Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/15 leq. 8
  • Bongata bo Ikhethela “Mokhoa oa Boitšoaro bo Bobe”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bongata bo Ikhethela “Mokhoa oa Boitšoaro bo Bobe”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Papali ea Chelete—Temallo ea Lilemong Tsa Bo-1990
    Tsoha!—1995
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/15 leq. 8

Bongata bo Ikhethela “Mokhoa oa Boitšoaro bo Bobe”

Ha litho tsa Kereke ea Magerike Schenectady, New York, li khetha ka ba 43 ho ba 13 ho qalisa “bingo” kerekeng, moprista oa pharishe a hanyetsa, a re: “Ha ke lumele hore kereke e lokela ho kenya mokhoa ofe kapa ofe oa papali ea chelete e le hore e tsebe ho tsoela pele.” Eaba o itokolla mosebetsing, a fana ka lebaka la hae e le hore: “Ha ke na pelaelo ea hore holo ea rōna e tla tlala haholo bakeng sa ‘bingo’ Ha e tlale bakeng sa puo kapa thuto ea bolumeli. Haeba ke na le kereke ’me batho ba 30 ba tla ho tla rapela ’me ba 500 ba tla bakeng sa ‘bingo,’ ebe joale kereke e eme ka mabaka afe? Ke feela ntlo ea boithabiso.”

Ho itokolla mosebetsing ha etsa hore mobishopo e moholo oa motseng oa New York a rōmele lengolo le buang ka matla lekhotleng la parishe eo. “Joale ka bo-ntate re le khothalletsa le ho le phehella hore le tlohele ho kenya ‘bingo’ pharisheng ea lōna,” kamoo lengolo le ileng la bolela. “Ke mokhoa oa boitšoaro bo bobe.” Lekhotla la arabela ka hore’ng? “Diosese e khōlō e satalatsa molala oa eona. Ba re u se ke ua ho etsa, empa likereke lia ho etsa.” ’Nete ke hore ho lipharishe tse ka bang 50 ho tse 500 tsa Kereke ea Magerike United States li na le “mokhoa oa boitšoaro bo bobe.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela