Motheo oa Tumelo e Tileng
BATHO ba bang ba nkang tumelo e le ntho e sa sebetseng ha ho mohla ba kileng ba nahana ka botebo hore na ebe ho teng motheo o tiileng oa tumelo kapa che. Uena?
Haeba u batla ho fuputsa taba, u tla qala hokae ’me ke bopaki bofe bo ka emelang? U ka hlahloba lintho tse ngata tse u potolohileng lefatseng ‘me u fumane linnete tse amehang.
TSE KHŌLŌ—TSE NYENYANE
Ke ho tsitsitseng hore u ka re: U ka ithuta tse khōlō haholo—sepaka-paka se bonahalang se le seholo bo se nang bokhutlo. Kapa u ka ’na ua nyakurela tse nyenyane haholo—le tsona likarolo tsa rōna tse nyenyane boo re sa li boneng ka mahlo le tsa lefatse le re potolohileng. Leha e le ho efe linthong tseo tse peli, u tla fumana lebaka la ho lumela ho ’Mōpi.—Gen. 1:1; 2:1-4.
Lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000, Bochabela bo Hare, monna ea neng a bitsoa Elihu o itse: “Talima nqa maholimong ’me u nahane.” (Jobo 35:5, The New English Bible) O ile a ikutloa hore bopaki ba ho hlokomela hore ’Mōpi o teng bo bonahala maholimong a holimo. Koana, ka mahlo a hae a neng a sa thusoa ka letho Elihu o ne a ka ba le hona ho lemoha linaleli tse ka tlase ho 5 000 ho tse fetang 100 000 000 000 tsa sehlopha sa Molala oa rōna. O ne a ke ke a tseba hore ho na le lihlopha tse likete tsa limillione, se seng le se seng se e-na le libillione tsa linaleli ho sona. Empa haeba a ne a ka ba le tsebo eo re nang le eona hona joale, na u lumela hore hoo ho ne ho tla fokolisa tumelo ea hae ho Molimo? Kapa, na tsebo ee e ne e tla matlafatsa tumelo eo? Neng neng hamorao, mopesaleme Davida o itse: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.”—Pes. 19:1.
Hona joale bahlalefi ba keneletse ka hare hare ho ’mele ea leholimo ka makoloi a sepaka-paka, ba nyakurela ka libonela hole sebakeng ’me ba mamela melumo e tsoang libakeng tse hole haholo tsa bokahohle ka lia le moea tse utloang molumo o hole. Tsebo ena e eketsehileng e fana ka lebaka le eketsehileng la ho lumela ho Molimo.
Ea ithutetseng ’mele ea leholimo Wernher von Braun eo e neng e le motsamaisi oa setsi sa likepe tse fofang sebakeng sa NASA oa U.S.A., o ngolile: “Ba lintho tse bonahalang ba lekholo la leshome le metso e robileng mono o le mong la lilemo le majalefa a bona a Marx a lekholong la mashome a mabeli la lilemo, ba ile ba leka ho re bolella hore ha thuto ea mahlale e ntse e re nea tsebo e eketsehileng ka popo, re ka phela re sa lumele ho ’Mōpi. Empa ho tla fihlela joale, ka karabo e ’ngoe le e ’ngoe e ncha, re sibollotse lipotso tse ncha. Ha re utloisisa hamolemo haholoanyane . . . tlhophiso e babatsehang ea lihlopha tsa ’mele ea leholimo re ntse re fumana mabaka a eketsehileng bakeng sa ho hlolloa ke popo ea Molimo.”
Ho ka ’na fihleloa qeto eona eo haeba u reteleha ho tloha bokahohleng bo boholo ’me u hlahloba likarolo tse nyenyane haholo tsa ’mele ea rōna. Davida o ile a susumeletseha hore a tsote ka Molimo: “U bōpile karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ka; ua nkopanya hammoho ka popelong ea mè . . . sohle seo u se etsang sea makatsa se bile sea babatseha.” (Pes. 139:13, 14, Today’s English Version) Lilemo tsena tsohle e le ngaka e sebetsanang le methapo, moprofesa Robert J. White, M.D., o bile le nako ea ho hlahloba boko ba motho a le haufi le bona haholo. O-oa pheta.
“Liphihlelo tsa ka ka bakuli ba ka, le lipatlisisong tsa ka litabeng tsa methapo ha ke leka ho qhaqholla meeka ea boko, li entse hore ho feta leha e le neng ke makalle tsela e babatsehang ea boko. ’Me ke sala ke se na boikhethelo ha e se feela ho lumela hore ho teng Bohlale bo Phahameng haholo, bo ikarabellang bakeng sa ho hlophisa le ho ntšetsa pele kamano e hlollang ea boko le kelello—ntho e ’ngoe e phahametseng kutloisiso ea motho.”
Haeba u ne u le boemong ba hore u batlisise haholoanyane ho kenella tseleng ea lisele tsa motho ka boeena, u ne u tla fumana lebaka le hlahisang a mangata ao ka oona u ka lumelang ho ’Mōpi. Sele ke motheo o bōpang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang lefatšeng. U na le lisele tse ka bang 100 000 000 000 000 tse nyenyane tse etsang ’mele oa hao kaofela. Empa e ’ngoe le e ’ngoe e lohakane ka mokhoa o hlollang ’me e hlophisitsoe hantle haholo.
Ka mohlala, seleng e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele ea rōna re na le liphatsa tsa lefutso tse likete tse baloang ka mashome ’me e tsebisahalang haholo e bitsoang DNA, e bolella sele hore na e sebetse joang le hore na e hlahise joang. E ile ea rera hore na moriri oa hao e tla ba o ’mala o joang, hore na u hōla kapele hakae le lintho tse ling tse ngata haholo. Ipotse: Ho tlile joang hore boitsebiso bona kaofela bo be teng ka ho DNA ea sele e ’ngoe le e ’ngoe ea ka?
Bukeng ea hae Whence and Wherefore (1978), Dr. Zev Zahavy o re bolella ka puisano e bileng sehlopheng sa liithuti tsa metsoako Univesithing ea Bongaka ea Cornell. Moprofesa o ne a bua ka “liphatsa tse laetsoeng tsela ea tšebetso tsa DNA.” Rea bala:
“Sehlopha se be se tletse liithuti tse nyenyane tse hōletseng mehleng ena ea licomputer, ’me ka baka leo, se ne se hlile se bua ka bolokolohi ka karolo e hlokahalang ea molaeli ha a thea boitsebiso boo “computer” e lokelang ho sebetsa ka bona. Ho boleloa ha ‘liphatsa tse laetsoeng hore na li sebetse joang’ ha khannela seithuti se seli hore se botse.
“Haeba likaheho tsa RNA le DNA li laetsoe hore na li sebetse le ho hlahisa lintho ka ho ea ka hore na li reretsoe joang,’ a botsa, ‘boitsebiso bona bo fepeloang bo hlaha kae ka bobona?’
“Moprofesa a arabela ka pososelo ea ho ‘phathahana,’ ‘Ho ea Susumeletsang lintho tse sa tsoaneng.’
“Seithuti se maketseng sa tsota ka mokhoa oa ho phephetsa, “ea susumeletsang lintho tse sa tsoaneng? Ke eng eona eo?
“‘Bonneteng, ke lumela hore o tsejoa hamolemo ka litlhaku tseo a ngoloang ka tsōna,’ kamoo ho ileng ha kenella karabelo e makatsang ea morupeli.”
Moprofesa o ne a bolela hore, litlhaku M O L I M O.
E, patlisiso ea lintlha tse khōlo haholo kapa tse nyenyane haholo tsa pōpo e fana ka motheo o tiileng oa tumelo e tiileng ho Molimo. U sa ntsane u ka ’na ua ipotsa, leha ho le joalo, na hoa sebetsa ho ba le tumelo e joalo mehleng ee le lilemong tsee?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Karolo ea phatsa ea DNA