‘Ba Kenya ka Sekhukhu Mekha e Timetsang’
“Ho tla ba le baruti ba bohata har’a lōna. Bona bana ba tla kenya ka sekhukhu mekha e timetsang.”—2 PETROSE 2:1, “NW.”
1, 2. (a) Likereke tsohle tsa Bojakane e ne e le eng tšimolohong? (b) Kahoo re lokela ho nahana ka lipotso life?
LIKEREKE tsohle tsa Bojakane li qalile e le mekha e ikarotseng. Tse ling ho tsona—haholo-holo Kereke ea Roma le Likereke tsa “Orthodox” le tsa Boprotestanta tsa bosechaba—li ipolela hore li khōlō ho mekhatlo e meng eo ho thoeng ke ea Bokreste, eo ka nyeliso li reng ke mekha ea thuto e khelohileng. Linnete tsena tsa histori li hlalositsoe lihloohong tse peli tse fetileng.
2 Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa: ’Na Jesu Kreste le baapostola ba hae ba tšepahalang ba ile ba bolela hore batho ba tla kheloha Bokreste ba ’nete? Na ba hlokomelisitse ka ho latela batho ba tla iqalla mekha ea thuto e khelohileng? Na lilemong tse fetileng tse makholo a 19 ho ne ho hlile ho hlokahala hore balateli ba Jesu ba ’nete ba ikalose mekheng e joalo e arolang? ’Me na le kajeno hoa hlokahala hore ho lebeloe joalo?’
Litšekamelo Tsa Pele tsa ho Thea Mekha
3, 4. (a) Jesu o fane ka temoso efe, ’me hona ho bolela eng mabapi le Bokreste ba ’nete? (b) Petrose a fana ka temoso efe e joalo?
3 Thutong ea Jesu ea Thabeng, o itse: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae. Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:13-16) Che, Jesu Kreste ha a ka a bolela hore Bokreste ba ’nete e tla ba bolumeli ba tsela e sephara, e bobebe, ea bokahohle, kapa e “k’hatholike,” e lumellanang le “ba bangata.” E ne e tla ba tsela e thata, e tšesane, e fumanoang ke ‘ba seng bakae.’ Bana ba ‘seng bakae’ ba lemosoa hore ‘baprofeta ba bohata’ ba bonahalang ba se na molato ba ne ba tla leka ho ba khelosetsa tseleng e ‘bobebe’ e ‘isang timelong.’
4 Lilemo tse fetang 30 hamorao moapostola Petrose a ngola: “Hape ho tla ba le baprofeta ba bohata har’a batho [ba-Iseraele], joalokaha ho tla ba le baruti ba bohata har’a lōna [Bakreste]. Bona bana ba tla kenya ka sekhukhu mekha e timetsang ’me ba tla latola monghali ea ba lopolotseng, ba itlisetsa timetso ka potlako. Ho tsoela pele, ba bangata ba tla ba latela bohloleng ba bona, ’me ka baka la bona tsela ea ’nete e tla nyefoloa. Hape, ka takatso ea leruo ba tla le thetsa ka mantsoe a mano.”—2 Petrose 2:1-3, NW.
5. “Liphiri” tsa bakoenehi li qalile ho bonahala neng, ’me tsa ‘kenya ka sekhukhu’ ‘mekha e timetsang’ joang?
5 “Tsela ea ’nete,” tsela ‘e isang bophelong,’ ke tsela ea Bokreste ba ’nete. “Baprofeta ba bohata” kapa “baruti ba bohata,” ke ‘liphiri tse koenehileng tse apereng lekoko la nku,’ ba ileng ba qala ho ikutloahatsa har’a Bakreste ba pele le pele ho lefu la baapostola ba Jesu. (1 Johanne 2:18, 19; 4:1-3) Moapostola Pauluse le eena o ile a lemosa ka “liphiri tse bohale” joalo. A ba tsebahatsa e le batho ba tla “bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:29, 30) Ho tloha lilemong tse mashome a mahlano tse qetellang lekholo la pele la lilemo ho ea pele, baruti bana ba bohata ‘ba kenya ka sekhukhu mekha e timetsang,’ ba hanyapetsa Bakreste ba pele ka “mantsoe a mano.” Ka lebaka la bakoenehi bana, “tsela ea ’nete,” Bokreste ba ’nete, boa “nyefoloa.”
Mekha e Meng ea Pele
6. Buka ea Tšenolo e bontša joang hore mekha e ne e se e le teng qetellong ea lekholo la pele la lilemo. ’me ke hobane’ng ha Kreste a ne a e hloile?
6 Tšenolong e amohetsoeng ke moapostola Johanne hoo e ka bang ka 96 C.E., o ngola letoto la melaetsa e bululetsoeng ke Molimo e bontšang boemo ba moea bo neng bo le teng ka nako eo ka liphuthehong tsa Bokreste le bo neng bo tla ’ne bo iphete ho theosa le mehla. Melaetsa e ’meli ho ena e senola boteng ba mekha ea bokoenehi eo Kreste, hlooho ea phutheho ea ’nete ea Bokreste a neng a e hloile. Kamoo ho bonahalang, mokha o mong ho ena o ne o mamella borapeli ba litšoantšo le bohlola.—Tšenolo 2:6, 14, 15.
7. Mangolo a Pauluse a bontša joang hore ntoa e loantšang mekha ea thuto e khelohileng e ne e sentse e tsoela pele mehleng ea hae?
7 Mangolo a mangata a moapostola Pauluse, a ngotsoeng pejana, a bontša hore o ile a tlameha ho loana ka thata khahlanong le litšekamelo tsa ho thea mekha ea thuto e khelohileng. Lengolong la hae la pele le eang ho Bakreste ba Korinthe, Pauluse a hanyetsa ka matla tšekamelo ea bona ea ho latela batho, hobane e ile ea fella ka “likhaohano” le “likhang.” (1 Ba-Korinthe 1:10-13; 3:1-4) A bontša ho ameha ho joalo mangolong a hae a eang Galatia, (1:6-9; 5:19-21), ho Tite (3:9, 10) le ho Timothea.—1 Timothea 1:3-7; 4:1-3; 6:20, 21; 2 Timothea 4:3, 4.
8. Mokha oa “bo-Gnostic” o ne o lumela eng ’me ke hobane’ng ha o ile oa etsa hore “tsela ea ’nete” e ‘nyefoloe’?
8 Liithuti tse ling tsa Bibele li na le maikutlo a hore lengolong la pele la Pauluse le eang ho Ba-Korinthe, haholo-holo lengolong la hae le eang ho Baefese le ho Bakolosse, o sebelisitse ka morero mantsoe a mang a Segerike (a kang gnoʹsis, tsebo, le pleʹroma, botlalo) e le hore a hanyetse bolumeli ba “boGnostic” bo bolelang ka tsebo ea bohata ea hore lintho tsohle tsa nama li mpe. Leha ho le joalo, ka sebele Pauluse o ne a loantša maikutlo a bokoenehi a ileng a hōlisoa hamorao ke mokha oa thuto e khelohileng oa “boGnostic.” “Ba-Gnostic” bana ba ile ba ata haholo lekholong la lilemo la bobeli C.E., ba ne ba lumela habeli, ba lumela hore lintho tsohle tsa nama li mpe le hore tsa moea ke tsona feela tse ntle. Ba ne ba e-na le maikutlo a hore poloko e ka tla feela ka “tsebo” (gnoʹsis) ea mohlolo. Tumelo ea bona ea hore ’mele oa nama o na le bobe ea ba etsa hore ba nke mehato e fetelletseng: ho ineela menateng ea nama kapa ho itima boithabiso ho hang. Tumelo ena ea bohata ea Bokreste ea eketsa ‘nyefolo’ ‘tseleng ea ’nete.’
9. Bolela u be u hlalose mekha e meng ea pele ea Bokreste ba bokoenehi.
9 Har’a mekha ea thuto e khelohileng ea pele e ne e le oa balateli ba Marcion, mora oa “mobishopo” oa Mokreste oa mokoenehi oa Asia Minor. Marcion o ne a lumela ho melimo e ’meli, Molimo o sa phethahalang oa “Testamente ea khale” le Molimo o lerato o senotsoeng ka “Testamenteng e Ncha,” kapa, likarolong tsa eona tseo a neng a li kholoa (mangolo a mang a Pauluse le Luka). Mokha o mong oa thuto e khelohileng oa lekholong la bobeli la lilemo e ne e le oa Montanus. Montanus e ne e le “moprofeta” oa Asia Minor ea neng a bolela hore Kreste o tla haufi le hore ho tla hlongoa Jerusalema e mocha Pepuza, haufi le motse oa kajeno oa Ankara, Turkey. Hape o ne a nyatsa matla a ntseng a eketseha a sehlopha sa baruti ba Bokreste ba bokoenehi le ho hlepha ha boitšoaro. Tertullian ea e-ba molateli oa Montanus. Mekhatlo e meng e neng e ipelaetsa ka ho hlepha ha boitšoaro har’a bao ho thoeng ke Bakreste le hore e be ha ho nkoe bohato ka bakoenehi ke oa lekholong la lilemo la boraro oa Novatiane le oa lekholong la bone la lilemo oa Donatiste. Leha ho le joalo, lihlopha tsena tse neng li khothalletsa ho ikarola li ne li lumellana hore ho na le liphoso tse khōlō lithutong tsa likereke tsa pele.
‘Motho oa Sebe’ oa Itlhopha
10. Ho ka akarelletsoa bafe ho “baruti ba bohata” ba ileng ba ‘tlisa ka sekhukhu mekha e timetsang’?
10 Mekha ena ea thuto e khelohileng, le e meng e sa boleloang, e ne e le mefuta e sa tšoaneng ea Bokreste ba bokoenehi. Empa batho ba e qapileng e ne e se bona feela “baruti ba bohata” ba neng ba ‘kenya ka sekhukhu mekha e timetsang.’ (2 Petrose 2:1-3, NW) Petrose le eena a bolela esale pele hore “ba bangata ba tla ba latela bohloleng ba bona.” Re sa tsoa bona hore mekha e meng ea pele e ile ea theoa ho sireletsa [batho] boitšoarong bo hlephileng ba sehlopha sa baruti ba busang. Kahoo le baruti bana ba lokela ho balelloa har’a “baruti ba bohata” ’me likereke tsa bona li nkoe e le ‘mekha e timetsang.’
11. Ke sehlopha sefe se secha se neng se leka ho iphahamisa, ’me Pauluse o ne a hlile a bolela sena joang?
11 Joalokaha ho se ho hlokomelehile, mekha ena eohle e ne e hlōlisana bakeng sa bophahamo. O mong le o mong o ne o batla ho nkoa e le oona kereke ea “pele,” ea “boapostola” le e “k’hatholike (ea bokahohleng)” ’me e be likereke tse ling e li tšoara feela joalokaha e le mekha ea bakhelohi. Ka nako eona eo, ka likerekeng tse kholoanyane le tse matla, sehlopha sa baruti se ne se leka ho iphahamisa ka holim’a mohlape kaofela. Ha moapostola Pauluse a bua ka sehlopha sena sa bokoenehi le ho hlaha ha sehlopha se busang sa baruti, a ngola: “Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong; hobane e ka khona ho etsahale koeneho pele [ho letsatsi la Jehova], ’me ho hlahe motho eo oa sebe, mor’a tahleho; ea hanang, ea iphahamisang holim’a hohle ho bitsoang Molimo, leha e le ho khumameloang, ’me o tla lula joale ka Molimo tempeleng ea Molimo, a ipeile Molimo.”—2 Ba-Thessalonika 2:2-4.a
12. (a) ‘Motho oa sebe’ ke eng, hona “motho” enoa o senotsoe ka botlalo neng? (b) Ke mehato efe e ileng ea hōlisa ka botlalo sehlopha sa baruti? (c) Hlalosa tsamaiso ea borena ba boemo ba litulo tsa baruti?
12 Bokoenehi bona bo ne ‘bo sentse bo sebetsa’ mehleng ea Pauluse. Leha ho le joalo, bo ile ba senoha ka botlalo kamorao ho lefu la baapostola ba ’nete ba Jesu, ha ‘ntho e neng e thibetse bokoenehi’ e tloha. (2 Ba-Thessalonika 2:6, 7) Butle-butle, ha qala ho hlaha sehlopha sa baruti. Mathoasong a lekholo la lilemo la bobeli C.E., Ignatius, “mobishopo” oa Antioke, a ngola ka sehlopha se busang se nang le maemo a mararo a litulo tsa babishopo, baprista le badiakone. ‘Motho oa sebe’ o ne a qala ho ipha sebopeho. Empa “ntate oa kereke” ea hlileng a hlophisa sehlopha sa baruti hore e be tsamaiso e busang ka maemo a litulo ke Cyprian, “mobishopo” oa Carthage, Afrika Leboea, ea shoeleng ka 258 C.E. Dictionnaire de Théologie Catholique e hlomphehang, e bolela hore Cyprian o ile a thathamisa borena ba baruti ka maemo a supileng, setulo se ka holimo-limo se lutsoe ke mobishopo. Tlas’a hae e le baprista, badiakone, batlatsi ba badiakone, basebeletsi, libali le ba thibang mefere-fere. Boemo ba borobeli—molebeli oa monyako—ba kenyelletsoa hamorao kerekeng ea ka Bophirima, ea Selatine kapa Roma, ha Kereke ea Bochabela kapa ea Segerike e ile ea etsa puso ea maemo a mahlano. Kahoo, lekholong la lilemo la boraro C.E. ‘motho oa sebe’ ea entsoeng ka litho tse ngata, sehlopha sa baruti sa Bokreste ba bakoenehi, a “senoloa” ka ho feletseng. O tsoetse pele ka lilemo tse makholo likerekeng tsohle le lihlopheng tsa Bojakane tse nang le tšebeletso e khethehileng kapa lihlopha tsa boruti.
“Mekha e Timetsang” Mehleng ea Qetello
13. Ke ka litsela life tse peli mekha ea Bojakane e ipakang e le e ‘timetsang’?
13 Ka Segerike sa pele, mantsoe a Petrose a reng, “mekha e timetsang” a bolela “mekha ea timelo.” Polelo ena ke ea bohlokoa habeli. Mekha le likereke tsa Bojakane li ipakile e le tse timetsang Bokreste bo hloekileng, “tsela ea ’nete.” Hape ke “mekha ea timelo” ka hore baruti ba eona ba bohata ba ‘itlisetsa timelo e potlakileng,’ le ba ‘ba latelang liketsong tsa bona tsa bohlola.’ Petrose o-oa phaella: Empa “kahlolo eo e seng e le khale [baruti ba bohata] ba e abetsoe, ha e liehe, ’me timelo ea bona ha e robale.” (2 Petrose 2:1-3) ‘Timelo e sa lieheng’ joalo e tla ba oela ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang ka potlako.—Mattheu 24:21.
14. ‘Motho oa sebe’ o tla timetsoa neng, ’me timetso e joalo e tla paka eng?
14 Ha moapostola Pauluse a bontša hore ‘motho oa sebe’ ea entsoeng ka litho tse ngata a ke ke a timetsoa ho fihlela ha Kreste ‘a le teng,’ o itse: “Ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo felisa ka moea oa molomo oa hae, ’me o tla mo timetsa ka ponahalo [pa·rou·sías] ea ho hlaha ha hae.” (2 Ba-Thessalonika 2:8) E, ho timetsoa ha sehlopha sa baruti sa ‘motho oa sebe,’ hammoho le karolo e saletseng ea ’muso oa Satane oa bolumeli ba bohata ba Babylona, ho tla tla e le “pontšo” e tsotehang ea “ho hlaha” kapa Parousia, ha Kreste, ho pakela sera le motsoalle hore Morena Jesu o teng a sa bonahale le hore ‘mahlomola a maholo’ a hlileng a boleloa a qalile.
Temoso ho Bakreste ba ’Nete
15. Bakreste ba na le temoso efe setšoantšong sa Jesu sa koro le mofoka?
15 Setšoantšo sa Jesu sa koro le mofoka se bontšitse hore likereke le mekha ea “mofoka” kapa Bokreste ba bokoenehi li ne li tla lumelloa ho tsoela pele le makholo a lilemo. Ke feela ‘ho feleng ha lefatše’ mo ho neng ho tla hlaka pakeng tsa matlakala ana a Bakreste le “koro,” “bana ba ’muso” ba sebele. (Mattheu 13:24-30, 37-40) Leha ho le joalo, setšoantšo sa Jesu se sa na le temoso ho Bakreste ba ’nete, e-bang ke “bana ba ’muso” ba batlotsuoa kapa metsoalle ea bona. Jesu o itse: “Mor’a motho o tla roma mangeloi a hae; a tla khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo, ’me a ba lahlele seboping sa mollo, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”—Mattheu 13:41, 42.
16. (a) Ke mosebetsi ofe oa ho khetha o tsoetseng pele ho tloha ka 1919? (b) Baapostola ba fana ka temoso efe hape, ’me Juda o eketsa ka tlhaloso efe?
16 Tšimong ea bolumeli “koro” e arotsoe ho “mofoka” ho tloha ka 1919. Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore ho tloha ka nako eo mangeloi a Mor’a motho a khaolitse ho “khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo.” Juda o re hopotsa hore “baapostola ba Morena oa rōna Jesu Kreste” ba ile ba fana ka temoso e latelang: “Mehleng ea qetello, basomi ba tla ba teng, ba tsamaeang ka litakatso tsa bonyefoli ba bona.” ’Me Juda a eketsa: “Ke ba ikarolang [ba bakang likhaohano, Today’s English Version].”—Juda 17-19.
17. Jesu o itse’ng ka ‘mohlanka ea khopo’?
17 Seo Jesu a itseng se tla etsahala ka ‘ba bakang likhopiso’ se re hopotsa seo a ileng a se bua hamorao ka ba neng ba tla hana ho ela hloko “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” sehlopha sa “koro” sa Bakreste ba tlotsitsoeng bao Kreste a neng a tla ba ‘bea baalosi ba mesebetsi eohle ea hae.’ Jesu a lemosa: “Empa ekare ha mohlanka eo a le khopo, ’me a ipolella pelong, a re: Moren’a ka o liehile ho fihla; ’me a qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, a e-ja, a e-noa le matahoa; morena oa mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo a sa mo lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng. O tla mo pomahanya likoto, a mo nee kabelo e le ’ngoe le baikaketsi; ke moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”—Mattheu 24:45-51.
18. (a) Ba bang ba bonahatsa litšobotsi tsa ‘mohlanka ea khopo’ joang kajeno? (b) Qetello ea bona etlaba efe ha ba ntse ba ‘baka likhaohano’?
18 Kajeno ba bang ba sa tšepahaleng ba bonahatsa litšobotsi tsa ‘mohlanka eo ea khopo’ ka hore lipelong tsa bona ba re, ‘Morena oa ka oa lieha.’ Ba ikhetholla le basomi ba reng: “E kae pallo ea ho tla ha hae?” (2 Petrose 3:1-7) Joalokaha Juda a ile a lemosa, ba leka ho ‘baka likhaohano.’ (Juda 19, TEV) Ka ho nyatsa sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” seo ba qalileng ho fumana tsebo ea “tsela ea ’nete” ka sona, ba qala ho ‘otla bahlanka bahabo bona.’ Empa haeba ba phehella boikutlong ba bona ba likhaohano, ka nako ea teng ba ‘khethoa’ ke mangeloi ’me ba ‘neoa kabelo ea bona le baikaketsi’ ba Bojakane. ‘Ke moo ba tla bokolla le ho tsikitlanya meno,’ ka linako tse ling ka ho bolela lipelaelo tseo ba reng ba na le tsona ka mecha ea litaba.
19. (a) Pauluse o itse’ng ka ‘mekha’ har’a batho ba Molimo? (b) Re ka ipaka re le ‘batho ba amohelehang’ joang?
19 Hona ho re hopotsa seo Pauluse a ileng a se ngolla Ba-Korinthe: “Likhaohano le tsona e ka khona li be teng har’a lōna, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele har’a lōna.” (1 Ba-Korinthe 11:19) E, haeba kajeno ho e-na le ba bang ba lekang ho ‘kenya ka sekhukhu mekha e timetsang’ har’a Lipaki tsa Jehova, hona ho fana ka monyetla o motle bakeng sa Bakreste ba tšepahalang ho ipaka hore ‘ke batho ba amohelehang’ ho Molimo le Kreste. Ba ka bonahatsa hore ba ananela bonngoe ba ’nete ba Bokreste ’me ba tlameha ho ho etsa. Bonngoe bona ho tla buisanoa ka bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano e feletseng ea ‘motho oa sebe,’ re kōpa u bone khaolo ea 18 ea buka God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U Sa Hopola?
◻ Bokoenehi ba Bojakane bo qalehile neng hona joang?
◻ ‘Motho oa sebe’ ke mang kapa ke eng?
◻ Ke ka litsela life likereke tsa Bojakane ‘li timetsang’?
◻ Jesu o fana ka temoso efe ka ‘mohlanka ea khopo’?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Jesu o lemositse hore baprofeta ba bohata ba tšoana le liphiri tse apereng lekoko la nku
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Bakreste ba bohata ba tšoana le “mofoka” o loketsoeng ke timelo