Bophelo Boo u bo Khethang
Bophelo bona boo u bo khethang ka ho finyella se hlokoang ke ’mele oa hao ka lijo le lino ke ‘ba matsatsi a se makae, ’me bo khotše litsietsi,’ kamoo mongoli oa Bibele a kileng a bolela. (Jobo 14:1, 2) Tse ling tsa litsietsi tsa bophelo bona li bontšitsoe ka tlase. Ebe ke bona boikhethelo phetho ba hao? Na ebe ho na le ho hong ho molemo hoo u ka ho khethang hona joale, ho hong ho se nang bomalimabe bohle ba bophelo bona boo re bo bolokang ka ho phefumoloha, ho ja le ho noa?
’NA PELE
Tumelo ea bo-’na pele, joalokaha e phahamisoa ke bahlalefi ba ’na pele: “Ho ipatlela ho ba oa pele.” “U na le tokelo ea ho ahlola boitšoaro ba hao.” “Nyametsa ho ikutloa u le molato.” Kajeno borapeli ba litšoantšo bo fetohile borapeli ba ’na, Lentsoe la Molimo le re: “Molimo oa bona ke litakatso tsa ’mele ea bona.” Hape, “meharo ke mokhoa o mong oa borapeli ba litšoantšo.” (Ba-Fil. 3:19; Ba-Kol. 3:5, Today’s English Version) Bolumeli bona bo bocha ba ho ithapela bo hlile ba boleloa bakeng sa mehla ea rōna: “Batho e tla ba baithati.” (2 Tim. 3:1, 2) Ho ithata ho qhela ho rata ba bang—oa heno.
HO OA HA LELAPA
Lenyalo lea nyelisoa, ho phahama tlhalano, bana ba mahlomoleng ha ’na pele e phahama. “Khopolo ea ‘’Na pele’ e tlatsetsa tlhalanong e ntseng e phahama.” (Dr. Robert Taylor) Motsoali oa kajeno “joale o etelletsa pele tokelo ea hae ho ikhotsofatsa.” (Newsweek) Setsi sa lelapa sea hlokofala. Moloko ona oa ’na-pele o hlokomoloha thuto ea histori, kahoo o ahloletsoe ho e pheta. “Tsoelopele eohle e ’nile ea pholoha kapa ea nyamela, ho itšetlehile ka hore na bophelo ba lelapa bo ne bo le matla kapa bo fokola.”—The World Book Encyclopedia, 1978.
BONOKOANE
Jesu o hlile a bolela “ngatafalo ea bokhopo.” (Matt. 24:12) Moloko oa rōna o mo pakela hore ke ’nete. Ka 1979, Amerika, “lipolaeano li ile tsa phahama ka 10 lekholong, litlhekefetso ka 10 lekholong, lipeto tse etsoang ka qobello ka 13 lekholong le bosholu ba qhekello ka 12 lekholong. Likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa 1980, bonokoane bo tebileng ba phahamela ho 10 lekholong.” (U. S. News & World Report) Ho joalo le lichabeng tse ling. Bahoebi ba bangata baa tšepahala; ba bang ba bangata baa sotha, ba qhekella, ba balehela makhetho, ba qhekella bareki. ’Me batho ba bangata ba utsoetsa bahoebi. “Molotsana ea atlehileng haholo Amerika le ea fumanang phaello,” kamoo ho boletseng tlaleho e ’ngoe, “ke ea apereng hantle haholo.” Kapa ea apereng seaparo sa mosebetsi.
LEPHAKO
Jesu o hlile a bolela hore “litlala li tla ba teng.” (Matt. 24:7) Selemong se fetileng Los Angeles Times e ile ea tlaleha hore: “Hoo e ka bang batho ba limillione tse 450 baa lapa lefatšeng, ’me litsebi tsa kabo ea lefatše ea lijo li hakanya hore, ba ka bang limillione tse 800 kapa billione e le ’ngoe ba lintšing tsa ho lapa.” Lefatše le bea lijo tse lekaneng, empa hore li abuoe ka tšoanelo “ho loantšana le boithahasello bo metseng ka metso.”
BOKHUKHUNI
Kotsi e phahamang, kamoo ho pakang New York Daily News ea la 25 Pulungoana, 1979: “Bokhukhuni—ke hore, lipolao, bokoeteli, ho qhomisoa ha liqhomane, litlhaselo tse lokiselitsoeng tsa botho—li phahame, ho tloha ho tse 206 ka 1972, ho ea ho 572 ka 1975, ho ea ho 1 256 ka 1977, ho ea ho 1 511 ka 1978, ho ea ho 2 662 likhoeling tsa pele tse robong tsa selemo sena [1979].” Ha barui ba ntse ba rua ho ea pele ’me mafutsana a ntse a futsaneha ho ea pele, bokhukhuni bo tla ’ne bo runye ho ea pele.
NTOA LE PHELISO
“Bophahamo ba tsebo makhotleng a hlometseng bo khannela mebuso e meholo ntoeng e ke keng ea qojoa ea libetsa tse chefu.” (Dr. Frank Barnaby, motsamaisi oa ‘Stockholm International Peace Research Institute’) “Re lumela hore ntoa ea libetsa tse chefu e ke ke ea tlisetsa mang kapa mang molemo ’me e ka ba ea felisa tsoelopele.” (Litsebi tsa lihlomo tsa Soviet) “Molemong oa ho rata Molimo, bana ba lōna, le tsoelopele eo le leng ho eona, khaotsang bohlanya bona!’—George F. Kennan, eo e kileng ea e-ba lenqosa la U.S. Moscow.
TŠILAFATSO EA MOEA LE METSI LE PHELISO
“Lefatše le ntse le silafatsoa ho isa lefung.” (The Globe and Mail) “Batho ba kotsing ea ho itšilafatsa hore ba fele lefatšeng.” (The Guardian) “Tsilafatso ea moea le metsi hase bothata ba linaha ka bomong: Ke bothata ba motse oa lefatšeng ka bophara. . . . Ha re hlōleha ho sena, ke tiiso ea hore re tla qetella re felile ka bōrōna. (The Toronto Star) Puong ea litumeliso ea eo e neng e le mookameli Carter, o bontšitse hore tšilafatso ea moea le metsi ke “seqhomane se beetsoeng nako ea ho qhoma, kotsi e khōlō ho pheleng ha rōna lefatšeng kaofela joaloka ho tšosa ha libetsa tse chefu tse felisang.” Na hase nako ea hore Molimo ‘o senye ba senyang lefatše’?—Tšen. 11:18.
Bophelo ba hona joale ke boikhethelo bo fokolang. Leha ho le joalo, batho ba ikhethela ho ’na ba phela. Ekaba lihole, leha ho le joalo ba lakatsa ho phela; e ka ba lifofu, feela ba tšaba ho shoa. Ba thibaneng litsebe le ba sa tsebeng ho bua ba ikhethela bophelo, ’me maqheku le ba fokolang ba khomarela bophelo. “Motho,” kamoo Jobo a boletseng, “ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi. Oa mela, o khaoloa joale ka palesa, o feta joale ka seriti, ’me ha a hlole a e-ba teng.”—Jobo 14:1, 2.
Bophelo bona boo ba bangata ba bo khethang bo bokhutšoanyane. Bo khotše litsietsi. Ke khetho e fokolang. Empa na ba ka ikhethela ho hong ho molemo?