‘Buka ea Mocha e Mong le e Mong’
Ho boletsoe joalo ka “Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho bona.” ’Mali oa Tennessee a ngola:
Monghali:
Ke kentse pampiri chelete ea $10.00 e tšoaneloang ke ‘Ho Laetsana le Lefereho.’ Hoba ke bone buka ena, ke ikutloa hore mocha e mong le e mong oa Amerika a ka thusoa haeba a ka lumella hore boitšoaro ba hae bo tataisoe ke taeo eo buka ena e fanang ka eona.
Hoja ke na le hona, ke ne ke tla rōmela pampiri chelete ea ho lefella tse sekete. . . .
Ka boikokobetso,
J. W. J———.
Ka ho totobetseng ’mali o ile a nahana hore khaolo ea “Ho Laetsana le Lefereho” ka boeona e tšoaneloa ke ho rekoa ka bokaalo. Likhaolo tse ling li akaretsa “Na Boitšoaro ba Botona le Botšehali bo na le Kelello?” le “Meriana e Thethefatsang—na ke Senotlolo se Isang Bophelong ba Sebele?” Amohela buka ka ho tlatsa setlankane le ho se rōmella.
Ka kōpo, nthomelleng, poso e lefelletsoe buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 “Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona.” Ke kenya lisente tse 70.