‘Ka Qela Buka’
Ke se ileng sa ngoloa ke mocha oa Zimbabwe. Motsoalle o ne a e-na le “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele,” empa a hana ho arohana le eona ho sa tsotellehe ho qeloa ka matla. Leha ho le joalo, a fana ka aterese eo ho ka ngolloang ho eona ho fumana buka, a re: “Tsamaea u ithekele ea hao.” Eaba mocha oa ngola:
“Ha ke na chelete, empa kea kōpa, hle, monghali, mpolelle hore na ke bokae e le hore nka kalima chelete ho ntate ea ruileng. Kea kōpa, hle, monghali, mamela thapelo ea ka. Ke lakatsa haholo ha u ka nthomella buka ena. Ke lumela hore nke ke ka ba sehlōhō ho metsoalle ea ka joaloka moshemane eo ke ’moneng a na le buka eo. Ke tla emela karabo tsatsi le leng le le leng. Ke lilemo li 12.”
Lefatšeng lohle buka ena e batloa ka matla. E se e fumaneha hona joale ka lipuo tse fetang 40, li ka ba limillione tse 20 tse seng li tsamaisitsoe.
“Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele” e hatisitsoe ka mongolo o moholo e na le litšoantšo tse khōlō tse fetang 125, boholo ba tsona li le mebala. Litlaleho tsa eona tsa Bibele tse 116 li nea ’mali maikutlo a hore na Bibele e bua ka eng. Lipale tsena li latelana ka hore na lintho li etsahetse joang paleng. U tla fumana hona e le thuso e khōlō ho ithuta hore na ke neng kamanong le liketsahalo tse ling lintho li ileng tsa etsahala paleng. Amohela buka ena ea bohlokoa e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho rōmela leqetšoana lena.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele,” eo ke kenyang R2,50 bakeng sa eona.