Ba ho Etsisoa ke Eng?
“MANGOLO a puo ea balichaba.” Motho ea neng a buella lintho tsa fantisi o ne a sebelisitse mantsoe ao ho a hlalosa. Kapele moreki e mong—monna ea molelele, ea bohlale—a be a a nkile a le matsohong a hae. “E” ne e le feela karolo ea buka—karolo ea Septuagint Version ea hoo ho thoeng ke Testamente ea Khale. Empa e ile ea lekana ho khannela moreki hore a qalise ho ithuta puo ea Segerike.
Hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao, ha etsahala hore moreki a fete hona lebenkeleng leo la libuka. Ka mokhoa oa mohlolo, moo a fumana karolo e qetellang ea buka eona eo, ’me a e nka ka bonolo feela ka theko e tlase. Enoa eo joale a neng a e-na le kopi e feletseng joale ea Septuagint Version ea “Testamente ea Khale” ka Segerike a qeta lilemo a e fetolela ’me kahoo a hlahisa “phetolelo ea pele ea Septuagint ka Senyesemane.” A boela a fetolela “Testamente e Ncha” ho tloha Segerikeng sa pele. Ke eng ho ileng ha mo etsa hore a etse joalo?
Ha re nepisise kaha mofetoleli, Charles Thomson, ho bonahala a sa ka a ngola lentsoe la keta-pele le neng le ka ’na la re bolella. Thomson e ne e le mongoli oa Lekhotla la Sechaba la United States ho tloha ka 1774 ho fihlela ka 1789. Ntlheng eo, eena le eo e neng e le mookameli oa Lekhotla ka nako eo, John Hancock, ke bona ba pele ba ileng ba tekenela Qeto ea Boipuso. Hoba Thomson a itokolle, a qeta lilemo tse 20 a fetolela Mangolo a Halalelang.
Ha ho bapisoa ke batho ba fokolang haholo ka palo ba bileng le tsebo ea lipuo le tšusumetso hore ba fetolele Lentsoe la Molimo ho tloha Seheberung sa pele, Searame le Segerike. Empa ba bang ba ile ba susumeletseha hore ba abelane molaetsa o moholo oa Bibele le batho ba bang. Ha ho bapisoa le batho ba libillione, koana, palo ea ba jetseng ’nete ea Mangolo ruri e-ea fokola. Leha ho le joalo, ke hantle ha re ka botsa, ba ho etsisoa ke eng?
E, ke eng se susumeletsang Lipaki tsa Jehova ho etela monyakong oa hao? Ke hobane’ng ha li chesehela ho kopanela le uena ‘litaba tse molemo’ tse tsoang ka lentsoeng la Molimo? Li latela mohlala oa mang? Oa Kreste.