Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/1 maq. 13-16
  • “Le se ke la Timana”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le se ke la Timana”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠlRELETSO
  • “TŠOANELO” E NANG LE MOELI?
  • BOHLOKOA BA PUISANO
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Linotlolo Tse Peli Tse Lebisang Lenyalong le Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Pono ea Hao ka Botona kapa Botšehali—E Etsa Phapang ea Eng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Banna, Bontšang Lerato la Boitelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/1 maq. 13-16

“Le se ke la Timana”

ENG? Tšoanelo ea likamano tsa botona le botšehali, tokelo ea motho ea lenyalo ho thabela likamano tsa botona le botšehali tsa molekane oa hae oa molao. Taelo e tobisoa ho banna ba Bakreste le basali.—1 Ba-Kor. 7:5.

Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse, ha a ngolla Bakreste, a ho fumane ho hlokahala ho phahamisa taba e tebileng hakaalo? Hona ke hobane’ng, kannete, e tlamehang ho ba kameho e khōlō hakaalo ho Bakreste kajeno?

Ho Bakreste ba Bakorinthe bao Pauluse a neng a ba ngolla, hoo e ka bang selemong sa 55 C.E., ba ne ba phela motseng o oeleng boitšoarong, hoo polelo “bokorinthe” e ileng ea sebelisoa ho bolela ‘ho phela ka botekatse.’

Ha e le rōna, re ka lumela hore lefatše kajeno le silafetse ka ho tšoanang boitšoarong. Ho ba bangata, bootsoa ke mokhoa o amohelehang. Mang le mang o thuloa ke botona le botšehali ka TV, libaesekopo, libuka le liphatlalatso. Hona ho hlahisa khatello e matla ea ho ea le mekhoa ea lefatše ea boitšoaro bo bobe.

Bakreste ba phela tsamaisong ena ea lintho ’me kahoo bona, le bona, ba tlas’a khatello eona ena. ’Nete ea hore Bakreste ba bang, le kamorao ho lilemo tse telele tsa ho tsamaea tseleng ea ’nete, ba ineela boitšoarong bo bobe ke bopaki ba hore khatello ena ke ea sebele haholo ’me e kotsi. Le hoja khatello e tlela Bakreste ba lenyalong le ba masooa, a re lebiseng tlhokomelo ea rōna haholo ho ba nang le balekane ba lenyalo, bao Pauluse a ileng a tobisa mantsoe a ho 1 Ba-Korinthe 7:5 ho bona.

TŠlRELETSO

Haeba u lenyalong, u ka itšireletsa joang—uena le molekane oa hao eo u mo ratang—hore le ka oela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali? Le ka ’na la ikutloa hore lerato la lōna e mong ho e mong le matla hoo hona ho ke keng ha etsahalla e mong oa lōna. Empa khaolong ea 10 ea lengolo lona leo le eang ho Bakorinthe, Pauluse a lemosa: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”—1 Ba-Kor. 10:8-12.

Khaolong ea bosupa ea lengolo la hae, Pauluse o fana ka temoso ena e le e sebetsang, a re: “Empa ka baka la ho tšaba bofebe, monna ka mong a be le mosali eo e leng oa hae, le mosali ka mong a be le monna eo e leng oa hae. Monna a nee mosali seo e leng tšoanelo, le mosali a etse joalo ho monna oa hae. ’Mele oa mosali ha oo pusong ea hae, o mpa o le pusong ea monna; le ’mele oa monna ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea mosali. Le se ke la timana, ha e se ka tumellano, ka nako eitseng.”—1 Ba-Kor. 7:2-5.

Pauluse o ne a hlokometse, joalokaha boholo ba rōna bo hlokometse, hore na takatso ea botona kapa botšehali e ka ba matla hakaakang. Ke ka baka leo a ileng a hlokomela hore tsela ea bosooa ha e bonolo bakeng sa batho bohle. Ka batho ba seng lenyalong a ngola hore: “Empa ekare ha ba sitoa ho itšoara, ba nyale; hobane ha e le ho nyala, e le ho cha, ho molemo ke ho nyala.”—1 Ba-Kor. 7:9, 37.

Le ho batho ba lenyalong, boemo bo kotsi boitšoarong bo ka hlaha haeba e mong a itherela ho tima molekane oa hae tšoanelo ea lenyalo ka nako, haholo haeba hona ho nka libeke kapa likhoeli. Ka baka “la bofebe,” le kotsi ea botona le botšehali e ka hlahang Pauluse o elelitse batho ba nyalaneng ho ‘se timane’ likamano tsa botona le botšehali.

“TŠOANELO” E NANG LE MOELI?

‘Empa butleng!’ basali ba bangata ba ka ’na ba bua joalo. ‘Na hoo ho bolela hore ke tlamehile ho lumelana le katamelo ea monna oa ka ea likamano tsa botona le botšehali neng le neng ha a ikutloa a na le tšoanelo? Haeba ke sa ikutloe joalo ho thoe’ng? Mohlomong ke khathetse kamor’a ho sebetsa ka matla letšehare lohle, mohlomong ke hlatsoa liaparo tsa lelapa. Kapa mohlomong boemo ba ka ba bosali bo ama boikutlo ba ka kapa matla.’

Boitšoaro bo joalo ka ho utloahalang bo hlaha hangata ho basali ho e-na le ho banna. Ka kakaretso, ho bonahala banna tšusumetso ea bona ea botona e le matla haholoanyane. Ba tsoheloa ke takatso habonolo. ’Me ha ho bonahale eka ho ferekana ho itseng kapa ntho e ’ngoe feela e khelosang monahano e ka ba etsa hore ba se sekamele ho itokolleng likamanong tsa botona le botšehali. Ka lehlakoreng le leng, boikutlo ba basali bo ameha habonolo, maikutlo a bona a laolehile haholoanyane. Kahoo, ho thahasella ha mosali botona le botšehali ho ka ’na ha theoloa ke ho ameha ka ho hong, ntoa pakeng tsa bana, ngoana ea kulang kapa lentsoe le hlabang la monna oa hae. Ho phaella moo, ho sebetsa ho tlōla kapa phello ea hae ea khoeli ea bosali li ka etsa hore ho kopanela ha hae likamanong tsa lenyalo e be boiteko ho e-na le monyaka.—Gen. 31:35; 1 Pet. 3:7.

Mantsoe a Pauluse ha a bolele hore mosali (kapa, monna) o lokela ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali neng le neng le ka nako efe le efe eo molekane e mong a ikutloang hore o susumeletseha ka tsela eo.

Ho na le likhothalletso tse ling tseo banna ba lerato le basali ba lokelang ho li sebelisa ho sena. “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a ’notši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.”—1 Ba-Kor. 10:24.

Ruri, monna ea lerato oa Mokreste a ke ke a batla “tšoanelo” ea hae ka ho hloka mamello ha ho totobetse hore mosali oa hae o khathetse haholo kapa ha a boemong bo botle. A leke ho hopola keletso ea moapostola Petrose e eang ho banna ho ‘phelisana le bona [basali ba bona] ka hlokomelo, ka ho re, mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola.’ (1 Pet. 3:7) Boikutlo bo botle joalo bo tla thusa monna ho lekanyetsa kapa ho laola takatso ea hae ea botona ka tsela e hlomphehang le e lerato.

Mosali ea hlohonolofalitsoeng ka monna ea nahanelang joalo ruri o mo hlonepha haholoanyane ’me hangata a ka ba a atisa hore a ikutloe a susumeletseha hore a lumele ka boithatelo, a tseba hore ka ho feletseng a ka tšepa monna oa hae hore o tla ba bonolo a nahanele.

Mosali ea bohlale le ea lerato o hlokomela hore monna oa hae o na le seo a se hlokang botoneng le hore o na le tokelo ea hore se khotsofatsoe, joalokaha monna a tlameha hore le eena a hlokomele ka ho tšoanang se hlokoang ke mosali oa hae. Pauluse o hlokomelisa batho ba nyetseng ka matla, a re: “Le se ke la timana, ha e se ka tumellano, ka nako eitseng.” (1 Ba-Kor. 7:5) Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona banyalani, ka baka la taba e tebileng ea moea kapa e ba ammeng, ba ka fihlelang qeto ea hore likamano tsa botona le botšehali ha lia lokela ka nakoana. Empa hona ho tla etsoa “ka tumellano” empa e se ka nako e telele, e le hore ho se imetsanoe ntle ho mabaka tabeng ea “boitšoaro” litakatsong tsa bona tsa botona le botšehali.

BOHLOKOA BA PUISANO

“Tumellano” e kenyelletsa puisano e ntle. Banyalani ba bang ba thabela puisano e ntle linthong tse ling empa e ba haella litabeng tse atamelaneng joalo tsa likamano tsa botona le botšehali. Koetliso ea bongoaneng, liphihlelo, kapa maikutlo ao motho a sitoang ho a ntša mohlomong li entse hore motho a ipolokele ho eena hore a ka bua ka litaba tse joalo le molekane oa hae. Hona ho ka tsoala ho se utloisisane, ho ikutloa motho a hlōlehile le ho imeloa maikutlong ho matla. Ho khutsa ha mosali ka bothata bo mo amang ho arabeleng ha hae botšehaling ho ka ’na ha etsa hore ho utloisisoe hore ke bopaki ba ho se rate, ka liphello tse bohloko. Kapa monna, kamor’a ho kula ho holelele, a ka fumana hore takatso ea hae bakeng sa likamano tsa botona le botšehali e theohile. A ka ’na a ikutloa a le lihlong hore a buisane ka sena le mosali oa hae. Empa haeba a sa ho etse, mosali o tla fihlela qeto efe? Lerato la Bokreste le tla susumelletsa banyalani ho hlōla mokhoa oa ho ipolokela litaba tse itseng tabeng ea puisano e tobileng le ea lekunutu litabeng tse joalo, ka maikutlo a phetla tsela bakeng sa thuso e lerato ea ho tsosolosa likamano tse loketseng. Senotlolo sa puisano e joalo ke ho khetha nako e molemo ka ho fetisisa. Hangata, ke bohlale ho kenyeletsa taba ha monna le mosali ka bobeli ba le maikutlong a khatholohileng le a tsitsitseng, ho e-na le ha ho imeloa maikutlong kapa mokhathala li ka khathatsana le taba.—Liprov. 25:11.

Ho joang haeba ho hlokahala ho lelefatsa nako ea ho qoba likamano tsa botona le botšehali? Mohlomong ngaka e boletse hore likamano tsa botona le botšehali e ka ba kotsi e khōlō ho e mong oa banyalani bophelong. Le hona mona, puisano e ntle ke ea bohlokoa. Ha balekane ka bobeli ba utloisisa boemo ’me ba talimane le bona hammoho, ho bonolo haholo ho e-na le ha molekane e mong ‘a kukunetsoe ka ho khutsa.’ Hape, ea ‘tinngoeng’ ka tšepo a ka lebella thuso ho Jehova hore a lule a hloekile le ho boloka liphate tsa lenyalo li sa silafala. (Ba-Heb. 13:4) Ka tlhaho, nakong eo e ka ba bothoto ho phetlehela litšusumetsong kapa maemong a ka senyang qeto e hloekileng.

Ka masoabi, balekane ba bang ba ’nile ba tingoa tšoanelo ea lenyalo ka baka la mabaka a mang. Mabakeng a mang tšoanelo ea lenyalo e ile ea sebelisoa e le sehlomo sa ho lokisa likhang, e le mokhoa oa hore ‘motho a ikele ka tsela ea hae’ kapa e le pontšo ea ho se thabe kapa ho se khotsofale ka phoso e ’ngoe kapa tlhōleho. Empa hoo ho hanana le keletso e bohlale ea Bibele: “Letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna. Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane.” (Ba-Ef. 4:26, 32) Lerato “ha le hopole bobe”; leha e le hore le ‘busetse bobe ka bobe.’—1 Ba-Kor. 13:4, 5; Ba-Roma 12:17.

Monyetla oa boimana le oona o ka ama boikutlo tabeng ea ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali. Linaheng tse ngata, tsebo ka mekhoa ea taolo ea pelehi le mekhoa ea ho fumana lintho tse thibelang kemolo li nkiloe ka tloaelo. Monna oa Mokreste, ho latela letsoalo la hae le ho buisaneng taba le molekane oa hae, a ka etsa qeto ka hore na o tla etsa joang ntlheng ena.

Leha ho le joalo, linaheng tse ling tsebo e joalo e sa lekanyelitsoe ’me mokhoa oa ho fumana lintho tse thibelang kemolo e thata. Hona e ka ba taba e boima haeba e le moetlo hore monna e be eena ea laelang hore na ke neng a ka bang le likamano tsa hae tsa botona le botšehali le mosali oa hae kapa ha ho ke ke ha e-ba joalo. Mosali a ka lebelloa hore a lumele. Empa le haeba monna o hlōlisitsoe hore a be le maikutlo a joalo, ho tla etsahala hore a fetohe hang ha a qala ho ananela metheo ea Bibele. (Ba-Ef. 2:3; 4:20-24) Ho nahanela mosali oa hae ho tla mo susumetsa hore a utloisise seo a se hlokang, ’me, haeba ho hlokahala, ho batla tsebo ea mofuta o tla mo thusa ho laola kamano ea hae le mosali oa hae le ho sebeletsa sepheo sa tumellano bakeng sa lelapa.

Ha ho neng kapa neng ho bileng le nako e kang ena eo Bakreste ba biletsoang hore ba eme ba tiile tumelong “ka hloeko eohle.” (1 Tim. 5:2) Ho feta leha e le neng pele, batho ba nyalaneng ba hloka ho tšehetsana ka lerato ho ‘sebeletsa polokeho ea bona hammoho.’ (Ba-Fil. 2:12) Haeba u Mokreste ea lenyalong, u be lerato, u be sebete, u be bonolo le ho qenehela molekane oa hao linthong tsohle, ho akarelletsa likamano tsa botona le botšehali. Hopola, le na le tlameho e mong ho e mong, “tšoanelo” eo le lokelang ho e neana. ‘Le se ke la e timana,’ empa u etse ka kameho e lerato le ho nahanela molekane oa hao. Empa kahoo thusa ho sireletsa uena ka bouena le molekane oa hao likhatellong tsa boitšoaro bo bobe. Kameho e lerato joalo e mong bakeng sa e mong ruri e tla hlohonolofatsoa ke Jehova le ho entša bophelo ba lona hammoho.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela