Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/1 maq. 25-30
  • Ho Sebeletsa Jehova “ka Pelo e le ’Ngoe”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Jehova “ka Pelo e le ’Ngoe”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “MAKATSO”
  • “HO MALIMABE . . . MOTSE O HLORISANG”
  • TSELA EA HO PHOLOHA
  • NAKO EA MOSEBETSI O THABILENG
  • Batho ba Jehova ba Tsosolositsoeng ba mo Rorisa Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Buka ea Bibele ea 36—Sofonia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Patoa Letsatsing la Bohale ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • “Matsoho a Hao a se ke a Tepella”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/1 maq. 25-30

Ho Sebeletsa Jehova “ka Pelo e le ’Ngoe”

“Hobane mohlang oo, ke tla fetola melomo ea lichaba, e tle e [bue puo] e hloekileng, li tle li bitse kaofela lebitso la Jehova ka pelo e le ’ngoe.”—Sof. 3:9, bapisa le NW.

1. Ke litiiso life tseo re nang le tsona ka lentsoe la Jehova la boprofeta?

LENTSOE la Jehova la boprofeta ka mehla le phethahala ho se moo le kileng la fosahala. Eena ka boeena oa re bolella: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.” (Esa. 55:11) Ho bile joalo feela ho tse ngata tsa lintlha tsa boprofeta bo boholo ba Sofonia.

2. (a) Ke lihlopha tsa lichaba life tseo ho buuoang ka tsona ho Sofonia 2:4-8? (b) Ho etela moo li leng teng ho ka tiisa ho nepahala ha boprofeta joang?

2 Ka mohlala, Sofonia oa tlaleha, ka baka leo, lipolelo tsa Jehova tsa kahlolo khahlanong le metse ea Filistia, sechaba sa Bakerethe, naha ea Bafilista, le Moabe le Ammone. (Sof. 2:4-8) Boprofeta boo kaofela bo ile ba phethahala ka ho tsotehang lilemong le makholong a lilemo a ileng a latela. Se hokae, kajeno, sechaba sa Filistia, le metse ea sona, hona ba kae batho ba Bakerethe? Ha ba teng. Moabe le Ammone tsona? Boprofeta bo re:

“Kea phela, ke re, Moabe o tla bo joale ka Sodoma, bana ba Ammone ba be joale ka Gomorrha, e leng lefa la bobatsi, le likhatampi tsa letsoai, le nahathothe ka ho sa feleng.” (Sof. 2:9)

Haeba kajeno u ka tsamaea libakeng tse kamose ho Jordane moo lichaba tse ikhohomosang tsa Moabe le Ammone li kileng tsa atleha, u fumana eng? Masupi—joalokaha Jehova a hlile a bolela! Pale e bontša hore le Ethiopia, hammoho le Egepeta, li ile tsa hlomoha matsohong a bafutuhi ba Bababylona.—Sof. 2:12.

“MAKATSO”

3, 4. (a) Polelo ea Jehova e bile efe ka Assyria le Ninive? (b) Ke hobane’ng ha hona ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala? (c) Bopaki ke bofe ba ho phethahala ho matla ha boprofeta?

3 Ho makatsang haholo ke phethahatso ea polelo ea Jehova ka Assyria le Ninive. Sofonia o ile a profeta ha motse-moholo o ikhohomosang oa Assyria, Ninive, o le bophahamong ba khanya ea oona, bonyane lilemo tse 15 pele sechaba seo se ketoloa boemong ba sona e le ’muso oa lefatše oa bobeli oa pale ea Bibele. Ekaba ke mang ea neng a ka nahana ntho e joalo? Empa Jehova o ne a sa ema le “motse oa mali.” (Nah. 3:1, 5) Ka Sofonia o buile ka ho lokisa litaba le oona, a re:

“O tla otlollela letsoho la hae ka nqa Leboea, a timeletse Assyria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se joale ka lefeela . . . Ke oona motse oo o nyakaletseng, o nong o lutse ka khotso, o nong o re pelong ea oona: Ke ’na feela, ha ho o mong! . . . O fetohile joang nahathothe, moo ho bothang liphoofolo teng? E mong le e mong ea fetang pel’a oona o tla letsa mololi, a be a tsokotse letsoho.”—Sof. 2:13-15.

4 ‘Ho ke ke ha etsahala!’ batho ba nakong eo ba ne ba ka bua joalo. Empa moloko oona oo oa phelela ho ho bona! Ka 633 B.C.E. Nabopolassar oa Babylona le Cyaxares Momede ba futuhela le ho hapa Ninive. Libuka tsa pale ea Babylona lia re bolella: “Thepa e ngata eo ba e hapileng ea motse le tempele ba tsamaea le eona ’me ba [fetola] motse qubu ea lithako.” Ho senngoa ha Ninive e bile ho feletseng joalo hoo ka makholo-kholo a lilemo ho sa kang ha fumanoa hore na e ne e le hokae. Ka bo-1800 ea fumaneha hape, ’me ha epolloa polokelo e khōlō ea libuka ea Ashurbanipal II Empa ho tla fihlela kajeno sebaka sena se lutse e le tšenyo eo ho eona mehlape e phomolang ka nako e ’ngoe. Ho phethahala ha lentsoe la boprofeta le Jehova e bile ho nepahetseng hakaakang!

5. Ke molaetsa ofe o matla oo boprofeta bona bo nang le oona bakeng sa mehla ea rōna?

5 Leha ho le joalo, habohlokoa haholo, tlaleho eo ea boprofeta e na le molaetsa bakeng sa kajeno. E sebeletsa e le ‘litemoso ho rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.’ (1 Ba-Kor. 10:11, 12; Ba-Roma 15:4; 2 Tim. 3:16, 17) Hoa re khothatsa hore re qobe boikakaso, ho ikhotsofatsa ka menyaka, ho nahana ka lintho tse bonahalang le boikutlo ba lintoa tse ileng tsa tlisetsa lichaba tseo kahlolo ea Molimo. Hape, re lokela ho hopola hore boprofeta boo bo phela haholo kajeno, le hore ho phethahala ha bona ho phahameng hoa potlaka. E ne e se feela ka morero oa pale Jehova, Molimo o phelang, o bo bolokileng ho tla fihlela joale. Lichaba tseo tsa boholo-holo li na le se neng se li tšoantšetsa kajeno, haholo mebuso e kang ea Assyria ea bopolotiki le bosole, e ikakasang ka matla a eona a lihlomo. Ka ho tiileng Jehova o tla iphetetsa ho bahanyetsi bohle ba joalo ba ’muso oa hae.—Nah. 1:2; Sof. 1:2, 9.

“HO MALIMABE . . . MOTSE O HLORISANG”

6. Joale ho botsoa potso efe, hona ke hobane’ng ha e loketse?

6 Mebuso ea kajeno ea khatello le e nang le matla e tšoana haholo le Ninive e sehlōho le ’muso o matla oa Assyria. Empa Jehova o hlakisa hore ho na le karolo ea tsamaiso ea kajeno ea lintho ea lefatše e bileng e nyatsehang haholo ka molato mahlong a hae. Ke efe?

7. (a) Ke ‘motse ofe o hlorisang’ o lumellanang le Jerusalema ea boholo-holo, hona ka litsela life? (b) O hanne taeo joang?

7 Ke karolo eo ea lefatše e ipolelang hore ke sechaba sa Molimo, joalokaha Juda le Jerusalema li ne li ipolela joalo mehleng ea Sofonia. E ipolela hore ke “Bokreste,” ’me ka tloaelo e tsejoa e le “Bojakane.” Empa baruti ba eona ba koenehile lithutong tse hloekileng tsa Lentsoe la Molimo, Bibele, ’me batho ba eona le lichaba ba tlohetse ho latela melao e metle ea boitšoaro e ngotsoeng ka Lentsoeng leo. Kahoo, Sofonia ka boeena o bua ho tsoa “motse” oo o sa hlompheng Molimo, a re:

“Ho malimabe motse o ikhantšang, o litšila, motse o hlorisang! Ha o mamele lentsoe, ha o amohele khalemelo, ha o tšepe Jehova; ha o atamele ho Molimo oa oona.”

Jehova o rometse lipaki tsa hae har’a Bojakane kaofela, metseng le metsaneng ea bona, ka ntlo le ntlo. ‘Hoseng ho hong le ho hong,’ li boletse likahlolo tsa hae. “Leseling,” se lokileng seo a se hlokang se hlakisitsoe. Empa baeta-pele ba Bojakane le baruti ba ‘manganga’ hore ebe ‘ha ba tsebe lihlong’ ho hanyetseng ha bona manqosa ana a Jehova ea lokileng le ’muso oa hae.—Sof. 3:1-5.

8, 9. (a) Jehova ka boeena o bua polelo efe? (b) E sebetsa ha sephara hakae? (c) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha ntlheng eo?

8 Ho tšehetsa moprofeta oa hae ea tšepahalang, Morena ’Musi Jehova joale o bolela tsuo, a e atolosa hore a akarelletse lichaba tsohle ’me a e fihlisa boemong bo phahameng ka hore a bue mantsoe ana:

“Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka; hobane ka mollo oa poulelo ea ka lefatše lohle le tla chesoa.”—Sof. 3:6-8.

9 Kahoo ho phethahatsoa ha kahlolo ea Jehova ha ho felle ka ho etsoa lesupi ha Bojakane, boo bolumeli ba bona bo tlamehang ho fela le ’muso ’ohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata, oo Bibele e o hlalosang e le “Babylona e moholo.” (Tšen. 18:2-4) Letsatsi la ‘bohale bona bo tukang’ ba hae le ‘la mollo oa poulelo ea hae’ le tla tlosa bokhopo bohle lefatšeng. (Hape bona Esaia 34:2-8; Jeremia 25:32, 33.) Re lokela ho leboha hakaakang hore mahlomola ana a maholo nakong eohle e tla ba oona a ho qetela, ho ea ka bopaki ba Jesu ka boeena ho Mattheu 24:21! A tla be a phethile morero oa Jehova oa ho “timeletsa ruri,” joaloka motse oa boholoholo oa Ninive. “Tlokotsi e ke ke ea hlaha habeli.”—Nah. 1:9; Dan. 12:1; Tšen. 19:11-21.

TSELA EA HO PHOLOHA

10. Ke ‘puo efe e sa hloekang’ e buuoang hona joale lefatšeng?

10 Na ho teng tsela ea ho pholoha tlokotsing ee ea lefatše? E! Hona mantsoeng a latelang a boprofeta, Jehova Molimo o bontša hore na tsela eo ke efe. O re:

“Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ea lichaba, e tle e be e hloekileng, li tle li bitse kaofela lebitso la Jehova, li mo sebeletse ka pelo e le ’ngoe.” (Sof. 3:9)

Ho sa tsotellehe hore na ke maleme a makae a bosechaba ao li a sebelisang, lichaba tsa lefatše li jala mashano ka “puo” e nyatsehang ho Jehova. Ho fapana le ’muso oa Molimo, li phahamisa mananeo a tsona a bosechaba, li leka ho sebelisa Machaba a Kopaneng a arohaneng bakeng sa liphello tsa boithati tsa bopolotiki. Li hana ’muso oa Jehova ka Kreste Jesu.

11. (a) Ho utluoa ‘puo efe e hloekileng’ kajeno? (b) “Puo” e buuoa ka bophara bo bokae? (c) Ba e buang ba ‘bitsa lebitso la Jehova’ joang, hona ka phello efe?

11 Joale, he, ho fetohela hona ‘puong e hloekileng’ ke eng? Ke ho retelehela molaetseng oa ’nete, ‘litaba tse molemo’ tse khathollang, ‘mohlala oa litaba tsa pholoho,’ tse buang ka ho rorisa Jehova le merero ea hae ea ho loka ka Kreste Jesu. (2 Tim. 1:13) ‘Puo ena e hloekileng,’ e-ea ba kopanya. ’Me ke bopaki ba hore, selemong se fetotseng litaba sa 1914, “mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” (Tšen. 11:15) Ba inkela molaetsa ona ba o bea melomong ea bona, Bakreste ba ’nete lefatšeng lohle ‘ba bitsa lebitso la Jehova’ ka boineelo, ka tumellano ba mo etsetsa ‘tšebeletso e halalelang.’ E le bona feela batho ba momahaneng kannete lefatšeng, ba ea malapeng a batho, ba bolela ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso o hlomiloeng oa Jehova. Kahoo ba sebeletsa Jehova ka “pelo e le ’ngoe.” (Matt. 24:14, Ba-Roma 12:1) Na u e mong ea ikarotseng lefatšeng ka mokhoa oo, ho sebeletsa Molimo ka cheseho ka ho ineela ho eena? Ka ho sebetsa joalo le phutheho ea batho ba Jehova u tla tsoa u sireletsehile.—Joele 2:32; bona hape Hosea 14:1, 2; Ba-Heberu 13:15.

12, 13. (a) Ke mathata afe a ka ’nang a ameha ho ithuta “puo” ena? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala boikokobetso ho sebeletseng “ka pelo e le ’ngoe”? (c) Re ka hlaolela tšoaneleho ea boikokobetso joang?

12 Ho ‘fetohela puong e hloekileng’ ho thatafalletse ba bang hore ba ho etse. Ha ho bonolo ho tsoa lefatšeng, ka litsela tsa lona tse theosetsang habonolo, le tse hlephileng, le ho etsa mahlabelo a hlokahalang ho ‘bitsa lebitso la Jehova.’ Ho ile ha hloka hore re lahle mehopolo e fosahetseng, mekhoa e mebe le ho ipatla, litsela tsa bophelo bo hlephileng, e le hore re ka lumellana le melao e hloekileng, e tšoanelehang ea batho bao e leng ba Molimo. (Ba-Ef. 4:17, 18, 29; 1 Pet. 4:3) Ho ile ha re hloka hore re ele hloko ka nepo phutheho eo Jehova a e sebelisang lefatšeng kajeno, ’me hona re ho etsa ka ho kopanela le “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Ho ile ha re hloka boikokobetso, ‘ho hlahlobeng ha rōna ka hloko’ Lentsoe la Molimo ka thuso ea libuka tsa “mohlanka,” e le hore re ka tiisa tumelo ea rōna.—Matt. 24:45; Lik. 17:11.

13 Ho sebeletsa Jehova ka “pelo e le ’ngoe,” kamoo Sofonia a hatisang hangata, re hloka ho hlaolela tšoaneleho ea boikokobetso. Ha re etsa liphoso, joalokaha batho bohle ba sa phethahalang ba li etsa, re be ba loketseng ho li lumela, joalokaha “mohlanka ea khabane ea bohlale” ea entsoeng ka batho ba nama ba sa phethahalang, a ’nile a tlameha ho lokisa. Leha ho le joalo, le ka mohla re se nyefole pokello e khōlō ea ’nete eo Jehova a e hahileng har’a batho ba hae ba kopaneng ho theosa le lilemo tse fetileng tse 100, le eo, ka ho lokisoa le ho otlolloa, e ntseng e khanya ka ho eketsehileng ‘tseleng ea ba lokileng.’—Liprov. 4:18.

14. (a) Ke boikutlo bofe bo fapanang le boikokobetsi, ’me bo bontšoa joang? (b) Ba ikhohomosang joalo ba tsoela pele joang, ’me ba lokela ho ela hloko litemoso life? (c) Ke hokae moo re ke keng ‘ra hloka letho’?

14 Nako le nako, ho ’nile ha hlaha har’a batho ba Jehova bao, joale ka Satane oa tšimolohong, ba bileng le boikutlo ba boitaolo ba ho tšoaea liphoso. Ha ba batle ho sebetsa ka “pelo e le ’ngoe” le boena bo lefatšeng ka bophara. (Bapisa Ba-Efese 2:19-22.) Ho e-na le hoo, ‘ba satalatsa lipelo’ tsa bona mantsoeng a Jehova. (Zak. 7:11, 12, NW) Ba soma mohlala oa ‘puo e hloekileng’ eo Jehova a e rutileng ka mosa hakana lekholong le fetileng la lilemo ho batho ba hae, baikakasi bana ba leka ho ikhulela “linku” ‘mohlapeng’ o le mong oa lichaba tsohle oo Jesu a o phuthileng lefatšeng. (Joh. 10:7-10, 16) Ba leka ho jala lipelaelo le ho arohanya ba sa belaelleng letho ‘tafoleng’ e tletseng ea lijo tsa moea e tekiloeng Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova, moo ruri ‘ho seng letho le haellang.’ (Pes. 23:1-6) Ba bolela hore ho lekane ho ipalla Bibele motho a le mong, a le mong kapa e le ka lihlotšoana tse nyenyane lapeng. Empa, ho makatsang, ka ho ‘bala Bibele’ ho joalo, ba khutletse hona lithutong tsa bokoenehi tse neng li rutoa ke litlhaloso tsa baruti ba Bojakane lilemong tse fetileng tse 100, ’me ba bang ba khutletse ho ketekeng mekete ea Bojakane hape, e kang oa Baroma oa “Saturnalia” ka la 25 Tšitoe! Jesu le baapostola ba hae ba ile ba lemosa ka ba joalo ba sa eeng ka molao.—Matt. 24:11-13; Lik. 20:28-30; 2 Pet. 2:1, 22.

15. (a) Jehova o sebetsa “baikhohomosi” joang? (b) “Sechaba se kokobetseng se fokolang” se khetholloa joang? (c) Jehova o nea bana tiiso efe?

15 Ka moprofeta oa hae Sofonia, Jehova o bolella batho ba hae kamoo A tla felisa bao ka lihlong ba lekang ho jala pherekano phuthehong ea hae ea lefatšeng, a re:

“Ke tla tlosa ba ithabelang boikhohomosong ba bona, ka hare ho uena, ’me ha u sa tla hlola u ikhohomosa thabeng ea ka e khethehileng.”

Ka phapang e thabisang, Jehova o re:

“Ke tla siea ka hare ho uena sechaba se kokobetseng, se fokolang, ’me ba tla tšepa lebitso la Jehova.” (Sof. 3:11, 12)

E, bana ke baikokobetsi, ba sebetsang ka “pelo e le ’ngoe” ha ba tšoarehile ‘mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo.’ (Ba-Roma 15:15, 16, NW) Ha ba ikakase hakaalo hore ba ka se etse mosebetsi oa ho eta ka ntlo le ntlo ba etsisa seo barutuoa ba Jesu ba ithutileng sona ho Morena. (Matt. 10:5-13; Luka 9:2-6; Lik. 5:42) Ba sirelelitsoe ke lebitso la Jehova, ba bolela lebitso leo le khanyang le morero oa hae ho le tumisa ka ’muso o hlōlang oa Kreste oa hae. (Ezek. 38:23; Dan. 2:44) Ha batho ba Jehova ba sebeletsa le ho phela tumellanong le ho loka ha hae, ba kholisehile hore, ‘ha ho ea tla ba tšosa.’ (Sof. 3:13) Ba thabela khotso ea ’nete ea kelello.

NAKO EA MOSEBETSI O THABILENG

16. (a) Sofonia o bontša thabo ea hae joang? (b) Ke pitso efe ea boprofeta e arabetsoeng kajeno, hona ke bo-mang?

16 Sofonia ka boeena o thabisoa ke tiiso e joalo e tsoang ho Jehova, hoo a ipiletsang ho batho ba Molimo, a re:

“Luluetsa ka thabo, morali oa Sione! Iseraele, u hlabe litlatse! U thabe, u be u nyakalle ka pelo eohle, uena morali oa Jerusalema! Jehova o tlositse likahlolo tsa hao, o fietse eo e leng sera ho uena; morena oa Iseraele, Jehova, o ka hare ho uena: ha u sa tla hlola u bona bobe.” (Sof. 3:14, 15)

Ho tloha ka 1919, hoba li lokolloe botlamuoeng ba moea ho Babylona e Moholo, lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova li mo sebelelitse ka “pelo e le ’ngoe” ho faneng ka bopaki bo thabileng ba pontšeng. Jehova o ahlotse le ho amohela bana bana ba Jerusalema ea leholimo. (Ba-Gal. 4:26; 1 Pet. 4:17) Lichankane le likampo tsa mesebetsi li ipakile li se na matla a ho ba busetsa botlamuoeng ba moea. Thabo ea bona joale e kopaneloa ke “bongata bo boholo” ba Lipaki tsa metsoalle, bo tsebahalitsoeng ho tloha ka 1935 e le karolo ea “linku tse ling” tsa Morena.—Joh. 10:16; Tšen. 7:9, 10.

17. (a) Ke tiiso efe e thusang batho ba Jehova ho mamella ‘tšebeletsong e halalelang’? (b) Jehova o ‘khutsitse’ joang, empa a ‘thabile ka mehoo ea nyakallo,’ ’me re lokela ho itšoara joang?

17 Ka ho toba ho batlotsuoa ba hae, ba emelang Sione ea leholimo,’me ka bona ho ba sebetsang hammoho le bona ba “bongata bo boholo” joale Jehova o etsa boipiletso, a re:

“Sione, u se ke ua tšaba! matsoho a hao a se ke a tepella.” (Sof. 3:16)

Le hoja tlōlo ea molao le pefo li le mpe hakana kajeno, le hoja ho tšoha liphephetso tsa mehla ea libetsa tse chefu ho le matla hakana, le hoja mahloriso ao e leng hona a tla tlela Lipaki tsa Jehova a le sehlōhō hakana, ho atamelana ha tsona le Jehova le ho tšepa ha tsona Molimo oa tsona ho tla li jara ho isa pele. Re beile matsoho a rōna mohomeng oa ‘tšebeletso e halalelang,’ e se eka re ke ke ra hetla lintho tse kamorao eaba joale re khaotsa ho lema ho ea pele, ‘ka pelo e le ’ngoe’! (Luka 9:62; Tšen. 7:15) Hobane joale boprofeta bo fana ka tiiso ena e tsoelang pele:

“Jehova, Molimo oa hao, o ka hare ho uena; ke mohale ea pholosang. O tla u thabela ka thabo e kholo, a be a khutse ka baka la lerato la hae; o tla u nyakallela ka meluluetsa.” (Sof. 3:17)

Jehova o ‘khutsitse’ ka ho fumana mokhoa o bonolo le o khathollang ka ho bontša lerato la hae ho batho ba hae ba khutlisitsoeng le ba bolokiloeng, ’me thabo ea hae ke e khōlō le nyakallo ka baka la botšepehi ba bona le cheseho tšebeletsong ea hae. ‘Mehleng ena ea qetello’ re tlameha ho ikutloa re le haufi haholo le Molimo oa rōna o phelang, Jehova, ha ka kopano re sebetsa ka pelo e le ’ngoe tšebeletsong ea hae.—2 Tim. 3:1.

18. (a) Batho ba Jehova ba entsoe ‘ba rorisoang le ba tumileng’ joang ho tloha ka 1919? (b) Re ka sebeletsa “ka pelo e le ’ngoe joang lebitsong la ba bang hape ba likete?

18 Ho tloha ka 1919, e bile letsatsi le leholo la tsosoloso bakeng sa batho bohle ba Molimo. Joaloka Lipaki tse tšepahalang ba tsoetse pele ho bolela ka cheseho ea boromuoa, hoo phutheho ea Jehova e atolohileng ho ea lipheletsong tsa lefatše. (Ba-Roma 10:10, 18) Ruri e bile nako ea ho tlisa batho ba Molimo, ba phuthoa hammoho kaofela. Hona e le ka morero ofe? Jehova ka boeena oa arabela:

“Ke tla ba etsa ba tumileng le ba rorisoang har’a Iichaba tsohle tsa lefatše.” (Sof. 3:20)

Ka thabo, masala a tlotsitsoeng a batho ba Molimo a fetohile ‘lebitso le thoriso’ ho tšoara lebitso la Morena ’Musi Jehova e le la bohlokoa, ’me joale ba bangata ho ‘batho ba lefatše’ ba sebetsa hammoho le oona, “ka pelo e le ’ngoe,” ho tsebahatseng merero ea ’Muso oa hae. Ho fetohela ha rōna ho bueng ‘puo e hloekileng’ le ho tsoela pele ha rōna re bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso,’ ho sa ntsane ho tla thusa ba baloang ka likete hape ‘ho bitsa lebitso la Jehova,’ hore bana le bona, ba ka ‘patoa ke Jehova’ letsatsing la khalefo ea hae, ’me ka sebete ba tle ho tla mo rorisa ka ho sa feleng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela