‘Le Nyakalle, Lōna Lichaba, le Sechaba sa Hae’
1. Ke hobane’ng ha Bajode ba ntseng ba boloka molao oa Moshe ba sa ipaka e le “sechaba sa hae” seo lichaba li ka memeloang ho thaba le sona?
“SECHABA sa hae ke sefe seo lichaba tsohle li lokelang ho nyakalla le sona? (Ba-Roma 15:10) Ha sea ipaka e le batho ba Bajode. Bajode ba tlhaho ba ntseng ba leka ho boloka molao oa Moshe ba hloiloe le ho hlorisoa ka lilemo tse fetileng tse 1 900 ho tloha ka selemo sa 70 C.E., selemo seo ka sona ho ileng ha ripitloa Jerusalema ke makhotla a Roma tlas’a Molaoli Tite. Ho makatsang, le bona Bajode ba tlhaho ka bobona ha baa nyakalla le ‘sechaba sa hae,’ batho ba Jehova. Qetellong ea pina e bululetsoeng e ileng ea binoa ka selemo sa 1473 B.C.E. moprofeta oa Mojode Moshe ke eena ea ileng a bina a re: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae; hobane o ea pheteletsa mali a bahlanka ba hae, a itefetse ho lira tsa hae; ’me o tla etsetsa lefatše la hae le sechaba sa hae pheko.”—Deut. 32:43.
2. Ho fallisoa ha balateli ba Jesu ho tloha ‘matleng a lefifi ho kena ’musong oa Mora ea ratoang oa oona’ ho qalile neng?
2 Ha Pauluse a ne a qotsa le ho sebelisa mantsoe ao a tsoang ho Moshe, hoo e ka bang ka 56 C.E., Jesu o ne a se a shoele, a tsosoa le ho nyolohela leholimong khale, ka 33 C.E. Kahoo ho tloha ka Pentekonta ea selemo seo ho ea pele, “sechaba sa hae” sechaba sa Jehova, e ne e le barutuoa ba ineetseng, ba kolobelitsoeng le ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu Kreste. Lilemo hamorao, hoo e ka bang ka 60-61 C.E., Pauluse a ngolla litho tsa “sechaba” sa Jehova Kolose ’me a re: “Le ntse le leboha Ntate [Jehova] ea re entseng ba loketsoeng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaleli leseling; ’me o re ntšitse matleng a lefifi, oa re falletsa ’musong oa Mora oa oona ea ratoang.” (Ba-Kol. 1:12, 13) Ho fallisoa ho joalo ho ile ha qala ka letsatsi la Pentekonta ea Sejode (Sivane 6) la 33 C.E., kamor’a hore Jesu a khutlele leholimong.
3. Ka ho fallisetsoa hoo ’musong oa moea oa Mora ea ratoang oa Molimo ba ile ba fetoha eng lebitsong la Morena?
3 Mohla letsatsi leo, ka Mora oa hae ea tlotlisitsoeng oa Morena Jesu Kreste, Ntate oa leholimo a tšolla moea oa hae o halalelang pele holim’a barutuoa ba neng ba eme, ba ka bang 120 Jerusalema. Kahoo ba fallisoa matleng a puso ea lefifi ea lefatše ho kena ’musong oa moea oa Mora ea ratoang oa Molimo, Jesu Kreste, “leseli la lefatše.’’ (Joh. 8:12) ’Muso oo oa moea o ile oa hlongoa ke Jehova Molimo, ’me ho oona Jesu Kreste e le Morena oa moea a sebeletsa e le letona la naha la Jehova. Ka ho phethahatsa tšebeletso ena o sebelisa barutuoa ba hae ba tsoetsoeng ka moea ba lefatšeng e le “manqosa a Kreste.” (2 Ba-Kor. 5:20) Ho ea ka English Revised Version ke ‘manqosa a teng ka baka leo ho emela Kreste.’ “Manqosa a joalo” ruri a na le tšebeletso, mosebetsi oa ’muso.
4. (a) “Sechaba” sa Molimo seo lichaba li lokelang ho ‘nyakalla’ le sona ka baka leo se entsoe ka bo-mang? (b) Lichaba tsa Balichaba li lokela ho tlotlisa Molimo ka eng?
4 Ke manqosa a joalo a bao e seng Baiseraele ba moea ao lichaba tsohle li lokelang ho nyakalla le oona. Ka eng? Mosebeletsi eo e leng lenqosa Pauluse o arabela ha a ngolla phutheho ea Roma, a re: “Kreste e bile monemotse [mosebeletsi] oa ba lebollo ea emelang ’nete ea Molimo, hore a tle a phethe litšepiso tse etselitsoeng bo-ntate moholo; le hore balichaba ba tle ba tlotlise Molimo, ka baka la mohau ao oona.” (Ba-Roma 15:8, 9a) Mohau oa Molimo ho “ba-lichaba” e be e le ofe?
5. (a) “Mohau” oa Molimo ho Balichaba ba sa bollang e bile ofe? (b) Ke neng hona le mang “mohau” oo o ileng oa qaleha, ka ho kenngoa ho eng?
5 Morao koo lekholong la pele la lilemo C.E., “mohau” oa Molimo e ne e le ona: Jehova Molimo a lumella Balichaba ba sa bollang ho kena tlas’a “litšepiso” tseo a neng a li entse le bo-ntate moholo ba Bajode ba bolotseng. Tabeng ea bao e seng Bajode ba sa bollang, hona ho qalehile ka selemo sa 36 C.E., ha molaoli oa lekholo oa Moroma Kornele le lelapa la hae le metsoalle Sesarea ba amohela tšebeletso ea moapostola Petrose ’me ba tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo ’me ba kolobetsoa. (Lik. khaolo 10) Hore na Kornele le lelapa la hae ba ile ba tloha Sesarea ’me ba khutlela Italia hore e be litho tsa phutheho ea Roma, eo ho tla fihlela ka nako eo e neng e entsoe ka Bajode ba bolotseng ba lumelang ’me mohlomong le “baproselite,” ha re tsebe. (Lik. 2:1-10) Empa ho tloha ka nako eo ho ea pele Molimo o ile oa bontša “mohau” ho Balichaba ba lumelang, ba kolobelitsoeng ka ho ba amohela ka “’musong” oa moea oa Mora ea ratoang oa hae, ho sa tsotellehe hore ha baa bolla.
6. (a) Mehleng ea Pauluse “mohau” oa Molimo o ne o entsoe ka ho lumella lichaba hore li fetohe eng? (b) Ke hobane’ng ha bana ba kopanelang ‘mohaung’ oa Molimo ba ke ke ba kopanela litšebeletsong tsa mebuso ea lefatše?
6 Ka tsela ena “lichaba,” leha e le Basamaria ba bolotseng, Baegepeta ba bolotseng, kapa bao e seng Bajode ba sa bollang ba neoa mohau oa ho ba litho tsa ‘peō ea Abrahama,’ eo ka eona malapa a lichaba tsohle tsa lefatše a neng a tla itlhohonolofatsa. (Gen. 12:3; 22:15-18; Ba-Gal. 3:3-29) Le hoja bana hona joale ba le ’musong oa moea oa mora ea ratoang oa Molimo, bohle ba ipakang ba tšepahala ho isa lefung la bona la lefatšeng ba tla tsosetsoa ’musong oa leholimo oa Molimo. Moo ba tla busa le Kreste ka lilemo tse sekete, ho hlohonolofatsa malapa kaofela a lefatše. (Tšen. 20:4-6) Ho sa le joalo, ha ba sa le nameng lefatšeng, ba na le “tšebeletso” e holim’a bona e le ‘manqosa a emelang Kreste,’ a keneng ‘tšebeletsong ea lentsoe’ le buang ka ’muso oa Jehova ka Kreste. Ka baka lena ho ke ke ha lumellana hore e be basebeletsi ba mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena le laoloang ke Diabolose.—Lik. 6:4.
HO LUMELA PONTSENG HAR’A LICHABA
7. “Manqosa” ana a nka boemo bofe mabapi le likhohlano tsa lefatše lee, ’me ke hobane’ng ha ba ntse ba nyakalla le ho mema ba bang ho kopanela le bona ho see?
7 “Manqosa” a ’muso a nkile boemo ba ho se nke lehlakore ho hang likhohlanong tsa lefatše. A tseba hore ‘mehla ea lichaba’ e feletse ho ea qetellong ea selemo ka 1914, ka khoeli ea boraro ea Ntoa ea I ea Lefatše. (Luka 21:24) Ke nako eo ka eona nako e neng e alimiloe lichaba tsa Balichaba ho busa lefatše e ileng ea fela. Lichaba tse joalo tsa lefatše, ho akarelletsa tsa Bojakane, ka manganga li hanang ho ela hloko ’nete eo. Kahoo li hanyetsa le ho hlorisa Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse hlokomelisang ka ’nete ena. Mahloriso ’ohle a joalo a etsahala ka tsela eo a hlileng a boleloa boprofeteng ba Bibele. Ho sa tsotellehe hona hohle, “manqosa” a ’muso o hlomiloeng oa Molimo a ntse a nyakalla. A mema batho ba lichaba tsohle hore ba nyakalle le oona le ho kopanela le oona ho boleleng ’muso oo a o beileng mahetleng a Jesu Kreste.
8. (a) Ke ho tloha neng “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle bo ileng ba bokelleloa ka lehlakoreng la ’muso o theiloeng oa Molimo? (b) Bo lemoha eng ka ho hlakileng ’me bo ka nyakallela phihlelo efe e mohau?
8 Ho tloha selemo (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1935 (ka Motšeanong) “bongata bo boholo” ba batho ba lichaba tsohle ba qala ho nyakalla le “sechaba” se tlotsitsoeng ka moea oa Jehova, seo e neng e le majalefa a ’muso oa hae oa leholimo. Batho ba nyakalletseng ba bōpang “bongata bo boholo” boo ba lichaba tsohle ba thahasella ka matla ho ba bafo ba lefatšeng ba ’muso oa Molimo ka Kreste oa lilemo tse sekete. (Tšen. 7:9-17; 22:17) Ka ho hlakileng ba lemoha hore qetellong ea Mehla ea lichaba ka 1914 “muso oa lefatše o ile oa fela oa fetoha ’muso oa Morena oa rōna [Jehova] le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng.’ (Tšen. 11:15, NW) Ba ananela hore ba phela nakong ea ho tloha mebusong e ahlotsoeng ea bopolotiki ea lefatše lena ho ea ’musong oa lilemo tse sekete oa Messia kapa Kreste oa Molimo. Ba lakatsa haholo hore eka ba ka phela nakong ena ea phetoho ’me, ntle ho ho shoa, ba kene taolong eo e ncha ea lefatšeng, tlas’a ’muso oo oa Messia. Hona ekaba “mohau” o moholo oa Jehova Molimo ho bona.
9. (a) Bao ba etsang “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle ba ile ba nka bohato ka memo efe, ’me ba ho tšoantšetsa joang? (b) Joaloka ba kang linku, ba entse botle joang ho “baena” ba Kreste ba moea nakong ena ea bofelo ba tsamaiso ea lintho?
9 E, e bile “mohau” o sa tloaelehang ka lehlakoreng la Jehova hore “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li ‘boleloe lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle,’ le hore li fihlile ho tsona. (Matt. 24:14) Ho tloha selemo (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1935 bao ba etsang “bongata bo boholo” ba ikentse ba fumanehang bakeng sa “mohau” oa Molimo ’me ba arabela hantle memong ea ho ineela bobona ho Jehova Molimo ka Kreste ’me ba tšoantšelitse boineelo ba bona ka kolobetso ea metsing. Setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli, joalokaha se tlalehiloe ho Mattheu 25:31-46, se bontša hore ba tlameha ho etsa bakhethoa ba hae ka molemo, baena ba hae ba moea, hona joale ‘bofelong bona ba tsamaiso ea lintho.’ (Matt. 24:3, 31, NW) Hona ho akarelletsa ho thusa ha bona “baena” ba Kreste ba moea ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ‘muso’ ho theosa ho ea fihla ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang, ao ho seng a kang oona a kileng a etsahala pele. (Matt. 24:14-22) Ka baka la ho sebelisana le masala a ‘manqosa a emelang Kreste,’ ba kena boemong bo bocha.
10. “Bongata bo boholo” bo kene boemong bofe bo bocha, ’me bo entse tšebeletso efe le ‘manqosa a emelang Kreste’?
10 “Bongata bo boholo” ba ba kang linku ba bokanang ka letsohong le letona la Kreste la kamohelo ba sebeletsa e le baemeli ba Kreste tšebeletsong e halalelang ea ’muso oa hae. “Tšebeletso” e beiloe mahetleng a bona ho sebeletsa lithahasellong tsa ’muso oa borena, “’muso oa maholimo.” Ka tšebeletso e babatsehang eo ba e etsang le “manqosa” a ’Muso, ba bontša teboho ea bona ho Jehova Molimo.
HO NYAKALLA HA LICHABA HO HLILE HA BOLELOA E SA LE PELE
11. Ke mang eo Davida a itseng o tla binela lebitso la Hae, ’me o hlalosa eo joang?
11 Moapostola Pauluse o qotsa ho mopesaleme, Morena Davida, ha a bolela kamoo lichaba li tla tla ho tla ‘tlotlisa Molimo ka mohau oa oona,’ ha Pauluse a tsoela pele hore a re: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ka baka leo, ke tla u tumisa har’a balichaba, ke binele lebitso la hao lipesaleme.” (Pes. 18:49; 2 Sam. 22:50; Ba-Roma 15:9b) Mopesaleme ea bululetsoeng o hlalosa hore na ke Mang eo a neng a tla binela lebitso la hae, ha a phaella ka mantsoe a phethang: “O sitsa morena oa hae ka poloko e khōlō, o etsa mohau ho motlotsuoa oa hae, ho Davida, le ho moloko oa hae, ka ho sa feleng.”—2 Sam. 22:51.
12. (a) Jesu, ha e le motho lefatšeng, ‘o lumetse pontšeng’ joang Jehova har’a lichaba? (b) Ke sebakeng sefe moo Jesu ea tsositsoeng a ileng a bolella barutuoa ba hae hore na ba etse joang e le ‘manqosa’?
12 Davida e Moholoanyane, e leng, Jesu Kreste, ha a ka a etsa ho hongata ho leboha le ho phahamisa Jehova Molimo har’a lichaba tsa Balichaba ha a le mona lefatšeng e le motho ea phethahetseng. O ile a bolela hose hokae har’a Basamaria le mosali oa Syria oa Fonesia eo a ileng a lokolla morali oa hae bademoneng. Hape, boholo ba boboleli ba hae bo entsoe ho seo Esaia 9:1 e se bitsang “Galilea oa balichaba.” Hona moo o ile a etsa ntlo-khōlō ea letšolo la hae la boboleli ba ’Muso Kapernauma, e ka thoko ho Leoatle la Galilea. (Matt. 4:12-15) Hoba a tsohe bafung ke “Galilea oa Balichaba” moo a ileng a bolella barutuoa ba hae bao e neng e le ‘manqosa a emelang Kreste’ hore: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matt. 28:19, 20.
13. (a) Ke ka letsatsi lefe hona ke joang barutuoa ba emeng Jerusalema ba ileng ba rongoa bakeng sa tšebeletso ea bonqosa ea bona? (b) Ba ile ba qala hokae pontšeng ho ‘lumela’ Jehova har’a lichaba?
13 Matsatsi a seng makae kamor’a hore Jesu ea kolobelitsoeng a nee barutuoa ba hae thomo eo, ha tla letsatsi la Pentekonta la 33 C.E. Hoseng ha letsatsi leo Jesu ea tlotlisitsoeng a fetisetsa moea o halalelang oa Jehova Molimo holim’a barutuoa ba hae ba ka bang 120 ba Jerusalema. Ka baka la ho bolela ha bona letsatsing leo, Bajode le baproselite ba Bajode ba kang ba 3 000 ba amohela litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba kolobetsoa metsing. Kamor’a moo baamoheli bana ba moea o halalelang ba kopanela mosebetsing oa bonqosa e le ba emelang Kreste. Hoba mahloriso a qhome Jerusalema ba bang ba qala ho “lumela pontšeng” Jehova har’a Basamaria ’me hape hamorao le har’a Balichaba ba sa bollang ba Roma le ba bang. Ha ba utloa Jehova a lumeloa pontšeng le ho phahamisoa har’a bona, batho ba lichaba tsohle ba ne ba ka bitsa lebitso la hae ka Kreste bakeng sa poloko e mohau.
14. Moapostola Pauluse a qotsa eng e latelang ho Deuteronoma 32:43, ’me kahoo bao e leng sechaba sa Jehova ba tlameha ho etsa joang ntlheng eo?
14 Moapostola Pauluse o qotsa boprofeta bo bong ho tšehetsa khang ea hae, a re: “Ho itsoe hape: Lōna, ba-lichaba, le nyakalle le sechaba sa oona.” (Ba-Roma 15:10; Deut. 32:43) Ke joang, leha ho le joalo batho ba lichaba tsohle ba neng ba ka nyakalla le “sechaba” sa Jehova ntle leha ba utloile ka eena? Kahoo bao e leng “sechaba sa hae” ba ne ba tlameha ho bolela ka ’muso oa hae oa Messia ho bona.—Ba-Roma 10:13-15.
15. Ke ka ketso efe le ka mang ho qotsa ha Pauluse ho Pesaleme ea 117:1 ho lokelang ho lateloa e le hore lichaba li ka arabela?
15 Moapostola Pauluse o fana ka matla a maholoanyane a Mangolo ka ho bolela seo Jehova a se buileng ka ’muelli oa hae ea bululetsoeng: “Ha boela ha thoe: Lōna lichaba tsohle, bokang Morena; mo roriseng, lōna batho bohle.” (Ba-Roma 15:11; Pes 117:1) E, ho bonolo ho bua joalo, empa ke joang lichaba tseo kaofela, batho le meloko ba ka ho etsang ntle le hore re ba bolelle ka Jehova le ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho rorisoa? Ka baka leo, ho bolela ha lichaba tsohle ka ’muso oa Kreste ho hlokahala hore ho etsoe. Hona ke “tšebeletso” e abetsoeng masala a majalefa a ’Muso le “bongata bo bohlolo” bao ba sebetsang le bona.—Tšen. 7:9-17.
16. Ho qotsa ha Pauluse ho Esaia 11:10 mabapi le “lehlomela la Jese” ho lokela ho phethahatsoa joang?
16 Moapostola Pauluse o qotsa paki ea bone ho tšehetsa khang ea hae, a re: “Esaia le eena o itse: Ho tla hlaha lehlomela la Jese, e leng ea tla ema ho busa lichaba, ’me ba-lichaba ba tla mo tšepa.” (Ba-Roma 15:12; Esa. 11:10) Jese oa Bethlehema e ne e le ntate oa Davida, eo Molimo o ileng oa mo tlotsetsa ho ba morena oa meloko e 12 ea Iseraele. Davida ka boeena e ne e ke ke ea e-ba “lehlomela” la bophelo ho ntate oa hae ka nama. Kahoo “lehlomela la Jese” ka sebele e ne e tlameha ho ba Jesu Kreste, ea ileng a tsoalloa Bethlehema le lelokong la borena la Juda, leloko la habo Jese. Jesu e tla ba “lehlomela” le phelisang ntat’ae moholo oa lefatšeng Jese ka ho mo tsosa le mora oa hae Davida bafung nakong ea puso ea hae ea lilemo tse sekete.—Tšen. 22:16.
17. Ke mang, he, eo e leng “lehlomela la Jese” eo lichaba li ka beang tšepo ho eena?
17 Davida o ile a fela a ‘busa lichaba’ kamor’a hore a hape lichaba tsa bao e seng Bajode tse neng li saletse Lefatšeng la Pallo. Leha ho le joalo, joale Davida o shoele ho tloha ka 1037 B.C.E., ’me batho ba lichaba tsohle ba ne ba ke ke ba bea tšepo ea bona ho eena. Ka thabo ba ka bea tšepo ea bona ho Davida e Moholoanyane ea renang hona joale, Jesu Kreste, “motso le moloko oa Davida.” (Tšen. 22:16) Ho bea ha bona tšepo ea bona ho eena, Davida ka sebele, e ke ke ea e-ba ha lefeela, kapa ho beiloeng moo ho sa tšoanelang.
18. Ke life har’a lichaba tse seng li beile tšepo ea tsona ho Morena ea Tšepisitsoeng, ’me o se a busa bo-mang?
18 Ho tloha ka 1935 makholo a likete a “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle, meloko, batho le lipuo bo beile tšepo ea bona ho morena ea ke keng a ba soabisa. Hona ba ho paka ka ho utloa molao oa hae oa ho bolela ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matt. 24:14, NW) Tšepo bakeng sa batho bohle ba lichaba ba ’nileng ba shoa ho tloha ha ho kena sebe se bolaeang har’a batho e lutse ho Morena ea busang hona joale oa leholimo, Jesu Kreste. Hoba a buse ho tloha bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914, o busa batho ba lichaba tsohle ba lumelang le ba nang le tšepo. O sa ntsane a tla busa holim’a ba bangata, ba bangata haholo kamor’a hore a tsose batho bohle ba lopolotsoeng.
19. Na ho na le lebaka, he, la hore balumeli ba lichaba tsohle ba tlale tšepo ha nako e ntse e tsoela pele? le hore ba nyakalle?
19 Na ho na le lebaka, he, hore batho ba lichaba tsohle ba “nyakalle” le “sechaba” sa Jehova, Baiseraele ba moea? E, mabaka ’ohle a ka bang teng lefatšeng! Pauluse o phetha ho qotsa ha hae boprofeta ka tumeliso e loketseng hakaakang ka lerato! Hobane o re: “Joale, Molimo oa tšepo o le tlatse ka thabo eohle le ka khotso eohle tumelong, tšepo ea lōna e tle e ekeletsoe ka matla a Moea o Halalelang.” (Ba-Roma 15:13) Ka ho ke keng ha latoloa ke mang kapa mang thapelo eo e bululetsoeng e phethahatsoa holim’a lipaki tsohle tsa Bakreste tsa Jehova likhutlong tsohle tsa lefatše. ’Nete e bonahalang ea boprofeta ba Bibele e supa hore tšepo ea rōna e khanyang kahohle e tloha e phethahala. “Le nyakalle”!
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Molaoli oa lekholo oa Moroma Kornele le lelapa la hae le metsoalle Sesarea ba fumana molemo ka tšebeletso ea Petrose