Ke Hobane’ng ha Bolumeli bo Reng ke ba Bokreste bo le Bongata Hakana?
BAAHI ba lefatše ba etsang kotara ba ipolela hore ke Bakreste. Kaofela ba ipolela hore ba latela Jesu Kreste, empa ba arohane haholo. Ba 580 000 000 ho boleloa hore ke ba Roma e K’hatholike. Empa ho tloha [sebokeng] sa Vatican II likarohano li bile teng maikutlong a K’hatholike le ba emelang lineano tsa Latin. Litho tse hakanyetsoang ho 74 000 000 tsa bolumeli ba “Orthodox” ea Bochabela li arotsoe ka likereke tsa bosechaba tse fapaneng le tse nang le litšebeletso tse sa tšoaneng. Ha e le ka Maprotestanta a ka bang 343 000 000, a arotsoe ka likereke tse ling tse ngata ntle ho Episcopal, Lutere, Calvin (Presbyteriane, “Reformed”) Baptist le Methodist.
Likereke tsena kaofela li inka e le litumelo ‘tsa molao,’ tsa “orthodox” le “tse hlomphehang.” Ho tsena ho na le tse makholo-kholo tseo ho thoeng ke mekha tse nyelisoang ke tse khōlō tseo ho thoeng ke K’hatholike, “Orthodox” le Boprotestanta.
“Orthodox” Kapa “Bokhelohi”?
Ha e le hantle, ha likereke li hlahlojoa ka maikutlo a se nang leeme a histori, ha ho le e ’ngoe ea likereke tsa “Bokreste” ka neano e ka ipolelang hore ke bolumeli ba mathomo ba Bokreste. Kaofela li qalile e le mahlomela—mekha—e, le eona Kereke ea Roma e K’hatholike e ipolelang hore ke ea pele ho tsona!
Ka histori, metse e mengata e meholo e ka ipolela hore e bile litsi tsa Bokreste pele ho Roma. Ha ho theoa Bokreste ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ne ho se molateli le ea mong oa Kreste Roma. Ntle ho potso, ntlo-khōlō ea pele ea phutheho ea Bokreste e ne e le Jerusalema. Ke ’nete hore Bajode le basokolohi ba neng ba e-tsoa Roma ba ne ba le teng Jerusalema ka Pentekonta, ’me ha ho pelaelo ea hore ba bang ho bona e bile Bakreste ’me ba ile ba khutlela Roma hore ba eo thea phutheho ea Bokreste. Empa ho bile joalo le ka libaka tse ling tse ngata tse boleloang ka Bibeleng. Ha e le hantle, bajaki ba tsoang Roma ba thathamisitsoe qetellong, ba ngotsoe pele ho bajaki ba tsoang Kreta le ba Arabia.—Liketso 2:5-11.
Mehleng eo ea pele, Roma e ne e se ntlo-khōlō e setsing ea tsamaiso ea mesebetsi ea Bokreste. Ke Antioke oa Syria moo barutuoa ba Jesu ba ileng ba bitsoa Bakreste ka lekhetlo la pele, e seng Roma. (Liketso 11:26) Hape ke Antioke, e seng Roma moo moapostola Pauluse a ileng a qalisa maeto a hae a mararo a boromuoa. (Liketso 13:1-4; 14:26; 15:35, 36; 18:22, 23) ’Nete ke hore ho bonahala eka Pauluse o ile a bolaeloa Roma. Empa e ne e se e mong oa baapostola ba 12 ba Jesu kaha sebaka sa Judase Iskariota se ne se nkuoe ke Matthiase. (Liketso 1:23-26) Ha e le hantle, ha ho na bopaki bo tiisang hore e mong oa baapostola ba 12 o ile a ea Roma kapa a shoela teng. Moapostola ea shoeleng qetellong ke Johanne, mohlomong a shoela Efese kapa haufi le teng. Lefu la bona la ahlamisa monyako oa hore bokoenehi bo ate.—1 Johanne 2:18, 19; 2 Ba-Thessalonika 2:3, 4.
Kamorao ho nako, metse e meng ea tsebisahala e le litsi tsa Bokreste ba bokoenehi. Har’a eona e bile Alexandria le Carthage, Afrika Leboea, le Byzantium (hamorao e fetoha Constantinople), meeling ea Asia le Europe. Ka Bophirima, ha hōla kereke e ruileng le e matla Roma, motse-moholo oa ’Muso [oa Roma].
Ka ho hlaha ha bokoenehi bo boletsoeng ke baapostola, ha hlaha sehlopha sa baruti. Banna ba tsebisahalang ba phahamela mohlape eaba ba bitsoa babishopo. Banna bana ba tsekisana litulo ’me ba fetoha lihlooho tsa litšekamelo kapa mekha e loantšanang ea Bokreste ba bokoenehi. Mehleng ea pele ho ne ho se motse kapa mobishopo a le mong ea neng a okametse ba bang ka ho hlakileng. Empa ntoa e matla ea tsoela pele ka hore na ke mokha ofe kapa lehlomela le koenehileng Bokresteng ba mathomo ba Bibele le ka ipeang e le ‘la ’nete’ kahoo le etsa hore a mang e be “bokhelohi.”
Kaofela bo Qalile e le Mekha ea Bokhelohi
Buka e ’ngoe e sa tsoa phatlalatsoa e buang ka taba ena e re: “Ho kheloha Bokresteng e ne e le eng? Hona, Kereke e ne e le eng? . . . Bokreste [ba bokoenehi] bo qalile ka pherekano, khohlano le lintoa ’me ba ’na ba tsoela pele joalo. Kereke e khōlō ea ‘orthodox’ e nang le sehlopha se hlokomelehang sa baruti, ea hlahisa sebopeho butle-butle. . . . ’Me, ka baka la likarohano tsa eona, mohaho oa eona o ne o fokola. . . . Lekholong la pele le la bobeli la lilemo AD karolo e hare le e ka bochabela ea Meteterane e ne e tletse maikutlo a bolumeli, bo loanelang ho itlhahisa. . . . Qalehong, Bokreste bo ne bo le ka mefuta e fapaneng haholo. . . . Hase ho nepa litaba ho bua ka Bokreste bo boholo pele ho lilemo tse qetellang tsa lekholo la boraro la lilemo. Kamoo re bonang litaba kateng, ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo le lekholong lohle la bobeli, boholo ba Bakreste bo ne bo e-na le tsebo e sa tšoaneng ea Bokreste, kapa e le litho tsa mekha ea tsosoloso e ipokelletseng ka liphekolo. . . . Lekholong la boraro la lilemo mofuta o mong oa Bokreste e ne e le oa ‘orthodox’ oo ho bonahalang eka o ile oa hōla mehleng ea Eusebius [mathoasong a lekholo la bone la lilemo].”—A History of Christianity, ea Paul Johnson.
Phetoho e joalo e ne e boletsoe ke moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Nako ea tla eo ka eona ba sa tlong ho mamella thuto ea ’nete; empa ho ea ka litakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang litsebe tsa bona. Ba tla ithiba litsebe tsa bona hore ba se ke ba mamela ’nete, ba mamele litšōmo.”—2 Timothea 4:3, 4, Phet. e Ncha.
Baruti ba bang ba bakoenehi ba fetoha seo likereke tsa Bojakane li se bitsang bo-ntate ba kereke. Hangata ba ikarotse ka bo-ntate ba pele ho Seboka sa Nicene le kamorao ho Nicene, phetoho e le hoo ho thoeng ke Seboka sa Pele se Akaretsang sa Nicaea, se neng se tšoaretsoe motseng oo oa Asia Minor ke Morena Constantine oa mohetene oa Roma ka 325 C.E.
Boiteko ba ho Etelletsa Roma Pele
Hoa hlokomeleha hore palo e khōlō haholo ea “bo-ntate” ba lekholo la bobeli le la boraro la lilemo e ne e se Roma, ’me e ne e ngola ka Segerike e seng ka Selatine. Ho tiisa sena, Encyclopaedia Britannica e re: “Ho tla fihlela hoo e ka bang ka 250 baeta-pele ba bangata ba Bophirima ba ne ba bua Segerike e seng Selatine, (ka mohlala, Irenaeus le Hippolytus). Thuto e ka sehloohong ea bolumeli ea Selatine ha e-ea tsoa Roma empa Afrika Leboea (ka mohlala, Tertullian le Cyprian).”
Makholong ao a lilemo a pele a bokoenehi, ke metse efe eo e neng e le litsi tse khōlō tsa hoo ho thoe’ng ke thuto ea bolumeli ba Bokreste? Antioke, Alexandria, Carthage, Sesarea, Jerusalema le metse e meng e mengata ea Asia Minor, e seng Roma. The Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Le hoja Roma e ne e le matla ebile e hlomphuoa lekholong la bobeli la lilemo. . . . lekhalo le lipakeng tsa libuka tsa eona le hlakile. Libuka tsa Selatine kahoo . . . li hlahile kamorao ho tsa [Segerike] ka makholo a mabeli le mashome a mahlano a lilemo. Tertullian o ema a le mong, ’me o ile a fetoha mokhelohi. Ho fihlela bohareng ba lekholo la lilemo la bone ho hlahile Ntate a le mong oa Selatine [Cyprian, oa Carthage, Afrika Leboea] . . . Ho tloha ho Cyprian (ea shoeleng ka 258) ho ea ho Hilary [ea shoeleng hoo e ka bang ka 367] . . . ho ne ho se thuto ea bolumeli ho hang.”
Kereke ea Roma e ile ea atleha joang ho itlhoma ka holim’a likereke tse metseng e meng tse neng li etelletse pele haholo ho hlahisa “bo-ntate ba Kereke”? Ntle ho pelaelo, lebaka le leng ebile bophahamo ba ho ba motse-moholo oa ’Muso [oa Roma]. E ne e le kereke e ruileng e romelang thuso ea lichelete likerekeng tse futsanehileng tse metseng e meng, ’me hona ha nea mobishopo oa eona matla a itseng. A qala ho ipatlela tokelo ea ho mamela boipiletso bo entsoeng ka liqeto tsa babishopo ba moo litabeng tsa khalemelo ea kereke.
Ho feta moo, ha Morena oa Roma oa mohetene Constantine a hlokomela hore a ka sebelisa Bokreste ba bokoenehi ho tšehetsa ’Muso [oa Roma] o oang, mobishopo oa Roma eena a bona hore bohetene bo ka ipiletsa haholo Bokresteng ba hae ba bokoenehi. Kereke ea Roma e ne e nkile Sontaha ea bohetene e le letsatsi la ho keteka “Easter,” ha likereke tsa metse ea Bochabela li ne li e keteka ka letsatsi lefe kapa lefe la beke ea Nisane 14 ea almanaka ea Bajode. Hape, le hoja likereke tse ngata tsa Bochabela li ne li rata ho latela Ariuse, ea neng a latola thuto ea Boraro-bo-bong, Roma ea potlakela ho inkela maikutlo ana a bohetene a molimo o hararo.
Litabeng tsena ka bobeli, Morena Constantine a emela Roma. Hona a ho etsa ka hore ka 321 C.E. a etse molao oa hore ho bolokoe Sontaha le ka ho tlamella Boraro-bo-bong Sebokeng sa Nicaea ka 325 C.E. A tsoaka Bokreste ba bokoenehi le thuto ea Roma ea bohetene ’me borapeli bona ba “bokahohleng” kapa “bo akaretsang (k’hatholike)” a bo fetola bolumeli ba naha.
Eare ka 328 C.E., Morena Gratian a ntša molao o fang Damasus, mobishopo oa Roma tokelo ea ho mamela boipiletso bo tsoang ho babishopo ba bang, le ba “libakeng tse hole haholo” tsa ’Muso [oa Roma]. Le hoja babishopo ba Bochabela le ba bang ba Bophirima ba ile ba loantša qeto ena, ntle ho pelaelo ea phahamisa mobishopo oa Roma. Mobishopo Damasus a amohela tlotla ea Pontifex Maximus, tlotla ea bohetene le setulo eo Morena Gratian a ileng a e lahla hamorao, a nka hore ha e tšoanele Mokreste! Damasus eena letsoalo la hae le ne le sa re letho. Ho ea ka The Catholic Encyclopedia, Pontifex Maximus e ntse e le “tlotla e hlokomelehang haholo” e nkoang ke mopapa. Ka Sefora mopapa o ntse a bitsoa le souverain pontife, mobishopo e moholo.
Likarohano, Khanyetsano le Tokiso
Ka tlhaho, boholo bona boo mobishopo oa Roma a neng a ipolela hore o na le bona bo ile ba hanyetsoa. Baeta-pele ba Bokreste ba bokoenehi metseng ea Bochabela e kang Alexandria, Jerusalema, Antioke haholo-holo Constantinople, ba qholotsa boikhapelo bona. Leha ho le joalo, le hoja baeta-pele ba bolumeli ba metse ena ba ne ba kopane ho hanyetsa borena ba Roma, ha baa ka ba lumellana litabeng tsa thuto. Ho ne ho e-na le likolo tsa maikutlo a loantšanang metseng ena le e meng, ho hlahisa mekha e sa tšoaneng, kaofela e ipolela hore ke Bokreste.
Ka boiteko ba ho koala lekhalo le ntseng le hōla pakeng tsa mekha e loantšanang ea Bokreste ba bokoenehi boo ntlo-khōlō ea bona e neng e le Roma le Constantinople le ho bolela hore baruti ba bang ba Bokreste ba bokoenehi ba metseng e meng ke bakhelohi, ha hlophisoa “Liboka tse Akaretsang tsa Kereke” ho theosa le makholo a lilemo. Sa pele sa tšoareloa Nicaea ka 325 C.E., hore ho nyatsoe “bokhelohi” ba Ariuse bo hanang Boraro-bo-bong. Liboka tse ling tsa tšoareloa Constantinople (ka makhetlo a mane), Efese, Chalcedon, (malebana le Constantinople ka mose ho Bosporus), le Nicaea hape. Liboka tsena tsa pele tse supileng li ananeloa ke likereke tsa K’hatholike le tsa “Orthodox.” Sehlopha sa lithuto tse ileng tsa petelletsoa libokeng tsena se akarelletsa Boraro-bobong, tumelo ho Maria hore ke “’m’a Molimo” le lithuto tse ling tseo ho seng moo li amanang le Bokreste ba Bibele. Libokeng tsena ha boela ha nyatsoa “bokhelohi” bo sa tšoaneng, kahoo ho theoa mekha e meng hape ea Bokreste ba bokoenehi.
Ho khahlisang, ha ho le se seng sa liboka tsena tse “akaretsang” tsa kereke se kileng sa tšoareloa Roma, motse o neng o ipolela hore ke ntlo-kholo ea bokahohle ea Bokreste. Ha e-ea ba ho fihlela ka 1123 C.E. moo ho ileng ha tšoaroa ho bitsoang Seboka se Akaretsang sa pele Roma. Empa ka nako eo “karohano e khōlō” e ne e se e etsahetse pakeng tsa likereke tsa Roma le tsa Bochabela, karohano ea pele ea etsahala ka 867 C.E., ’me ea ho qetela ka 1054. Kahoo, ha re sheba litaba ka histori, ha ho seboka sa sebele se akaretsang se kileng sa tšoareloa Roma.
Bokreste ba bokoenehi ba Bochabela bo ileng ba kheloha Roma ha boa ka ba ikopanya tlas’a mobishopo e mong ea neng a ipolela hore ke moemeli oa Kreste lefatšeng. Kereke ea Constantinople (hape e bitsoa Roma e Ncha) e ne e lakalitse ho ba “Roma” ea bolumeli ba “Orthodox” ba Bochabela. Empa ea hlōleha. Kamorao ho nako, bolumeli ba “Orthodox” ba Bochabela ba arohana ka likereke tse 15 tse ipusang tsa bosechaba tse neng li mpa li isa tlotla e khōlō ho mopatriareka oa Constantinople, Istanbul ea kajeno. Ho feta moo, ho na le likereke tse ngata tse ipusang tsa bochabela tse sa busoeng Roma kapa Constantinople. Ntle ho pelaelo, “Bokreste” ba Bochabela ke ntlo e arohaneng.
Hoba ho arohanoe le Bochabela, kereke ea Roma, e ntse e tšepile hore e tla khutlisetsa likereke tsa Bochabela tseleng, bonyane ea itšelisa ka hore ke mofumahali ea sa hanyetsoeng ha hae ka Bophirima. Empa matšoenyeho a eona a ne a sa fela. Ha hlaha bahanyetsi kapele. Hona ho ne ho sa mamellehe, ’me ha nkoa mehato e matla khahlanong le “bakhelohi” bana. Ha theoa Lekhotla la boahloli, empa bohanyetsi ba ’na ba tsoela pele. Lekholong la lilemo la bo 16 ha qhoma ntoa e akaretsang, pele e qala ka mabaka a bolumeli ’me ho latela mabaka a bopolotiki.
Ntoa ena, e neng e bitsoa tokiso, ea hlahisa sehlopha sa boraro sa bolumeli le sona se ipolela hore ke Bokreste. Empa ho e-na le ho tsosolosa bonngoe ba pele le linnete tsa thuto ea Bokreste ba Bibele, Boprotestanta bo hlahisitse likereke le mekha e arohaneng.
Ke Hobane’ng li le Ngata Hakana?
Haeba u setho sa kereke kapa mokha o ipolelang hore ke oa Bokreste, ntle ho pelaelo u ’nile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le bolumeli bo bongata hakana kaofela bo ipolela hore bo latetse Kreste le Bibele. Mohlomong u khathetse ke likarohano tse joalo, haholo ha li etella pele mahlorisong a bolumeli le lintoa tsa bolumeli, joalokaha li entse ka makholo a lilemo ho tla fihlela joale. Ka mabaka ana le a mang mohlomong u khaolitse ho ea kerekeng, u ikhotsofatsa ka maikutlo a hao ka Bokreste. Empa pelong ea hao teng u tseba hore Bokreste e tlameha e be bo na le ho fetang moo. U tseba ka Bibele hore Bakreste ba pele e ne e le lelapa le thabileng le le kopaneng la moea.—Johanne 13:34, 35; Ba-Efese 4:1-6.
Kajeno, Lipaki tsa Jehova ke lelapa le thabileng joalo la Bakreste. Hase mokha o ikarotseng, joalokaha e se barutuoa ba moruti ea itseng oa motho kapa moeta-pele leha e le hore ke lehlomela la kereke efe kapa efe kapa mokha. Lipaki li tsoa maemong ’ohle a bophelo. Ha li latele motho empa ho e-na le hoo li latetse Molimo le Mora oa Oona Jesu Kreste. Karabelong ea potso ea hao, “Ke hobane’ng ha bolumeli bo reng ke ba Bokreste bo le bongata hakana?” lia arabela: “Hobane lihlopha tse joalo tsa bolumeli li latetse batho, e seng Bibele.” Lipaki tsa Jehova li ka thabela ho u thusa hore u fumane Bokreste ba ’nete ba Bibele. Kahoo ka kōpo buisana le motho ea u fileng makasine ona kapa bahatisi ba oona.
[’Mapa o leqepheng la 6]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Litsi tse khōlō tsa Bokreste ba bokoenehi
Carthage
Roma
Byzantium (Contstantinople)
Nicaea
Efese
Antioke
Jerusalema
Alexandria
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Likereke tsa Bojakane—li arohane ka tsela e ke keng ea lokisoa!