Na Lefu le ka Hlōloa?
NA U ke u nahane ka matla ao Jesu Kreste a bileng le oona paleng ea motho? Eona k’alendara e sebelisoang ke batho ba bangata lefatšeng la Bophirima e theiloe selemong seo ho nahanoang hore o tsoetsoe ka sona. Joalokaha The World Book Encyclopedia e hlokomela hore: “Linako tsa pele ho selemo seo li ngoloa e le B.C., kapa pele ho Kreste. Linako tsa kamorao ho selemo seo li ngoloa e le A.D., kapa anno Domini (selemong sa Morena oa rōna).”
Ke hobane’ng ha Jesu a tumme hakaale? Lebaka le leng, ke ka baka la mehlolo e makatsang eo a ileng a e etsa seterekeng sa Galilea. Sebaka sena se ka karolong e ka leboea ea seo hajoale e leng Riphabliki ea Iseraele. Ka setereke sena mongoli oa lipale oa lekholong la pele la lilemo oa Mojode Flavius Josephus o ile a ngola: “Mobu o nonne kahohle, ’me ho tletse lifate tsa mefuta eohle . . . Ho feta moo, metse e teteane haholo.” Ha e le hantle, o re, “ho na le metse e makholo a mabeli le mashome a mane le metsana Galilea.”a
Ke hona metseng ena e mengata le metsaneng moo Jesu kreste a i leng a bolela le ho etsa mehlolo e tsotehang ea hae. Le hoja tlaleho ea Bibele e bolela e seng mekae feela ea metse ena ka lebitso, Jesu o ile a fihla ho e mengata ea eona, kaha tlaleho e bululetsoeng e bua tjena ka ho bolela ha hae sebakeng seo: “Jesu a tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle.”—Matt. 9:35.
Bagalilea ba bangata bao Jesu a neng a bolela har’a bona ba ne ba mo tseba, kaha o ne a hōletse hona hara bona—motsaneng oa Nazaretha, o neng o le limaele tse 18 ka lehlakoreng le ka boroa bo ka bochabela ho Leoatle la Galilea.
HO ETELA HA JESU NAINE
E ne e le ka 31 C.E., selemong sa bobeli sa tšebeletso ea Jesu, ha mora oa mohlolohali a shoa motseng oa Naine, Motse ona o ne o le hole le Nazaretha motse oo Jesu a neng a lula ho oona, ka limaele tse hlano kapa tse tšeletseng ka boroa bo ka bochabela ho eona. Nakong ea lefu la mohlankana enoa, Jesu o ne a ntse a bolela haufi le lebopo le ka leboea la Leoatle la Galilea, moo a neng a sa tsoa etsa Puo ea Thabeng ea hae e tsebisahalang.
Bibele e bolela hore Jesu, hoba a qete puo ena, ‘a kena Kapernauma.’ Ha a le motseng oo o lebopong la leoatle, a phekola mohlanka oa mohlanka oa sesole. “Eare ka tsatsi le hlahlamang, a etela motseng o bitsoang Naine; barutuoa ba bangatanyana ba hae ba ne ba mo latela le bongata bo boholo ba batho.”—Luka 7:1-11.
Leeto lena le tlohang boroa bo ka bochabela ho Kapernauma ho ea Naine e ne e le le ka bang limaele tse 20, leeto le letle la letsatsi kaofela le ho bona batho ba tloaetseng ho tsamaea ka maoto. Jesu le sehlopha sa hae ba tšela khohlo ’me ba atamela khoro e kenang motseng ona. Joale, tlaleho e re bolella hore, “Eare ha a atamela khoro ea motse, ha bo ho jeroe mofu, ngoana ea ’notsi oa ’m’ae, le hona mosali eo e le mohlolohali; o na a latetsoe ke bongata bo boholo ba batho ba motse. Eitse ha Morena a ’mona, a mo utloela bohloko.”—Luka 7:12, 13.
Ka ketsahalo ena, Arthur P. Stanley, ea ileng a etela sebaka sena lekholong la lilemo le fetileng, o ile a ngola tjena bukeng ea hae Sinai and Palestine: “Mothuleng o ka leboea . . . motseng o lithako oa Naine . . . e tlameha ebe o ne o e-na le khoro e le ’ngoe, e kenellang ka leralleng le ka motheong oa oona o theohelang ka khohlong. E tlameha ebe ke hona motheong ona, kaha, ho latela moetlo oa Bochabela, ba ‘ne ba jere mofu,’ moo ‘haufi le khoro’ ea motse ho ileng ha emisoa mojaro oa setopo. . . . Hase sebaka se nang le ntho leha e le efe e khethehileng e ka se etsang hore se hopolehe; empa, ka bonnete ba polelo ea sona, le sebakanyana se senyenyane seo re tlamehang ho sheba bakeng sa ketsahalo ena e amang maikutlo se ka bonahala e le se seng sa lintlha tse amang thahasello haholo tsa tlaleho ea se boleloang ka Molaetseng o molemo.”
E mong oa lekholong la lilemo la bo19 ea ileng a etela sebaka sena, J. W. McGarvey, o ngolile tjena bukeng ea hae Lands of the Bible: “Naine e lutse mothuleng, e e-na le motheo o tebileng hoo o ka bang maoto a 60 ho ea tlase o theohela ka sekhutlong se ka leboea feela ho oona. Tsela e tsoang ka leboea e o atamela ka khohloana e tšesaane le ka bophirima ho eona, ’me ka mose o mong ho sena ke mabitla a mang a epiloeng mafikeng . . . Ha Jesu a atamela khoro ea motse, a hlaha le ka lehlakoreng la Kapernauma moo a neng a bile teng ka letsatsi le fetileng, mokoloko o neng o jere mora oa mohlolohali o ne o tsoa o lebile hona sebakeng sena sa mabitla, ’me kahoo ha etsahala hore ba teane.”
MOHLOLO OA MEHLOLO
Ha a teana le bongata bo saretsoeng le mosali ea oetsoeng ke tlokotsi, Jesu a mo utloela bohloko. Pelo ea hae ea ameha ke masoabi a hae a fetisisang. Kahoo ka bonolo, empa e le ka tieo e fanang ka tšepo, a re ho mosali eo: “Se lle.” Mokhoa oa Jesu le ketso ea hae tsa hapa bongata, hoo eitseng ‘ha a atamela ’me a ama mojaro, ba o jereng ba ileng ba ema.’ Bohle ba tlameha ba be ba ile ba ipotsa hore na Jesu o tla etsa joang.
Ke ’nete hore selemo pelenyana ho moo, motsaneng oa Kana, limaele tse seng kae ho ea ka leboea, Jesu o ne a ile a fetola metsi veine moketeng oa lenyalo. Hape ke ’nete hore, kamoo ba bang ho ba saretsoeng ba neng ba ile ba utloa, ka mohlolo Jesu o ne a phekotse batho ba kulang metseng e meng le metsaneng haufi le moo. Empa ho ea kamoo tlaleho e bululetsoeng e bontšang, ha ho mohla Jesu a neng a kile a tsosa mang kapa mang bafung. Na ebe a ka etsa ntho e joalo?
Ha a bua le setopo, Jesu a laela: “Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha!” Mohlolo oa mehlolo! “Eaba mofu oa lula, a qala ho bua; ’me Jesu a mo nea ’m’ae.”
Ke ntho e tsotehang hakaakang! Inahane feela hore na mosali eo o ile a ikutloa joang. Uena u ne u tla ikutloa joang? Motho o ee a re’ng tlas’a maemo a joalo? ‘Kea leboha ha u tsositse mora oa ka’? Mantsoe ho bonahala a sa lekana hakaalo ho bontša teboho bakeng sa ketso e joalo. Ruri ke mohlolo!
“Bohle ba tšoaroa ke tšabo, ba rorisa Molimo, ba re: Moprofeta e moholo o hlahile har’a rōna: Molimo o etetse sechaba sa oona. Taba eo a boleloang ka eona ea tuma Judea eohle le naheng eohle e ka mathōko.” Ka ho totobetseng Jesu e ne e le moprofeta e moholo ea tsoang ho Molimo.—Luka 7:13-17.
MOSEBETSI OA MEHLOLO EA TŠEPISITSOENG?
Lilemo tse makholo a leshome le metso e mehlano pelenyana, moprofeta Moshe o ne a ile a etsa mehlolo e tsotehang ka matla a Molimo, a bile a arola metsi a Leoatle le Lefubelu ho lumella sechaba sa Iseraele hore se fete moo ho omileng. Empa ho ne ho profetiloe hore ho tla tla moprofeta ea sebetsang mehlolo e meholoanyane. Moshe a bua tjena tlas’a pululelo ea Molimo: “Jehova, Molimo oa hao, o tla u hlahisetsa moprofeta ea tsoang ha eno, har’a banab’eno ea joale ka ’na; le tla utloa eena.” (Deut. 18:15) Ka baka leo, lekholong la pele la lilemo potso e ne e le hore na: ‘Na Jesu eo oa Nazaretha ke eena moprofeta oa Molimo ea hlileng a boleloa hore o tla tla?’
Johanne Mokolobetsi o ne a lumela hore Jesu ke eena Eo. O ne a bone ha moea oa Molimo o theohela holim’a Jesu hoba a mo kolobetse Nokeng ea Jordane lilemo tse ka bang peli pele ho moo. (Joh. 1:32-34) Joale Johanne o ne a le chankaneng, a kentsoe litlamong ke Heroda Antipase selemo pele ho mona ka baka la ho pepesa kamano ea bofebe ea eo le mosali oa ngoan’abo.
Kahoo ke hona chankaneng moo moo ‘barutuoa ba Johanne ba ileng ba mo tsebisa lintho tsena tsohle,’ haholo ka ho tsosoa ha mora oa mohlolohali. Ha a utloa tlaleho ena, “Eaba Johanne o bitsa barutuoa ba hae ba babeli, a ba romela ho Jesu, a re: Na ke uena ea boletsoeng, ho thoe, u tla tla?”—Luka 7:18, 19; Matt. 11:2, 3.
Hase hore Johanne o ne a belaela hore Jesu ke eena moprofeta ea tšepisitsoeng. Empa hoba a utloe tlaleho ena e tsotehang ka mora oa mohlolohali a tsosetsoa bophelong, o ne a batla polelo e tsoang ka ho toba molomong oa Jesu ka hore na ke eena Messia. Johanne o ne a ipotsa hore na ebe ho na le e mong ea tla tla, mohlahlami, kamoo ho leng kateng, ea neng a tla phetha ho phethahala ha lintho tsohle tse hlileng tsa boleloa hore li tla phethoa ke Messia oa Molimo.
Eare ha barutuoa ba babeli ba Johanne ba fihla ho Jesu ’me ba bolela kōpo ea Johanne, tlaleho e re: “Ka eona nako eo, Jesu o na a folisa ba bangata maloetse, le mafu a bona, le meea e mebe, ’me ba bangata ba neng ba foufetse o na a ba sitsa ka pono. Eaba Jesu o araba, a re ho bona: E-eang,. le tsebise Johanne tseo le li boneng, le tseo le li utloileng: lifofu lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera ba ntlafala, ba thibaneng litsebe ba utloa, bafu ba tsoha, ’me Evangeli e bolelloa mafutsana. ’Me ho lehlohonolo ea sa tl’o ka a khopjoa ho ’na.”—Luka 7:20-23.
Ruri tlaleho ena e bile e khothatsang ho Johanne. e ne e le bopaki bo tiisang hore Jesu ruri o etsa mesebetsi e tsotehang e neng e tla mo tsebahatsa e le moprofeta ea hlileng a boleloa ke Moshe. Le ka letsatsi ha ho mohla ho neng ho bile le motho ea bontšang matla a mehlolo e joalo! Kahoo Johanne, ntle ho ho tlohelloa ha hae chankaneng, o ne a tiiselitsoe hore Jesu ke eena e bile e le eena feela moprofeta ea phethahalitseng seo Moshe a neng a hlile a se bolela.
Ha ho pelaelo ea letho. Le lona lefu le ka hlōloa, joalokaha ho bile joalo tabeng ea mora ea shoeleng oa mohlolohali oa Naine!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Wars of the Jews, Buka 3, khaolo 3, serapa 2; Life of Flavius Josephus, serapa 45.