola a maholo’ a haufi haholo—’me li etsa joalo ka mokhoa o mong le o mong o molemo. Mehleng ea baapostola moapostola Pauluse le ba bang ba ile ba etela matlo a thapelo ’me ba tseba ho bolela ‘litaba tse molemo’ ho ba phuthehileng. (Matt. 24:14, 21; Lik. 13:14-16; 14:1; 17:1, 2, 10, 17; 18:4, 19, 26; 19:8) Bonneteng, kajeno ke seoelo Lipaki li fumanang monyetla oa ho buisana le ba matlong a thapelo kapa mehaho e meng ea bolumeli. Empa ’nete ea hore Lipaki tsa kajeno li ke ke tsa etsisa mosebetsi ona ha e bolele hore li ke ke tsa etsisa mekhoa e meng ea ho bolela evangeli ea baapostola eo ba ka e khonang.

Eona ’nete ea hore ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo ho hanyetsoa hakana ke bopaki ba ho bea ha eona. Ha ’muso o iphetola oa bohatelli, e ’ngoe ea lintho tsa pele tseo o li etsang ka tieo ke ho thibela boboleli ba ntlo le ntlo ba Lipaki. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli, haholo mehleng e fetileng, ba ’nile ba susumetsa le eona mebuso ea puso ea lentsoe la sechaba hore baholo ba eona ba kena-kenane le ho bolela evangeli ka tsela ena, ka hore li sebelisetsoe melao hampe kapa ka ho fetisa melao eo ka ho tobileng morero oa eona e leng ho thibela mosebetsi oa tsona oa ntlo le ntlo. Ho tiisa tokelo ea tsona ea molao ea ho bolela ka monyako le monyako, Lipaki nako le nako li ’nile tsa loana lintoa tsa molao ho kena makhotleng a phahaphahameng, ho akarelletsa Lekhotla le Phahameng la United States. Ntle ho phetoho lekhotla leo la fihlela qeto ea ho li emela, e leng liqeto tse sa tiiseng feela hore Lipaki li na le tokelo ea molao ho pethahatsa mosebetsi oa tsona empa hape le molemo oona. Qeto ea ’nete e ileng ea fihleloa ke e latelang:

“Ho abuoa ha lipampitšana tsa bolumeli ka letsoho ke mokhoa oa khale haholo oa ho bolela evangeli oa boromuoa—oa khale ho isa moo khatiso e qalehileng teng. E bile matla a sebetsang haholo mekhatlong e sa tšoaneng ea bolumeli ho theosa le lilemo. Mokhoa ona oa ho bolela evangeli oa sebelisoa kajeno, o sebelisoa haholo ke lihlopha tse sa tšoaneng tsa bolumeli tseo baemeli ba tsona ba tsamaisang Molaetsa ho o isa ho likete tsa likete tsa malapa le ka ho chaka ho hapa ba ka sokolohelang tumelong tsa bona. . . . Mosebetsi oa mofuta ona oa bolumeli o nka boemo bo phahameng ka mokhoa o tšoanang tlas’a Tokiso ea Pele joaloka borapeli likerekeng le ho bolela lifalaneng.”

PHEPHETSO

Re tobeng taba: ho ea ka ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele ka molaetsa oa Bibele ke e ’ngoe ea lintho tse boima ka ho fetisisa ho motho ea itekanetseng, e motona kapa e motšehali, e mocha kapa e moholo. Ha e le hantle, ka nako e ’ngoe Lipaki tse nang le mashome a lilemo li bolela ka nako e tletseng li ’nile tsa bolela hore kamor’a lilemo tseo tsohle ho ntse ho hanana le tšekamelo ea tsona ea tlhaho hoo ho hlokahalang boiteko ba sebele ho qalisa hoseng ho hong le ho hong. Ka linako tsohle motho ha a tsebisise hore na o tla amoheloa ka tsela efe ha a fihla monyako. Ntle ho potso, batho ba bangata baa khopeha ha motho a fihla monyako ha bona ka molaetsa oa Bibele, ’me ha ho ea thabelang ho khopisa batho. Boikutlo ba pele ba bongata ba ba neng ba rata ’nete ba ileng ba ithuta Bibele le e mong oa Lipaki ke hore, ‘Nke ke ka ea ka ntlo le ntlo.’ Hore na ho ne ho bonahala ho le boima hakae ho ka bonoa ka phihlelo ea monna oa setima mollo oa motseng oa New York. A tsamaea le moruti oa hae oa Bibele ha a kena ka ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele, a re: “Ache, hona ho hobe le ho feta ho kena ka har’a mohaho o tukang!” Empa kamor’a nakoana, le eena o ne a thabela ho bolela ka ntlo le ntlo.

Ha e le hantle, motho ea eang kerekeng ka mokhoa o lekaneng ha a na letho le lekaalo le ka mo susumetsang hore a ee ka ntlo le ntlo. Ke eng eo a ka e bolellang beng ba matlo? Taba-kholo mohlomong ha a na tsebo e ntle ea hore na kereke ea hae e ruta eng; ke feela lintho tse ngata tse akaretsang tse theiloeng tumelong ea Kereke ea hae. Ho feta moo, ka mekhoa eohle, bolumeli bo hlahisoa e le taba ea boithati haholo-holo. Bo amehile haholo ka hore motho a pholose moea oa hae; litšebeletso tsa kereke ha lia haheloa ho koetlisetsa le ho susumelletsa bamameli ho ba baboleli ba mafolo-folo ba evangeli. Ke kahoo ho sa makatseng hore mosebetsi oa ntlo le ntlo ke phephetso e thuloang seoelo ke ba bang ntle ho Lipaki tsa Jehova.

Le hoja e le phephetso hakaalo, mosebetsi oa ntlo le ntlo hase o phahametseng hore o ka finyelloa ke Mokreste leha ho thoe ke ea tlase hakae. Ke kahoo, Paki e ’ngoe ea Mexico e tsoang metseng e thōko, e apere seaparo se tloaelehileng feela, e ileng ea kokota ntlo e kholo e ntle. Monna ea apereng seaparo sa hoseng sa silika a tla monyako ’me a botsa hore na o batla eng. Paki ea re: “Ha mulete o ka tla tlung ha hao ka mekotla e ’meli ea gauda, na u ne u tla e amohela?” A khopehile, mong a ntlo a arabela: “Ha ke utloisise hore na u mpolella eng. ke moenjenere ea tumileng.” Paki joale ea mo botsa: “U utloisisa eng ka boprofeta?” Monna eo a lumela hore ha a tsebe letho ka bona. Eaba Paki e re: “Ke sona seo ke batlang ho bua le uena ka sona. . . . ke oona mulete oo o tlileng tlung ea hao, ’me mekotla e ’meli ea gauda ke limakasine tsena, Molula-Qhooa le Tsoha!” Monna eo a khahloa ke neelano ea Paki e ikokobelitseng ’me a nka limakasine tse peli. Hona hohle ho hopotsa ka ketsahalo e tlalehiloeng ho Liketso 4:8-13.

PHEPHETSO EA HO TIISETSA

Nako le nako bahlanka ba Jehova ba ile ba tlameha ho thulana le liphephetso ka ho tiisetsa le ho mamella. Mohlala o hlokomelehang ke oa Jeremia eo, ka nako e ka etsang lilemo tse 40, a ’nileng a bolela molaetsa oa Jehova Molimo tlas’a maemo a bosula ka ho fetisisa. Hase feela ka lekhetlo le leng a ileng a ikutloa hore oa tlohela! Empa a sitoa ho khutsa; a tlameha ho bua, ho paka ka Molimo oa hae Jehova le khahlanong le tsela ea boithatelo ea Bajode ba mehleng ea hae.—Jer. 20:9.

Kajeno, le teng, bahlanka ba Jehova ba tlameha ho tiisetsa, e, le ho tsitlella, ha ba phetha kabelo eo ba e filoeng ke Molimo. ’Me ba na le mabaka a mangata a ho etsa joalo. Nako le nako ha ba etela mong a ntlo ba leka ho sia liqoapi tse seng kae tsa ’nete, marotholi a ’maloa a metsi a moea, kamoo ho leng kateng, ebang ke ka polelo ea molomo kapa ka maqeqhe a hatisitsoeng. Nako le nako tsena li bile le phello e molemo, li qetella li beile litholoana, joalokaha moapostola Pauluse a hlokometse ha a re: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.”—1 Ba-Kor. 3:6.

Ho na le mabaka a mangata a hore Lipaki tsa Jehova li tiisetse, li tsitlelle tšebeletsong ea tsona ea ntlo le ntlo. Joalokaha Molula-Qhooa o kile oa ho hlalosa hantle, o re:

“Bophelo boa ameha. (2 Tim. 4:5) Hoo ho bolela ho boela hangata. Tabeng e ’ngoe, maemo a ntse a fetoha. Kajeno mohlomong motho ha a lapeng, ka lekhetlo le latelang o teng. Mohlomong kajeno o tšoarehile haholo hore a ka mamela, empa ka lekhetlo le latelang ha ho joalo. Kajeno ke setho se le seng sa lelapa se arabelang monyako, ka lekhetlo le leng ke se seng; . . . Hangata malapa a arohane bolumeling, . . . Ntle ho moo, batho ba falla nako le nako . . .

“Hase feela hore maemo a fetoha, empa batho ka bobona baa fetoha. . . . Hobane ka ntho e le ’ngoe feela e fokolang motho a ka ’na a ferekana ’me a se ke a rata ho bua ka bolumeli ho hang kapa ntho efe kapa efe ho sa tsotellehe hore na ke mang ea tlang monyako ha hae, empa ha ho utloahale hore o tla ba maikutlong ao ka lekhetlong le hlahlamang. Kapa, feela hobane motho o ne a sa thahaselle ho hang ho bua ka bolumeli khoeling e fetileng ha ho bolele hore o tla ba joalo le khoeling ena. Mohlomong ho tloha mohla Paki e etileng motho enoa o bile le phihlelo e sisimosang moea kapa ka tsela e ’ngoe a ithuta ho hong ho mo entseng hore a ikokobetse ho e-na le ho iphahamisa, a lape ’me kahoo a falimehele seo a se hlokang moeeng ho e-na le ho ikhotsofatsa.”

Kannete, a mangata mabaka a ho etela batho nako le nako, a ho tiisetsa, a ho batla ba kang linku.—Matt. 25:31-33.

MELEMO EA BOTHO

Taba ea pele har’a lintho tse finyelloang ke Lipaki ha li ea ka ntlo le ntlo ke hore lebitso la Jehova lea tsebahatsoa. Hore li hlokomelisa batho ka lebitso lena le khethehileng la ’Mōpi ho totobatsoa ke setšoantšo se neng se entsoe ke makasine e tsebisahalang ea motse oa New York. Se ne se bontša monna ea rapelang ka thoko ho moalo oa hae ’me molimo oa Majeremane Wotan o eme ka lehlakoreng le leng la moalo oa hae. Setšoantšo se etselitsoe mantsoe a hlalosang a monna ea rapelang a re: “Ke masoabi ha ke u sitisitse, Wotan. Taba ke hore, ka tlhaho ke ile ka nahana hore ha ke re Molimo, ke tla fumana Jehova.”

Ho feta moo, joalokaha ho ka bonoa tabeng ena, ho bolela ka ntlo le ntlo ho thusa ba ratang ’nete le ho loka ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Hape, ka ho bolela letsatsi la liphetetso tsa Jehova, Lipaki li sebeletsa ka lerato ho lemosa bohle ba sa rateng ho loka le ’nete, empa ba rata menate. (2 Tim. 3:1-5) ’Me melemo e mengata haholo e phahamisoang ho Lipaki ka botsona, hobane maele a Bibele ke a ’nete ha a re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liprov. 11:25.

Ke kahoo moholo oa Paki ea qetileng lilemo tse robong kampong ea mahloriso ea Majeremane a kileng a bolela hore ha ho letho le tšoanang le mokhoa oa ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo ho thusa motho ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo o halalelang. Ha ho hlahise pelaelo ea letho. Ka ho tiisetsa mosebetsing ona motho o ithuta ho sebelisa lerato le se nang boikhabi, ho thaba, ho sekamela khotsong, ho phehella le ho mamella, ho sebelisa tumelo ea motho le ho bontša bonolo, mosa, molemo le boitšoaro.—Ba-Gal. 5:22, 23.

Ho ea ka ntlo le ntlo ka litaba tse molemo tsa ’Muso ho boetse ho thusa motho ho hlaolela botho bo botle. Motho ea ikhohomosang o ameha feela, o iketsetsa lintho kamoo a ratang, ha a amehe ka ho khahlisa ba bang. Empa hore Paki e be e molemo e tlameha, ho tšoana le moapostola Pauluse e be “ntho tsohle ho bohle” e le hore e ka oina ba bang.—1 Ba-Kor. 9:19-23.

Lehlohonolo le leng le tlelang ba tšoarellang phephetsong ea ntlo le ntlo ke hore e etsa motho ea nang le kutloelo-bohloko haholo le ea qenehelang haholo. Hape, motho o ithuta ho nahanela batho ba foufalitsoeng moeeng ke balisa ba bohata, ’me hape, motho o ithuta ho nahanela batho ha ba mo phetela mathata a bona: bofuma, ho hloka mosebetsi, ho kula, ho se utloane ka lapeng, botlokotsebe ba bana, le tse joalo. Joalokaha e ne e le ’nete mehleng ea Jesu, kajeno batho ba “khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” Ba hloka ’muso oa Jehova. Mantsoe a Jesu ho barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo a bua haholo mehleng ena ea bofelo, e leng a reng: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” Ha re ntse re rapella hore ho rōmeloe basebetsi ba bangata kotulong, na rōna ka bōrōna re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ’Muso, ka katleho re thulana le phephetso ea ntlo le ntlo?—Matt. 9:36-38.

TŠIRELETSO

Mosebetsi oa ntlo le ntlo hape o sebeletsa e le tšireletso lefatšeng. Moapostola Johanne oa lemosa ka oona: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng.” Lintho tseo tsa lefatše ho bonahala li leka Paki ea Mokreste ea Jehova, empa ha e tšoarehile ke ho bolela ho bonahala e tla theola moleko ona.—1 Joh. 2:15, 16.

Ho hlakisang taba ena ke tšōmo ea khale ea Bajode kapa papiso. E bolela ka monna ea itseng ea lokileng ea ileng a tla motseng o khopo oa Sodoma ’me a ’na a bolela leha ho ne ho se ea mo elang hloko. Ka letsatsi le leng, motho oa moo ea hlokomelang sena a botsa monna eo hore na ke hobane’ng ha a ntse a bolela ha ho se ea mo elang hloko. A arabela ka hore’ng? ‘Hore batho ba Sodoma ba se ke ba mphetola.’ Ke hona bang ba eeng ba re ‘ho itšireletsa ho molemo ke ho itšena.’ Ha feela Lipaki li leka ka matla ho fetola batho ba lefatše, lefatše le ke ke la atleha ho li fetola.

Leha e le hore hoo ke phetho. Ka ho utloa ha tsona melao ea Molimo ho pakela lebitso la oona le ’muso, li etsetsa ba bang molemo ’me li ipokellela letlotlo leholimong, joalokaha Jesu a ile a phehella Thutong ea Thabeng ea hae. (Matt. 6:19-21) E, ka ho sebelisa nako ea tsona, matla a tsona le mokhoa ka tsela e senang boikhabi joalo, li iketsetsa setsoalle le Jehova Molimo le Jesu Kreste. Joale ha tsamaiso ena e khopo ea lintho e felella li ka ba le tšepo ea ho pholoha ho kena tsamaisong e ncha ea lintho ea kamor’a Harmagedone, joalokaha Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha Moroallo ho kena tsamaisong e ncha ea lintho.—Luka 16:9.

Ha ho pelaelo ea letho ka hona. Ho emela Molimo o Holimo-limo Jehova ke tlotla e khōlō ’me ho hlahisa phephetso ea sebele. Ho na le mohlala o molemo oa Mangolo ’me ho moo matla a Mokreste e mong le e mong ea ineetseng a ka ho finyellang ho sa tsotellehe thuto ea hae ea lefatše. Ba atlehang ho thulana le phephetso ea bopaki ba ntlo le ntlo ba khona ho etsetsa batho ba bang molemo le ho amohela mahlohonolo a tsoang ho Jehova a hoo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela