Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 11/15 maq. 6-7
  • Bophelo Boo u ka bo Khethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo Boo u ka bo Khethang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MORERO OA JEHOVA O TLA HLŌLA
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Litebello Tsa Batho Tse Hlollang Paradeiseng ea Boiketlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Litebello Tsa Paradeise ke Tsa Sebele ho sa Tsotellehe ho se Utloe ha Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 11/15 maq. 6-7

Bophelo Boo u ka bo Khethang

HO NA le bophelo bo bong boo u ka bo khethang hona joale. Ke bophelo bo sa poneng joale ka palesa ha selemo se fela kapa bo omelle joaloka joang ha lehlabula le fela. Ha boa khora bohloko le masoabi kapa ho tlakoa ke botlokotsebe le bonokoane, ntoa le tlala, mafu a seoa le lefu. Matsatsi a bona a mangata, ha a fele. Matsatsi a bona ha a tlala kotsi, empa thabo e haelloang ke mantsoe a e hlalosang. Ke bophelo boo Jehova Molimo a neng a bo reretse motho tšimolohong.

Ke bofe? Lehlohonolo leholimong u phakaletse marung a bilohang, u tilinya harepa sebakeng le ka ho sa feleng? Che! Hase bophelo boo bo feela le bo se nang molemo boo balori ba botsoa ba nahanang hore ke bophelo leholimong. Ho bona ka ho hlakileng hore na bophelo bona ke bofe boo u ka ’nang ua bo khetha hona joale, a re eeng Lentsoeng la Molimo ho fumana morero oa hae ha o bōpa monna le mosali.

Ba babeli ba pele ba ile ba neoa molao, o sa amaneng le leholimo, empa o amanang le lefatše. Molimo oa re ho bona: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” Ho busa lefatše ho bolela ho le hlokomela, e seng ho le senya. Hona ho totobala ho seo motho a neng a se abetsoe Edeneng: “Jehova Molimo a nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.”—Gen. 1:28; 2:15.

Ha lelapa la motho le ntse le hōla ’me Edene e e-ba nyenyane, e ne e le morero oa Molimo bakeng sa batho ba ntseng ba eketseha ho tsoela ka ntle ho meeli ea tšimo, ba nka lipeō kapa makala a limela tse phethahetseng tse Edeneng, ba li lema libakeng tse ncha ’me ba lema libaka tsena tse ncha ba etsisa lelapa la pele Edeneng. Kahoo ha batho ba ntse ba ata lefatšeng ba ne ba tla le busa ka ho le fetola paradeise, ho fihlela ha boemo ba Edene bo tlala ’me tšimo ea Molimo e ba lefatšeng lohle.

Paradeiseng eo ea lefatše puso ea motho holim’a liphoofolo e ne e tla sebelisoa ka lerato le tšepo, e seng ka ho li khanna ka matla le sephali sa ba koetlisang liphoofolo, kapa ka makhoakhoa a thibelang a moo ho bokelloang liphoofolo, leha e le ka lithunya tse bolaeang tsa bo-nimrode ba kajeno. Puso ena e lerato ea liphoofolo li busoa ke batho ba mamelang e ne e tla tšoarella ka ho sa feleng.

Empa puso e joalo ea nka nakoana feela. Sebe sa senya khutso ea tšimo ea Edene. Jehova o ne a laetse motho hore: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Gen. 2:16, 17) Batho ba pele ba babeli ba se ke ba mamela, ba ja, ’me ba itlisetsa lefu bona le bana ba bona. Jehova a ba leleka tšimong, a re ho monna:

“Lefatše le rohakiloe ke hona ka baka la hao, ’me u tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao; le tla u melisetsa litšehlo le meutloa, ’me u tla ja joang ba naha. U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Gen. 3:17-19.

Jehova Molimo o qalisitse motho a phethehile. Ka phoso eo e seng ea Hae, batho ba ntse ba senyeha ho ea pele. “[Jehova] ke Lefika; mosebetsi oa ha phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile; ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane. Ba itšentse pel’a oona; ke bana ba litšila; ke mofuta o khelohileng, o nang le mano.” (Deut. 32:4, 5) Ho boleloa ka eona tsela eo ho Moeklesia 7:29: “Molimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamene-mene a mangata.”

Le kajeno motho o ntse a tsoela pele ho senya, haholo ho feta leha e le neng pele. Ho tlatlapa ha hae ho se nang qenehelo limela le liphoofolo le ho sebelisa ha hae mehloli ea se hlahisoang ke lefatše le tikoloho ea lona ho senya lefatše hore e se be sebaka seo ho ka luloang ho sona. Ke Jehova ea tla ho emisa, a bolela hore o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšen. 11:18.

MORERO OA JEHOVA O TLA HLŌLA

Ke morero oa Jehova bakeng sa lefatše hore le hlole ka ho sa feleng: “Le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” Le tla ba le baahi ka ho sa feleng: “Hobane Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona, ea le tiisitseng, ea sa ka a le bopela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.”—Pes. 104:5; Esa. 45:18.

Ke morero oa Jehova oa mathomo hore lefatše e be paradeise, e tletseng batho ba ineetseng ho eena le ba tla le hlokomela le limela tsa lona le liphoofolo le ba tla boloka tikoloho e phetseng hantle. E sa ntsane e le morero oa hae, ’me Jehova o re tiisetsa hore o tla phethoa: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esa. 55:11.

Maqephe a mabeli a latelang a senola thabo ea bophelo paradeiseng ea lefatšeng boo u ka bo khethang hona joale.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela