Pula e Amohelehang ea ’Nete Botswana
“GOROGA Ka pula” “Re tlele le pula.” Tumeliso ena e tloaelehileng Botswana ke e loketseng, hangata e tloha botebong, kaha ena ke naha e chesang, e lerōle le e kang lehoatata moo pula e bolelang ho hongata bophelong. Ka ho tšoanang, batho ba sekametseng ho lokeng, ba Botswana ba amohela lipula tse khathollang tsa ’nete ea moea e tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele.
Pele e ne e tsejoa e le Bechuanaland (ha e le tlas’a puso ea Brithani) Botswana e lutse hare ho Afrika e ka boroa, pakeng tsa Afrika Boroa, Zimbabwe le Afrika-Boroa-Bophirima/Namibia.
Linōka tse ngata li phalla ka matsatsi a seng makae kamor’a sekhohola se matla. Empa, mabakeng a mangata, likhoeli kamor’a sekhohola ho sa ntsane ho ka fumanoa metsi ka ho cheka lehlabatheng la nōka e omileng. Le eona Nōka ea Okavango, e theolang metsi a phallang ka bongata a tsoa Angola ka leboea, ha ho mohla e fihlang leoatleng. E etsa motšoetšoe o nkang sebaka se seholo, o bitsoang Okavango Swamps, ’me ho na le liphoofolo tse ngata tsa naha, ho akarelletsa litlou le litau. Qetellong e omellela matšeng a letsoai a Makarikari.
Ntle ho pelaelo mohatsela le mofuthumela oa Botswana ke le leng la mabaka a ka sehloohong a baahi ba fokolang ka palo ba Botswana (718 000) ha ba bapisoa le boholo ba eona, lik’hilomithara tse lekanang tse 561 800. Ke ho nka England ka makhetlo a mane.
Ka lilemo tse ngata, Botswana e ile ea thabela maemo a tsitsitseng haholo le khotso. Ke haufi haholo ha e e-ba le sesole e ne e ntse e le e ’ngoe ea linaha tse neng li se hloka tsa lefatše. Lipuo tse peli tsa molao ke Senyesemane le Setswana. Habohlokoa haholo, chelete e khōlō ke pula.
HO HLŌLOA KHANYETSO
Ka 1932, ba babeli ho Lipaki tsa Jehova ba ile ba etela Botswana ’me ba tsamaisa libuka tse nang le molaetsa oa ’muso oa Molimo tse 1 700. Hona e bile marotholi a pele a ’nete ea moea naheng ena. Empa ka nako eo ho ne ho se ea ka ntšetsang pele ‘ho lengoa le ho nosetsoa!’ (1 Ba-Kor. 3:5-9) Ho feta moo, ho ile ha hlaha bothata bo boholo. Ka 1941, ka baka la moea oa ntoa, libuka tsa Lipaki tsa Jehova tsa thibeloa naheng ena, ka nako eo e le koloni ea Manyesemane. Ho feta moo, eo e neng e le morena oa sehlooho o ne a laetse hore ke litumelo tse tharo feela tse nang le tokelo ea ho hloma likereke: Kereke ea Roma e K’hatholike, London Missionary Society le Sabbatha.
Leha ho le joalo, metsi a ’nete a kenella. Ka bo-1940 le bo-1950 banna ba bang ba Botswana ba fumana mosebetsi Afrika Boroa, ba ithuta ’nete ha ba le moo ’me, ha ba khutlela hae, ba tla le molaetsa oa ’Muso ba otlela malapa a bona le bao ba ahisaneng le bona.
Lipaki tsena tse ncha tsa phakisa tsa hanyetsoa. Tse ling tsa shapeloa ho bolela ke marena, ba qosoa ka ho tlisa bolumeli bo bocha ka har’a naha. Molebeli ea etileng, Joshua Thongoana, a tšoaroa ka makhetlo a mabeli, ’me a bolelloa hore a tsoe ka hare ho naha. Ka lekhetlo la bobeli, a tlisoa ka pel’a lekhotla la Setswana. Mohlanka oa London Missionary Society a le teng. Kereke ea hae e le eona e tsamaisang litaba tsa bolumeli sebakeng seo ’me ka ho totobetseng a ikemiselitse ho lula joalo. Leha ho le joalo, puisanong Thongoana a hlalosa hantle mosebetsi oa hae ’me molaetsa oa ’Muso o tsoang Bibeleng (moruti o ne a sa itšoenya le ka hore a hlahise ntho leha e le ’ngoe) hoo morena a ileng a qhala nyeoe.
Ho fihlela ha ho tlosoa thibelo ka 1959, ho ne ho tloaelehile hore Lipaki li tšoaroe. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova tsa ema li tiile.
HO IKAROLA MEKHOENG E FOSAHETSENG
Likarolong tse ngata tsa Afrika ho na le meetlo e mengata ea libaka le litloaelo tse theiloeng ka tumela khoela le boloi ’me, ka baka leo, ha li khahle Molimo o matla ’Ohle. Ka mohlala, ha Moafrika a kula, hangata o ea ngakeng ea litaola, e “lahlang masapo” ebe joale e bolella mokuli hore na o nahana hore lebaka ke lefe le hore na pheko ea khathatso ke efe. Tumelo e tloaelehileng ke hore “meea” ea baholoholo ba shoeleng e-ea ameha ’me e lokela ho khotsofatsoa. Marulelong a matlo ho beoa manaka a liphoofolo e le ‘tšireletso’ ’meeeng.’ Ka 1961 ho ile ha etsoa boiteko bo matla ho thusa Lipaki tsa moo ho ikarola mekhoeng ena e tebileng ka metso.
Nahana ka taba ea khaitseli e monyenyane ea ileng a fumana molaetsa o potlakileng o tsoang ho ntat’ae hore a khutlele hae. Ho e-na le ho fumana ntho e potlakileng, a fumana hore lelapa le lokisetsa ho “tiisa” ntlo e ncha ka litlhare. Bakeng sa tšebeletso ena ea bohetene, setho se seng le se seng sa lelapa se ne se hlokoa hore se fane ka mali. Khaitseli a hana. A shapuoa a ba a koalloa ka tlung. Bosiung boo a robatsoa ka ntle serameng. Leha ho le joalo, hoseng ka le latelang, pele letsatsi le chaba, a itsamaela a itholetse ho ea tseleng e khōlō ’me a fumana thuso ea koloi ho khutlela motseng o moholo. Khaitseli enoa o thabile haholo hore o ile a hlola bokhoba ba borapeli ba bohata ’me o cheseha haholo boboleling ba ’Muso. O boetse o thusa ho fetolela libuka tsa Bibele ka Setswaneng.
Buka e thusitseng ba bangata ba bacha Botswana hore ba itokolle bodemoneng ke bukana Meea e sa Bonahaleng—Na ea Re Thusa Kapa e re Ntša Kotsi? Banyalani ba bang ba bacha e ne e le litho tsa kereke eo ho eona ba neng ba tlameha ho apara liaparo tsa bolumeli, ba itlame ka mehala le liropo ’meleng ho ‘itšireletsa’ le ho sebelisa “metsi a halalelang.” Empa ba fumana hore tsena li ba bakela litoro tse mpe le ho susumetsoa ke bademona. Kamor’a ho ithuta ka makhetlo a mabeli feela ka bukana ea Meea e sa Bonahaleng, ba senya lintho tsena tsa tšebeletso ea meea kaofela ’me ba qala ho ea libokeng tsa Bokreste tsa Lipaki tsa Jehova. Ba tsoetse pele kapele ’me hona joale ba kopanela ho boleleng ‘litaba tse molemo’ ho ba bang.
HO KOETLISA BACHA
Mathata a ho hōlisa bana ke ntho e hohle kajeno. Botswana bana ba bang ba Lipaki ba oetse boitšoarong bo bobe kapa menyakeng e bonahalang ea tsamaiso ena ea lintho. Leha ho le joalo, boiteko ba sebele bo entsoe ho thusa batsoali le bacha ho ntlafatsa bophelo ba bona ba Bokreste le tšebetso.
Ho hatisitsoe taba ea koetliso e qalang bongoaneng. Ka mohlala, ntate e mong oa Mokreste hona joale o nka metsotso e 15 hoseng ho hong le ho hong a bua le bana ba hae ka Jehova le Lentsoe la Hae. Hape o laea ka matla empa e le ka lerato ha ho hlokahala. Moena enoa o ile a ikutloa a thabile hakaakang ha a utloa mora oa hae e monyenyane ea lilemo li peli a bua le moeti eo e seng Mokreste ka Jehova le bohlokoa ba ho Mo rapela! Hape o ikutloa a putsitsoe ke ’nete ea hore morali oa hae ea lilemo li robeli o tsamaisa thuto ea kamehla ea lehae ea Bibele le eo a kenang sekolo le eena.
Motseng o mong Paki e nyenyane ea kopuoa hore e eme ka pel’a sehlopha e le mohlala oa makhethe, boitlhopho ba botho le boitšoaro. Tichere e amehang e ne e amehile hoo e ileng ea batla batsoali ba ngoanana, e leng ho ileng ha fella ka hore ho qalisoe thuto e ’ngoe ea Bibele.
TSOELOPELE E NTLE
Basebetsi ba nako e tletseng ba ’Muso ba eketsehile har’a Lipaki tsa Botswana. Ka mohlala, Paki e ’ngoe le mosali oa eona ba ile ba tela mesebetsi e metle Afrika Boroa ho khutlela Botswana. Ho e-na le ho ba le lelapa la bona, hona joale ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng (baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso) ’me ba tsoela pele hantle ho khothalletseng bacha ho kenela “bopula-maliboho.’’ Ho feta moo, ba ikutloa hore ha baa lahleheloa ke letho ka ho kenela mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng. Joalokaha ba itse: “Jehova o re hlohonolofalitse ka litsela tse ngata haholo, moeeng le nameng, hoo hangata re nang le ho fetang hoo re hlileng re ho hlokang. Bakeng sa kopano ea setereke ea haufinyane ha rea ba le chelete e re lekaneng feela ho ea ka bōrōna empa hape re tsebile le ho thusa baena ba bang le likhaitseli ho ea kopanong le ho khutla.”
Ka ho nkela mosebetsi oa bopula-maliboho, Paki e ’ngoe e ncha ea nyatsuoa haholo lapeng, ke matichere, ke bao a kenang sekolo le bona le ke bona bacha ba bang ba ka phuthehong. A bolelloa hore a etse lintho ka mokhoa o nang le kelello le hore a nahane ka bokamoso ba hae. Empa o ne a e-na le tumelo ea hore haeba ka tieo a etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso ho hong hohle ho tla lokisetsoa. (Matt. 6:30-34) Paki e nyenyane ea fumana mosebetsi o nkang karolo feela ea letsatsi ’me hona joale e molemong o moholo linthong tse bonahalang ho feta ba bang ba tšebetsong ea nako e tletseng khirong ba ileng ba leka ho mo nyahamisa ha a nkela bopula-maliboho. Ho molemo haholo ke tsoelopele ea moea eo a e entseng. A re: “Tumelo ea ka e matlafalitsoe ke ho ba le karolo e khōloanyane mosebetsing oa ho kotula, ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le libuka tsa Mokhatlo tsatsi le leng le le leng le ka ho sebelisa seo Bibele e se bolelang.”
Ha motho a qamaka naha ea Botswana, litholoana tsa mosebetsi o boima haholo ke tse khothatsang. “Mahlomela a matala” a macha a hlaha karabelong ea “pula” ea kamehla ea ’nete ea moea metseng le metsaneng e mengata. Ho na le Lipaki tse ka fihlang ho 300 tse mafolo-folo tse ka har’a naha, ’me Lipaki le batho ba 964 ba thahasellang ba bile teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Kreste ka la 31 Tlhakubele, 1980. Leha ho le joalo, ho sa loketse hore ho finyelloe ho hongata. Karolelano ea Lipaki ho baahi ke 1 ho ba 2 578. Metse e mecha ea merafo e ntse e hlaha ’me libakeng tse enneng tse lehoatata ho phela Masaroa a phelang naheng ao ho tla fihlela joale a utloileng hanyenyane kapa ho seng letho leo a le utloileng ka ’muso oa Molimo. Kotulo e sa le khōlō, empa basebetsi ba sa fokola haholo.—Matt. 9:37, 38.