Ho Phekola ka Tumelo—Ho Sebetsa Joang?
‘“NGOANANA eane ea tšehelitseng molala. Tlosa ntho eo e o tšehelitseng. U phekotsoe. Tlo mona u rorise Jesu.” Ngoanana o tloha moo a lutseng teng ’me o ea aletareng. O bolela hore o ile a sebetsoa ka thipa ka makhetlo a 12 ’me o holofetse ka baka la serame sa masapo ho tloha ka 1973. A eme ka pele ho moprista o lebisa molala oa hae koana le koana. Moprista oa mo hlohonolofatsa, ’me bongata bo hoa ka thabo ’me moprista o re: “O phekotsoe!”
Inahanele feela ka thabo ea motho ea phokotsoeng serame sa masapo! Na lintho tse joalo ruri lia etsahala?
Litlaleho tse kang ena e ho Worcester Sunday Telegram li fana ka maikutlo a hore ho joalo. Ha ho makatse hore e be ho phekola ka tumelo ke ntho e hohelang ba bangata hakana kajeno. Batho ba kulang ba khobokana ho batho ba phekolang ka tumelo, ka tšepo ea hore ba tla phekoloa. Na tšepo ea bona e ee e phethahale? Na ruri ho phekola ka tumelo ho hlile hoa sebetsa ho foliseng maloetse? Ho sebetsa joang?
KE ENG?
Bonneteng, ho phekola ka tumelo ho tla ka mekhoa e mengata. Bophirimela, hangata ho etsoa ka litšebeletso tse tšoaroang ke ’moleli oa evangeli kapa bahlanka ba litumelo tse kholo—mohlomong tse amanang le tšebeletso ea lineo. Bana ba phekolang ka tumelo ba ipolela hore ba etsisa Jesu Kreste le baapostola ba hae, ’me ba ikutloa hore Molimo ka booona ke mohloli oa matla a bona.
Sehlopha se seng sa “bafolisi” ke sa bao e seng ba litumelo tsa Bokreste, lingaka tse laolang le ba bang ba joalo. Bana ba lumela hore ho kula ho bakoa ke meea e mebe, ’me ba etsa litšebeletso tse lelekang meea.
Joale ho na le ba “buoang motho ka moea” ba etsang seo ba bolelang hore ke “ho bua motho ka moea.” Philippines, ka mohlala, ba ipolela hore ka matsoho a bona a sa tšoarang letho ba kena ka ’meleng ea batho ba kulang ’me ba ntše linama tse kulang le mahloele a mali. Kamoo ho boleloang kateng, “bakuli” ba bona ba ikutloa ka ho feletseng ’me kamorao ho moo ha ho leqeba le bonahalang le entse motoa.
Qetellong, ho na le ba bolelang hore ho phekola ha bona ha ho amane kae kapa kae le bolumeli kapa tumelo. Ba bua ka hona e le tšebetso ea tlhaho, tsela e ’ngoe eitseng ea ho hula matla a mohlolo a phekolang a ntseng a re potolohile, kapa a ’meleng ka booona. Ba bang ho bona ba ikhethela hore ba bitsoe “ba phekolang ka moea” ho e-na le “ba phekolang ka tumelo.”
NA HOA SEBETSA?
Karabelo ea sena e tla itšetleha ka hore na u botsa mang. Ba lumelang ba bolela ka lipheko tseo ba li boneng ka mahlo kapa ba ba ho tsona. Ba belaelang ba bolela ka bafuputsi ba ileng ba sala morao batho bao ho neng ho boleloa hore ba phekotsoe ka mohlolo ’me ba fihlela qeto ea hore ha ho etsahale. Khanyetsano e bakoa ke eng?
Ka linako tse ling ho na le monyetla oa phoso ea sebele. Mosali e mong o ile a lumela hore kannete o phekotsoe kankere ea popelo. O ne a ile a hlahlojoa ke lingaka ’me tsa belaela hore o na le kankere; eaba joale o ea ho ea phekolang ka tumelo. Ka lekhetlo le latelang ha a boetse a hlahlojoa ke lingaka, ha bonahala kankere e se teng. O kholisehile hore ea phekolang ka tumelo o ile a mo phekola. Empa ngaka ea bolela hore tlhahlobo e neng e entsoe e ne e fositse tlhahlobong ea eona ea pele, joalokaha ho ’ne ho etsahale.
Ka linako tse ling, batho ba batlang ho phekoloa ka tsieleho ka mokhoa oa mohlolo ba ee ba fetole khopolo-taba ntho ea sebele. Ngoanana e monyenyane ea neng a tšoeroe ke kankere e seng e jele setsi o ile a ea ho ea phekolang ka tumelo. Kamorao ho moo a boela a hlahlojoa hape ke ngaka ea hae. “Eare ha ngaka e mpona, ruri e ne e sitoa ho lumela,” a bolela joalo ka thabo. “Ke ne ke lebelletsoe hore ke tla shoa nakong ea likhoeli tse peli. Empa ho se letho le etsahetseng . . . Ha kea tšoanela hore ebe kea phela empa ha ke tsebe hore na Molimo o mpoloketse’ng.” Ka masoabi, pele selemo se fela a be a shoele.
Ka lekhetlo le leng, ho ile ha boleloa ngaka e re ho fola ha mokuli oa eona ke mohlolo. Ha moqolotsi oa litaba oa koranta a sala taba morao, leha ho le joalo, ngaka ea bolela hore lentsoe “mohlolo” e ne e le ‘mokhoa oa ho natefisa puo feela.’ E ne e ikutloa hore pheko e ne e le ‘ketsahalo e tlang ka tlhaho.’ Ea bolela hore “re ke ke ra nahana hore Molimo o ile oa kenella. Ke ’nile ka bona ho etsahala ka tsela eona eo ha ho phekola ka tumelo ho sa ka ha kenella.”
Ho na le mabaka a thatafatsang ho ahlola hore na “pheko” eitseng e etsahetse joang. Phello ea kelello bophelong ba ’mele e sa ntsane e utloisisoa ka mokhoa o sa phethahalang. Tsoelopele ea maloetse a itseng e sa ntsane e ke ke ea boleloa pele ho nako. A mang a khutlela morao ka mabaka a sa tsejoeng. Maloetse a mangata a phekoloa ke ’mele ka booona, ka linako tse ling ka thuso ea meriana. Dr. William A. Nolan o fana ka maikutlo a hore boikutlo bo matla ba batho ba litšebeletso tse ling tsa ho phekola bo etsa hore maloetse a mang a arabele ka potlako ho feta kamoo ho neng ho ka lebelloa kateng. Hape ho ke ho hlokomeloe hore ho hongata ho boleloang hore ke lipheko e ea be e le ho ntlafala ho fokolang feela boemong ba motho ea kulang.
Ba bang ba phekolang ka tumelo ba hlokomela hore ho teng monyetla oa hore lipheko tse ngata hase mohlolo. Moprista ea amanang le tšebeletso ea lineo o itse! ‘[Lipheko] tse ling li itšetlehile ka kelello, tse ling ke ho habea ’me tse ling li ka hlalosoa feela ka mabaka a tlhaho.’ Joale a eketsa ka hore: ‘Ha ke na bothata ba letho hobane leha bo le joalo e ntse e le tsa sebele.’
Koana, hase bohle ba amohelang maikutlo a hore lipheko li ka hlalosoa ka mokhoa oa tlhaho. Ba bangata ba lumela hore mehlolo e-ea etsahala le hore batho ba kulang ba phekoloa ke motho e mong ea phahametseng batho ka matla. Kahoo, motho ea botsang a ka ’na a nahana: ‘Ho phekola ka tumelo ho ka ’na ha sebetsa kapa ha se ke ha sebetsa. Empa ho ka ba kotsi ka’ng ha nka ho leka?’ ena ke potso ea bohlokoa.