Ho Mamella Kamor’a Tahlehelo e Sehlōhō
Kamoo ho boletseng Elise Harms
LILEMONG tse fetileng tse mashome a mane, ka la 8 Pherekhong, 1941, monna oa ka, Johannes Harms, o ile a bolaoa ke Manazi. Hobane’ng? Hobane letsoalo la hae le ne le ke ke la mo lumella ho kopanela ntoeng, a bolaea batho ba bang ba kang eena ka lehlakoreng le leng la ntoa le loanang le Manazi. O ne a hanne ho roka Hitler ka tieo. Johannes o ne a se letsoalo ho boloka ho se nke lehlakore ho joalo ha Bokreste leha ho se ho mo hloka bophelo ba hae.
Nke ke ka lebala lengolo le amang maikutlo leo a neng a le ngolle ntat’ae, Martin, pelenyana a bolaoa. Monna oa ka a ngola:
“Joale le ’na, ke neiloe monyetla oa ho paka botšepehi ba ka ho Morena, ho ea lefung, e, ka botšepehi e seng feela ho ea lefung, empa le ho fihlela lefung. Ke se ke boleletsoe hore ke ahloletsoe lefu ’me ke tlamiloe bosiu le motšehare—mengoapo (e pampiring) ke ea mahlaahlela—empa ha kea s’o hape ka ho feletseng. Ho tšepahala ho thatafaletsoa e mong le e mong eo e leng paki ea Jehova. Ke sa na le monyetla oa ho pholosa bophelo ba ka ba lefatšeng, empa e le hore feela ka ho etsa joalo ke lahleheloe ke bophelo ba sebele. E, eo e leng paki ea Jehova o neoa monyetla oa ho roba selekane sa hae leha a se a le moo ho bolaeloang. Ka baka leo, ke sa le khabong ea ntoa ’me ke sa tšoanetse ho hlōla ho hongata pele nka bolela hore ‘ke loanne ntoa e molemo, ke bolokile tumelo; joale ke se ke boloketsoe moqhaka oa ho loka oo Molimo, moahloli oa ho loka, a tlang ho ’nea oona.’ Ntoa ke e mahlonoko ntle ho pelaelo, empa ka pelo eohle ke leboha Morena hore ha a mpha matla a hlokahalang feela ho ema ho tla fihlela joale har’a lefu empa hape o mphile thabo eo ke ratang ho e kopanela le baratuoa bohle ba ka.
“Ntate, moratuoa, u sa ntsane u le litlamong le uena, le hore na lengolo lena le tla fihla ho uena, ha ke tsebe. Haeba ho ka etsahala hore u lokolohe, u tšepahale joalokaha u tšepahetse hona joale, hobane ua tseba hore mang le mang ea beileng letsoho la hae mohomeng ’me a hetla ha a tšoaneloe ke ’muso oa Molimo. . . .
“Ha uena, ntate, moratuoa, u khutletse lapeng, tiisa hore hle u hlokomela ka ho khethehileng Lieschen ea ratehang oa ka, hobane ho tla ba thata haholo ho eena, a tseba hore moratuoa oa hae a ke ke a hlola a khutla. Kea tseba hore u tla ho etsa, ’me ke u leboha le pele ho moo. Ntate, moratuoa, ke ipiletsa ho uena ka moea, tšepahala, joalokaha ke lekile ho tšepahala, joale re tla boela re bonane le uena hape. Ke tla u nahana ho fihlela motsotsong oa ho qetela.”
Mohlomong ua ipotsa hore na ho ile ha etsahala joang ka ntate oa Johannes le ’na hoba a bolaoe. Na re mamelletse, re lula re tšepahetse ho Jehova, joalokaha Johannes a re khothallelitse?
Ntate oa Johannes, Martin, o ne a le kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen ha Johannes a bolaoa, ’me a lula teng ho fihlela qetellong ea ntoa. Joale a khutlela lapeng Wilhelmshaven le ho thusa ho tsosolosa phutheho ea Lipaki tsa Jehova moo. A sebeletsa Jehova Molimo ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1976, a le lilemong tse ntle tsa ho hōla tse 90.
Ha e le ’na, hona joale ke phela ntlong e nyenyane mona Wilhemshaven, moo ke hōletseng teng le moo ke ileng ka nyalana le Johannes ka 1936. Le hoja bophelo ba ka bo se botle hakaalo, e, ke sa ntsane ke le mafolo-folo joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Na ke ile ka kena lenyalong hape? Che. Bonneteng, ka Mangolo ke ne ke lokolohile ho nyaloa hape. Empa mohopolo oa ho fumana thabo liatleng tsa monna e mong, kamor’a hore Johannes a loane hakana hore a tšepahale—che, ho ’na monahano oo ha o ka oa ipiletsa ho hang.
Pele ke hlalosa hore na ke eng se ileng sa nthusa hore ke mamelle lintho tse ngata ka lilemo tsena tse fetileng tse 40, e re pele ke khutlele morao ho u bolella ka maemo a ileng a etsa hore Johannes a bolaoe.
Ho Tšoaroa le ho Bolaoa
Jonannes o ile a tšoaroa ka la 3 Loetse, 1940. O ne a tšoaroa ka lekhetlo la bobeli hoba re nyalane. ’Na le ngoan’eso re ne re na le hona ho mo etela hang kamorao ho libeke tse tharo kapa tse ’ne. Ha re mo etetse ka lekhetlo la bobeli ra tseba hore o ahloletsoe lefu. Kahoo ha nka ka tšohanyetsoa hakaalo-kaalo ha a khaoloa molala ka la 8 Pherekhong, 1941, le hoja che ke ’nile ka nyaroha. Ha nkimela ka matla.
Empa ke ne ke tseba hore Johannes ha a shoa e le senokoane. Hape ke ne ke tseba hore ba boholong ba lekile hangata ho mo etsa hore a sekisetse. Ke ne ke tseba hore na o fetile linakong tse thata hakaakang. Ho ne ho se letho le lekaalo leo ke neng nka le etsa ho mo thusa. Eare ha ke tsebisoa hore o bolailoe, ka ikutloa ke lopolohile ho tseba hore ho fetile. Ka nakoana, ka itebala, ke nahana feela: “Joale ba ke ke ba hlola ba mo etsa hore a sekisetse. Ha ho sa le kotsi ea hore a se tšepahale. O mamelletse ka botšepehi ho isa lefung.”
Re ne re e-na le lilemo tse ’ne le likhoeli tse robeli feela re nyalane. Kaha re ne re lebeletsane ka lilemo tse tharo, re ka be re ile re nyalana kapele, empa ra ’na ra ho chechisa. Re ne re tseba mathata ao re ka ’nang ra tlameha ho a toba. Le ka nako eo, mehla e ne e le thata Jeremane. Ha e le hantle, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe ka har’a naha.
Ha ntate oa Johannes (ea neng a sebeletsa kahlolo ea hae ka lekhetlo la bobeli) a lokolloa ka mohlolo teronkong, ra sebelisa monyetla oo hore re chate. Ke sa ntsane ke hopola hore e ne e le letsatsi le letle la Loetse ka 1936. Re ne re thabile hammoho joaloka batho ba nyalaneng ho fihlela ha Manazi a tšoara Johannes.
Ho Ipoloka hore ke se Koate
Batho ba bang ba lumella liketso tse bohloko li ba koatise. Ba qala ho belaela lerato la Molimo. Ba mo tšoaea phoso, ba bile ba teba hoo ba belaelang hore na o teng. Ha Johannes a bolaoa, ke tsebile hore ke ka lebaka; o ne a bolaeloa ho tšepahala ho Molimo. Empa likhoeli tse tšeletseng feela kamor’a ho lahleheloa ke Johannes, lefu la otla hape—’mè a shoa! Hona, ke tlameha ho lumela, ha batla ho nketsa hore ke koatele Molimo. Ka ipotsa: “Ke hobane’ng, nakong ea mahlomola a ka, ha eena, motho eo ke mo tšepileng hore a ntšehetse, a ka shoa le eena?”
Leha ho le joalo, nakoana kamorao ho moo ra utloa hantle ho tšosa ha ntoa—likulo tse neng li theoloa ka lifofane, ka mohlala, tseo ho hang li batlileng li senya metse e meng ea Jeremane. Kaha ke ne ke tlameha ho sebetsa hore re phele, ka qala ho inahana: “Ke mang ea neng a tla hlokomela ’mè nakong ee e thata, hoja ebe o sa phela? Kaha o ne a foufetse, ke mang ea neng a tla ba le nako ea ho mo thusa ho ea moo ho itšireletsoang lithunya?” Ho ne ho tla ba thata hakaakang bakeng sa hae! Eaba ke ntse ke tsitsa butle-butle, ke hlokomela hore ka linako tse ling Jehova o lumella lintho tseo re sa li utloisiseng, empa tseo kannete li bontšang hore ‘o tletse mehauhelo le lereko.’ (Jak. 5:11) Ka kholoa hore ha feela ke boloka boikutlo bo loketseng le ho mo tšepa ka ho feletseng, kamehla lintho li tla sebetsahala hantle molemong oa ka.
Mohlala o mong ke ona. Re ne re e-na le ntlo e likamore li ’ne. Leha ho le joalo, ha monna oa ka a bolaoa, ka lahleheloa ke tokelo ea ho e boloka. Ka laeloa hore ke tsoe. Empa ke ne ke tla ea hokae? Joalokaha eka ke ka mohlolo, mosali oa mohlanka oa sesole, ea neng a fallisetsoa sebakeng se seng le monna oa hae, a lokisetsa hore ke nke likamore tse tharo tsa ntlo eo ba neng ba e sebelisa. Le teng, ebile ka pelo e mahloele ke ileng ka tloha sebakeng seo ’na le Johannes re neng re phela ho sona. Empa, u nahana hore ho ile ha etsahala joang ka sona hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng hamorao? Sa senngoa ho hang ke likulo tse theohang holimo!
Ho Tšelisoa—ke Molimo e seng Motho
Nakong eo ka eona Johannes a bolaoang, ke ne ke sebetsa ofising. Ha bao ke sebetsang le bona ba utloa hore na ho etsahetse joang, ba leka, ka tsela ea bona, ho ntšelisa. Ba ne ba ’memela meketeng ea bona ea boithabiso. Le hoja ke ne ke ananela boiteko ba bona bo botle, ka fumana thabo ea ’nete sebakeng se seng—ho Jehova Molimo le Lentsoe la hae, Bibele.
Ho ne ho e-na le linako tseo, ka masoabi, ba bang ba neng ba sa bue lintho tse khothatsang. Ke hopola ka lekhetlo le leng ha mosali e mong a re (’me ke nakoana hoba Johannes a bolaoe): “Ke molato oa hao; ho ne ho sa hlokahale hore ho etsahale. Ke molato oa Johannes ka boeena!”
Ke ntho e sehlōhō hore e ka boleloa? E, ka kutloisiso eitseng, leha ho le joalo—’me ka mo bolella sena—o nepile. Ebile ‘molato oa rōna.’ Johannes a ka be a ho qobile. ’Me hoja ka leka ho mo qophella hore a sekisetse, mohlomong le ’na nka be ke ho qobile. Empa ke ne ke thabile hakaakang hore ka bobeli ba rōna re ne re lutse re le matla moeeng ’me re mamelletse! Ke ne ke thabile hore ke hara ‘karolo ea molato.’
Koana, ke ’nile ka ba le linako tse bohloko. Empa Jehova ‘o mohau haholo,’ ’me o ’nile a tšelisa ka mehla. Ka linako tse ling ho tla ka litsela tse sa tloaelehang haholo. Ke hopola Sontaha se seng hoba Johannes a bolaoe. Boemo ba leholimo bo ne bo le bosula. Hona, le sohle seo ke fetileng ho sona, ruri se ne se ntepeletsa. Ka qeta boholo ba letsatsi leo ke lla, ke kena ka kamoreng ena ke tsoa ke ea ho e ’ngoe ’mè a ntšetse morao, a leka ho ntšelisa. Ka loana le likhapha tsa ka, empa ke sitoa ho li laola. Ke hopola ke nahana: “Bonyane u ne u fumana lengolo hang ka khoeli, empa joale u ke ke ua hlola u le fumana—leha e le mola o le mong feela! Hoja feela nka fumana lengolo le le leng feela hape—ke re le le leng to!”
Hamorao, hona mohlang oo, ka ea moo ho bolokoang liphahlo ’me ka qala ho sheba har’a lintho tsa monna oa ka tse ileng tsa rōmeloa hae hoba a bolaoe. Har’a tsona ho ne ho le teng mokotlana o monyenyane oa letlalo o neng o sebelisetsoa ho boloka lipene le lintho tse ling. Ka tšohanyetso, ka hlokomela hore lehlakore le leng le toma ho feta a mang. Ho bonahala hore ho na le ho hong kahare. Ka o bula, ka kenya menoana ka hare ’me ka ’na ka ntša likotoana tsa lipampiri. E, ke mangolo ao Johannes a neng a a ngotse ka mongolo o mosesaane haholo, joaloka boikhopotso. E ne e le mangolo a 20 kaofela! U ka inahanele feela hore na ke ile ka ikutloa joang. Lengolo le le leng e ne e tla ba mohloli oa thabo. Empa a 20? Ke hopola ke tšepisa Jehova: “Nke ke ka hlola ke belaela hape!”
Lilemo tse Monate tsa Kamorao ho Ntoa
Ka lilemo tse fetileng tse 40 ha ho mohla nkileng ka nahana ho tela. Ke tla be ke ho etsetsa’ng? Johannes o ile a tlatsetsa ho Jehova ka ho tšepahala ho isa lefung; nka tlatsetsa ka hore ke mamelle ha feela ke sa ntsane ke phela. (Bapisa Ba-Roma 12:1.) Bonneteng, ha hoa ba bonolo, ’me ne nke ke ka tsoella ka bonna. Thapelo e bile thuso ea bohlokoa haholo ho ’na. ’Me ho bolella ba bang ka ’muso oa Molimo e bile lehlohonolo la sebele ho ’na. Neng le neng ha ke utloa masoabi a nkaparela, ke ea tsoa ho ea kopanela ho boleleng ‘litaba tse molemo.’ Ho leka ho tšelisa ba bang ka molaetsa oa Bibele ho nketsa hore ke lebale mathata a ka.
Hamorao, ka tseba ho tlohela mosebetsi oa ka oa boipheliso. Joale ka ba le nako e ngata hore ke bolelle ba bang ka ‘litaba tse molemo.’ Paki ea mpha koloi e nyenyane e le hore nka bolela libakeng tse thōko, ’me ka tseba ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba thabelang. E ’ngoe ke sa e hopola ka ho khethehileng.
Ka etela mosali e mong Labone motšehare oa mantsiboea ’me ke hopola ke re ho eena: “Ho ka ba molemo haholo ha re ka buisana ka lintlha tsena ka mokhoa o latellanang ka buka.” A lumela. Joale ka eketsa: “’Me re na le libōka tse babatsehang. Nka tla u lata ka Sontaha, haeba u rata ho tla.” Kaha ke ne ke sa batle ho senya nako, ka hla ka toba taba!
A lumela ho tla sebokeng. Kahoo Sontaha se latelang motšehare oa mantsiboea ka kokota monyako ha hae, hore feela ke bolelloe hore: “Kena hose hokae. Monna oa ka o nts’a itokisa.”
“Eng?” Ke lumela hore ke ile ka bonahala hore ke hloletsoe. “Monna oa hao le eena o batla ho tla?”
’Me a fela a tla. Hamorao, ka ba bolella ka libōka tse ling tsa rōna ’me le tsona ba qala ho tla ho tsona. Ba phakisa ba kolobetsoa, ’me ha qalisoa thuto ea buka ea phutheho lapeng ha bona. Kajeno, hoo e ka bang lilemo tse 30 hamorao, e sa ntsane e tšoareloa moo.
Thabo ea Mamello
Ha ke hetla morao, nka bolela hore ke thusitsoe ke lintho tse ngata hore ke mamelle. Pele ho tsohle, ’na le Johannes re ile ra leka ho lula re lokile, ho nahana hore na ke eng e ka ’nang ea etsahala tseleng ea liteko. Tabeng ea rōna, ho nahana ka boemo pele ho nako le ho rera hore na re batla ho etsa joang ke sona se ileng sa re thusa ho loana ka katleho ha ho fela ho etsahala.
Hape ra qoba ho etsa eng kapa e neng e ka thatafatsang liteko tsa rōna. Ka mohlala, joaloka batho ba sa tsoa nyalana, ha rea ka ra ikenya melatong e sa hlokahaleng. Hona ho ka be ho entse hore boemo bo be bobe haholo bakeng sa rōna—rōna ka bobeli.
Ho theosa le lilemo ha nka ka lebella ho hongata ho ba bang. Ka linako tse ling re ka nahana hore baena ba rōna ba Bakreste ha ba re etele hangata kapa ha ba re ele hloko ka ho lekaneng. Empa ke hobane’ng ha nka rata ho ba amoha nako le matla tseo ba li hlokang bakeng sa malapa a bona le boikarabelo bo sa tšoaneng ka phuthehong? Ke ananela hore ha ke sa lebelle ho hongata ho ba bang, nke ke ka soetseha habonolo. Ketso leha e le efe ho nahanela le ea mosa e ntlelang e bolela ho hongata hakaalo ’me e mpha lebaka le leng la ho leboha Jehova.
Bonneteng, ntho e nthusitseng ka ho fetisisa hore ke mamelle e bile ho tšepa Jehova, ke isa mathata ’ohle a ka ho eena ka thapelo.
Lengolong la ho qetela leo Johannes a ileng a ngolla lona, lihora pelenyana a bolaoa, a bolela monahano ona o lutseng le ’na ho tloha ka nako eo le o nkhothalitseng hore ke mamelle: “Ha re batle ho tšepahala ho Molimo oa rōna ka baka la moputso, empa e le hore ka ho tiea ha rōna tšebeletsong ea hae re ka paka hore batho, ba kang Jobo, ba ka tšepahala tlas’a maemo a lekang ka ho fetisisa.”
Johannes o ne a tla thaba hakaakang ha a ne a ka tseba ka nako eo seo ke se tsebang hona joale! O ne a tla thabela ho tseba hore ntate oa hae, kamorao ho mashome a ka bang mahlano a lilemo tšebeletsong ea Jehova, o ile a tšepahala ho isa lefung, le hore lilemo tse 40 hoba a bolaoe ’na ‘Lieschen ea ratehang’ oa hae, ke sa balelloa har’a ba thabileng ba loanelang ho mamella ka botšepehi.
“Ho fihlela nako ena, rea lapa, rea nyoroa, re hlobotse, rea jabeloa, ’me re hloka setša. Re khathala ke ho sebetsa ka matsoho a rōna; leha re sejoa, re hlohonolofatsa ba bang; leha re hlorisoa, re mameletse.”—1 Ba-Korinthe 4:11, 12.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Jonannes Harms le tsebiso ea lefu la hae li amohetsoe li tsoa ho ba boholong ba Manazi