Tumelo E-ea Sebetsa!
BOPAKI BO TSOANG LIKAMPONG TSA MAHLORISO
LIKAMPO tsa mahloriso—u hopola eng?
U ka ’na ua hopola ka batho ba tsohileng ba ntšoang ka makarecheng ’me ba isoa lefung la bona. Kapa, batšoaruoa ba sebelisoang ho tlōla tekanyo le ba bolaisoang tlala ba qobelloang ho phela le mantle a bona le ba hlasetsoeng ke maloetse. Kapa, liteko tse etsoang ka batho molemong oa bongaka kapa lionto tse ntseng li koenya batho ba se nang palo.
Lintho tsena ke karolo ea se neng se etsahala likampong tseo tse sisimosang.
Empa ho na le ntho e ’ngoe hape e ka nahanoang. Le hoja likampo tsa Manazi li ne li le mpe hakaalo, ho na le banna le basali ba baloang ka makholo a likete moo ba neng ba leka ho phela. Ba ne ba loana tsatsi le leng le le leng ha ba le moo hore ba ’ne ba phele ho sa tsotellehe ho kula, likotlo, mokhathala le ho bolaoa ho itlelang feela. Ba ne ba leka ho ja, ho futhumala le ho qoba ho kula. Ba ne ba tlameha ho sebetsa ho robala le ho sebetsana le ba ba potolohileng.
Kahoo, ntle ho ho tsosa ha tsona—kapa mohlomong ka baka la hona—likampo tsa mahloriso tsa Manazi ke sebaka seo ho sona re ka batlang bopaki ba hore na tumelo e sebetsa hakae. Le hoja mohlomong rōna ka bōrōna ho ka etsahala hore re se be maemong a joalo a bophelo likampong tse joalo, re ka fumana molemo ka thuto e li amang.
BA BANGATA BA FELLOA KE TUMELO
Tšobotsi e ’ngoe e neng e tsebisahala haholo ea likampo e ne e le ho felloa ke tumelo. Mongoli Philip Yancy oa hlalosa: “Ba bang ba ileng ba pholoha ba ile ba felloa ke tumelo ho Molimo. Bajode, haholoholo, ke bona ba neng ba fokola haholo: ba hōlisitsoe hore ba lumele hore ke batho ba khethiloeng, ba phakisa ba sibolla hore, joalokaha Mojode e mong a ile a bolela ka mokhoa o hlabang haholo, ‘Hitler ke eena feela ea bolokileng litsepiso tsa hae.’”
Elie Wiesel o hlalosa phello ea ha a bona moshemane e monyenyane a fanyehoa. MaSS a bokella batšoaruoa ka pela moo ho bolaeloang teng. Ha moshemane a ntse a shoa butle-butle motšoaruoa a bokolla, “Molimo o kae joale?” Wiesel o re, “’Me ka utloa lentsoe ka hare ho ’na le arabela eo ‘O kae? Ke Enoa—o leketlile polaong . . .’”
Le ba bangata ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba felloa ke tumelo. Ho The Christian Century, Harry J. Cargas o beile ka mantsoe ana kamoo ba bangata ba kenang kereke ba neng ba ikutloa kateng: “Polao ena e akaretsang kamoo ke ahlolang kateng ke tlokotsi e khōlō ho tsohle ho Bakreste ho tloha nakong ea ho khokhotheloa ha Jesu. Nakong ea pele, ho shoele Jesu; ho ea morao, ho ka boleloa hore ho ile ha shoa Bokreste. . . . Na motho e ka ba Mokreste kajeno, ha a neoa likampo tsa lefu tseo, karolong e khōlō, li neng li qapiloe, tsa hahuoa le ho sebelisoa ke batho ba ipitsang Bakreste ka bobona . . . ?”
Leha ho le joalo, ho na le sehlopha seo tumelo ea sona e sa kang ea senyeha. Lipaki tsa Jehova li ne li utloisisa ka Bibele hore Molimo o ne o sa bake bokhopo ba likampo kapa mahlomola a neng a hlasetse batho ka makholo a lilemo. Ho fapana le moo, lintho tsena li mo utloisa bohloko ’me li paka hore batho ba ke ke ba tsamaisa litaba tsa bona ntle ho eena. (Jer. 10:23; Moek. 8:9) O tšepisitse ka Lentsoeng la hae hore ka nako eo a e beileng o tla felisa bokhopo lefatseng. Hape o tla etsolla tsenyo eo ba nang le tumelo ba fetileng har’a eona, a bile a ba tsosetsa bophelong hape.—Tšen. 21:4. Bona le khaolo “Wickedness—Why Does God Permit It?” bukeng Happiness—How to Find It.a
TUMELO HAR’A BASALI
A re ke re hlahlobeng, ka mohlala, phello ea likampo tsa mahloriso holim’a basali.
Bukeng ea hae ea botho Commandant of Auschwitz, Rudolf Hoess o ile a hlokomela: “Kampo ea basali, e hlileng ea penyana qalehong, e ne e bolela ho senyeheloa ke kelello ho batšoaruoa ba bangata ba basali, ’me hona ka potlako ha ba etsa hore ba fokole haholo ’meleng. Ka lintlha tsohle, ka linako tsohle, maemo a mabe ka ho fetisisa a ne a le teng ka likampong tsa basali.”
Koana, maemo a ne a fapana ka likampo le ka linako tse fapaneng nakong ea ntoa. Empa Hoess oa bolela: “Ha basali ba feletsoe ke tšepo eohle, ba ne ba ineela ho hang. Ba ne ba tsamaea Joaloka lithotsela . . . ho fihlela ho fihla nako eo ba neng ba ichoella ka khutso.” Ho neng ho tlatsetsa boitšoaro bona ke boitšoaro ba batšoaruoa ba bang ba neng ba filoe matla. Ho ea ka Hoess, “ba ne ba feta banna ka bokhopo, litšila, boiphetetso, le ho timana.”
Empa Hoess oa eketsa: “Phapang e neng e amoheleha ke Lipaki tsa Jehova tsa basali, tse neng li songoa ka hore li bitsoe ‘linotši tsa Bibele’ kapa ‘liboko tsa Bibele.’ Ka bomalimabe li ne li fokola haholo ka palo.”
Lipaki tsena tsa Jehova tsa basali li ile tsa tsoarella joang har’a litšokelo tsa likampo tsa Manazi tsa mahloriso? Tumelo ea tsona ea ameha joang? Boitsebiso bo feletseng ba fanoa bukeng e hatisitsoeng Under Two Dictators (1949), ea Margarete Buber.
Eena le monna oa hae e ne e le litho tse tsebisahalang tsa mokha oa Jeremane oa Makomonisi qalehong ea bo-1930. Hoba ba laeloe hore ba ee Moscow, ba tšoaroa ka “ho kheloha ha bopolotiki.” Le hoja ba ntse ba lumela maikutlong a Bokomonisi, Margarete Buber a romeloa kampong ea Siberia. Hamorao a rōmeloa matsohong a Manazi ’me ka lilemo tse hlano a sebeletsa kampong ea mahloriso e tummeng hampe ea Ravensbrueck ea basali.
Karolong e ’ngoe ea nako eo, e ne e le Moholo oa Bloko, motšoaruoa ea ikarabellang bakeng sa bloko kapa matlo a batšoaruoa ba bang. Boholo ba ba neng ba le blokong ba hae e ne e le Lipaki tsa Jehova (Liithuti tsa Bibele). Tlaleho ea Margarete Buber e fana ka boitsebiso ba paki e boneng ka mahlo ba motšoaruoa oa lepolotiki eo ka boeena e neng e se e mong oa Lipaki tsa Jehova. Tlaleho ea hae e tiisoa ke Gertrude Poetzinger, e mong oa Lipaki tsa Jehova eo e neng e le motšoaruoa Ravensbrueck ka lilemo tse fetang bone eo kajeno a sebeletsang le monna oa hae ntlo-kholo ea lefatse ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Ho latelang mona ke khutsufatso ea se bukeng, ka mantsoe a Margarete Buber ka boeena le ka tumello ea hae a sebelisitsoeng.
TLAS’A BAHATELLI BA BABELI
Motho e mong le e mong ea fihlang kampong ea mahloriso o feta nakong e bohloko ka ho fetisisa eo ka eona a sisinyehang ho fihlela moo matla a hae a ka fellang teng, ho sa tsotellehe hore na ke motho ea matla hakae ka boeena, le hore na methapo ea hae e ne e tsitsitse hakae. ’Me mahlomola a ba fihlang a ne a ntse a eketseha nako le nako le ho ba mabe ka ho fetisisa selemo se seng le seng Ravensbrueck, ’me ka lebaka leo ba shoang ba ne ba ba bangata haholo har’a ba fihlang. Ho ea ka hore na motho ke motho oa mofuta ofe, ho ne ho nka libeke, likhoeli, kapa tsona lilemo, pele motšoaruoa a ka ineela ho seo a iphumanang a le sona ’me a itloaetse hore joale o phela kampong. Ke hona nakong ena moo botho ba motho ka mong bo fetohang. Thahasello ea batšoaruoa bakeng sa lefatše le ka ntle le bakeng sa batšoaruoa ba bang e ne e fela butle-butle.
Ke lumela hore ha ho letho le theolang motho bothong ho feta mahlomola, mahlomola a feteletseng a bileng a nang le ho nyenyefatsoa ho kang ho tlelang banna le basali likampong tsa mahloriso. Ha motho oa SS a otla, le ho leka u se ke ua leka ho otla le uena. Ha motho oa SS a iketsa mpoli a rohakana, u tlameha hore u koale molomo oa hao, ho hang u se ke ua araba. U ne u feletsoe ke litokelo tsohle tsa botho—tsohle, tsohle ntle ho khethollo. U ne u le motho feela ea nang le palo e mo khethollang ho ba bang ba malimabeli ba u potolohileng.
Mona ha ke bue ka batšoaruoa bao ba neng ba na le litulo tse itseng ba neng ba tseba ho khoahlapa ba kalosong ea bona. Ke bolela motšoaruoa feela oa mosali. Ha ho ne ho ka etsahala hore e mong a fumane lijo tse fetang tsa ba bang hanyenyane feela, bohobenyana bo boholoanyane, karolo e khōloanyane ea mafura a tlotsang, kapa nama, kapele feela o ne a shejoa hampe ka bohale le ka lehloeo.
Ho tloha nakong eo ka eona re theohang mealong ea rōna ho fihlela nako eo re tlamehang ho koloka ka ntle hore re bitsoe mabitso ho ne ho le teng metsotso e mashome a mane a metso e mehlano eo ka eona re neng re lokela ho hlapa, ho apara, ho hloekisa moo re beang Iintho le ho ja lijo “tsa hoseng.” Hoo ho ne ho le thata leha e le tlas’a maemo a molemo haholo, empa nahana hore na ho ne ho bolela eng ka ntlong e nang le basali ba bang ba 100 kaofela ba potlakile ba ikemiselitse ho etsa ka ho tšoanang. Moeeng mona ho ne ho nkha mahlapa le tlatlapo.
[Eo ke karolo feela e sa fellang ea bophelo ba hae Ravensbrueck. Empa joale mongoli a khetheloa ho ba moholo oa Bloko, Bloko 3, boo ka nako eo bo neng bo luloa ke Liithuti tsa Bibele.]
Motšehareng oo oa mantsiboea ka amohela mosebetsi oa ka Bloko 3. Mona moea o ne o fapane ho hang. Sebaka se khutsitse ’me se nkha bohloeki ba phoofo e bolaeang likokoana-hloko le sopho ea k’abeche. Ho ne ho lutse basali ba makholo a mabeli le mashome a supileng litafoleng. Hang hoba ke kene ka kamoreng, mosali ea motle e molelele a ema, a ntšupisa setulo ’me a ngoathela sopho ea k’abeche. Ho hang ke ne ke sa tsebe hore na nka etsa joang.
Kae kapa kae moo ke neng ke sheba teng litafoleng ke ne ke bona tsona lifahleho tsane tse bososelang. Kaofela ha bona ba ne ba tlamme moriri oa bona kamorao ba o entse kotoloana, ’me ba lutse moo ka taolo e feletseng ’me ba ja lijo tsa bona joalokaha eka kaofela ke ntho e le ’ngoe. Boholo ba bona ba ne ba bonahala e le basali ba tloaetseng ho sebetsa ka thata, ’me lifahleho tsa bona tse otlileng li le masoebe li le sootho ke letsatsi le moea. Boholo ba basali bana bo ne bo bile teronkong ie kampong ea mahloriso ka lilemo.
Ho ne ho le teng batšoaruoa ba 275—kaofela e le Liithuti tsa Bibele. Kaofela e ne e le batšoaruoa ba beang mohlala ’me kaofela ha bona ba tseba melao ea kampo le litaelo ka ntle le ka hare ’me ba li hlompha ho isa qetellong. Moo ba beang lintho ho ne ho tšoana kaofela, ’me kaofela ha bona e ne e le mohlala oa makhethe le bohloeki. Lithaole kaofela li leketlile holim’a menyako ea lintho tseo ho beoang lintho ho tsona ka mokhoa o tšoanang hantle; sekotlolo se seng le se seng, pleiti, kopi, le tse joalo, li hloekile li hlakotsoe hore li benye. Litulo li koropiloe hoo li se nang letheba ’me ka mehla li beoa ka makhethe ha Ii sa sebelisoe. Hohle ho tlosoa lerōle, le maballong, kaha matlo a rōna a ne a se na siling ’me re bona maballo holimo. Ka bolelloa hore ba bang ho balebeli ba MaSS ba ne ba pota sebaka ba roetse likausu tsa matsoho tse tšoeu ho khoatha ka menoana ea bona ka holim’a lintho tse beang liphahlo le ho hloella litafoleng ho bona hore na ebe maballo a hlile ha a na lerōle ho hang.
Matloana le kamoo ho hlapeloang le teng ho ne ho hloekile ka mokhoa o tšoanang. Empa ho neng ho phahametse sena sohle ke makhethe le bohloeki ka matlong ao ho robaloang ka ho oona, e ’ngoe le e ’ngoe e na le mealo e 140. Mohaho oa mealo mona e ne e le o hlollang. Mekotla ea setroi le mesamo eka mabokose. Likobo kaofela li mennoe ka makhethe a tšoanang, ’me kaofela li aliloe holim’a mealo ka mokhoa o tšoanang. Bankeng e ’ngoe le e ’ngoe e le karete e nang le lebitso la nomoro ea motšoaruoa ea robalang moo, ’me monyako e le tokisetso e entsoeng ka bokhabane ea ntlo e bontšang banka e ’ngoe le e ’ngoe le hore na hantle-ntle ke mang ea robalang ho eona, hoo mang kapa mang ea hlahlobang a ka bolelang hang feela hore na mang o hokae.
Ha ke ne ke le molebeli oa ntlo har’a balefatše, letsatsi le leng le le leng le ne le e-na le mosebetsi o itseng ’me ke le matsoalong a ho hong ho hocha. Ha ke e-na le Liithuti tsa Bibele bophelo ba ka bo ne bo theosetsa. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e itsamaela feela joaloka nako. Hoseng, ha e mong le e mong a ikemiselitse ho phetha mesebetsi ea hae pele ho bitsoa mabitso, ho ne ho se ea buelang holimo. Mablokong a mang, Baholo ba Bloko le Baholo ba Ntlo ba ne ba tlameha ho tleroha hore mantsoe a bona a be makherehloa pele litaelo tsa bona ii utloahala le ho phethoa, empa mona mosebetsi kaofela o ne o etsoa ka khutso ho se le lentsoe le tsoang molomong oa ka, ’me ho le joalo ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho ngoathoa ha lijo, ho tingoa ha mabone, le letsatsi lohle la motšoaruoa.
Mosebetsi oa ka o moholo le Lithuti tsa Bibele e ne e le hore ke leke hore bophelo ba bona e be bo mamellehang haholo kamoo ho ka khonehang, hore ke leleke khathatso ea Batsamaisi ba SS ba Bloko.
Ho ne ho se letho le utsuoang Bloko 3. Ho se leshano hape ho se lipale tsa leshano. Mosali e mong le e mong o ne a sa falimeha feela kelellong, empa hape a Inka e le ea ikarabellang bakeng sa katleho ea sehlopha kaofela. Ha hoa nka nako hore ba hlokomele hore ke motsoalle oa bona.
Hang hoba botsoalle bona bo theoe ’me ke tiise hore ha ho ea tla nkeka, ke ne ke ba etsetsa lintho tse ngata; ka mohlala ke ne ke phomotsa batšoaruoa ba hōlileng le ba fokolang hore ba eme lihora tse telele moo ho bitsoang mabitso ka mabaka ’ohle a ka bang teng le ka mano. Ne nke ke ka etsa joalo ka balefatše, hobane ba neng ba tseba ho mamella boima ba ne ba tla ntlaleha ho SS ha ba hloile maikutlo a hore ho na le ea ratoang.
Liithuti tsa Bibele ke tsona feela tse neng li thea bloko bo momahaneng har’a batšoaruoa Ravensbrueck. Ha ke ea Bloko 3 ka lekhetlo la pele ke ne ke e-na le tsebo e lerootho feela ka bolumeli ba tsona le hore na ke hobane’ng ha Hitler a sa li batle. Ho se batle ke lentsoe le bonolo ho hlalosa boikutlo ba hae ka tsona; o ne a li nyatsa hore ke lira tsa naha ’me a li hlorisa a se na mohau.
Ha hoa li nka nako pele li hlokomela hore ho hang nke ke ka sokoloha, empa tsa ’na tsa mpontša hore li nkoitlela bohloko ’me ha ho mohla li kileng tsa khaotsa ho ba le tšepo ea hore ka tsatsi le leng ke tla “bona leseli.” Kamoo ke neng ke utloisisa ba ne ba lumela hore batho bohle ntle ho Lipaki tsa Jehova, ba tla tloha ba lahleloa lefifing le sa feleng ha lefatše le fela. Qetellong botle bo ne bo tla hlōla bobe. Ha ho sechaba se tla hlola se tsohela sechaba se seng matla ka lerumo, lengau le tla botha le potsanyana. ‘Me namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li robale hammoho, ho se e mong ea tla ntša e mong kotsi thabeng ea Hae e halalelang. ’Me lefu le ke ke la hlola le e-ba teng kae kapa kae ’me mang le mang—ho ba phonyohileng—o tla phela ka thabo kamorao ho moo ka ho sa feleng le khotso ea bona e be e sa feleng.
Tumelo ena e bonolo le e khotsofatsang ea ba matlafatsa le ho ba etsa hore ba mamelle Iilemo tse telele tsa bophelo ba kampo ea mahloriso le lihlōhō tsohle le tlontlollo ebe ba ntse ba lutse ba itlhompha. Ba bile ba neoa nako ea ho paka, ’me ba fela ba paka, hore lefu ha ie ba tšose ka letho. Ba ne ba ka shoela seo ba se lumelang ba sa cheche.
Ba nka Molao oa Botšelela ka botebo ’me ka baka leo ba ikemiselitse ho ba bahanyetsi ba lintoa tsohle le tšebeletso eohle ea sesole. Ho tsitsa ha bona ntlheng ena ha etsa hore Lipaki tse ngata tsa banna li bolaoe. Basali ba sehlopha le bona ba ne ba hana ho etsa mosebetsi leha e le ofe oo maikutlong a bona o neng o reretsoe ho ntšetsa pele ntoa.
Kelello ea bona ka mosebetsi le boikutlo ba bona ka boikarabelo li ne li sa sisinyehe; ba le mahlaha-hlaha, ba tšepahala ba bile ba mamela. Kamoo re ka bolelang, Lipaki e ne e le “batšoaruoa ka boithatelo,” hobane sohle seo ba neng ba tlameha ho se etsa hore ba lokolohe e ne e le ho saena foromo e khethehileng ea Liithuti tsa Bibele e neng e baleha tjena: “Ka hona ke bolela hore ho tloha tsatsing lena ho ea pele ha ke sa inka ke le Seithuti sa Bibele le hore ha ho letho leo ke tla le etsa ho ntšetsa pele likhahleho tsa Mokhatlo oa Lichaba Tsohle oa Liithuti tsa Bibele.”
Pele ke e-ba Moholo oa Bloko ba bona, ba ne ba hlomohile haholo ke ’nete ea hore [Moholo oa Bloko oa pele ea tsebisahalang] Kaethe Knoll o ne a ba thibela kahohle hore ba ka kopanela lipuisanong tsa bolumeli. Ho ba thibela hore ba ka bua ka bona ho hang le ho bapisa lintho tseo ba ii ngotseng—“ho ithuta Bibele,” ka bokhutšoanyane—e ne e le kotlo e matla haholo, ’me Kaethe Knoll o ne a e sebelisa ka cheseho e sehlōhō.
Ke kamor’a nakoana ke le Moholo oa Bloko ba bona ha ke sibolla hore ‘libōkō tsa ka tsa Bibele,’ kamoo ba neng ba bitsoa kateng ka kampong, li na le Libibele le libuka tsa Bibele. Ba qala ho li tiisa ba ii patile ka linkong le ka masela a hlakolang fatše, le tse ling, ha ba fihla ba tsoa mosebetsing. Eare ha ke ho fumana ka etsa tlhahiso ea hore ho molemo ha ba ka li pata kae kae ka blokong ’me tlhahiso eo ea amoheloa ka cheseho. Kamor’a moo ho ithuta Bibele ha etsoa pepenene ka blokong nakong ea mantsiboea le ka Lisontaha. Le mealong mantsiboea, pele basali ba SS ba fihla le lintja tsa bona ba ne ba binela lifela tsa bona tlase. Mosebetsi oa ka e le ho hlokomela hore ba hlokomelisoa nako e sa le teng ka kotsi le hore ba fumane monyetla oa ho pata libuka tsa bona tse haneloang.
Ke ne ke ipea kotsing e khōIō haholo. Ke ne ke le Moholo oa Bloko ’me ke ikarabella bakeng sa eng kapa eng e etsahalang. E bile nako ea bohlokoa haholo bophelong ba ka kampong ea mahloriso—nako ea kamorao ho Harmagedone kamoo nka bolelang kateng—empa hore na ke ile ka pholoha joang tlhahlobo e ’ngoe le e ’ngoe e etelletsoeng pele ke Koegel ea sehlōhō ntle ho Kotlo ea Bloko kapa ea Mokoti, ha ke tsebe ho tla fihlela kajeno.
Empa ke ne ke boetse ke bapala papali e ’ngoe e kotsi haholo. Ha motšoaruoa a ikutloa a sa phele hantle o ne a tlameha ho tlaleha ka ’na motebong oa meriana. Ho ne ho mameloa ka matsoai a itseng. Ka hore na a re’ng mosali ea kulang o ne a rōmeloa karolong ea ba kulang, a lumelloe ho sebetsa ka hare, kapa a rōmeloe ntle ho mohau mosebetsing oa hae oa kamehla. Joale, har’a “Lipaki” ho ne ho e-na le basali baholo ba bangata bao, le hoja ba ne ba sa kule, ba neng ba fokola hoo ba neng ba ke ke ba sebetsa. Tsela feela ea ho ba boloka le ho ba phomotsa nako le nako e ne e le ka hore ke fane ka palo ea bohata ea lihlopha, ’me ke ne ke ho etsa. Hore na ho neng ho tla etsahala ka ’na ke hofe hoja ka fumanoa ha ke rate le ho ho nahana. Ho ne ho thatafatsoa haholo ke ’nete ea hore ke Bloko ba rōna bo neng bo hlahlojoa [matlo ao ho oona ho neng ho tlisoa bahlanka ba SS ba chakileng. Mongoli kahoo a hlalosa leeto le joalo le neng le sa boleloe pele ho nako:]
Ke ne ke tlaleha ka lentsoe le tšoanelehang la motho ea tlase a bua le baokameli:
“Moholo oa Bloko Margarete Buber, No. 4 208. Ka boikokobetso o tlaleha ka Bloko No. 3 boo ho bona ho lulang Liithuti tsa Bibele tse 275 le Mapolotiki a mararo, bao ho bona ba 260 ba leng mosebetsing, ba robeli ba sebetsa ka tlung ’me ba supileng ba lumelletsoe ho sebetsa ka hare.”
Koegel a ntonele mahlo a hae a maputsoa a tletseng meokho, selelu sa hae se beotsoeng se thothomela, ebe joale o korotla ka ho hong. Ebe joale ke tsoela pele ka tlhahlobo e tloaelehileng, ke bula monyako ona le oane le lintho tsa pele tse tharo tseo ho beoang lintho ho tsona. ’Me ha re atamela batšoaruoa ba teng ka tokelo le ka molao, ke ne ke hoa “Achtung!” eo ka ho e utloa ba neng ba tlōla ka potlako. Baeti bohle, leha e le ba banna kapa ba basali, SA, SS, kapa leha e le bafe, ba ne ba khahloa haholo ke makotikoti a benyang le tšepe. Koegel ke eena feela ea neng a botsa batšoaruoa. “U tšoeroe ka lebaka lefe?” ’me karabelo e hlahe: “Hobane ke Paki ea Jehova.” E ne e le eona potso feela hobane Koegel o ne a tseba ka phihlelo hore Liithuti tsena tsa Bibele tseo ho seng motho ea ka II ntšang tseleng ea tsona ha li tsebe ho tlohela monyetla oa ho etsa pontšo [ea hore ke lipaki]. Kamor’a moo baeti ba ne ba sheba ka matlong, ’me ba khotsa ka taolo e makhethe a se nang letheba a fumanehang moo.
Le hoja Mookameli e Moholo oa SS Frau Langefeld a ne a utloisisa le ho sireletsa “Lipaki,” e mong oa balebeli ba etellang pele, mosali ea neng a bitsoa Zimmer, o ne a Ii hloile haholo. Frau Zimmer o ne a sa khotsofatsoe ke letho, le moalo o neng o alotsoe ka makhethe a fetisisang, o ne o sa khahlehe mahlong a hae, ’me a sa fose monyetla oa ho tlatlapa kapa ho rohaka Lipaki.
[Ho senya khotso ea Lipaki le kopano ea Bokreste, ba boholong ba kenya balefatše ba ka bang 100 ka blokong.]
Ha itšoanela feela leha liphiri li kene har’a mohlape. Nyeliso, bosholu, le lintoa tsa e-ba karolo ea bophelo ba rōna ba tsatsi le leng le le leng. Balefatše ba qala ho nyefola “Lipaki” bakeng sa lithuto tsa Bibele le lipuisano tsa bolumeli; ba utsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba ka bea matsoho holim’a eona; ’me, ba ikutloa hore ke ba emelang ba boholong, ba itšoara ka bohale bo boholo le ka mokhoa o khopisang ka ho fetisisa. Ka ba mesarelong e meholo! Empa molemong oa “lipaki” tsa ka, li ne li mpotile mathateng a ka le ho ntšehetsa haholo kahohle kamoo li neng li ka khona. Kea li leboha, ra khona ho loana tseleng ea rōna ka likhoeli tse latelang tse tšeletseng—ha feela seoa se sa le teng—ntle ho khathatso e tebileng.
Ke iteka ka matla ho arola batšoenyi. Ke bea “Lipaki” litafoleng lisele e le hore li ka buisana ka litaba tsa tsona nakong ea lijo ho se kotsi ea nyefolo, ’me bosiu ke ne ke bea balefatše libakeng tse kaholimo ’me ke bea “Lipaki” ho tse ka tlase. Leha ho le joalo, kamoo ho bileng kateng, ba boholong—morotelletsi e moholo oa sena e le Frau Zimmer—ba tlameha ba be ba ile ba re khethela ba tsebisahalang ka hore ba ntšetsa metsi likobong ho feta bohle kampong, ’me bosiu bo bong le bo bong pula e ne e nela ba se nang molato ba ka tlase.
Ka letsatsi le leng sera sa rōna se seholo, Frau Zimmer, a tla ho tla hlahloba mosebetsi oa hae o tsoileng matsoho. A phakisa a hlokomela hore ke arotse linku ho lipōli ’me a retelehela ho ’na ka bohale.
“U se ka nahana hore ha ke bone,” a mpolella. “Ke tsebisisa hore u sireletsa le ho khoaela bana ba Libibele mona. U se ka leka ua arola Liboko tsa Bibele le balefatše, ua nkutloa?”
Ho bile joalo; ka tlameha ho ba kopanya ’me ke tšepe hore ho tla etsahala ho molemo. Ke ntlheng ena moo Jehova a ileng a kenella. Liithuti tsa Bibele tsa amohela balefatše joaloka banab’abo bona bao e leng khale ba lahlehile: Na ba lapile? ba botsoe! Ba batla bohobe bo bong? ho hlake! ha ’na ha e-ba joalo. Ka shebella mohau ona oa Bokreste ka maikutlo a ferekaneng, empa oa sebetsa. Balefatše ba nolofatsoa ke mosa le botsoalle, joale ha qala letšolo la ho ba bontša leseli. Kamor’a nakoana fela ha e-ba le ba bang har’a balefatše—Legypsy, Lepole, Mojode le Lepolotiki—ba ileng ba itlhahisa ofising ea SS, ba bolela hore ho tloha ka nako eo ho ea pele ba lakatsa ho nkoa e le Lipaki tsa Jehova ’me ba batla lesela le likhutlo li tharo le pherese bakeng sa matsoho a bona. Eare ha ho e-ba hobe haholo, MaSS a kena ka bohale ’me a hlasela basokolohi le ho ba ntšetsa ka ntle. Qetellong MaSS a teneha hoo a ileng a tlosa balefatše blokong ba rōna ’me khotso ea khutla hape. Ka ba ka ikutloa ke phomotse, ’me “Lipaki” tsa etsa seboka sa thapelo ea ho leboha Jehova.
LE HO UENATUMELO E-EA SEBETSA
Ho bohloko hore mang kapa mang, ka lebaka leha e le lefe o ile a tlameha ho talimana le matsoalo a likampo tsa Manazi tsa mahloriso. Leha ho le joalo ho etsahetse. Re ka ithuta eng ka hona?
Tlaleho e ho Under Two Dictators e paka tumelo eo basali bao ba Bakreste ba bileng le eona. Ruri e ne e se tumelo ea ha ho le molemo feela. Leha ho le joalo re ke ke re qoba ho hlokomela melemo e sebetsang e tlisitsoeng ke ho phela ka tumelo e matla joalo ho Molimo, ha ba ntse ba emetse nako ea ha Molimo o tla felisa bokhopo bohle lefatseng.
Tumelo ea bona ea ba nea melao. Ea ba thusa ho tsitsa kelellong le boitšoarong. Bophelo ba bona ha boa ka ba senngoa ke ho touta, leha e le hore matla a bona a monngoe ke masoabi. Kahoo, tumelo ea bona ea ba thusa hore ba ’ne ba phele letsatsi le leng le le leng.
Ea ithutetseng kelello Bruno Bettelheim o ile a shebella Lipaki tsa Jehova a le haufi le tsona likampong. A ngola hore “ha lia ka tsa bontša feela bophahamo ba ho hlompheha ha botho le boitšoaro, empa tsa bonahala li sirelelitsoe liphihlelong tse tšoanang tsa kampo tse ileng tsa potlakela ho senya batho ba bangata bao ’na le metsoalle ea ka ea liithuti tsa kelello re neng re ba nka ba le matla haholo.”—The Informed Heart (Mongolo o tšekaletseng ke keketso)
The Dungeon Democracy e eketsa ka hore: “Ba ne ba songoa ke ba bang, empa ba ho hlokomoloha ’me ba boloka hlompheho ea bona ea botho ha ba bang ba hlasela ka nyeliso ea bona bakeng sa bophahamo ntoeng e neng e lomahantse meno ea ho pholoha.”
Leha eba ha ho mohla u kileng ua utloa mahlomola a makaalo, na ebe ha u bone hore tumelo e joalo e ka u thusa? Joalokaha ho le joalo ka batho bohle kajeno, le uena u talimane le mathata le likhatello kamehla. Empa ho lumela ho Molimo ho tla u thusa ho phela bophelo bo sireletsehileng haholoanyane.
Ho lumela ho Molimo le Lentsoe la oona hape ho tla u thusa hore u sebelisane le ba bang. Ka mohlala, ha u phela tumellanong le tumelo e tebileng ba bang ba ka u tšoara ka ho hloka leeme ho hoholo le hlompho. Na hoo ho utloahala ho ka etsahala lefatšeng lee la ha ho janoa? Ak’u nahane ka tlhaloso ea Bettelheim ka Lipaki kampong: “Le hoja e ne e le sona sehlopha feela ka kampong sa batšoaruoa se neng se sa tlatlape kapa ho rohaka batšoaruoa ba bang (ho fapana le moo, li ne li le seli haholo ka tšoaro ea tsona ho batšoaruoa ba bang), bahlanka ba SS ba ne ba bona ho le molemo ha e le bona bahlokomeli ka baka la mekhoa ea bona ea tšebetso, matla, le boikutlo ba ho se iphahamise.”
Ho joalo le kajeno. Ka baka la tumelo ea bona le moea oa Molimo Lipaki tsa Jehova li sa ntsane li loanela ho ba botsoalle, li be bonolo le ho tšepahala le ho sebetsa ka thata. (Ba-Gal. 5:23; Ba-Roma 12:16-18, 21; Jak. 3:13; Ba-Ef. 4:28) Ke kahoo hangata ba nkoang e le basebetsi ba bohlokoa. Hangata, ba ho fumane ho le bonolo haholo ho fumana mesebetsi le ho bolokoa ha ho lokolloa ba bang, kapa ba phahamisoe kapele ho ea litulong tsa batšepuoa.
Le ka litsela tse ling tse ngata, tumelo e ka ipaka e le molemo. E ka thusa bacha hore ba thabe haholoanyane, ba be le morero o moholoanyane bophelong. E molemo le bophelong ba lelapa le litabeng tse amang likamano tsa botona le botšehali. E ka u tlisetsa bophelo bo molemo ba ’mele le ho lelefatsa bophelo ba hao.
Empa seo ba bangata ba ka se talimang e le bopaki ba ho qetela ba hore ruri tumelo e molemo se phahamisoa ke mantsoe a Ba-Heberu 11:6. Mono moapostola Pauluse o ile a ngola: “Tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang: ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”
Lipaki tsa Jehova tse limillione, ka tumelo, li lebelletse moputso oo Molimo o o tšepisitseng oa bophelo khotsong, ho lokeng le thabong lefatšeng. (2 Pet. 3:13) Re u phehella hore u batlisise ho tsona ho hongata ka moputso oo le kamoo tumelo e ka bang molemo bophelong ba hao hona joale le ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc (1980).
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Gertrude Poetzinger ka 1944. O ne a le har’a Lipaki tsa Jehova tse 275 tse neng li koaletsoe Ravensbrueck
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Gertrude Poetzinger kajeno. O sebeletsa ntlokholo ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova