Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 11/15 maq. 8-9
  • Khetho e Molemo—Bophelo Lefatšeng la Paradeise

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetho e Molemo—Bophelo Lefatšeng la Paradeise
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOSEBETSI O BABATSEHANG
  • KHOTSO LE LIPHOOFOLO
  • HO PHELA HANTLE ’MELENG LE HO PHELA
  • HA HO SA LE NTOA
  • BOFELO BA KHATELLO
  • HO HOTLE HAHOLO HORE E KA BA ’NETE
  • LITŠEPISO TSE TŠEPAHALANG
  • Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Tšepisitsoe Bophelo bo Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 11/15 maq. 8-9

Khetho e Molemo—Bophelo Lefatšeng la Paradeise

Bophelo ba hona joale e ka ba khetho e fokolang ha ho talingoa litsietsi tsa mehla ea rōna. Empa ba bangata ba itšoarelletse ka bona. Bo khathatsehile kamoo bo leng kateng, bo molemo ho feta ha bo ne bo le sieo, bo molemo ho feta lefeela. Leha ho le joalo, hona joale batho ba ka ikhethela lefatše la paradeise le se nang khathatso.

MOSEBETSI O BABATSEHANG

Haeba u rata ho hlokomela lefatše, u le fetole ho ba lefatše le beang lijo kapa lirapa tse beang botle, u fetole lehoatata le be le lipalesa, u bone meutloa le litšehlo li suthela mekhoabo le meru, u sireletse libaka tse ling tsa meru le lithaba ho ba moo liphoofolo tsa naha li phelang ’me li roka ’Mōpi li khutsitse—haeba u batla ho kopanela mosebetsing ona oa ho ntlafatsa, etlaba u rata ho phela paradeiseng eo ea lefatše. Ho bona botle ka mosebetsi o joalo ke “neo ea Molimo.”—Moek. 3:13.

KHOTSO LE LIPHOOFOLO

Haeba u thabela ho busa liphoofolo, e seng ka lithunya kapa liphali kapa makhoakhoa, empa ka lerato le ka ho li tšepa; haeba u laba-labela nako ea ha bere le namane li tla robala hammoho, lengau le potsanyane li je hammoho, ha tau e tla ja joang joaloka khomo, le haeba u rata ho bona mohla liphoofolo tsena tsohle ka bonolo li latela ngoana ha a li etella pele, joale u rata lefatše la paradeise. Tšepiso ea Jehova ke hore “ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea [hae].”—Esa. 11:9.

HO PHELA HANTLE ’MELENG LE HO PHELA

Ke tšepo ea hao e tebileng hore u bone letsatsi la ha lihlotsa li tla tlōla joale ka matsa, ho utloa leleme la semumu le bina, ho bona mahlo a lifofu a tutuboloha, ho bona litsebe tse thibaneng li thiboloha, ho ba paki ha ho bokolla le ho lla li suthela pososelo le meokho le masoabi li suthela litšeho ’me lefu le bohloko li suthela bophelo bo botle ba ’mele le ho phela ka ho sa feleng, joale ha ho letho leo u tla le tlohella hore le thibe tsela ea hao hore u fumane lefatše le hlohonolofetseng la paradeise leo ho lona maemo a joalo a tla ba teng ka ho sa feleng. Hona le hona, ke tšepiso ea Molimo: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšen. 21:4.

HA HO SA LE NTOA

Haeba pelo ea hao e laba-labela ha liphehla tsa ntoa li tla teoa mehoma ’me marumo a etsoe lisekele, ha likolo tsa sesole li tla fela, ho se ho sa ithutoe ntoa, ho se ho sa etsoe liqhomane, ho se ba fehlang ntoa, joale u tla leboha Molimo ka tsamaiso ea oona e ncha ea lintho eo ho eona ho tla etsahala tsena tsohle. Jehova o tiisa sena, a re: “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pes. 46:9.

BOFELO BA KHATELLO

Haeba u laba-labela nako ea ha puso e hatellang ea bopolotiki e tla fela ’me meharo ea khoebo e tla fela, ha batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho oona le ho lula ka khotso, ha lefatše le tla tlala litšeho tse thabisang le ho sisinyeha ke lipina tse susumetsang tsa linonyana, le ha moea o hloekileng o tla tlatsoa ke monko o monate oa lipalesa, joale u tla thabela bophelo lefatšeng la paradeise. Tšepiso ho batho ba Molimo ke e reng: “Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esa. 65:22.

HO HOTLE HAHOLO HORE E KA BA ’NETE

Na ho na le ’mali ea ikutloang hore o lekhonono, kapa o hlile o tletse litšomo? Ho hotle haholo hore e ka ba ’nete, lefatše lee la paradeise? Na ke sona seo a se nahanang? Hoo rea ho utloisisa, kaha hohle hoo re fetileng ho hona ke bophelo ba hona joale bo khotšeng litsietsi. “Moputso oa sebe ke lefu,” ’me batho ba ’nile ba etsa libe ’me kahoo ba bokella moputso oa sona. (Ba-Roma 6:23) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le tšepisa hore “lefatše lea feta,” empa “ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.

LITŠEPISO TSE TŠEPAHALANG

Litšepiso tsena tsa lefatše la paradeise li tsoa ho Jehova Molimo ‘o sa thetseng.’ (Tite 1:2) Sechaba sa Iseraele se ile sa hopotsoa sena: “Ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng.” (Josh. 23:14) Le eena mohanyetsi oa Molimo o ile a tlameha hore a re: “Molimo hase motho, hore o tle o etse leshano. . . . Seo o se boletseng, na o ke ke oa se etsa na!”—Num. 23:19.

Bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise—morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa lefatše lena le motho ea holim’a lona. Ke bophelo bona boo ’mali a ka bo khethang hona joale. Jehova Molimo ha a nke hore ho hotle ho fetisa hore e ka ba ’nete, kahoo ho se be ’mali ea nahanang joalo. Jehova o nahana hore tsamaiso ea hona joale e mpe haholo hore e ka ’na ea tsoela pele, ’me ruri u lumellana le seo. Le hona joale o etsa hore batho ba ikhethele bophelo bo sa feleng paradeiseng kapa lefu le sa feleng le lefatše lena la khale.

Hona joale batho ba tsebahatsa seo ba ikhethelang sona joang? U tsebahatsa ba hao boikhethelo joang? Nahana ka sehlooho se latelang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela