“Le Amohelane”
“Le amohelane ke hona, joale ka ha Kreste le eena a le amohetse, e be tlotliso ea Molimo.”—Ba-Roma 15:7.
1. (a) Ke ba bakae ba seng ba amohetsoe e le litho ka mokhatlong oa Machaba a Kopaneng? (b) A hlōlehile ho hlahisa eng, ’me ke eng e kenyang letsoalo nako le nako?
HO TLA fihlela joale ho se ho amohetsoe lichaba tse 154 ka ho mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Lichaba tseo e leng litho ho oona ha li na maikutlo a tšoanang kaofela ha tsona a bopolotiki. Li bile li hloeane, empa ka Machabeng a Kopaneng li leka ho ba “lira tsa metsoalle.” Ho bonahala li utloisisa ’nete ea seo sengoli sa Leamerika se ileng sa se bolela: “Re kopane—rea ema. Re arohane—rea oa.” Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ipolela hore ke mokhatlo oa lefatše oa khotso le tšireletseho. Leha ho le Joalo, kamor’a lilemo tsena tsohle ho tloha ka ntoa ea II ea Lefatše hoba e lale ka 1945, ha o-oa hlahisa seo lepolotiki la Amerika Wendell Wilkie a itseng ke “Lefatše le le leng, ’muso o le mong.” Kahoo letsoalo le leholo la ho qhoma ha Ntoa ea III ea Lefatše ka lihlomo tse kotsi haholo.
2. Le hona sechabeng, ke lintho life tse ka lekanyetsang hore na moahi e mong o amoheloa har’a baahi ba hae kapa che?
2 Le hona sechabeng seo e leng setho sa Machaba a Kopaneng, baahi ba sona ba ka ’na ba se ke ba amohelana le baahi ba bang sehlopheng sa bona sa tsoelopele. Khethollo ke eona e laolang litaba. Barui ha ba amohele mafutsana. Litho tsa bolumeli bo bong ha li amohele batho ba bolumeli bo bong. Bakhomareli ba mokha o mong oa bopolotiki ba hana ho amohela ba mokha o hanyetsanang le oa bona oa bopolotiki. Ba phahameng ka thuto ba hana ho nahana ka ba thuto e tlase kapa ba sa rutehang ho hang ba ba nka ba le tlase ho bona. ’Mala oa letlalo la motho o ka mo ema pele tabeng ea ba nang le letlalo la lebala le leng. Merabe eo batho ba tsoang ho eona le eona e ka etsa phapang. Ha ho mokhoa o le mong o akaretsang le o lumellanang oa ho amoheleha ha motho motheong oa hore ke setho sa lelapa le le leng le leholo la batho. Kahoo, se ratoang le se sa ratoeng ke batho ke sona se lekanyetsang hore na motho o tla amoheleha hokae.
3. (a) Ke joang Bojakane bo sa khetholloang ho leha e le efe ea lintho tse kaholimo? (b) Na Machaba a Kopaneng a ipakile a le molemo ho feta Selekane sa Lichaba ka ho ba pontšo ea ’muso oa Molimo ka Kreste?
3 Bojakane ha bo khetholloe ka letho ho sena sohle, le hoja ho lebelletsoe hore ke mokhatlo oa lichaba tsa Bokreste. Kaha ke Bakreste ka lebitso feela, nako le nako ba ’nile ba tlōla se boletsoeng ka boprofeta ho Esaia 2:4: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Bojakaneng batho bao e leng Bakreste ka lebitso ka ho rata naha ba tla loana lebitsong la seo ba itšoarelletseng ka sona bochabeng ho fihlela ba ka shoa kapa ha shoa bahanyetsi ba bona. Ha ba fumane lebaka le tiileng la ho nyakalla mokhatlong oa Machaba a Kopaneng, le hoja khale ka Tšitoe 1918 Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika le ile la bitsa Selekane sa Lichaba seo ho neng ho reroa hore se etsoe ka nako eo hore ke “pontso ea ’muso oa Molimo lefatšeng.” Ruri Machaba a Kopaneng ha a ea ipaka e le pontso ea ‘muso oa Molimo ka Kreste.
4. Pauluse, e le e mong ea qotsang ho boprofeta ba Esaia ka ‘lintho tse ngotsoeng khale’ o itse’ng?
4 Leha ho le joalo, mantsoe a qotsitsoeng kaholimo a hore lichaba li ke ke tsa hlola li phahamisetsana marumo le hore li ke ke tsa hlola li ithuta ntoa a phethahala ho bao e leng baetsisi ba Jesu Kreste ka ’nete. Mora enoa oa Molimo ea nang le khotso o ile a qotsa ka makhetlo a mangata boprofeteng ba Esaia bo ileng ba ngoloa khale haholo. O ho entse e le ho laea balateli ba hae. E mong ho balateli ba joalo, moapostola Pauluse, o ile a ngolla barutuoa ba Kreste ba Roma lekholong la pele la lilemo ’me a ba hopotsa hore: “Hobane taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.”—Ba-Roma 15:4.
5. Ka mamello, ke mang ea faneng ka mohlala o motle bakeng sa Pauluse le Bakreste bahabo?
5 Phethahatsong ea lintho tse ngotsoeng pele ho nako ka Mangolong a halalelang, Jesu Kreste o ile a mamella thohako le mahloriso le ho isa lefung le lihlong sefateng joaloka senokoane sa lepolotiki. Ho mamelleng ha hae ho isa ntlheng eo o ile a tšoana le mohlala o phethahetseng ho barutuoa ba hae o neng o tla ba tiisa hore ba mamelle ka botšepehi ho isa qetellong.
6. (a) Ke eng se bontšang hore, sefateng, Jesu o ile a itšoarella ka tšepo ea hae, ’me a matlafatsoa joang hore a mamelle? (b) Joaloka tabeng ea Jesu, ’nete ke efe ka balateli ba hae ka tšepo le mamello?
6 Ka hore a mamelle ka tieo ho isa qetellong ea tsela ea hae ea lefatšeng Jesu a tšoarella ka tšepo eo a neng a e neiloe ke Molimo oa hae. Kahoo, o ne a ka bua tjena ho lesholu le nang le kutloelo bohloko le neng le khokhothetsoe pel’a hae: ‘Ruri ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.’ (Luka 23:43, NW) Nakong eo ea lihora tseo tse bohloko tsa sefate sa tlhokofatso, Jesu a tšeliseha haholo ke ho hopola lintho ‘tse ngotsoeng khale’ tse neng li bua ka eena, ’me kahoo a matlafatsoa haholo. Ka mokhoa o joalo feela, balateli ba hae ba ineetseng ba hlomohileng ke mahlapa a bokelloang holim’a Jehova Molimo le Jesu Kreste ba ipoloka ba itšoarelletse ka matla tšepong ea bona e bululetsoeng ka Mangolo bakeng sa nako e tlang. Le bona ba tšelisoa ka matla ke ‘Mangolo a ’ngotsoeng khale.’ Tšepo ea bona, e theiloeng Mangolong a tšepahalang ka ho fetisisa, ‘ha e ba hlahisetse lihlong.’—Ba-Roma 5:5.
7. Phutheho eohle e lokela ho ba le kelello e kang ea mang, ’me hona ho ama ho tlotlisa ha bona Molimo joang?
7 Ntho eo re ka e etsang ke hore re be le maikutlo a kang ao Jesu Kreste a bileng le oona mahlomoleng a hae lefatšeng la sera. Tumellanong le sena moapostola Pauluse a ngola thapelo ena: ‘Molimo o neang mamello le matšeliso o ke o le nee hore har’a lōna le be le maikutlo a kelello eo Kreste Jesu a bileng le eona, hore ka kutloano le ke le tlotlise ka molomo o le mong Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste.’ (Ba-Roma 15:5, 6, NW) Ka ho haha maikutlo a kelello a joalo re etsisa Mohlala oa rōna Jesu Kreste, re tla ipoloka re kopane joaloka phutheho ea barutuoa ba hae. Maikutlo a kelello e tšoanang sehlopheng a isa lipolelong tse tšoanang. Kahoo ho tšoana leha ho bua “molomo o le mong” bakeng sa phutheho kaofela ka matla a maholo le botle. Hona ho loketse haholo. Ho ke ke ha thoe ho tlōlisoa matla ha ho boleloa ka ho tlotlisa Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka kopano. Mantsoe a rōna a lokela ho kopana hammoho mabapi le Ea tlotlisoang. Ho seng joalo ea utloang a ka ferekana ka hore na molaetsa o boleloang o re’ng.
KAMOHELO E KANG EA KRESTE
8. Ke eng e neng e ka ’na ea ama kopano ea phutheho Roma eo Pauluse a neng a e ngolla lengolo la hae?
8 Mekhatlong e mengata kapa litsamaisong tsa tsamaiso ena ea lintho ho ka ’na ha e-ba teng boikutlo ba ba bangata ba ho se amohele ba fihlang ka baka la khethollo ea bochaba kapa morabe. Ho se tšoane thutong le hona ho ka nka karolo e khōlō, kapa ho se tšoane ka bolumeli. Khale Roma ea boholo-holo ea lekholong la pele la lilemo C.E. mohlomong ho ne ho le teng mabaka a tlhaho bakeng sa lintho tse joalo tse arolang.
9. Phutheho ea Roma e ne e entsoe ka bo-mang ka nako eo, ’me ke eng e neng e ka ’na ea hlahisa boikhethelo ho batho ka bomong tabeng ea metsoalle?
9 Moapostola Pauluse o ne a s’o fihle Roma, motse oo o moholo o ruileng, empa ka tšepo ea hore haufinyane o tla ba hona teng a ngola lengolo la hae le bululetsoeng le eang phuthehong e hona moo. Hoba a hlokomelise ka ho atameleha ha Jesu Kreste e le mohlala o phethahetseng, Pauluse a tsoela pele a re: “Le amohelane ke hona, joale ka ha Kreste le eena a le amohetse, e be tlotliso ea Molimo.” (Ba-Roma 15:7) Ho teng, ‘bohle ba leng Roma, baratuoa ba Molimo, ba bitsitsoeng, ba halalelang,’ ba ne ba akarelletsa Bajode ba tlhaho le Balichaba ba sa bollang, ba lokolohileng le makhoba. (Ba-Roma 1:7; 3:1-6; Ba-Fil. 4:22) Kahoo, har’a Bakreste bao ba Roma ho ne ho le teng ho se tšoane ha bolumeli ba pele le maemo a tsoelo pele, hona hohle ho hlahisa maikutlo a sa tšoaneng le boikutlo ba letsoalo. Hona ho ne ho ka ’na ha hlahisa le ho khetha hore na motho o tloaelana le bo-mang.
10. Jesu o ile a bea mohlala joang tseleng eo re lokelang ho amohelana ka eona, ’me ho etsa joalo ha hae ho ne ho hopoletsoe eng?
10 A behella hona hohle ka thōko, Pauluse a ba laea kaofela hore ba “amohelane,” ba etsa joalo ka mofuthu, ka bonolo, ka tieo, ka kananelo ea ’nete ea hore motho ke Mokreste oa heno le molumeli oa heno. Ho na le mohlala o phethahetseng o neng o ka lateloa ntlheng ena, hobane Pauluse o re ho etsoe joalo ‘joale ka ha Kreste le eena a re amohetse.’ Ha a le lefatšeng, na Jesu ha a ka re: “Ea tlang ho ’na, nke ke ka mo lahlela ntle.” (Joh. 6:37) E! E le motho ea phethahetseng, a ka be a ile a lulella thōko le rōna ka baka la ho se phethahale ha rōna le boetsalibe. Empa ha a ka a etsa joalo. Hobane’ng? Pauluse o bolela lebaka, a phaella ka mantsoe ana: “e be tlotliso ea Molimo.” A amohela balumeli bohle ho eena, Kreste o ile a tlotlisa Molimo, hobane ho ile ha hōlisa pelo e telele ea Molimo le takatso ea oona hore batho bohle ba bolokehe ka sehlabelo sa topollo sa Mora oa oona Jesu Kreste. Ho joalokaha Jesu ka boeena a itse: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mor’a oa oona ea tsoetsoeng a ’notsi; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16.
11. Kamohelo e mofuthu joalo ho ba fihlang e isa ho tlotliseng Molimo hobane’ng, ’me kahoo Jesu ea tsohileng a bolella barutuoa ba hae hore ba etse joang Galilea?
11 Ka mokhoa o tšoanang, ha rōna, re le baetsisi ba Jesu Kreste, re amohela bohle ba batlang ka phuthehong ho sa tsotellehe morabe, ’mala, hore na e ne e le litho bolumeling bofe pele, boemo tsoelopeleng kapa thuto ea lefatše, hona ho sebeletsa ho tlotlisa Molimo. Ho nea bohle ba amoheloang joalo maikutlo a nepahetseng ka Jehova Molimo. Ho bontša hore o rata ho amohela bohle ba lumelang kannete ka phuthehong eo e leng Hlooho ea moea, Jesu Kreste ea tsositsoeng o ile a bolella barutuoa ba hae “Galilea oa lichaba” hore na ba etse joang, a re: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Esa. 9:1; Matt. 28:16-20.
12. (a) Ho talimiloe khanya ea Molimo ha re amohela ba bang ho sebeletsa e le eng ho rōna? (b) Ho ea ha rōna ka monyako le monyako ho hanyetsa qoso leha e le efe ea molato oa mali e ka etsetsoang Molimo?
12 Ha re amohela bohle ba tlang ntle ho khethollo, ke thuso ho rōna ho hopola hore re etsa joalo ‘ho tlotlisa Molimo.’ Ho susumetsa ba amoheloang ho ananela pelo e fanang ka mofuthu ea Molimo le hore ba mo tlotlise e le bona. Ha re tsoela ka ntle ho marako a libaka tseo re kopanelang ho tsona ’me re kena ka monyako le monyako ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ho bohle bao re teanang le bona, re bontša hore ‘re amohelana joale ka ha Kreste le eena a re amohetse, e be tlotliso ea Molimo.’ Tsela ena e fella ka tlotliso ho Molimo oo re o pakelang ho sa tsotellehe hore na bao re ba etelang joalo ba ananela molaetsa oa ’Muso kapa che. Ba amohelang molaetsa oa ’Muso qetellong ba tla kopanela ho tlotliseng Molimo ea ileng a rōmela lenqosa la hae la ’Muso ho bona. Ba sa amoheleng molaetsa oo re o neiloeng ke Molimo oa poloko ka nako e ’ngoe e tlang ba tla hlokomela hore Jehova Molimo o ne a nahanne ka bona ’me a rōmetse lipaki tsa hae tse tšepahalang ho bona, ho ba siea ba se na lebaka la ho tšoaea Molimo molato. (Ezek. 33:33) Kahoo Molimo o lula o se na molato oa qoso ka baka la mali a bona.
’METLI O FETOHA “MOSEBELETSI”
13. Ke hobane’ng ha Molimo o ke ke oa qosoa ka leeme ka ho nea menyetla ea pele ho batho ba neng ba sa tuma hakaalo lefatšeng lohle?
13 Ke bo-mong, leha ho le joalo, ba bileng le monyetla oa pele ho fumana molemo ka tokisetso ea Molimo? Ke batho bao re fumaneng Bibele e Halalelang ka bona. Ke Bajode ka tlhaho. Na joale Molimo o ne o sa bontše khethollo, haholo ha re hopola hore bao e seng Bajode ba ne ba feta Bajode hole ka palo le lilemong tse fetileng tse 1 900? Ha ho habanngoa litaba feela ho ka ‘na ha bonahala ho le joalo. Empa Molimo o ne o tlameha ho qala kae kae, ’me oa qalisa ka bao o neng o tšepisitse bo-ntat’a bona moholo ka ho khethehileng, e leng, Bajode ba bolotseng. Leha ho le joalo, melemo e neng e tla qetella e hlahile ka hore Molimo o phehelle tsela ena e ne e sa fella feela ho Bajode kapa Baheberu ba tlhaho. Kahoo, na ho na le lebaka le utloahalang la ho belaela? Le le lenyenyane!
14. Kahoo, Mora oa Molimo ea tsoang leholimong o ile a tlameha ho fetoha motho oa mofuta ofe, ’me a amoheloa joang ke batho ba mofuta oa habo?
14 Le ka mohla re se lebale hore Molimo o ne o entse litšepiso tseo o neng o ke ke oa li koenehela le banna ba tšoanelang mabapi le bana ba bona ba tlhaho, Bajode. Ka baka leo Mora oa Molimo o ne a tlameha ho theoha a tsoa leholimong e le hore a ka tla phethahatsa litšepiso tseo tsa Ntat’ae oa leholimo. Hona ha mo tlama hore a tsoaloe e le setho sa moloko o neng o hloiloe ke lichaba tsohle, batho bao Molimo o neng o entse selekane sa bosechaba le bona. Leha ho le joalo, leha e bile Mojode hakaalo, Mora oa Molimo ha a ka a etsoa hore a ikutloe a phuthulohile ke boholo ba Bajode bahabo, joalokaha mongoli oa pale ea lefatšeng ea Mora oa Molimo a re: “Le ne le tle habo lona, ’me bahabo lona ha ba ka ba le amohela.”—Joh. 1:11.
15. Jesu o ile a etsa mosebetsi oa mofuta ofe Nazaretha, ’me na ka ho etsa joalo o ne a sebeletsa joaloka ‘mosebeletsi oa ba lebollo’?
15 Kahoo moapostola Pauluse oa Mojode a ngolla phutheho ea Bakreste e Roma eo e neng e se ea Bajode ba tlhaho kaofela ka ho eona a re: “Kreste e bile mosebeletsi oa Bajuda ho bontša hore Molimo o na le ‘nete, hore a tiise litšepiso tse etselitsoeng bo-ntat’a rōna, ’me balichaba ba tle ba tlotlise Molimo ka baka la mohau oa hae.” (Ba-Roma 15:8, 9a, phet. e ncha) Nazaretha oa Galilea, lapeng ha ntate oa hae ea neng a mo nketse ka lapeng la hae, Mojode ea bolotseng, Josefa, Jesu ea hōlang a ithuta ho ba ’metli. Ka ho tsoalloa lelokong la Juda Jesu e ne e se oa leloko la boprista kapa leloko la tempele la Balevi. Ka tlhaho o ne a ke ke a kena har’a bahlanka ba sebeletsang tempeleng e Jerusalema. Empa na Jesu Mora oa Molimo o ile a tla lefatšeng feela hore a tl’o sebeletsa le ho shoa e le ’metli? Che! Kahoo, ka hore e be ‘mosebeletsi oa ba lebollo’ ho boleloa ho hongata ho feta hore e be ’metli joaloka ntat’ae ea mo hōlisitseng Josefa.
16. Hore a sebeletse ho fetang batho ba motse oa Nazaretha e le ’metli, Jesu a tsoela pele ho etsa joang?
16 Hoja Jesu a se ke a etsa ho hong ho fetang bophelo ba hae ba mosebetsi oa bobetli Nazaretha, ruri a ka be a sa phetha tšebeletso ea hae e hlileng ea boleloa. Kahoo, Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo, a mo qalisa nthong e ’ngoe e fapaneng, hore e be ‘mosebeletsi oa ba lebollo,’ e seng feela oa batho ba motse oa habo oa Nazaretha, empa oa sechaba kaofela. Ka ho loketseng, ha a le lilemo li 30 a tlohela mosebetsi oa hae oa bobetli a o tlohella ruri.
17. Re ka bapisa mosebetsi oa Jesu kamor’a hore a kolobetsoe le ho tlotsoa ka tšebeletso ea moprista e moholo oa Mojode tempeleng joang?
17 Jesu o ile a nka mosebetsi oa mofuta ofe kamor’a hore a kolobetsoe ke Johanne Mokolobetsi, Molevi, le ho kolobetsoa ka moea o halalelang oa Molimo? Na ke tšebeletso e neng e le tlase ho ea baprista le Balevi tempeleng, ba neng ba hlile ba ‘sebeletsa’ Molimo Jerusalema? Ruri mang le mang ea tloaelaneng le linnete o tla lumela hore o ile a nka tšebeletso ea molao, e seng feela mosebetsi oa bolumeli. Joalokaha English Revised Version ea Bibele e e bea ka mantsoe ana: “Kreste o ne a entsoe mosebeletsi oa lebollo ka baka la ’nete ea Molimo, hore a tle a tiise litšepiso tse fanoeng ka bo-ntate.” (Ba-Roma 15:8; hape bona le Authorized kapa King James Version) Ka ho ke keng ha latoloa o ne a etsa tšebeletso ea sechaba, a nkile setulo sa bosebeletsi, e seng ka khetho ea motho empa ka ea Molimo, Morena oa Bokahohle. Se entsoeng ke Jesu kamor’a hore a fetole mosebetsi lefatšeng e bile sa bohlokoa haholo ho feta tšebeletso ea bolumeli ea moprista e moholo oa Mojode Jerusalema.
18. Le hoja a sa eloe hloko e le ‘mosebeletsi’ ke sechaba leha e le sefe sa lefatšeng, ke hobane’ng ha e le ho ‘ba lebollo’ Jesu e bileng “mosebeletsi”?
18 Joalokaha Jesu Kreste a ne a ke ke a etsa mosebetsi ofe kapa ofe oa tšebeletso ea bolumeli tempeleng e Jerusalema ’me kahoo a hlōlisane le baprista le Balevi ba moo, o ne a ka etsa litšebeletso tsa bolumeli tempeleng leha e le efe ea lichaba tseo e seng tsa Bajode, Roma, Athene, kapa leha e le kae kapa kae feela. Leha ho le joalo a tlameha hore e be ‘mosebeletsi oa ba lebollo’ ka baka la bonnete ba Molimo. Joang? Hobane o ne a tlameha ho “tiisa litsepiso tse fanoeng ka bo-ntate,” Baheberu, e seng Balichaba. Ka mohlala, ‘ntat’a moholo’ oa bona Abrahama o ne a e-na le bara ba bangata ka basali ba hae ba bararo, empa Molimo oa khetha mora a le mong oa Abrahama oa mosali oa hae oa pele, Sara, hore a fumane tšepiso ea Abrahama, e leng, Isaaka. Kamor’a moo, Isaaka a ba le bara ba mafahla, empa Molimo oa khetha lefahla le lenyenyane, Jakobo, eo hamorao a ileng a bitsoa Iseraele, ho fetisetsa pele tšepiso ea Abrahama ka “peō” eo ka eona lichaba tsohle tsa lefatše li neng li tla hlohonolofatsoa. Kamor’a nako bara ba 12 ba Jakobo ba hlahisa meloko e 12 ea Iseraele, eo ka eona, e le sechaba, Molimo o ileng oa etsa selekane sa oona sa bosechaba ka moprofeta Moshe e le mokena-lipakeng.
19. Ke hobane’ng ha Jesu a sa tsoalloa lelokong la Levi, ’me ke mang ea ileng a mo amohela lefatšeng, hona hokae?
19 Hamorao, hoba sechaba sa Iseraele se ikhethele ho ba le morena oa motho e le moemeli ea bonahalang oa Jehova, Oa etsa tšepiso ea Oona ea borena ho Morena Davida oa leloko la Juda. Kahoo, Messia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste, o ne a tla tsoa lelapeng la Davida. Hona ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a tsoalloa motseng oa habo Davida Bethlehema, e le mojalefa oa Davida ka ho tsoaloa ke moroetsana oa Mojudea, Maria. Mangeloi a leholimo a mo amohela lefatšeng. Kahoo Mora oa Molimo ea tsoang leholimong o ne a ke ke a phonyoha ho tsoaloa e le Mojode. Litšepiso tse sa senyeheng tsa Molimo Ntat’ae li ne li tlameha ho tiisoa kapa ho phahamisoa. Molimo o ne a sa lumele hore a etsoe ea leshano.
20. Le hoja Jesu e bile e mong ‘oa ba lebollo,’ ke eng e neng e emetse batho ba lichaba tseo e seng Bajode, hobane’ng?
20 Jesu o ne a thabela haholo hore a sebelisane le Ntate oa hae oa leholimo. Kahoo, ‘ea hla ea e-ba mosebeletsi oa ba lebollo.’ A bolotsoa joaloka e mong oa bona. Ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng hoba Jesu a shoe a be a tsohe mohau o khethehileng oa bontšoa Bajode ba bolotseng. Leha ho le joalo kamohelo phuthehong ea Jehova ea puso ea leholimo e ne e emetse Balichaba ba sa bollang, kapa bao e seng Bajode. Hona e le ho tiisa litsepiso tsa Jehova tse ke keng tsa fosoa ho batho.