Tsekisano ea Matla—Phello ke Efe?
“BOCHABELA KE BOCHABELA, ’me Bophirima ke bophirima ’me ha ho mohla tse peli li tla kopana, Ho Fihlela Lefatše le Leholimo li ema Setulong sa Kahlolo se seholo sa Molimo.” Liphetoho tsa haufi tjena tsa tsekisano ea matla pakeng tsa Bochabela le Bophirima li netefatsa mantsoe ao a thoko a Rudyard Kipling a utloahale e le a nakong ka ho makatsang.
Empa, ha re shebisisa, ha motho a bua ka tsekisano ea Bochabela le Bophirima, lentsoe “Bochabela” ha le hlile ha le bolele bochabela joalokaha “Bophirima” bo sa bolele linaha tsohle tse ka bophirima karolong eitseng ea lefatše. Karolo ea Bokomonisi kajeno e akarelletsa e seng feela Soviet Union le lichaba tsa Europe e ka bochabela empa hape le linaha tse ling tsa Afrika le Cuba. Ha ho le e ’ngoe ho tsona e ka boleloang e le sebakeng se ka bochabela. Ka ho tšoanang, karolo ea “Bophirima” e nka linaha tse kang Canada, Denmark (ho akarelletsa Greenland), Iceland, Norway, Australia, New Zealand le Japane. Ha ho le se seng ho lichaba tsena seo ho ka boleloang hore se ka bophirima. Kahoo ke hobane’ng ha batho ba bua ka “tsekisano ea Bochabela le Bophirima”? Hobane qalehong ntoa e kenyetsaneng marumo ka likobong haholo-holo e ne e le pakeng tsa mebuso e meholo e ’meli—Soviet Union le United States—eo e ’ngoe ho tsona e lutseng haholo ka bochabela ho Europe, ’me e ’ngoe e le ka bophirima. Kahoo, kamoo lintho li tsoetseng pele, “Bochabela” le “Bophirima” li nkile tlhaloso e tšoantšetsang.
“MARENA” A MABELI A LOANTŠANANG
Ka ho tšoanang, khaolong ea 11 ea Daniele, ka nepo Bibele e sebelisa lipolelo “morena oa leboea” le “morena oa boroa” ho supa mokoloko oa mebuso ea bopolotiki e loantšanang. Qalehong “marena” ana a mabeli a ne a le ka leboea le ka boroa ho naha ea sechaba sa habo Daniele—hantle-ntle e le batho ba Jehova Molimo ba boholo-holo—Bochabela bo Hare.
Boprofeta bo qalile ho phethahala kamorao ho lefu la Alexander e Moholo le ho aroloa ha ’Muso oa Macedonia pakeng tsa bahlahlami ba hae ba bane. Ba babeli ho bana, Seleucus I le Ptolemy I, ka ho lateIlana e bile bona ka lekhetlo la pele “morena oa leboea le morena oa boroa.” E mong ho banna bana o ile a thea ’Muso oa Seleucus oa ka leboea ’me e mong ea e-ba oa pele ho bo-Faro ba Egepeta ba lesika la Ptolemy, ka boroa. Ka makholo-kholo a lilemo, naha ea batho bao ka nako eo e neng e le ba Jehova e ne e le lesapo le tsekoang pakeng tsa mebuso ena e ’meli, ha e loanela puso.
Ka tlhaho, ha nako e ntse e feta, mebuso e neng e emeloa ke “morena oa leboea” le ke “morena oa boroa” ea ’na ea fetoha le nako. Empa khohlano ea puso ea tsoela pele, ho theosa le makholo a lilemo. Boprofeta bona ba boela ba bolela pele ho nako hore tsekisano pakeng tsa “marena a mabeli” e tla tsoela pele ho tla fihlela “nakong ea bofelo.” (Dan. 11:27, 35, 40)a Kajeno re bona tsekisano ea matla a lefatše e tsoela pele ho feta leha e le neng pele pakeng tsa Makomonisi le lefatše leo e seng la Bokomonisi. Na ho bonolo ho tseba likarolo tsee tse peli tse loantšanang re li khetha ka “marena a mabeli”? A re boneng.
“MOLIMO OA LIQHOBOSHEANE”
Hang hoba e bue ka ‘nako ea bofelo,’ boprofeta ba Daniele bo tsoela pele:
“Morena eo [oa leboea] o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikholisa, a phahamele holim’a melimo eohle, ’me o tla seba Molimo oa melimo ka linyefolo tse makatsang, . . . A ke ke a hlokomela melimo ea bo-ntat’ae, . . . o tla hlompha molimo oa liqhobosheane nqalong ea oona; molimo o sa kang oa tsejoa ke bo-ntat’ae a o hlomphe ka ligauda le lisilevera.”—Dan. 11:36-38.
Ke ofe ho mebuso e matla e ’meli oo ntle ho lihlong o buileng hampe ka “Molimo oa melimo,” Jehova, o bitsa bolumeli “matekoane a tsubisoang batho”? Ke ofe ho eona oo ka lilemo o lokiselitseng moruo oohle oa oona ho etelletsa pele ho etsoa ha libetsa ho e-na le botoro; litanka le lifofane tsa ntoa ho e-na le lijo, liaparo le thepa e ’ngoe, kahoo o tlotlisa “molimo oa liqhobosheane”? Ke “morena” ofe ea rapetseng ‘molimo o neng o sa tsejoe ke bo-ntat’a oona’—mokhoa oa ntoa o latelang thuto ea mahlale—o e tlotlisa ka ligauda le ka lisilevera,’ o sa tsila-tsile ho sebelisa karolo e khōlō ea se hlahisoang ke sechaba sa oona mahlaleng a tsa sesole le mabothong a hlometseng? Pelaelo ha e-eo ea hore “morena oa leboea” oa kajeno ke karolo ea Bokomonisi, e etelletsoeng pele ke Soviet Union.
Khale koana ka 1977, lekhotla la tšireletso la U.S. le ile la lumela hore sesole sa Soviet ke ‘se matla ka ho fetisisa lefatšeng, ka matla a maholo a mollo le ho tsamaea.’ Ho lokela hona ho tšehetsoa ke thuto e kenngoang ka matla ea sesole likolong. Bohle ba batona ba lilemo li 18 ba bitsetsoa tšebeletso ea sesole ba qeta lilemo tse peli sesoleng kapa mabothong a moeeng, kapa lilemo tse tharo sesoleng sa metsing. Joale ba lula ba loketse ho biletsoa sesoleng neng kapa neng ho fihlela ha ba le lilemo li 50, e leng ho bolelang hore hona joale mashome a limillione a baahi ba Soviet a fumane koetliso ea sesole ’me ba ka bitsoa ka potlako.
‘HO FUTUHA’ HA “MORENA OA BOROA”
Kaha “morena oa leboea” oa kajeno ke karolo ea Bokomonisi, e etelletsoeng pele ke Soviet Union, “morena oa boroa” e ke ke ea e-ba mang kapa mang ha e se oa sera oa karolo e hananang le Bokomonisi, tlas’a boeta-pele ba United States. Ka “marena” ana, boprofeta ba Daniele bo tsoela pele bo re: “Mehleng ea qetello, morena oa Boroa o tla thulana le eena [morena oa leboea].”—Dan. 11:40.
Ho ‘futuha’ ha kamor’a ntoa ha “morena oa boroa” ho qalisitse ka mokhoa o bonolo haholo, ka 1947, ka “Thuto ea Truman” ea ho thibela ho jala pherekano. Hona ka 1949 ha lateloa ke ho theoa ha NATO ’me, hamorao, mekhatlo e meng ea tšireletso ea libaka. ‘Ho futuha’ ha e-ba matla nakong ea ntoa ea bobeli ea Vietnam. Empa khohlano ena le phello ea eona e seng ntle bakeng sa Bophirimela ha bonahala e tšehetsa taba ea “maeba”—ba U.S. le har’a metsoalle ea eona ba ratang lehlakore la poelano le Soviet.
Leha ho le joalo, liketsahalo tsa hona joale tsa bopolotiki ho bonahala li supa hore “maeba” hona joale a fetoa ke “matlaka”—ba ratang lehlakore la hore ho nkoe bohato bo matla khahlanong le Bokomonisi. ‘Ho futuha’ ha “morena oa boroa” khahlanong le “morena oa leboea” ho bonahala ho tiisa matla. Ho khahlisang, kopano ea Manyesemane le Maamerika ‘ho futuheng’ hona e tiisitsoe ke tlaleho e latelang ea litaba: “Tona-kholo ea Manyesemane Margaret Thatcher, ea sa tšepeng Kremlin joaloka Mong. Reagan ke eena feela motsoalle oa NATO oa moeta-pele ea ileng a bolela boemo ba hae ba khanyetso pepenene. Labone bosiu o itse [Pherekhong 29, 1981] ho ne ho se pontšo ea letho ea ’nete ea Soviet ea ho thahasella poelano ea ’nete ea lichaba.” (International Herald Tribune, January 31, 1981) Hore na “morena oa boroa” o tla “futuha” ho fihlela kae ke ntho e khahlisang ho e shebella matsatsing a tlang.
Ka tlhaho, “morena oa leboea,” eo hajoale a emeloang ke lehlakore la Bokomonisi, o nkile bohato ka ‘ho futuha’ hona. Hona le hona ho hlile ha boleloa boprofeteng ba Daniele, khaolo ea 11. Ha re baleng ho e pele:
“’Me morena oa Leboea o tla boela a futuhe ho ea mo patela [morena oa boroa], ka makoloi, le ka ba kaletseng lipere, le ka likepe tse ngata; o tla tsoela linaheng, a roallele, a hohoretse. . . . O tla isa letsoho la hae linaheng tse ngata, . . . O tla ikhapela maruo a ligauda le a lisilivera.”—Dan. 11:40-43.
KAMOO “MORENA OA LEBOEA” A NKANG BOHATO
Bohato ba Soviet ka bohato bo boima bo nkiloeng haufinyane ke “morena oa boroa” bo bontša hore “morena oa leboea” ha a ikemisetsa ho hatakeloa feela. Ho tloha ka Ntoa ea 11 ea Lefatše, Soviet Union e ’isitse letsoho la eona’ ho nka taolo ea “linaha” tse sa tšoaneng le ‘matlotlo a patiloeng,’ ho akarelletsa oli.
Phephetso e tobisoang ho ba Bophirima le eona e entsoe ka bohlale bo sa hlokomeleheng, kaha mebuso e mengata ea Lefatše la Boraro eo e neng e le likoloni pele e amohetse mekhoa ea Marx. Liphetoho tse joalo li nolofalitse ho kenella ha tšusumetso ea Soviet Asia, Bochabela bo Hare, Afrika haesita le mafatšeng a Amerika. Ho phaella moo, “morena oa leboea” o atlehile ka ho hlokomelehang ho tšehetsa bofetoheli bo etelloang pele ke Bokomonisi, ho mo nolofaletsa ho ‘kena linaheng, tseo ka mokhoa oo li angoang ke maikutlo a hae le thuso ea sesole le ea mesebetsi.
Ka batho ba fetang limillione tse ’nè ba hlometse U.S.S.R. le Europe e ka bochabela, hammoho le litanka tse 50 000, lifofane tsa ntoa tse 5 775, likepe tse khōlō tsa ntoa tse 289 le bonyane tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse 257, “morena oa leboea” ruri o na le mokhoa oa ho ‘futuha ka ba kaletseng lipere le ka makoloi le ka likepe tse ngata . . . a roallele, a hohoretse.’
Ho latela litlaleho, mabotho a Soviet a se a larile Afghanistan, Cuba, Ethiopia, Iraq, Libya, Mali, Mauritania, Vietnam, Syria, le South Yemen, re se re sa bue letho ka baeletsi ba sesole linaheng tse ling tse ngata. Likepe tsa ntoa tsa Soviet li kenelletse maoatle ’ohle ao ho ka loanoang le ho oona ho akarelletsa Meteterane. Tekanyo eo ka eona “morena oa leboea” oa Bokomonisi a tla lokolla mabotho ana le ho “kena” “linaheng” tse ling ke ntho e tla boleloa feela ke nako e tlang.
“MARENA” A FELA KA BOBELI
Ho sa tsotellehe hore na “morena oa boroa” o tla ‘futuha’ ho le hokae, le hore na “morena oa leboea” o tla hle a ‘hohoretse’ ka ho futuhela linaha tse ling kapa che, ’nete eona e-ea sala: Ho ea ka boprofeta ba Daniele, leha e le ofe ho ‘marena’ ana a ke ke a hlōla ka mokhoa o khaolang khang morena e mong. Ka “morena oa leboea,” boprofeta bo re: “Leha ho le joalo, o tla fela, ho se ea mo thusang.” (Dan. 11:45) Ho feta moo, boprofeta bo tšoanang le boo bo bua tjena ka ‘Muso oa Lefatse oa Manyesemane le Maamerika oo hape o tšoantšoang ka “morena oa boroa,” “o tla robakoa, e seng ka letsoho la motho.”—Dan. 8:25.
“Marena” ana a tla fela joang “e seng ka letsoho la motho” hape “ho se ea mo thusang”? Ba ke ke ba felisoa ke mekhoa e hlahang ka batho. Boprofeta ba Daniele bo tsoela pele: “Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno [Daniele ’me ka baka leo sa Jehova], o tla hlaha, ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.” (Dan. 12:1) Mikaele ha se mang kapa mang ha e se Morena Jesu Kreste ea khethiloeng ke Jehova. (Bapisa Tšenolo 12:7-10.) “Matsatsi a matsoalo” ke ‘mahlomola a maholo’ a boleloang boprofeteng ba Jesu ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ le ‘ho ba teng’ ha hae ka ’muso oa hae.—Matt. 24:3, 21: Luka khaoh. 21.
Ho phethahala ha boprofeta bona kajeno ho bontša hore hona joale re phela ‘nakong ea bofelo.’ Haufi Kreste o tla felisa “morena oa leboea” oa Bokomonisi le “morena oa boroa” eo e seng oa Bokomonisi. Ka sebele, Morena Jesu Kreste ea beiloeng teroneng o tla ba ‘otla’ le lichaba tse ling tsohle tsa bopolotiki ka ‘sabole e telele’ ’me o tla “li alosa ka molamu oa tšepe.” (Tšen. 19:11-12) Empa boprofeta bo bong ba bohlokoa bukeng ea Daniele kahoo bo tla phetha ho phethahala ha eona, hobane rea bala: “mehleng ea marena ao [mebuso ea lipolotiki], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Dan. 2:34, 35, 44.
’Muso oo o tla kenya khotso e sa feleng lefatšeng taolong e ncha ea ho loka. (2 Pet. 3:13; Tšen. 21:1-5) Ho oona ho ke ke ha hlola ho e-ba teng mebuso e hatellang ea “marena” a hatellang a bopolotiki. Ke oona “’muso” oo u ’nileng ua o rapella haeba u ’nile ua etsa “Thapelo ea Morena.” (Matt. 6:9, 10) Ke oona tšepo feela ea batho. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore tšepo ena u e etse ea hao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e feletseng ea Daniele, khaolo ea 11, bona buka “Thato ea hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ka 1958 ke Watchtower Bible and Tract Society ea New York, Inc.