Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Nakong ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng ho ile ha katekoa Mekete e mekae ea Paseka?
Bopaki bo kopaneng ba Evangeli ke hore ho bile le Mekete e mene ea Paseka le hore tšebeletso ea Jesu e bile ea lilemo tse tharo le sekheeqe.
Ha ho lea mong oa bangoli ba Evangeli ea buang ka ho toba mekete e mene ea Paseka. Ha ele hantle, Mattheu, Mareka le Luka (ba bitsoang baakaretsi ba Evangeli) ha ba bue ho hang ka Paseka ha e se ka ea ho qetela eo Jesu a shoeleng ka eona. Kahoo, ke ha bohlokoa, le tabeng tse ling, ho kopanya makolopetso a fanoeng ka litlaleho tsohle tsa Evangeli.
Johanne 2:13 e supa Paseka e neng e le haufi le hore Jesu a qale tšebeletso. Kaha o ile a kolobetsoa lehoetleng la 29 C.E., Paseka e boleloang ho Johanne 2:13 e tlameha ebe ebile selemong sa 30 C.E. Evangeli ea Johanne le eona e bua ka Paseka ho Johanne 6:4 e leng ea ho qetela eo Jesu a bileng ho eona pele a e-shoa. (Johanne 13:1) Empa ho na le lebaka le letle la ho lumela hore ho ne ho na le Paseka e ’ngoe, e neng e tla tla mahareng a tseo li builoeng ho Johanne 2:13 le Johanne 6:4. Joang joalo?
Kamor’a Paseka ea 30 C.E, Jesu a bolela Judea ka nakoana ’me a tloha ho leba Galilea boroa, a etsa joalo likhoeli tse ’ne pele e e-ba kotulo. (Johanne 4:35) Le hoja Johanne, ho khaolo ea bone, a hlahisa feela qalo ea tšebeletso ea Jesu Galilea, re bala ka sena ho Johanne 5:1. “Ka mora’ tseo, mokete o mong oa ba-Jode oa e-ba teng; ’me Jesu a nyolohela Jerusalema.” E ne e le mokete oa eng?
Hore thusa ho utloisisa hore ona e ne e le oa eng re ka hlokomela hore bangoli kaofela ba Evangeli ba bua ka mohlolo oa Jesu oa ho fepa batho ba 5 000 mane Bethsaida. (Matt. 14:13-21; Mareka 6:32-44; Luka 9:10-17; Johanne 6:1-15) Litšupiso tse ho Johanne 6:4 ka ho atamela ha mokete le ho bua ha Mareka hore joang bo ne bo le botala li supa hore mohlolo ona o etsahatse nakong ea selemo. Empa tlaleho ea Mattheu, Mareka le Luka li beha mohlolo ona hare tšebeletsong ea Jesu Galilea, leetong la hae la boraro naheng. Baakaretsi ba Evangeli ba bua hape ka liketsahalo tse ngata tse neng li tla hlaha nakong e ka bang selemo mahareng a ho qaleha ha tšebeletso ea Galilea le Paseka e ho Johanne 6:4.
Sehloohong se reng ‘Palo ea Linako tsa Bophelo ba Kreste,’ Harold W. Hoehner o re: ‘Bothata bo le bong ka ho eketsoa ha selemo pakeng tsa Li-paseka ho Johanne 2:13 le 6:4 ke ho re ha ho mokete o mong oa Paseka o buuang ke Johanne. Ena ke phehisano ka ’nete [e loketse] ho Johanne ha ho buuoe ka mekete eohle, ka mohlala mokete oa Pentakonta. Hape, kakaretso ea liketsahalo e bua ka selemo se seng pakeng tsa Li-paseka tse ho 2:13 le 6:4.’ E hatisitsoe ho Bibliotheca Sacra, moq. 131, April-June 1974, maqephe 147-162.
Kahoo, haeba mokete o buuoang ho Johanne 5:1 ka boona e ne ele Paseka, ho ne ho tla ba le nako ea liketsahalo. Ho feta moo, mengolo e meng ho Johanne 5:1 e bua ka eona e le “mokete,” o neng o tla bolela Paseka. ’Me mokete oa Paseka o ne e le mokete oo molao oa Moshe o neng o hloka hore ba-Jode ba nyolehele Jerusalema, joale ka ha Johanne 5:1 e bontša hore Jesu o ile a ho etsa.
Kahoo, sena se supa hore, tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng e kopanyelelitse Paseka tse ’ne e seng tse tharo. Mabapi le likhopolo tse sa tšoaneng ka bolelele ba tšebeletso ea Jesu, Harold W. Hoehner o ekelitse; “Tšebeletso ea Jesu ea lilemo tse tharo ho tloha Pasekeng ea ho qala ho isa Pasekeng ea ho qetela ke khetho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Koana, kaha tšebeletso ea Jesu ea phatlalatsa le kolobetso li ile tsa etella pele Paseka ea pele, bolelele ba tšebeletso ea hae kaofela e tlameha ho ba lilemo tse tharo le sekheeqe.” ’Me bona ke bolelele bo supjoang hantle ke boprofeta ba Daniele ba “liveke tse mashome a supileng” tsa lilemo.—Dan. 9:24-27.
Mabapi le “liveke tsa lilemo” tsa ho qetela, Daniele o ngotse: “Morena eo [“Messia Moetapele”] o tla hlaba selekane se matla le ba bangata [Ba-Jode ba bololitsoeng le maproselyte] ka veke e le ’ngoe [ea lilemo tse supileng]; ’me mahareng a liveke [kamora’ lemo tse tharo le sekheeqe] o tla felisa sehlabelo le nyehelo; [ka lefu la hae le phethahalitseng molao].” (Dan. 9:27) Kahoo, Jesu o ile a kolobetsoa le ho tlotsoa ka moea oa Molimo e le Messia ka 29 C.E. A shoa lemong sa 33 C.E., kamora’ tšebeletso ea lilemo tse tharo le sekheeqe.