Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/1 maq. 8-9
  • Na Jonase Ruri o Bile Liheleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jonase Ruri o Bile Liheleng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Jonase le Tlhapi e Khōlō
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/1 maq. 8-9

Lentsoe lo Molimo Lea Phela

Na Jonase Ruri o Bile Liheleng?

U TALIMILE maikutlo a moqapi a seo mongoli oa Bibele Jonase a se bitsang “lihele.” Jonase ea bonoang mona, o ngolile: “Ka hooa ho Morena ka baka la mahlomola a ka, ’me a nkutloa; ke le mpeng ea lihele [nqalo ea bafu, Bibeleng ea Sesotho] ka bokolla, ’me ua utloa lentsoe la ka.”—Jonase 2:2, Authorized Version.

Jonase o ne a le hokae? Ho tlile joang hore a be sebakeng see? Na o ile a tseba ho tsoa?

Molimo o ne o boleletse moprofeta oa oona Jonase hore a ee Ninive le ho bolela hore motse o tla timetsoa ka baka la bobe ba oona. Empa ho e-na le hore a mamele, Jonase a leba Joppo. Joalokaha u bona, o lefella leeto la hae ’me o palama sekepe se lebang ka tsela esele.—Jonase 1:2, 3.

Molimo ha o khahloe ke hore ebe Jonase oa baleha. Joale O tsosa sefefo se matla, ’me ho bonahala eka sekepe se tla teba. Qetellong, Jonase o bolella batsamaisi ba sekepe hore ke ka baka la hae sefefo se tsohileng. Kahoo, ka litaelo tsa Jonase, ba mo lahlela ka bolibeng. Hona hoo feela sefefo sea khutsa, ’me leoatle le thōla hape. (Jonase 1:4-16) Ha Jonase a tebela tlase ka leoatleng, o koenngoa ke hlapi e khōlō. Ka phihlelo ea hae ka har’a hlapi, Jonase a tlaleha: “Ka hooa ho Morena . . . a nkutloa ke le mpeng ea lihele.”

Jonase o ne a bolela’ng ka “mpeng ea lihele”? Bonneteng, mpa ea hlapi eo ho hang e ne e se sebaka sa mollo o hlorisang. Empa e ne e e ka fetoha lebitla la Jonase. Ha e le hantle, Jesu Kreste o buile tjena ka eena ka boeena: “Joale ka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e kholo, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.”—Matt. 12:40.

Jesu o ne a shoele a le ka lebitleng la hae ka matsatsi a mararo. Empa Bibele e-ea tlaleha: “Moea oa hae ha o ka oa tloheloa liheleng . . . Jesu enoa Molimo o mo tsositse.” (Lik. 2:31, 32, AV) Ka ho tšoanang, ka tsamaiso ea Molimo, Jonase a tsosoa liheleng, ke hore, seo e ka beng e bile lebitla la hae. Hona ha etsahala ha hlapi e mo hlatsa hore a kene moo ho omileng.—Jonase 2:10.

Joale, he lihele tsa Bibele ke eng? Ka bonolo feela ke lebitla le tloaelehileng la batho. ’Me tšepiso e futhumatsang pelo ke hore lihele li tla horuloa bafu ba ho tsona, joalokaha Bibele e hlalosa: “lefu le lihele [lebitla, Bibeleng ea Sesotho] tsa ntša bafu ba ho tsona.” (Tšen. 20:13, 14, AV) Ruri re khothatsoa ka matla hore re ithute haholoanyane ka Molimo le merero ea oona bakeng sa ho hlohonolofatsa batho.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela