Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 11/15 maq. 30-31
  • Morena ea Lebetseng ho Leboha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morena ea Lebetseng ho Leboha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • A BUSA HANTLE TLAS’A TATAISO EA JEHOJADA
  • O FETOHA EA HLOKANG TEBOHO
  • Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • O Ile a Sireletsa Borena
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Jehojada o Bontša Hore o Sebete
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 11/15 maq. 30-31

Morena ea Lebetseng ho Leboha

JOASE e ne e le lesea le se nang thuso ha nkhono’ae Athalia a batla ho ikhapela terone ea ’muso oa Juda. O ne a sa mo rate ho hang. Mosali enoa ea meharo o ne a batla ha litloholo tsohle tsa hae tsa bashemane li bolaoa, kaha li ne li eme tseleng ea hore e be mofumahali. Hoja ea se be ka ketso e potlakileng ea Joshabeathe, mosali oa moprista e moholo Jehojada, Joase a ka be a bolailoe le bana bohle ba batona ba lesika la borena.

Joshabeathe a utsoa ngoana har’a masea a neng a lokela ho bolaoa. Ka lilemo tse tšeletseng, eena le monna oa hae ba pata Joase meahong ea tempele. Ka nako ena eohle Athalia a busa e le mofumahali. Joale, ka selemo sa bosupa, Jehojada a tlotsa mojalefa enoa ea loketseng oa terone e le morena ’me a etsa hore Athalia ea ikhapetseng borena a bolaoe. Ruri Joase o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho bontša teboho e tebileng ho rakhali oa hae oa monna le oa mosali. Ba ne ba nkile karolo ho mo boloka a phela le ho hleka tsela ea hore a nke matla a borena.—2 Likron. 22:10-12; 23:11-15.

A BUSA HANTLE TLAS’A TATAISO EA JEHOJADA

Tlas’a tataiso ea Jehojada, morena e monyenyane a atleha. O mong oa mesebetsi e meholo e ileng ea etsoa pusong ea hae e bile ho lokisoa ha tempele. Ka nako eo mohaho o ne o e-na le lilemo tse fetang 150 ’me o ne o sa hlokomeloa ho hang nakong ea puso ea monna oa Athalia Jorame le mora ha hae Akazia, hammoho le eena Athalia ka boeena. Bokhopo ba hae ka ho totobetseng bo ne bo susumelitse bara ba hae hoo ba neng ba ile ba kena ka tempeleng, ntle ho pelaelo ho ea utsoa.—2 Likron. 24:7.

Ka baka la boemo boo tempele e neng e le ho bona, ho ne ho hlokahala chelete e ngata ho hlokomela mosebetsi oa tokiso. Pele, boiteko ba ho bokella chelete ha boa ka ba atleha. Balevi ba neng ba abetsoe mosebetsi ona ba se ke ba arabela ka lipelo tsohle. Leha ho le joalo, ha ho etsoa phetoho tokisetsong ea ho bokella le ho sebelisa lichelete, batho ba kenya letsoho hang ’me mosebetsi oa atleha.—2 Mar. 12:4-6; 2 Likron. 24:5, 6, 8-14.

O FETOHA EA HLOKANG TEBOHO

Hoba Jehojada a shoe, Joase ha a ka a lula e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova Molimo. A itlohella hore a susumetsoe ke mahosana a rapelang melimo ea litšoantšo. Ka baka leo, borapeli ba Baale bo neng bo thibetsoe ka taelo ea Jehojada ba tsosolosoa. Jehova a ’na a rōmela baprofeta ho khutlisa batho, a ba khothalletsa hore ba bake. Empa leha e le morena kapa mahosana ha ho ea ileng a ela hloko.—2 Likron. 24:17-19.

Zakaria, mora oa Jehojada, a bululeloa ke Molimo hore a bolele hore: “Ho thoe ke Molimo: Le tlolela’ng melao ea Jehova? Ha le ka ke la atleha. Ereka ha le furaletse Jehova, le eena o tla le furalla.”—2 Likron. 24:20.

Na Joase o ile a arabela ka ho ananela lentsoe la Jehova ka motsoala’e? Ho fapana le moo, ha a ka a nahana le mosa oo a neng a o etselitsoe ke ntat’a motsoala’e Jehojada. Joase a laela hore Zakaria a tlepetsoe ka majoe ka lebaleng la tempele. Ha a le makhetheng a lefu, Zakaria a hooa: “Jehova a ke a bone, ’me a ahlole.”—2 Likron. 24:21, 22.

Makholo a lilemo hamorao ka ho totobetseng Jesu Kreste a supa ketsahalo ena, a re: “E sa le ka baka leo bohlale ba Molimo bo boletseng, ba re: Ke tla ba romela baprofeta le baapostola, ’me ba tla bolaea ba bang ho bona, ba hlorise ba bang; hore mali a baprofeta bohle a tšolotsoeng, ha e sa le lefatše le theoa, a batloe ho moloko ona, ho qala ka mali a Abele ho qetella ka mali a Zakaria, ea bolailoeng mahareng a aletare le tempele.”—Luka 11:49-51.

Boiphetetso ba tšoara Joase joalokaha hamorao bo ile ba tšoara moloko o sa tšepahaleng oa Bajode lekholong le pele la lilemo C.E. Jehova Molimo a hula tlhohonolofatso ea hae le tšireletso ho morena enoa ea sa ananeleng. Lebotho le lenyenyane la Syria tlas’a Azaele la atleha ho futuhela Juda, le tlamella Joase ho neelana ka matlotlo a sehalalelo. Hoba lebotho la Syria le tlohe, morena ea e-ba motho ea kulang le ea sohlokehileng. Qetellong, bahlanka ba hae ba babeli ba mo fenetha.—2 Mar. 12:17-21; 2 Likron. 24:23-27.

Bophelo bo ka be bo bile kahosele hakaakang bakeng sa Joase hoja a lula e le mohlanka ea ananelang oa Jehova ’me a ka be a ile a tsoela pele a ntse a amohela mohau oa Molimo le tšireletso! Le rōna bophelo bo ka ba kahosele bakeng sa rōna, ha feela re ntse re ananela litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo. Moea oa ho hloka teboho o ka tlisa tšenyeho feela, joalokaha o entse joalo tabeng ea Joase. Ka baka leo, e se eka re ka loanela ho boloka kananelo e matla bakeng sa tsamaiso ea Molimo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela