Ho Lehlohonolo ba Khalemeloang ke Molimo
“Jehova, ho lehlohonolo motho eo u mo laeang, eo u mo rutang molao oa hao.”—Pes. 94:12.
1, 2. Re lokela ho ikutloa joang ka khalemelo ea Molimo?
KE NENG ha uena, ka polelo kapa ketso, u qetella ho haelloa ke litsela tse lokileng tsa Molimo le litekanyetso? Mohlomong ha ho hlokahale le hore u nahanele morao haholo, mohlomong ke lihoreng tse seng kae tse fetileng kapa matsatsi, kaha bohle rea sitoa, re hlōleha ho bonahatsa hantle khanya ea Molimo.—1 Mar. 8:46; 1 Joh. 1:8-10.
2 Re ka thaba hore Jehova leratong la hae o lakatsa o bile o na le hona ho re khalemela. “Ea laeang lichaba, na a ke ke a khalemela, ha e le moo e le ea rutang batho bohle na? Jehova, ho lehlohonolo motho eo u mo laeang.” Ha re ‘lumela ho khalemeloa’ ke Jehova, re tla thaba, hobane re tla lumellana le eena.—Pes. 94:10, 12.
3. Ke litaba life tse nahanoang ka nepo?
3 Bakreste ba ka tšepa tiiso ea Bibele, “Morena o ee a laee eo a mo ratang.” (Ba-Heb. 12:6) Ka baka leo, re thabela ho fana ka monahano o theiloeng Bibeleng o amanang le ho nyatsa, pako le ho khaola. Lihlooho tse peli letotong lena li tokollong ena ea Molula-Qhooa, ’me tse tharo tse saletseng li tla hatisoa tokollong e latelang. Lihlooho tsena tse tharo li lokela ho re thusa ho fumana kutloisiso e hlakileng ea metheo ea Mangolo e amehang le ‘ho phetheha, ho tšelisana, ho ba le khopolo e le ’ngoe, ho lula ka khotso.’—2 Ba-Kor. 13:11.
4, 5. Jehova Molimo o lokisetsa hore re khalemeloe joang?
4 Hangata Molimo o re khalemela ka tsela e bonolo le e mofuthu hoo re ke keng ra hlokomela hore ke khalemelo. Mohlomong re bala ntho e ’ngoe Lentsoeng la hae e re tlosang tseleng e sa lakatseheng kapa e lokisang monahano oa rōna. Ka linako tse ling khalemelo e tsoang ho Molimo e ka toba haholo ea ba ea e-ba bohloko. Empa o tseba tekanyo le mokhoa oa khalemelo o molemo haholo bakeng sa rōna. (Jer. 30:11) Ho hotle hakaakang ha re amohela khalemelo ea hae ka boithatelo, hobane Molimo o khalemela ka baka la ho re rata joalokaha ntate a etsa joalo ka mora eo a mo ratang! Hape ke bohlale haholo ho rona hore re amohele khalemelo leha e le efe e nyenyane kapa thibelo eo Jehova Molimo a re neang eona ho e-na le hore re otloe ho fihla moo re tla felisoa.—Jer. 10:24; Ba-Heb. 12:5.
5 Ka linako tse ling Molimo o khalemela ka batho. O ne a rōmela baprofeta le baahloli sechabeng sa Iseraele. Empa a ka fana ka khalemelo ena le motheong oa motho ka mong. E mong oa “batšelisi” ba bohata ba Jobo o ile a tlameha ho lumela hore Jobo o ile a ‘khalemela’ ba bangata. (Jobo 4:3; NW; 16:2) E tlameha ebe e ne e le lehlohonolo le lekaakang ho khalemeloa ke Jobo, monna ea neng a totobetse boineelong ba bomolimo! Re ka ’na ra ipotsa, leha ho le joalo, ’na ke bulehetse khalemelo e thusang ea mofuta ona, khalemelo e tsoang ho motho empa e le e theiloeng bohlaleng bo phethahetseng ba Molimo?’
HO KHALEMELANA KA LERATO
6. Ke motheong ofe re ka khalemeloang ke moena?
6 Jesu o ile a rala motheo oa hore re lebelle ho fumana, le ho fana khalemelo e lerato. Ka mantsoe a akaretsang khopiso e matla ea botho, empa ao ka motheo a ka sebelisoang maemong a mangata, Jesu o itse: “Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, u mo khalemele; ha a baka, u mo tšoarele.” (Luka 17:3) Hape, moapostola Pauluse o ngotse hore “mohlanka oa Morena” a ‘khalemele ba bang ka sebete le ka bonolo.’—2 Tim. 2:24, 25, NAB.
7. Ho lokela ho etsahale joang tabeng ea sebe se tebileng?
7 Balisa, kapa balebeli ba khethiloeng, ka phuthehong ba thahasella Mokreste e mong le e mong, hape le ho sireletsa mohlape kaofela. (Ba-Heb. 13:17; 1 Pet. 5:2, 3) Kahoo, ha motho e mong a oela sebeng se matla, taba e lokela ho tlisoa tlhokomelong ea bona. Ea sitiloeng ka boeena o lokela ho ‘bitsa baholo ba phutheho hore ba tle ho eena.’ Kapa, Mokreste ofe kapa ofe ea tsebang ka sebe se tebileng, ka baka la kameho e khōlō bakeng sa mofosi le ho hloeka ha phutheho, a hlokomelise baholo. (Lev. 5:1) Baholo bana, ba ka tseba ho thusa motho ea oetseng phosong, ba mo sokolla ’me kahoo ‘ba pholosa moea oa hae lefung.’—Jak. 5:14, 15, 16, 19, 20.
8. Re lokela ho talima liphoso tse nyenyane tsa banab’abo rōna joang?
8 Ho na le litšito kapa liphoso tse nyenyane tseo ho tsona Bakreste ba hōlileng tsebong ba ka bang boemong ba ho fana ka khalemelo e theiloeng Bibeleng le thuso. Koana, re ikalose hore re se ke ra khesa-khesa liphoso tsa motho tse se nang taba e kaalo, kaha Molimo o re phehella hore re mamelle le ho mamellana. (Ba-Kol. 3:12, 13) Re be le ‘boikokobetso, re lekanye hobane ba bang ba re fetisa. E mong le e mong a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’ (Ba-Fil. 2:3, 4) Molimo o re tiisetsa hore “khanya ea [rōna] ke ho mamella ho siteloa ke ba bang.”—Liprov. 19:11.
9, 10. Ho ka etsoa joang ha ho bonahala moena a nka bohato bo fosahetseng?
9 Leha ho le joalo, ho ka ’na e-ba le liketsahalo tseo re bonang hore Mokreste e mong o nka bohato bo fosahetseng kapa o lebile kotsing ka baka la mohlala o mobe. Ka mohlala, ho tloaelaneng ha rōna le moena re ka ’na ra hlokomela hore o sekametse ho noa ho tlōla. Ha ho bonahale eka oa tahoa, empa ka ho hlakileng ‘o ineetse veineng.’ (1 Tim. 3:8) Kahoo ho ka fanoa ka khalemelo e thusang. Empa e fanoa ke mang?
10 Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Bangata: “Ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa.” (Ba-Gal. 6:1) Mokreste ea nang le litšoaneleho tsa moea a ka fana ka khalemelo e mosa le e bohlale ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, a ka ’na a bua ntho e ’ngoe moqoqong o akaretsang hoo e ke keng ea bonahala e fana ka keletso e reriloeng. (Liprov. 15:23) Kapa, ka lekunutu a ka ’na a fana ka mantsoe a khalemelo e lerato. Empa–’me hona ke habohlokoa—boiteko ba hae ha boa lokela ho susumetsoa ke moea oa nyatso, empa bo tsoe kamehong e lerato.—1 Ba-Kor. 13:4, 5.
11. Baena le likhaitseli Filippi ba ne ba ka thusoa joang ka bothata boo ba bang ba neng ba e-na le bona moo?
11 Hape, ho na le maemo a mang, ao ho oona baena le likhaitseli ba Bakreste ba ka thusang. Pauluse o ngotse sena ka bothata bo neng bo le Filippi:
“Ke khothatsa Evodia, ke khothatsa Syntyke, hore ba be le pelo e le ’ngoe Moreneng. Le uena, molekan’a ka oa sebele jokong, kea u rapela, ke re, u thuse basali bao ba ntlatsitseng Evangeling.” (Ba-FiI. 4:2, 3)
Ka ho totobetseng ho ne ho le teng bothata kapa phapang e bonahalang pakeng tsa basali bana ba babeli ba tlotsitsoeng ba Bakreste. Ka ho tiileng moapostola o ne a sa phehelle Ba-Filippi hore ba sekisetse ka phapang ena. Hoo ho ne ho tla arola phutheho, ho hlahisa likarohano, mōna le qhoebeshano. (1 Ba-Kor. 1:10-13; 3:2-9) Eo ke kotsi e tebileng e tlamehang ho qojoa. Empa, ntle ho ho itšunya-tšunya lipelaelong kapa maikutlong a basali, baena le likhaitseli, ho tšoana le ba ‘sebetsang hammoho,’ Filippi, ba ne ba ka fana ka khalemelo e khothatsang e isang kopanong ea Bokreste, ba tšoarela le ho sebetsa hammoho ka lerato. (Matt. 5:23-25; Ba-Ef. 4:1-6, 31, 32; Tite 2:2-5) Ha u khalemeloa ka mokhoa o reriloeng hantle joalo ke morapeli e mong, u lokela ho ho talima e le pontšo ea mosa.—Pes. 141:5.
HO ETSA KA TIEO
12, 13. Ke phoso ea mofuta ofe e khōlō e ka ’nang ea e-ba teng ka phuthehong?
12 Ka nako e ’ngoe ho ka ba le Mokreste ea phehellang tsela e sa lumellaneng le tataiso ea Molimo ’me a se ke a arabela hantle ho sa tsotellehe thuso ea baholo. Hona hase taba ea motho e mong ea mpang a e-na le phapang ea botho le e mong. Kapa hore ke feela hore motho o lokela ho hōla tsebong ea Bokreste ’me kahoo a bontša litsela tse sa tšoaneng tseo ho hlokahalang hore a ’ne a hōle ho tsona. Pauluse o ile a lumela hore ho tla ba teng Bakreste ba sa hōlang tsebong ba tla thusoa ka sebete, lerato le takatso ea ho ba bona ba tsoela pele. (Ba-Roma 14:1; 15:1; 1 Ba-Kor. 13:11; Ba-Fil. 3:15, 16) Empa, ntle ho ba joalo, ho ka ’na ha e-ba le motho ea ikhethelang ho phehella tsela eo, le hoja e sa ise sebeng se tebileng, ho hang e hananang le keletso ea Molimo.
13 Ho se ke ha re nyarosa hore nako le nako ho ka ’na ha hlaha Bakreste ba mofuta ona. Bibele e re: “Ka tlung e kholo, ha ho na lipitsa tsa gauda le tsa silevera feela, empa tsa mahong li teng le tsona tsa letsopa; tse ling ke tse hlomphuoang, tse ling ke tse sa hlomphuoeng.” (2 Tim. 2:20, 21) Phutheho e ne e tšoantšoa le ntlo eo ka ho eona ho ka bang le batho ba bang ba tšoanang le lipitsa tse sa hlompheheng, tseo litsela tsa tsona kapa tšusumetso li sa haheng. Timothea le Bakreste ba bang ba tšepahalang ba ile ba lemosoa ‘ho ipoloka ba hloekile’ lipitseng tse sa hlompheheng joalo.—Bapisa Ba-Roma 16:17.
14, 15. Ho ile ha hlaha bothata bofe phuthehong ea Thessalonika, ’me Bakreste ba ka itšoara joang bothateng bo joalo?
14 Tumellanong le kutloisiso e joalo le tšebeliso ea mantsoe a Pauluse, re hlokomela hore ho ne ho le teng taba ea mofuta ona Thessalonika ea boholo-holo. Phutheho kaofela ea eletsoa hore ba bang, bao ka ho totobetseng ba neng ba phela hantle, ba bile ba e-na le hona, ba ne ba sa sebetse. Bana ba ’maloa ba ne ba batla ho phela ka ba bang, ho fapana le keletso ea Molimo ka botsoa. Eaba Pauluse o-oa ngola: “Rea le laela, banab’eso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena oa rōna, hore le arohane le moena ofe le ofe ea sa tsamaeeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rōna.”—2 Ba-Thess. 3:6; Liprov. 20:4; 24:30; Moek. 5:12, 18; 10:18.
15 E, ho ka ’na ha e-ba le e mong ea sa ‘bakisoeng ka lipolelo,’ ho akarelletsa keletso ea Mangolo e tsoang ho baholo e eang ho phutheho, ’me o phehella ho hanana le metheo ea Molimo. Bakreste, he, ba ka ikutloa ba tlamehile ho ‘khaohana’ le eena, joalokaha Pauluse a elelitse.—Liprov. 10:17; 29:19.
“LE MO KHETHE”
16. Pauluse o ile a eletsa Bathessalonika joang?
16 A tsoela pele ka keletso e eang ho Ba-Thessalonika ka ba botsoa, ba sa eeng ka molao, Pauluse a ngola: “Ekare ha e mong a sa utloe mantsoe a rōna a lengolo lena, eo le mo khethe, ’me le se ke la kopana le eena, a tle a be le lihlong. Leha ho le joalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngoan’abo lōna.” (2 Ba-Thess. 3:14, 15) Kahoo, Bakreste ba ka ‘khetha’ e mong ea phehellang ho hlokomoloha metheo ea Molimo.
17. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho hlokomeloe ha ho sebelisoa keletso eo? (b) Jesu o itse’ng ntlheng ee?
17 Leha ho le joalo, ho hlokahala re be hlokolosi haholo ho sebeliseng keletso ena ea Molimo. Ho se phethahaleng ha rōna, re ka ’na ra thea kahlolo ea rōna ea botho ka seo re se ratang le seo re sa se rateng e le rōna, moo e kang mokhoa oa moaparo kapa boitlhopho. Empa haeba liaparo tsa khaitseli, ka mohlala, li sa tsoa tseleng, e se tse sa itlhompheng, kapa tse nyarosang baena ka kakaretso, re lokela ho hlokomela hore o na le tatso e fapaneng. (Gen. 37:3, 4; Joh. 19:23; 1 Tim. 2:9, 10) Ha rea etsoa baahloli ba baena ba rōna le likhaitseli litabeng tseo e seng tsa bohlokoa tse amang maikutlo, seo motho a se ratang kapa ho se tšoane ka letsoalo. (Ba-Roma 14:4, 10-12) Kapa, le haeba motho a fositse ho seo e hlileng e leng ntlha e fokolang, re lokela ho hopola keletso ea Jesu:
“Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahlola ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka eona; . . . U talimela’ng lehlokoana le leihlong la ngoan’eno, athe ha u lemohe tšiea e ka leihlong la hao?”—Matt. 7:1-3.
18. Ho ka etsoa joang ha e mong a tlōla keletso ea Molimo ka ho hlakileng?
18 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho le teng e mong eo ka ho totobetseng a khelohang metheo ea Molimo, mohlomong a le botsoa bo feteletseng kapa a khesa-khesa, ‘lehehle’ eo kamehla ‘a ikenyang litabeng tse sa mo ameng’? (2 Ba-Thess. 3:11) Kapa, bothata e ka ’na ea e-ba ho rera ka bolotsana ho nka lintho tsa ba bang tse bonahalang, ho kena boithabisong boo ka ho hlakileng bo sa lokelang, kapa ho kena boitšoarong bo belaetsang boo ho tla fihlela ka nako ena bo sa hlokeng khato ea boahloli.a Baholo ba lekile ho mo thusa, empa o-oa phehella ’me mohlomong o ama ba bang ka phuthehong kapa ke kotsi ho ba bang. Baholo ba ka buisana ka taba ’me ba ka abela e mong oa bona hore a fane ka puo ea Mangolo e tiileng le e tobileng ka taba eo ho phutheho. Ho sa boleloe ‘ea sa eeng ka molao’ ka lebitso, baholo kahoo ba ka tseba ho ‘koala molomo’ oa ea sa eeng ka molao joalo.—Tite 1:10-13.
19. Ba bang ka phuthehong ba ka itšoara joang ha bothata bo phehella?
19 Haeba boemo bo joalo bo ka ba teng ka phuthehong, Bakreste ka bomong ba ka ikutloa ba tlamehile ho ‘khetha’ motho eo.b Paulose o hlalosa hore na hona, ka karolo, ho ama eng, a re: “Le se ke la kopana le eena, a tle a be le lihlong.” (2 Ba-Thess. 3:14) Hoo ho tla bolela ho khaotsa ho tsoakana ka boithabiso le motho ea ‘khethiloeng.’ U se ke ua bolela kapa oa phatlalatsa qeto ea hao lekunutung, kapa hona ho leka ho “kenya ba bang moea.” Empa uena ka bouena u tla qoba botsoalle ba motho ea ‘khethiloeng,’ tumellanong le keletso e phelisang e fanoeng ke baholo ba phutheho. Leha ho le joalo, u ke ke ua mo lahla ho hang, hobane e sa ntsane e le moena oa hao, Mokreste le uena eo Kreste a mo shoetseng. Ho e-na le ho lumella lipeō leha e le life tsa ‘lehloeo’ hore li hole, u mo “nyatse.” Joang? ho phaella ho hore u be mohlala o motle ka bouena, ho utloa ha hao ka mosa empa e le ka tieo taelo “Le se ke la kopana le eena” ke mokhoa o mong oa ho khalemela. Empa u ka etsa ho hongatanyana ho thusa.—Lev. 19:17; Tite 2:7, 8.
20. Ha u ‘khethile’ e mong ea sa eeng ka molao, boikarabelo ba hao ke bofe?
20 U tla ’ne u be har’a Mokreste ea ‘khethiloeng’ libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo. Kahoo, u ka ’na ua ba le monyetla oa ho phethahatsa tlameho ea hao e amanang le ho mo ‘khetha’: “Le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngoan’abo lōna.” (2 Ba-Thess. 3:14, 15) Haeba u sa ka ua phethahatsa boikarabelo ba hao ka tšobotsi ena ea keletso ea Molimo, empa ua tšoara ea ‘khethiloeng’ joalokaha eka ke sera, tsela ea hao mohlomong ke e seng lerato joaloka ea hae.
21. Sepheo sa tokisetso ena ea Mangolo ke sefe?
21 Tšepo e teng ea hore ea ‘khethiloeng’ o tla ba le lihlong. A ka hlokomela hore ke tataiso ea Mangolo ea hore le qobe ho kopanela le eena boithabisong. Taeo ena e ka mo thusa ho tiisa “ke hona matsoho a tepeletseng le mangole a tetemang; . . . hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.” Ka baka la palo e khōlō ea baena ba kopanelang le phutheho ea Molimo kajeno, ho ka etsahala hore e be seoelo Bakreste ba tlamehang ho ‘khetha’ moena ea sa eeng ka molao. Empa ha hona ho etsahala, mohlomong khalemelo, e kopaneng le keletso e lerato e tla ‘hlahisa khotsong litholoana tsa ho loka.’—Ba-Heb. 12:11-13.
HO KOPANA LE KOMITI EA BAHOLO
22, 23. Linyeoe tsa sebe se tebileng li lokela ho sebetsoa joang? (Num. 35:12; Deut. 19:11, 12)
22 Joalokaha re hlokometse (serapeng sa 7), motho ea entseng ‘libe tse tebileng’ o hloka tlhokomelo ea ‘baholo ba phutheho.’ (Jak. 5:14, 15) Banna bana ba boemong bo botle ba ho fana ka khalemelo ea bomolimo ho motho ea imetsoeng ’me a oetse sebeng se tebileng. ba ka fana ka thuso ea moea eo a e hlokang.’—Liprov. 6:23.
23 Hangata komiti ea baholo ba bararo e hlophiselitsoe ho sebetsa taba ea phoso e tebileng. Ha ba sebetse e le baahloli feela kapa ‘mapolesa a moea.’ Ke balisa ba mohlape, ’me ba ipaka ho ba joalo ha ba sebetsana le mofosi ka mong. Molisa oa linku tsa sebele ha a bontše moea oa boiphetetso, mantsoe a hlabang kapa ho tšoaea liphoso. Le baholo ha baa lokela, ba moo ho thusa, e seng ho heletsa. (Juda 23) Sepheo sa bona ke ho sokolla moetsalibe tseleng ea hae, haeba hoo ho ka etsahala,—Jak. 5:19, 20.
24. Baholo ba leka ho etsetsa mofosi eng?
24 Empa, ha ba sebetsana le sebe se tebileng, baholo ba tlameha ho ‘tšoarella ka matla lentsoeng le tšepahalang’ ba ‘khothatsa ka thuto ea pholoho, le ho hlōla bahanyetsi.’ (Tite 1:9) Kahoo ba se ke ba checha ho totobaletsa mofosi ka Mangolo ho fosahala ha tsela ea hae le hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore a lokise tsela ea hae. Ba batla hore a bake le ho tla khotsong le Molimo hape.—1 Pet. 3:10-12.
25. Ho sa lokela hore ho ithutoe litaba life?
25 Ke joang, leha ho le joalo, baholo ba ka nyatsang bafosi? Pako ea bomolimo ke eng? E bontšoa joang? Baholo ba ka sebetsa litaba tsa sebe se tebileng tseo ho bontšoang pako ho tsona joang? Na mofosi o lokela ho nyatsoa ka pel’a phutheho kaofela? Litaba tsena ho tla buisanoa ka tsona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlala oa ho laetsana ha motho a sa lokoloha ka Mangolo hore a ka kena lenyalong hape ho buisanoe ka oona ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa February 1, 1981.
b Ho ‘Khetha’ motho ho bolela ho mo hlokomela ka ho khethehileng. Bapisa tlhokomelo e ntle e boleloang ho Pesaleme ea 37:37; Ba-Filippi 3:17; le Baheberu 13:7.
[Lebokose le leqepheng la 22]
RE AMEHA JOANG KHALEMELONG EA MOLIMO?
Ka linako tse ling Molimo o re khalemela ka Bibele kapa ka lithuso tsa ho ithuta Bibele.
Kapa Mokreste, haholo-holo moholo, ka lerato a ka hlokomelisa ka phoso ea rōna.
Haeba ba bang ba hana ho tlohela tsela e sa eeng ka molao, baholo ba ka tlameha ho hlokomelisa le ho lemosa phutheho ka tsela eo kapa tšekamelo.
Joale re tla lokela ho ikutloa ka bonngoe hore re lokela ho “khetha” (2 Ba-Thess. 3:14, 15) leha e le bafe ba sa eeng ka molao.
Ha re etsa joalo, re tla qoba ho kopanela boithabiso le ba joalo, EMPA hape re lokela ho phethahatsa tlameho ea rōna ho thusa le ho eletsa ka lerato ba joalo ba sa eeng ka molao, hobane e ntse e le banab’abo rōna ba Bakreste.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha u bona Mokreste oa heno a leba kotsing, na u ka mo eletsa ka mosa?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
‘Le ’ne le thuse’ ba hlokang khothatso e khalemelang, ho elelitse Pauluse