Seo ho se Bolelang ho Rōna
LE HOJA kajeno ho se teng moprofeta oa Molimo ea etsang mehlolo lefatšeng ea ka tsosang bafu, empa re ka kholoa kannete hore haufi baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla khutlisetsoa bophelong.
Nakoana pele a etela Naine, ha Jesu a le Jerusalema pasekeng ea Bajode, mathoasong a selemo sa 31 C.E., o ile a etsa tšepiso e tsotehang ka tsoho ena ea bafu. Ho tla fihlela nakong ea ho bonahala ho se eo a neng a se a mo tsositse. Leha ho le joalo, a re:
“Hobane, joalo ka ha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le eena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa. Hobane joale ka ha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena, o neile le eena Mora hore a be le bophelo ka ho eena; o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le eena Mor’a motho. Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae, ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Joh. 5:21, 26-29.
Bahanyetsi ba bolumeli bao Jesu a neng a buisana le bona ha baa ka ba mo lumela. Leha litlaleho tse nang le ’nete li qala ho tlala Judea hore Jesu o tsositse mora oa mohlolohali Galilea, ba hana ho lumela. Ha e le hantle, lilemo tse peli hamorao, ha Jesu a tsosa motsoalle oa hae Lazaro, ba ile ba halefa hoo ba ileng ba rera ho mo bolaea. Ba ba “ba rera hammoho ho bolaea le eena Lazaro. Hobane ba-Jode ba bangata ba ne ba . . . lumela ho Jesu.”—Joh. 12:10, 11; 11:38-53.
Leha ho le Joalo, hore ba bang lekholong la pele la lilemo ba ile ba hana ho amohela bopaki bo tsotehang ba hore Jesu ke eena moprofeta oa Molimo ea neng a hlile a boleloa hase lebaka la hore rōna kajeno re be lekhonono le ho sitoa ho lumela tšepisong ea Jesu ea tsoho. Mantsoe a Jesu a tšepahala! A ka etsa seo a se tšepisitseng! Ho tsosa ha hae mora oa mohlolohali e bile bopaki ba hore a ka ‘phelisa bao a ratang ho ba phelisa.’
Ka baka leo, kajeno re na le mabaka ’ohle a ho tšepa tšepiso ea Jesu ea hore “bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae, ’me ba tla tsoa ho ’ona.” Bopaki ke hore nako ea hore hona ho etsahale joale e haufi haholo. Ho tloha ka selemo sa 1914, re bone molokong oa rōna ho phethahala ha lintho tsohle tseo Jesu Kreste le baapostola ba hae ba li buileng hore li tla tšoaea ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea lintho. Ntoa ea lefatše, litlala, mafu a seoa, tlōlo ea molao, botlokotsebe—kaofela ke molao kajeno. Bofelo ba tsamaiso ena e khopo ntle ho pelaelo bo haufi.—Matt. 24:3-14; Luka 21:10, 11; 2 Tim. 3:1-5; 2 Pet. 3:3, 4.
Hoba bofelo bo fete, tsoho e tla etsahala mona lefatšeng. Ha u lumela, u ka phela hore u ho bone. Eo e tla ba nako e hlollang hakaakang! Thabo e tla ba kaakang ea ha bafu ba tsohileng ba kopanngoa le baratuoa ba bona! Joale tšepiso e tla be e phethahalitsoe: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.”—Esa. 25:8.