Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/15 maq. 13-17
  • Letsatsi Bophelong ba Moromuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi Bophelong ba Moromuoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEPHEO SA RŌNA JOALEKA BAROMUOA
  • MOKHOA OA RŌNA OA TŠEBELETSO LETSATSI KA LETSATSI
  • TOKISETSO E NCHA
  • LETSATSI LA HO PHEHA
  • MOEA OA LELAPA OA ’NETE
  • NA HOA TŠOANELEHA?
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Cheseho ea Boromuoa—Letšoao la Bakreste ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • “Letsoho la Jehova le ne le E-na le Bona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Etsa Barutuoa ba ’Nete Kajeno
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/15 maq. 13-17

Letsatsi Bophelong ba Moromuoa

“NA eo e ne e le tšepe ea 6:30?”

“Mohlomong e ne e le tšepe ea 6:45 ’me re saletsoe feela ke metsotso e mehlano ho ea lijong tsa hoseng. Iphomolele, uena, e ne e le ea 6:30. Re sa na le nako e ngata.”

Ena ke puisano ea sebele ea hoseng pakeng tsa ka le eo re kopanelang kamore le eena. Re sa ntsane re fumana 6:30 e le hoseng haholo ho tsoha, le hoja re ho entse ka lilemo tse ngata. Joaloka Lipaki tsa Jehova tse phelang lehaeng la boromuoa mona Taipei, Taiwan, re phutheha le baromuoa ba bang bakeng sa puisano ea moea ea hora ea bosupa ea pele ho lijo tsa hoseng.

Litho tse fapa-fapaneng tsa “lelapa” la rōna li pheha ka matsatsi a sa tšoaneng, rea reka, re hloekisa ntlo le litšoanelo tse ling. Hoo ho akarelletsa ho letsa tsona litšepe tseo tse re thusang ho lokela lijo le mesebetsi e meng.

SEPHEO SA RŌNA JOALEKA BAROMUOA

Ka ho utloa lentsoe “moromuoa,” u ka ’na ua ba le pono ea mooki ea apereng bosoeu, kapa tichere e rutang bana sebakeng sa motsana o mong o thōko. Empa eo hase eona thōmo eo Jesu a e romileng balateli ba hae. O ba laetse hore ba etse barutuoa. (Matt. 28:19, 20) Kahoo, joalokaha ho le joalo ka Lipaki tsa Jehova kae le kae, mosebetsi oa rōna o moholo ke ho ruta batho linnete tsa Bibele kabelong ena ea rōna naheng esele.

Joaloka baromuoa, re sebetsa lihora tse 140 ka khoeli e ’ngoe le e ’ngoe mosebetsing oa ho bolela le ho ruta. Ho fumana ba batlang ho ithuta haholoanyane ka Lentsoe la Molimo, halofo ea nako eore e sebelisa re kena ka ntlo le ntlo, re buisana le batho ka Bibele menyakong ea bona. Joale nako e saletseng re e sebelisa re boetse re etela hape bao nakong e fetileng ba bontšitseng ho khahlehela molaetsa oa ’Muso, re tsamaisa lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng le batho ka bomong le malapa a batlang ho ithuta haholoanyane. Ka ho latela mokhoa oa ho ithuta o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle, re fumana ho etsahala hore re thuse Mabuddha le ba bang, bao pele ho moo ba neng ba sa tsebe letho ka Bibele, hore ba ithute lithuto tsa eona tsa motheo. Hona ho ka ’na ha nka likhoeli tse tšeletseng kapa sona selemo, empa ha ba fumane kutloisiso ena, batho ba ba boemong bo molemo ho etsa qeto hore na ba batla ho ba Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste kapa che.

MOKHOA OA RŌNA OA TŠEBELETSO LETSATSI KA LETSATSI

Bophelo ba rōna bo likoloha litabeng tsa moea. Hoo ho ikarabella bakeng sa puisano ea rōna ea hoseng ea Mangolo ka Sechina sa Mandarin, puo ea molao ea Taiwan. Lipuisano tsena li etsa hore re qalise letsatsi re hlasimohile re le matla tumelong. Ka linako tse ling li bile li kenyelletsa le lintho tse tšehisang, joaloka nakong ea ha moromuoa e mong e mocha a ile a tšeloa ka litšeho tsa ba bang ha a hlalosa temana e ’ngoe ea Bibele. O ne a sa bone mohlolo oa letho polelong ea hae ea hore Jesu ke Moprista e Moholo oa rōna. Bonyane, ke seo a neng a nahana hore o se buile. Ka bomalimabe, phoso e nyenyane e ne e entse hore tlhaloso ea hae e bolele hore Jesu ke tsuonyana e khōlō!

Kamorao ho lijo tsa hoseng, ho nkoa metsotso e 15 ho itloaetsoa ho sebelisa mantsoe kapa lipolelo tse ncha tsa Sechina. Re leka ho tseba a 20 ka beke. A ngoloa blakaborotong ’me, hoseng ho hong le ho hong, khaitseli oa Mochina ea lulang lehaeng la rōna o leka ka matla ho otlolla puo ea rōna. Re ananela thuso ea hae ho ntlafatsa lipolelo tsa rōna le mokhoa oa ho bitsa mantsoe (ho akarelletsang molumo ka Sechina), hobane boiteko ba hae bo re thusa hore re bee hamolemo ho ruteng Lentsoe la Molimo.

Joale re qhalana ka thapelo ’me re lokisetsa mosebetsi oa rōna oa letsatsi. Boholo ba rōna re sebetsa lihora tse peli ho isa ho tse tharo hoseng re etela batho ka ntlo le ntlo sebakeng seo re se abetsoeng. E, baromuoa ba bang le ba bang ba babeli ba na le sebaka sa motse seo ba lokelang ho ineela ho sona. Re leka ho fumana batho ba thahasellang ’me butle-butle re hahe sehlopha sa barorisi ba Jehova seo qetellong se ka fetohang setsi sa phutheho e ncha ea Lipaki tsa Jehova.

Mona mosebetsi oa bopaki o etsoa joaloka kae kapa kae lefatšeng. Leha ho le joalo, ho na le ho se tšoane ho itseng. Phapang e ’ngoe ke hore na re fihla joang sebakeng. Ke sa hopola hantle hore ntho e ’ngoe ea pele e ileng ea lula maikutlong a ka ke hore [linaha tsa] Bochabela li phiphitha ka batho. Eo ke sebetsang le eena re palama libese ha re ea leha re khutla. Li ngata empa li tletse ho se nang thuso. Linakong tsa ha ho potlakiloe, hona u lokela ho ho bona e le hore u ka ho kholoa. Hona joale re se re tloaetse ho kena ka potlako le ho tsoa ka potlako ka beseng. Leha ho le joalo, pele re tloaelana le sena ho ne ho tloaelehile hore re fumane hore mekotlana ea rōna ea libuka e saletse ka beseng ka monyako o koetsoeng ha rōna re tšoarelletse ka matla maqhoeleng! Baromuoa ba bangata ba ikhethela ho sebelisa lithuthuthu tse nyenyane, kaha tsena li le molemo haholoanyane li bile li sa lefelloe ka matla haholo.

Joalokaha ho le joalo lefatšeng mehleng ena, batho ba ntse ba belaella ba bang haholo. Empa botsoalle ba batho ba Machina re atisa ho bo bona ha re kena menyakong ea bona. Re sa ntsane re fumana ho tloaelehile hore hothoe re kene ka tlung ’me re fuoe litulo, hammoho le tee kapa metsi a chesang hoo re tlamehang ho lelefatsa puo ea rōna ho fihlela a tsoa moea hore re ka a noa! Taiwan ho tloaelehile hore le batho ba nang le thahasello e nyenyane Bibeleng ba nke libuka tsa rōna tsa Bibele. Kahoo, re na le hona ho sia libuka tse ngata malapeng, ’me libuka tsena li ee li baloe ke batho ba bang ba thahasellang haholoanyane ho feta ba neng ba re mametse pele.

Ha re boela ho batho, re fumana hore ba bangata, ho akarelletsa ba tumelo ea Buddha kapa ba bang ba latelang khopolo ea Confucius, ba utloisisa hore re ka buisanang hape ba bile ba lumela thuto ea kamehla ea Bibele ea beke le beke. Ke kahoo ke nang le hona hore ke tsamaise lithuto tse 10 kapa ho feta tsa Bibele ka beke, ke khaoletsoa feela ke nako eo ke nang le eona bakeng sa mosebetsi ona. Ba bangata ho batho bana ba hle ba tle libokeng tsa rōna qalehong feela, hoo karolo ea 20 ho isa ho ea 50 lekholong ea batho e bang teng ho feta Lipaki tse sebakeng seo.

TOKISETSO E NCHA

Joaloka baromuoa, re hlokometsoe hantle haholo. Watch Tower Society e hlokomela hore baromuoa ba phelang sebakeng sesele ha ba na hona ho itlhokomela joalokaha ba ne ba ka ho etsa habonolo linaheng tsa habo bona. Ha e le hantle, linaheng tse ngata, mebuso e qaqisa hore baromuoa ba ke ke ba sebetsa mosebetsi oa ho iphelisa. Ka baka leo, re etselitsoe litokisetso tsa seo re se hlokang nameng. Ha re lefuoe, empa Mokhatlo o re hirela kapa o re rekela ntlo e loketseng bakeng sa sehlopha sa baromuoa se tla beng se sebetsa motse. Mabakeng a mangata Taiwan, hona bo bolela hore batho ba bane kapa ba robeli ba tla lula lehaeng la baromuoa. Leha ho le joalo, kaha ’na le motsoalle oa ka re phela lehaeng la boromuoa leo hape le nang le ofisi ea lekala ea Mokhatlo, re na le batho ba ka bang 18 ba phelang mona.

Ho lokiselitsoe chelete ea hore baromuoa ba tsebe ho reka lijo le ho lefa rent, lintho tse sebelisoang, le tse joalo. Ho phaella moo, re fumana thuso e nyenyane ea botho e re nolofaletsang hore re reke lintho tse hlokahalang bophelong ba rōna ba tsatsi le leng le leng. Taiwan ena e ka tlasenyana ho $10 (U.S.) ka khoeli. Hape re fumana thuso ea ho koala litšenyehelo tsa ho tsamaea, ’me Mokhatlo o lokiselitse tšenyehelo ea botho e tšoanelehang ho re thusa ho reka liaparo tse hlokahalang, ho lefella tsela ea rōna ho ea likopanong le tse joalo. Kahoo re leboha haholo hore ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka lintho tse bonahalang empa re ka neela nako ea rōna le tlhokomelo e feletseng sepheong sa rōna sa boromuoa.

Re tseba hore litokisetso tsena tsohle li teng ka baka la meneelo e lerato ea balumeli hammoho le rōna ba sitoang ho kopanela ka ho toba tšebeletsong ea boromuoa naheng esele, re leka ho bontša kananelo ea rōna ka litsela tse peli tse khōlō. Pele, re leka ho etsa hore tšebeletso ea rōna ea boromuoa e be e molemo kamoo re ka khonang, sa bobeli, re talima chelete e le e tsoang ho Morena ’me kahoo re leka ho e sebelisa ka bohlale. Letsatsi la ho pheha le fana ka monyetla oa ho etsa hoo.

LETSATSI LA HO PHEHA

Re abetsoe e mong le e mong ho pheha ka letsatsi le itseng—letsatsi la ho pheha, kamoo re le bitsang kateng.

Hang ha ho fetile nako ea lijo tsa hoseng ’me ho hlatsoitsoe lijana, re ea ’marakeng. Hoseng, limmaraka tse peli tse haufi le lehae la rōna li na le meroho e mecha, nama, hlapi le litholoana ka botle bo fetisisang. Barekisi ba Machina ba rata ho rekisa ka monyaolo, ’me hona ho monate haholo, ha ka nako eo ho thusa ho boloka chelete. Re fetohile litsebi tsa hore na re ka reka eng ka nako ea eona le hore re lefe bokae, e le hore re ka sebelisa karolo eo ea chelete ea lehae hamolemo e beiloeng tlhokomelong ea rōna ka letsatsi la motho la ho pheha.

Re fumana meroho e mengata le litholoana tseo re neng re sa li tsebe. Ka ho utloahalang, re ne re batla re ferekana hore na re ka li reka kaha re sa tsebe hore na li sebelisoa joang. Empa, u se ke ua itšoenya. Ha u botsa morekisi hore na li phehoa joang o thabele ho u bolella. Kahoo re se re thabela meroho e mecha e kang makhapetla a “sweet potato” le o mong o likhutlo li tharo o nang le thunthung ka holimo o batlang o nkha joaloka konofolo. Ka ho ithuta ho sebelisa lijo tsa moo, re ja hantle re bile re sa senye tokisetso leha e le efe ea Morena.

Ka likhoho tse phelang, hlapi e phelang, kolobe e sa tsoa bolaoa le nama ea khomo le meroho eohle e litafoleng, moea le monko o ’marakeng li fapana le seo re neng re se tloaetse linaheng tse ling. Ka mohlala, ho ’na ho ile ha hlokahala boitšoaro bo matla ho koebetella seboko se neng se nyoloha ’metsong oa ka ka lekhetlo la pele ha ke bona morekisi a nka thipa ’me a khaola molala oa khoho eo moreki a neng a nkile nako ho e khetha!

Ho phaella ’marakeng ka kakaretso, ha ho makatse ho bona litsela li tletse ka pontšo e li koalang ea liaparo, masela le lijonyana tse rekisoang. Haeba re sa nke nako ke ho makala, re ka reka ka potlako ’me ra khutla lapeng ho ea lokisa lijo tsa motšehare, tseo e leng sona sejo se seholo sa letsatsi lehaeng la rōna. Mantsiboea e mong le e mong o-oa ingoathela, kaha hona ho lumella ho tenyetseha kemisong ea bohle ba tsamaisang lithuto tsa Bibele motšehare oa mantsiboea le mantsiboea. Hona hape ho fana ka nako mohla letsatsi la rōna la ho pheha ho etsa mosebetsi oa ntlo le ho hlatsoa le ho lokisetsa ka mekhoa e meng tšebetso ea rōna ka matsatsi a tlang a supileng.

MOEA OA LELAPA OA ’NETE

Le hoja lehae la rōna e le lelapa le leholoanyane ho feta mahae a mang a boromuoa Taiwan, re na le moea oa lelapa ka sebele. Ka mohlala, re na le thuto ea rōna ea lelapa mantsiboea ka Mantaha. Pele re nka hora re ithuta Bibele ka thuso ea Molula-Qhooa. Joale re ithuta karolo ea e ’ngoe ea libuka tsa morao-rao tsa Mokhatlo, e le hore le hoja re sa na le tse ling tsa libuka ka Sechina, re na le hona ho bapa le boitsebiso ba morao-rao. Tafoleng ea rōna lijong tsa hoseng re bala liphihlelo le litlaleho tsa Yearbook of Jehovah’s Witnesses le taba e tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso (ka Sechina) eo re tla beng re buisana ka eona sebokeng sa phutheho bekeng eo. Ka linako tse ling, re kopana hammoho kapa re ee “pikniking” re le sehlopha. Hona hohle ho re etsa hore re be lelapa haholo.

NA HOA TŠOANELEHA?

Babali bang ba ka ’na ba ikutloa hore ntoa ea ho ithuta puo e ncha ho ka fetola bophelo ba boromuoa moroalo ho feta kamoo bo tšoanelehang. Empa ha ke ikutloe ka tsela eo, le hoja ho sa ba bonolo ho ’na hore ke ithute Sechina. Ka mohlala, ho tseba hore tlhokahalo e khōlō ea ho bolela ‘litaba tse molemo’ sebakeng sa rōna hoa susumetsa ka mehla ho ’na. E, le hoja palo ea Lipaki e imenne hararo e sa le ke fihlile mona Taipei, empa ha re khone ho koahela sebaka sa rōna leha e le hang feela ka selemo! Nako le nako, ba lapetseng ho loka ba utloa molumo oa ’nete, leha e boleloa ke moromuoa ea nang le tsebo e nyenyane ea puo. Nahana ka phihlelo ena, e ileng ea thabeloa ke e mong moromuoa hammoho le ’na lilemo tsa ho feta.

O ne a bile Taiwan ka likhoeli tse tharo ’me a sa ntsane a ithuta Sechina ha a teana le seithuti se senyenyane sa univesithi se tsoang lelapeng la Bobuddha. Bophelo ba ngoanana enoa bo ne bo tletse ka liphihlelo tse ngata tse bosula, ho akarelletsa ho shoa ha litho tse peli tsa lelapa. O ne a bile likerekeng tse ling tsa Bojakane ho leka ho fumana matšeliso, empa ntle ho katleho, ’me a belaela hore na moromuoa enoa e mocha a ka mo thusa.

Ho tloha qalong feela, moroetsana a khahloa ke tsela eo ka eona moromuoa, ho sa tsotellehe tsebo ea hae e nyenyane ea puo, a neng a tseba ho sebelisa Bibele ho arabela lipotso tsa hae. A phakisa a tla libokeng ’me a tsoela pele kapele. Kamorao ho ho ithuta Bibele ka likhoeli tse robong, a thabela ho ba paki e ineetseng le e kolobelitsoeng ea Jehova. Ka lilemo tse ngata ngoanana enoa o sebelitse e le pulamaliboho ea thusang a neela lihora tse 60 ka khoeli mosebetsing oa boboleli oa ’Muso, le hoja a sebetsa e le tichere ea sekolo. Hona joale o tlohetse mosebetsi oo ’me ke setho sa lelapa la Bethele la Taipei. Ho ne ho ka ’na ha boleloa liphihlelo tse ngata tse joalo ho bontša hore ruri-ruri hoa tšoaneleha ho ba moromuoa naheng esele.

Motho e mong le e mong ea pelo e tšepahalang o thabela ho kopanela lintho tse molemo le ba bang, ’me ke sona se susumelletsang Lipaki tsa Jehova ho cheseha mosebetsing oa tsona oa ho bolela le ho ruta, ho sa tsotellehe hore na li iphumana hokae. Empa ke ho nka e le letlotlo ho sebetsa moo ba limillione ba s’o bone Bibele. Ke thabo e kaakang ho thusa ba bang ho tseba ka tšepo e babatsehang e ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo! Le hoja baromuoa ba sa lefuoe, meputso ea rōna ke e phahameng. Ena e akarelletsa kamano e haufi le ba bangata ba Bochabela bao ka baka la mosebetsi o masene oa baromuoa ba tsoang linaheng tse ling, ba furaletseng borapeli ba litšoantšo bo se nang molemo oa letho ho ea ho Molimo o phelang Jehova. Rōna ka bōrōna re utloile mahlohonolo a maholo a hlahisoang ke ho tšepa Jehova ka ho feletseng le phutheho ea hae e bonahalang ha re iketsa ba fumanehang bakeng sa tšebeletso ea boromuoa naheng esele.

Kahoo, le hoja ruri ’na le motsoalle oa ka ha ho ne ho ikhetheloa re sa batle ho tsoha hoseng haholo, re thabela hore ho na le ea letsang tšepe eo ka 6:30 hoseng ho hong le ho hong. Hoo ho re etsa hore re qalise e sa le hoseng letsatsi leo re tsebang hore le tla tlala tšebetso e thabisang le e tšoanelehang ea boromuoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Boithuto ba puo bo etsoang hoseng bo sebelisoa hamorao tšebeletsong ea ’Muso

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela