ST. Helena—E Bolutung, E-ea Rateha, e Amohela Baeti
KA SELEMO sa 1502 batsamaisi ba likepe ba Mapotoketsi, ba okametsoe ke João de Nova Castella, ba bona sehleke-hleke se senyenyane Leoatleng la Atlantic ka boroa, hoo e ka bang limaele tse 1 200 ka bophirima ho Afrika. Lilomo tsa sona tse lefifi tse mafika-fika, tse ling ho tsona li le bophahamong ba maoto a 2 000, tsa bonahala li sa khahlehe ho hang. Empa ha ba emisa likepe ba fumana naha e tala, e tlokomang e nang le liliba tse pholileng le linōkana tse ngata. Ba se rea St. Helena.
Sehleke-hleke se senyanyane sa limaele tse lekanang tse ka bang limaele tse 47, se busoa ke Brithani ’me ka makholo-kholo a lilemo e ne e le moo likepe li fapohelang ho ea noa metsi.
Ke naha e futhumetseng hantle, limela tse tala libakeng tseo ho tloaelehileng hore ho hlahe meroho. Baahi ba ka bang 5 200 boholo ba bona ke ba ’mala. Mehleng e fetileng Manyesemane a ne a e-na le sesole se beiloeng Jamestown, oona motse feela oa toropo le kou. Ho ile ha tlisoa makhoba a baloang ka makholo a tsoang Afrika, ’me Machina a mangata a tla ho tla hōlisa khoebo ea lekhala. Mehlala ea baholo-holo ba joalo e totobetse kajeno mabitsong a malapa, litšobotsing tsa sefahleho, mekhoa ea botho le meetlo.
Ha ho sefofane se ka lulang St. Helena; ho na le lithaba le likhohlo tse tebileng haholo tse ngata. Ho fihloa ho eona ka likepe feela, e le leeto la matsatsi a mahlano ho tloha Cape Town, Afrika Boroa. Kahoo e tsoile tseleng, e bolutung empa e-ea rateha.
Naha e tumile ka ntlha e le ’ngoe feela ea hore Napoleon Bonaparte, hoba a hlōloe Waterloo ka 1815, o ile a lelekeloa sebakeng sena se thōko. A shoela mona ka 1821.
MOLAETSA OA ’MUSO O FIHLA ST. HELENA
Kamor’a lilemo tse fetang lekholo hamoraonyana, ka 1933, sehleke-hleke se ile sa eteloa ka ketelo e neng e tla ba le phello e molemo ka ho fetisisa. Ba babeli ho Lipaki tsa Jehova, Grey Smith le motsoalle e monyenyane, ba fihla e le bo-pula-maliboho ba sebele. Ba etela sehlekehleke kaofela ha sona ’me ba sia libuka tse buang ka Bibele tse ka fihlang ho 1 000. ‘Peō’ ea fumana “mobu o motle” ho Tom Scipio, ofisiri ea Sepolesa sa Brithani eo hape e neng e le setloholo sa mohlanka ea neng a sebeletsa Napoleon. (Matt. 13:3-8) Tom a mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko ’me a phakisa a bona bohlokoa ba ho o bolella ba bang. A hanyetsoa kapele. Ofisiri ea habo, hore e khutsise Tom, ea mo nqosa ka hore o sebelisa boemo ba hae e le ofisiri ea sepolesa hampe ho jala bolumeli ba hae. Empa ’musisi a qhala nyeoe.
A sa nyahama, monna enoa ea chesehang a fumana libuka tse ling tsa Bibele Cape Town hape le kramafono le lipuo tsa Bibele tse lirekotong. Tom Scipio, ka esele ea hae e laetse lithuso tsena tsa ho jala “litaba tsena tse molemo,” ea e-ba motho ea tsebisahalang haholo sehleke-hlekeng. Ea e-ba ’moleli ea chesehang ho fihla a shoa ka 1977.
PHUTHEHO EA PELE
Tšebetso e chesehang joalo ea phakisa ea hlahisa litholoana. Hona selemong se latelang, 1934, ha theoa sehlotšoana St. Helena. Sa ’na sa hōla, ’me ka 1939 ha theoa lihlopha tse peli, se seng Jamestown, se seng Longwood, limaele tse seng kae thōko le moo. Ba tsoela pele ba le bang ka lilemo tse telele. Le puisano ka mangolo e ne e le (’me e sa ntsane e le) boima haholo. Ka baka leo, mokhoa oa ho bolela le ho ruta o tšoanelehang o ne o sa utloisisoe.
Ka baka leo, ka 1951, ofisi ea lekala ea Watch Tower Society ea Afrika Boroa ea rōmela mosebetsi oa nako e tletseng ea nang le tsebo, J. F. Van Staden, St. Helena. A sibolla hore libōka feela tse neng li tšoaroa ke Lipaki tsa mona e ne e le “litšebeletso tsa pontšeng,” tse neng li tšoareloa libakeng tse fapa-fapaneng tsa sehleke-hleke. Baena ba e-na le liletsa tsa bona—lifiolo tse peli le koriana. Ba ne ba mema bongata ka ho letsa lipina tsa ’Muso ebe joale ba fana ka lipuo. Leha ho le joalo, ka thuso ea Van Staden, ha lokisetsoa libaka tse peli tsa libōka, se seng Jamestown, se seng Levelwood, ’me ha tšoaroa liboka tse hlophisitsoeng hantle tsa taeo ea Bibele. Kamor’a ho fana ka koetliso le thuso ea moea ka likhoeli tse tharo feela, Van Staden a thabisoa ke ho tšoara tšebeletso ea kolobetso, eo ho eona ba bacha ba 26 ba ileng ba kolobetsoa. Van Staden a lula nako e fetang selemo, ’me Lipaki tsa moo tsa hlomelloa hantle hore li etse boboleli ba ntlo le ntlo le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele le libōka.
Ho tloha ka nako eo molebeli ea tsamaeang o rōmeloa sehleke-hlekeng selemo se seng le se seng. Liphutheho tse peli li theehile hantle, e ’ngoe le e ’ngoe e na le Holo ea ’Muso ea eona.
Ea etellang pele tsoelopeleng ena ke mora oa Tom Scipio, George. Kholofalo e boima, e mo thathafaletsang ho tsamaea ha e-ea mo thibela ho hlotsa ka botšepehi a nyolosa a theosa litseleng tse thellang, tse lilomo tsa lithaba tse khabahanyang naha. Ka makhetlo a mangata o ’nile a thella ’me a oa. Empa ka lilemo tse ngata o sebelelitse e le mosebeletsi oa nako e tletseng. Ho phaella moo, mehleng e fetileng, o ne a sebeletsa e le molebeli oa phutheho a fumana thuso e fokolang kapa a sa e fumane ho hang ho sebetsa mathata a mona le liqeto.
LETSATSI TŠEBELETSONG EA TŠIMO
Ho kopanela tšebetsong ea boboleli ba ntlo le ntlo St. Helena ke phihlelo e nang le meputso e mengata. Ho moeti ke ketsahalo e sa lebaleheng. Tlhaloso ea letsatsi mosebetsing oa tšimo ke ena e tsoa ho molebeli ea neng a etetse moo haufinyane.
“Ka baka la boemo ba sebaka se lokelang ho sebetsoa, ha re kopane Holong ea ’Muso. Sebaka seo re kopanang ho sona ke tseleng e thabeng e phahameng ka maoto a 1 200. Ha re ntse re buisana ka litokisetso tsa rōna tsa tšebetso, re bona pono e hapang maikutlo. Pakeng tsa rōna le leoatle le khanyang ke makhulo a matala, masimo a lemiloeng a lekhala, lifate tse meutloa e metenya le lifate tsa boloukomo tse nang le lipalesa tse ntle tse melang meriting ea tsona. Re utloa lipina tsa linonyana. Meeka e joalo ea mosebetsi o tsoileng matsoho oa Jehova e thusa baboleli ba kopaneng ba ’Muso ho ba le maikutlo a nepahetseng.
“Kamor’a puisano e khutšoanyane ea Mangolo le thapelo, re abeloa sebaka seo re tla se sebetsa mohlang oo. Batho ba bang le ba bang ba babeli ba abeloa matlo a mane kapa a mahlano. Ha ho hlokahale ’mapa. Basebetsi ba mona ba tseba baahi hoo ba neoang mabitso a malapa ao ba lokelang ho a etela.
“Ha re tlohela ’mila o mosesaane oa boka, re latela litsela tsa maoto tse theohelang lithabeng le ho nyolosetsa. Tse ling li moepa hoo re tlamehang ho tsamaea re phomola. Kamor’a metsotso e mashome a mararo re atamela ntlo e lutseng thabeng. E hahiloe ka majoe ’me e litsoe ka bosoeu. Masaka a likolobe le serapa se hloekileng sa meroho se nang le lifate tsa libanana le merara li bontsa hore mong a ntlo ke molemi.
“Re lumelisa re sa le hekeng ’me re arabeloa ke lentsoe le botsoalle: ‘Ke uena Moena Mang-mang? Kena u lule. U rata sehleke-hleke sa rōna joang?’
“Rea tseba hore matlo ana a ile a eteloa libekeng tse seng kae tse fetileng. Mong a ntlo o se a e-na le libuka tsa Bibele ’me o utloisisa lithuto tse ngata tsa motheo tsa Bibele. Joale re tiisa hore na ke litaba life tsa Mangolo tseo ho buisanoeng le eena ka tsona nakong e fetileng. A sebelisa Bibele ea hae, re atolosa taba eo ho ileng ha buisanoa ka eona pele (kapa, mabakeng a mang, re hlalosa lintlha tse ncha). Metsotso e mashome a mararo kapa ho feta moo e feta kapele ’me re sia limakasine kapa libuka tse ling ho mong a ntlo, ea lebohang boeti ba rōna. Kaha boeti bohle ba rōna bo latela mokhoa o tšoanang, ho hlakile hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala lihora tse ’nè kapa tse hlano ho etela malapa a makaalo.
“Hoo e ka bang ka 2 motšehare oa mantsiboea Lipaki kaofela li bōkana sebakeng se setle se hlileng sa reroa pele bakeng sa “picnic.” Ha ka mofuthu li arolelana lijo tseo li tlileng le tsona, li phetelana liphihlelo tsa mohlang oo. Batho ba baholo baa phomola ha bana ba ithabisa. Bohle ba khotsofala ka ho tebileng ka baka la ho kopanela mosebetsing oa ’Muso.”
KOPANO EA “TUMELO E HLŌLANG”
Bohato bo phahameng historing ea St. Helena e bile Kopano ea “Tumelo e Hlōlang” ea 1979. Hokae? Holong ea majoe, e nang le lilemo tse 100, e bohareng ba Jamestown. Kaha holo e lulisa batho ba 150 feela, ba neng ba tla feta moo ba lokisetsoa sebakeng sa ho phehela se neng se hahiloe haufi le moo. Ha kenngoa lintho tse thusang ho tsamaisa molumo mohahong ona. Hase feela ba 250 ba neng ba le teng kopanong ba bileng le hona ho mamela le ho thabela lenaneo, empa batho ba sebakeng seo le bona ba thabela lenaneo la matsatsi a mane ka ho lula ka ntle ho matlo a bona. Mofumahali e mong a bua tjena ho e mong oa baemeli ba Mokhatlo: “Ebile lenaneo le letle haholo. Keletso le taeo bakeng sa malapa e bile e sebetsang haholo. Hape ke thabisitsoe ke ho utloa kamoo baahi ba mona ba tšoanelehang kateng puong ea bona.” O ne a utloile lenaneo a le ka ntle ho ntlo ea hae.
E, sehleke-hleke sa St. Helena ke se seng sa libaka tse tsoileng tjaro haholo tsa lefatše. Leha ho le joalo, hona ho molemo bakeng sa ba ratang khotso le khutso. Hape ho thusa hore batho ba se ke ba qaphaletsoa haholo ke liphetoho le mecha ea litaba ea lefatše. Haholo-holo ke batho ba botsoalle ka sebele, ba amohelang baeti le ba ikokobelitseng. Ka baka leo, St. Helena ho na le Lipaki tse ngata ha ho bapisoa le baahi ho feta kae kapa kae lefatšeng—1 ho ba 61 ka 1980. Ho tloha ka nako eo ho na le Lipaki tse faletseng, li sia Lipaki tse mafolo-folo tse ka bang 80. Leha ho le joalo, moketeng oa Sehopotso ka 1980 ho bile teng ba 207, karolelano ea 1 ho ba 24 ba sehleke-hlekeng.
Ho futhumatsa pelo ho bona hore sebakeng sena se bolutu empa se rateha mosebetsi oa ’Muso o tsoetse pele haholo. ’Me litebello li ntle tsa hore ba bangata ba mona ba sa tla kopanela ho phethahatseng mantsoe a Esaia 42:10: “Binelang Jehova sefela se secha, le tumise lithoko tsa hae lipheletsong tsa lefatše, . . . lōna lihleke-hleke le ba ahileng ho tsona.”—Tlatselletso.
[Limmapa tse leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
ST. HELENA
JAMESTOWN
KINGDOM HALL
[’Mapa]
SOUTH ATLANTIC OCEAN
AFRICA
CAPE TOWN
ST. HELENA