Tumelo e Ile Kae?
HASE khale haholo ha mongoli ea tsebisahalang oa Lenyesemane Malcolm Muggeridge eo e bileng e leng mohlophisi a bolela hore:
“Ho ntse ho ntotoballa haholoanyane hore tlokotsi eo tsoelopele ea bophirima e fetang ho eona e bakoa haholo ke khaello ea tumelo . . . Ho ntse ho amoheleha haholoanyane maikutlo a botho a hore Molimo ha o eo. hore batho ke bona ba ikarabellang bakeng sa qetello ea bona.
Lilemong tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba lumela hore ba lumela ho Molimo ‘me ba amehile haholo ka thato ea oona. Empa hoo ho fetohile haholo. Batho ba bangata ba se ba ikutloa hore tsoelopele ea thuto ea mahlale lekholong la rōna la lilemo e entse hore ho lumela ho Molimo e be ntho e fetiloeng ke linako kapa e sa utloahaleng. Ba bang ba hlokometse ho ata ha bokhopo ’me ba fihlela qeto ea hore Molimo ha o tsotelle kapa ho seng joalo ha o teng. Joalokaha Muggeridge a ile a hlokomela, ba lumela hore ba lokela ho itšepa bobona, ba iphatela tsela ea bona bophelong ba sa lumele ho Molimo kapa litsela tsa oona.
Empa ho batho ba joalo mohlomong ho haella ho hong ho feta tumelo. Joang? haeba bopaki bo le teng ba hore tumelo e-ea sebetsa kajeno, ho boetseng ho ba haellang ke melemo e sebetsang e tlang ka ho ba le tumelo.
TUMELO E JOALO KE ENG?
Lentsoe “tumelo” le sebelisoa ka litsela tse sa tsoaneng kajeno. Ka mohlala, u ka ’na ua utloa motho e mong a re, ‘ke lumela hore koloi ea ka e tla qala ho sa tsotellehe serame sena se matla hakana.’ Leha ho le joalo, ha re bua ka potso ea hore ‘Na tumelo e-ea sebetsa kajeno?’ re bolela tumelo ho Molimo le molemo oa tataiso ea oona.
Batho ba bang ba ipolelang hore ba na le tumelo e joalo ba e luba le tumelo e sa reng letho, ntho e kang ‘ho lumela tumelong.’ Ba ikutloa hore ho hotle ho lumela nthong e ’ngoe, kahoo ba na le tumelo e foofo feela hore Molimo o teng. Tumelo e foofo joalo e na le phello e fokolang haholo bophelong ba bona, e ba baleha butle ha teko ea sebele e ba hlahela. Kahoo rea bona hore na ke ka baka la’ng ha tumelo e joalo e sa sebetse.
Leha ho le joalo, tumelo ho Molimo e khothalletsoang ke Bibele e fapane le hoo. Ke “tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.”—Ba-Heb. 11:1.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng moo e le “tšepiso e tiileng” le fana ka tiiso ea ho hong ho emeng kapa ho tiisang se lebeletsoeng. Ka hoo tumelo ena ea Bibele hase feela boikutlo bo se nang lebaka kapa tšepo e se nang motheo; ho hlile ho ameha tiiso ea sebele. Lentsoe la Segerike le ngotsoeng e le “pontšo e kholisang” le na le monahano oa ho hlahisa bopaki, hahoIo bopaki bo bontšang ntho e ’ngoe e fapanang le seo ho bonahalang eka se ka ’na sa e-ba teng. Ka baka leo, leha e-ba batho ba bang ba bolela hore Molimo ha o eo, tumelo ho eena eo re buang ka eona mona e amana le bopaki bo tiileng ka ho tobileng.
U eme hokae ntlheng ee? Na u na le tiiso, e tšehetsoang ke bopaki bo kholisang hore Molimo o teng? Ha re nkela taba pejana, Na ho hlile hoa sebetsa ho ba le tumelo e joalo le ho tataisa bophelo ba hao ka ho loketseng? Kahoo, na ebe tumelo e hlile e-ea sebetsa kajeno?