Na u Kile ua Thetsoa ke Lebitso la Phahlo?
NA U kile ua reka ntho e ngotsoeng lebitso le e bolelang ka mokhoa o hohelang, e le hore feela u fumane hore ha e lumellane le seo e boleloang hore e sona? U ile ua soetseha haholo, na ha ho joalo? Mohlomong ua etsa qeto ea hore u ke ke ua hlola o reka ntho eo hape. Batho ba baloang ka limillione kajeno ba bile le phihlelo e joalo ka bolumeli. Pele ba ile ba hoheloa ke lebitso “Bokreste” eaba joale ba lelekoa ke seo ba ileng ba se bona le ho se latsoa.
Ka lipalo, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bane o bolela hore ke Mokreste. Mafatšeng a Amerika le Europa karolelano e bile e phahame haholoanyane. Empa na lipalo li bolela ’nete? Uena litaba tsa hao ke life? Na u kolobelelitsoe bolumeling ba Bokreste? Haeba ho joalo, na u inka hore u Mokreste? Kapa na ke lebitso feela?
E le papiso ea seo re se bolelang, ha re etseng mehlala e ’meli: Spain, naha ea Bok’hatholike, le United Kingdom, naha ea Boprostanta. Buka e ’ngoe ea tsebo e thathamisa ka peho ea bolumeli ea Spain bakeng sa karolo e bohareng ea bo1960 ka mokhoa o latelang: Roma e K’hatholike, 31 200 000; Boprostanta, 43 000; Bojode, 5 000. Ka hoo, ka polelo ea molomo, 99,85 lekholong ea Spain, ke Bokreste. Empa, joalo ka linaheng tse ngata Spain e na le karolo ea eona ea ba sa lumeleng hore Molimo o teng, ba sa tsebeng hantle hore na Molimo o teng kapa che le bao e neng e le Mak’hatholike le Maprostanta ka nako e fetileng empa ba se ba sa nke karolo teng. Bonneteng ba taba ha se karolo ea 99,85 lekholong e eang kerekeng beke e ’ngoe le e ’ngoe, kapa le ha e le selemo se seng le se seng!
Ho joalo le ka United Kingdom, le hoja ho eona ho le joalo haholoanyane. Buka eona eo ea tsebo e fana ka baahi ba bolumeli ka mokhoa o latelang: Kereke ea Chache, 27 500 000; Roma e K’hatholike, 6 000 000, ’me lipalo tse ling e le bakeng sa mekha e saletseng e meholo ea bolumeli. Ke ba bakae ho bao ba 27 500 000 bao e hlileng e leng litho tse eang kerekeng ka sebele tsa Chache? Lequloana feela, ha re talima litaba ka palo e boletsoeng ka molao ea ba bang teng [Kerekeng]. Ha ho ee leha e le karolo ea 10 feela lekholong ka nako eo ho tloaelehileng hore ho be teng batho ba bangata ea “Easter.”
Ebe joale hona ho supa eng? Hore ha ngata phapang e teng pakeng tsa lebitso le ntho ea sebele. Ke taba e ’ngoe ho ipolela hore motho ke Mochache kapa Mok’hatholike, empa hape ke taba e ’ngoe ho ba setho se mafolo-folo sa litumelo tseo. Ka mokhoa o tšoanang, ke taba e ’ngoe ho ipolela hore motho ke Mokreste, empa ka sebele ke taba e fapaneng ho hang ho ba Mokreste, kapa motho ea kang Kreste.
U ka ’na ua botsa, “Hantle-ntle Mokreste ke eng?” Maikutlo ha a tšoane ka sena, empa ak’u bone hore na ebe a hao a lumellana le a mang ho ana a tloaelehileng:
Mang le mang ea lumelang ho Jesu Kreste.
Mang le mang ea kileng a kolobetsoa kerekeng ea Bokreste.
Motho eo e leng setho le ea eang kerekeng ea Bokreste.
Mang le mang ea sa tlatlapeng eo a ahisaneng le eena le ea thusang ha a khona.
Motho ea phelang ka Bibele.
Ke feela ba “tsoetsoeng hape.”
Ke feela ba lumelang ho mopapa.
E, maikutlo a mangata ebile ha a tšoane, hoo mongoli oa tsa bolumeli le ea rutang ka tsa bolumeli Ninian Smart a ileng a susumetseha hore a ngole hore: “Bokreste ke pharela e kholo hara litumelo tse kholo. . . . Bo oela litumelong tsa khale tsa Bochabela, Bok’hatholiking le ho kenella likerekeng tse sa tšoaneng tsa Boprostanta le lihlopha. . . . Bo ee bo lumelle ntoa le boiphapanyo, boitlami le meetlo, puso ea marena le puso ea sechaba ka sechaba, ho bolela le litšebeletso tse etsoang ka ho khetheha, batho ba bohlale ba batho le ba hanang bohlale ba batho.”
Empa na hoo e hlile ke ’nete? Na Bokreste ba ’nete bo hlile bo ka lumella ntoa, meetlo le liketso tse ngata hakana tse hanyetsanang tse ’nileng tsa lumelloa Bojakaneng lilemong tse fetileng tse mashome a itseng? Bokreste ba ’nete ke eng? Hona na Bokreste ba kajeno ke ba ’nete?