“Kea Rata”
LENTSOE le ne le se le fihlile motseng o itseng oa Galilea hore Jesu Kreste o phekotse ba kulang le ho leleka bademona. Moo monna ea nang le lepera a tla ho eena.
Molepera a oa ka sefahleho a kōpa Jesu ka mangole a otlileng fatše a re, “Ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa.” Bibele e tlaleha hore Jesu “a mo utloela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho eena: Kea rata, u ntlafale. Eare ha a boletse joalo lepera la hla la tloha ho motho eo, ’me a ntlafala.”—Mar. 1:40-42; Luka 5:12, 13.
Mona e ne e le monna ea neng a hlasetsoe ke lepera—boloetse bo nyonyehang mehleng eo. Ka ho tšaba ho tšoaetsa ha lona, ka tloaelo batho ba ne ba hlabeloa mokhosi ke balepera hore ba se ba atamele. Empa Jesu o ile a etsa joang? A nanabetsa letsoho a ama molepera. O ne a sa tšabe letho. Ho e-na le hoo, a khannoa ke ho utloela monna eo bohloko.
Le hoja Jesu a ne a tšoarehile hakaalo, ha ho mohla a ileng a sitoa ho utloisisa boikutlo, litlhokahalo le maemo a batho ka bomong. Ho na le mehlala e mengata ea bohlokoa joalo ea Jesu ha a bontša ho thahasella batho ba bang. Tšobotsi ena ea Jesu e mo etsa ea ratehang ho rōna, e-ea re tšelisa le ho re fa matla. Hore na o ikutloa joang ka batho ba hlokang ho thusoa leha e le hona joale ha ho mantsoe a mangata a ka ho bolelang ho feta seo a ileng a se bolella molepera—“Kea rata.”
Ho sena, Jesu ka ho hlakileng o ne a bontša botho ba Ntate oa hae, Jehova Molimo. E le Molimo oa ka ho sa feleng le o phethahetseng, ha a haelloe ke letho. Leha ho le joalo, o ile a ikhethela ho kopanela lerato la hae le bohlale le ba bang. Kahoo a bōpa leholimong le lefatšeng, bophelo bo ikutloang le bo bohlale bo nang le matla a lerato. ’Me hase feela hore o lokisetsa libopuoa tsa hae ka lerato ka mokhoa o akaretsang empa o re thahasella haholo ka botho, a mamela lithapelo tsa rōna le ho hlahloba lipelo tsa rōna ka bomong.—Ba-Roma 8:26, 27.
Ka ho thahasella ba bang ntle ho boithati, balateli ba ’nete ba Jesu ba fana ka bopaki ba hore ke baetsisi ba Jehova Molimo ’me ba phetha, thato ea Molimo, ka nako e ’ngoe le ho tseba ba sa tsebe.
‘KE BATLA HO BOELA HAPE’
Jesu o laetse barutuoa ba hae hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. (Matt. 24:14; 28:19, 20; Lik. 1:8) Kaha Lipaki tsa Jehova li nka thomo eo ka ho teba haholo, li etela menyakong eohle, li chesehela ho kopanela molaetsa oa Bibele le ba ka mamelang.
Baboleli ba atlehileng ka ho fetisisa ba evangeli ke ba thahasellang batho ka ho teba ba sebakeng sa bona. Thahasello e joalo ea botho e tla etsa hore ka tlhaho baboleli ba ‘litaba tse molemo’ ba mamele batho e le hore ba ka tseba hamolemo haholo ka bona. Ngaka e tsebang ha e ngolle mokuli meriana pele e hlahloba motho ka hloko. Ka ho tšoanang, haeba pelo ea Mokreste e tletse takatso ea ho thusa batho, le eena, o tla batla ho ba tseba. Ke ka hoo feela paki ea Jehova e ka khonang ho thusa batho hamolemo.
Tokisetso e molemo haholo e ka etsoang ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa mosebetsi oa ho bolela, ka baka leo, hase hakaalo ho hopola ka hlooho lineelano tse itseng tse etsoang ka molomo empa ke ho lokisa lipelo tsa tsona. Haeba lipelo tsa rōna li thahasella kannete batho bao re kopanang le bona, ha ho mohla re tla haelloa ke mantsoe. Re tla etsa lintho le ho li bua e le tse tla ba thusa moeeng.
Ho thahasella ha rōna ka botho ba bang tšebeletsong ea rōna ho re boloka re nahana ka batho bao re teanang le bona, le haeba e le kamor’a hore re tlohe ha bona. Ho re etsa hore re ikutloe re batla ho khutlela hape.
E mong oa Lipaki tsa Jehova Connecticut (United States) a bolella ’m’ae ka phihlelo eo a bileng le eona motšehareng o mong ha a kopana le moroetsana boboleling ba hae ba ntlo le ntlo. “A ntonela mahlo ao a maholo a maputsoa ’me a re, ‘Ha ke lumele ho Molimo,’” kamoo a ileng a bolella ’m’ae. “Empa ke ikutloa hore ho tla hlaha ho hong moo, ’Mè, ’me ke batla ho mo boela hape.”
Paki ea fela ea khutlela. Ha qalisoa thuto ea Bibele. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, moroetsana a qala ho kopanela boboleling ba ntlo le ntlo ’me kapele kamorao ho moo a kolobetsoa e le Mokreste. Kajeno, enoa ea neng a sa lumele hore Molimo o teng ke mosali oa molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova.
Ka hore re etsise Jehova le Jesu ka ho thahasella batho ba bang, batho ba hulehela ho rōna le ’neteng ea Lentsoe la Molimo leo re le rutang.
‘HO HLOKOMELANA’
Se tlamahanyang barutuoa ba Jesu ka phuthehong ea Bokreste ke ho thahasellana ha bona. (Joh. 13:35; Ba-Gal. 6:10) Moapostola Pauluse o ile a bapisa phutheho ea Bokreste le ’mele oa motho ha a hlalosa ho itšetleha ha setho se seng le se seng ka tse ling le ho thahasellana ha tsona. A ngola:
“Leihlo le ke ke la re ho letsoho: Ha ke u hloke; hape, hloho e ke ke ea re ho maoto: Ha ke le hloke. . . . hore khaohano e tle e se ke ea e-ba teng ’meleng, litho li mpe li baballane.”—1 Ba-Kor. 12:14-25.
Polelo ea Segerike bakeng sa “li baballane” ka bonolo e bolela hore ‘li chesehelane.’ (Kingdom Interlinear Translation) Hona ho hatisa matla a thahasello ea botho eo litho tsa phutheho li lokelang hore se seng se be le eona ho tse ling. Pauluse o fana ka khang e kholisang ka sena, a re: “Setho se seng ha se utloa bohloko, litho tsohle li utloa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotlisoa, litho tsohle li thaba le sona.”—1 Ba-Kor. 12:26.
Ka ho thahasella ba bang, re etsa hore ho hlahe molemo o ho bona. Re bona monyetla oa hore botle bo ka ’na ba hlaha ’me rea o khothalletsa.
Bibele e re bolella hore Barnabase o ile a thahasella Johanne, ea neng a bitsoa Mareka e le molekane oa hae oa boromuoa. Barnabase a bona monyetla oa botle ho Mareka ho sa tsotellehe bothata boo a neng a ile a ba bakela bona eena Barnabase la Pauluse leetong la bona la pele la boromuoa. Ka baka leo, Mareka a thusoa hore a hole moeeng hore a fetohe mohlanka ea babatsehang oa Molimo. (Lik. 13:5, 13; 15:36-39; 1 Tim. 4:9-11) Qetellong Mareka a hlohonolofatsoa ke Molimo ka tokelo e tsotehang ea ho bululeloa hore a ngole buka ea Bibele a hlahang ka lebitso la hae.
Ka ho tšoanang, United States, moholo oa Mokreste o ile a thahasella mocha e mong oa moshemane ka phuthehong. O ne a ee a meme mohlankana hore a tle le eena le ho mo thusa ho haha Holo ea ’Muso, sebaka seo phutheho e kopanelang ho sona. Ha ba le tseleng ba khutlela hae, ba ne ba noa lino tse pholileng le ho qoqa. Hona joale moshemane o se a hōlile ’me o sebeletsa e le molebeli oa potoloho. Empa o sa ntsane a hopola thahasello ea botho eo moholo a ileng a mo bontša eona e le e ’ngoe ea lintlha tsa bohlokoa haholo khōlong ea hae ea moea.
Joaloka Bakreste ba ’nete, re ka utloa tlhase e ncha ea thabo le morero bophelong ka ho thahasellana, le batho ba bang, batho bao re kōpanelang le bona molaetsa oa Bibele, hammoho le baena ba rōna le likhaitseli moeeng ka phuthehong, ho akarelletsa ba banyenyane, ba hōlileng, ba kulang, bahlolohali, likhutsana le litho tsa malapa a rōna. Kahoo re ka tlatsa bophelo ba rōna ka thabo.
Ka nako eona eo, re kholisehile hore Molimo le oona o tla re putsa ka litsela tse ngata. Joalokaha Jesu a ile a re tiisetsa: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Lik. 20:35) Kahoo, he, bohle ba ratang Molimo ka ’nete ba etsise Ntate oa leholimo ho bontšeng ho thahasella ba bang. Jesu o beile mohlala oa hore na ho ka etsoa joang ha a re ho molepera, “Kea rata.”