Boikaketsi ba Bolumeli
PALM Beach, Florida, “Post-Times” e ile ea hatisa lengolo le tsoang ho mocha e mong. Lea baleha:
“Ke hloile ho ea kerekeng hobane moo ke bona batho bao ke tsebang hore ke matahoa, basebi, mahata le baqhekelli . . . ho hang ha ke na sebaka sa baikaketsi ’me kereke ea rōna e tletse bona.”—Motšeanong 27, 1979.
Boikaketsi ba bolumeli ke ntho e tloaelehileng. Ebile ha bo bocha. Le khale ha Molimo o ne o sebelisana le baiseraele e le sechaba, ka linako tse ling boikaketsi bo ne bo tloaelehile. Molimo oa bolela maikutlo a oona ka bona ka moprofeta Amose, ao hape e leng maikutlo a hae ka boikaketsi ba mefuta e sa tšoaneng ba bolumeli ba kajeno.
Ka Amose Molimo oa re: “Utloang taba ena, lōna le pheheletseng ho metsa mafutsana le ho timetsa bafumanehi lefatšeng, lōna le reng: Tsatsi la khoeli e thoasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? le sabbatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ea meliko ea koro, re tsoe re fokotsa tekanyo, re hōlisa theko, re fosisa likala ka ho thetsa? Ke moo re tla reka bafumanehi ka chelete, le mafutsana ka seeta, re rekise le ka litlhoka tsa koro.”—Amose 8:4-6.
Kahoo Baiseraele bana ba ne ba hlokomela mokete oa khoeli e thoasang le sabbatha sa beke le beke ka ho tlohela mesebetsi eohle ea khoebo. Empa ba ne ba sitoa ho ema ho fihlela matsatsi ana a fela a phomolo hore ba qalise mekhoa ea bona e sa eeng ka molao. Ho se tšepahale ha bona ho ne ho senya bafutsana le ba mahlomoleng. Kahoo ba “felisa” bafumanehi. Batho bana ba sehlōhō ba ne ba qhekella bafumanehi ka ho sebelisa likala tsa bohata. Ka baka leo, bafumanehi ba ne ba fetoha mekōpa-kōpa, ebe joale ba ithekisa bokhobeng ’me banna bana ba baithata baa ba reka. Motho oa mofutsana mohlomong o ne a sitoa ho lefella seeta, ’me ka baka la sena ea mo kolotang o ne a mo rekisa bokhobeng. Empa ho ne ho sa qhekelloe feela tabeng ea koro e rekisoang hore na ke ekae empa hape le hore na ke e ntle hakae. Ho neng ho rekisoa e ne e le “Iitlhoka” feela.
Liketso tsa Baiseraele ba sa tšepahaleng ha lia ka tsa phonyoha tlhokomelo ea Jehova Molimo. O ne a hloile boikaketsi ba bona ba bolumeli. Ka moprofeta oa hae, a laela: “Jehova o hlapantse ka khanya ea Jakobo, [ke hore, ka eena ka boeena, kaha o ne a ke ke a hlapanya ka e mong e moholoanyane ho moo; bapisa Ba-Heberu 6:13] o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lōna tsohle ho isa ka ho sa feleng. Ka baka la tseo, na lefatše le ke ke la sisinyeha, ho soabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lōna, joale ka nōka, la phahama, la ntoo kokobela joale ka nōka ea Egepeta?”—Amose 8:7, 8.
Mantsoe ana a hlakisa hore Ea Holimo-limo a ke ke a lebala tlaleho ea mesebetsi e lihlong e neng e eme khahlanong le Baiseraele ba sa tšepahaleng. Tlas’a boima ba kahlolo ea hae, naha e ne e tla sisinyeha ’me baahi ba eona ba bokolle. Ha e le hantle, naha e ne e tla phahama le ho oa joaloka Nile ha e tlōla mabōpo a eona ebe e kokobella tlase hape.
Jehova Molimo ha a ea fetola maikutlo a hae ka boikaketsi ba bolumeli. Bahlanka ba hae bao a ba amohelang ke bao mesebetsi ea bona e lumellanang ka botlalo le Lentsoe la hae. (Jak. 1:25-27) Ke ka baka leo re batlang ho tiisa hore re hlile re phela bophelo bo otlolohileng ponong ea Molimo.