Na u Bontša Kameho?
‘KE BONTŠA ho ameha ka eng?’ u ka ’na ua botsa joalo. Mopesaleme Davida oa arabela:
“Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena . . . ke tla boka lebitso la hao ka mehla . . . Ke tla nahana bokhabane le khanya ea boholo ba hao, le liketso tse hlollang tsa hao.”—Pes. 145:1, 2, 5.
‘Litaba’ tse amanang le mosebetsi o babatsehang oa Jehova oa ho thea ’muso oa Messia bakeng sa ho hlohonolofatsa batho bohle ruri li tla tlisa ‘khanya e kholo’ ‘boholong’ ba Jehova. Litaba tsena ke tsa bohlokoa haholo le ho feta tsa botho. Na ka baka leo re li ela hloko ka ho tšoanelehang?
Ka ho loketseng, bakeng sa 1981 temana ea selemo ea Lipaki tsa Jehova ke e reng: “Bakhethoa ba hao ba tla u boka. Ba tla bolela khanya ea ‘muso oa hao.’—Pes. 145:10, 11.
Ho tšepahala boreneng ba Molimo ke tekanyo ea hore na re amehile hakae ka litaba tsa mosebetsi oa ’Muso o etsoang hona joale lefatšeng.
JESU O BEA MOHLALA
Re na le mohlala o babatsehang hakaakang oa ho tšepahala boreneng ba Molimo ho Mora oa letsibolo oa Molimo! Kamehla o ’nile a bontša thahasello e khōlō le kameho bakeng sa mesebetsi e babatsehang ea Molimo. Pele e e-ba motho oa nama o hlalosoa e le “mosebeletsi e moholo” ’me o ne a ‘thabela le bana ba batho.’ (Liprov. 8:30, 31, NW) Ha Mora oa Jehova a tla lefatšeng, a bontša kameho eona eo ka ho sebetsa le Ntate oa hae, ‘ho thabela bana ba batho ka tsela eona eane.’ Hoba a folise motho ea holofetseng ka letsatsi la Sabbatha, Jesu a re: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.”—Joh. 5:17.
Jesu o ile a ikitlaetsa a sa khathale, bosiu le motšehare, ho hlokomeleng litaba tsohle tse amanang le ’muso oa Molimo. Hona ea e-ba bopaki ho bohle ba shebelletseng ka tieo hore ke Mora oa Molimo. Ha ho fihla nako ea hore Jesu a tele bophelo ba hae ba lefatšeng lefung, o ne a le khotso ke hore a ka re: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.” (Joh. 17:4) E, Jesu Kreste o ne a bontšitse ho ameha haholo ka likhahleho tsa ’Muso oa Ntate oa hae, e le motšehetsi le ’moleli ea tšepahalang oa ’Muso.
Ha Jesu a sa na le barutuoa ba hae, a ba ruta ho ameha ka mokhoa o tšoanang ka batho, hore ba be le takatso e tšoanang ea ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso. (Matt. 9:37, 38; 10:1-15) Bakreste bao ba pele ba bontšitse kameho ea bona joang? E mong le e mong o pakile hore o tšepahala ’Musong ka ho bolela ka boeena ‘litaba tse molemo.’ Ba bangata ea e-ba baboleli ba nako e tletseng. Bana ba ne ba ka rōmeloa likabelong tse hole tsa boromuoa. Baapostola ba bang le “baholo” ba Jerusalema, ntle ho mosebetsi oa bona oa ho bolela, ba ne ba amohela ka boithatelo boikarabelo ba ho lebela boboleli bohle bo etsoang. (Lik. khaoh. 15) “Baholo” ba bang ba ne ba amohela ho lebela liphutheho tsa libaka tseo ba leng ho tsona. (Lik. 14:23) Ho feta moo, Bakreste bao ba pelenyana ka thabo ba ne ba tlatsetsa lithusong tse khethehileng tsa phallelo ho thusa bana babo bona ba hlokang ba libakeng tse ling.—Ba-Roma 15:26.
E, banna le basali, ba baholo le ba banyenyane, ea e-ba ‘ba sebetsang le Molimo,’ ‘ba sebelisanang ’neteng,’ ‘ba sebelisanang bakeng sa ’muso oa Molimo.’ (1 Ba-Kor. 3:9; 3 Joh. 8; Ba-Kol. 4:11) Ba sebelisa mokhoa o mong le o mong oa puisano o neng o tsejoa mehleng eo ho fihla likarolong tse hole haholo tsa sebaka sa bona. Ka boithatelo ba tela tseo ba nang le tsona hore ba finyelle sepheo sena. (2 Ba-Kor. 12:15) Molimo oa ba hlohonolofaletsa kameho ea bona e tšepahalang eo ba e bontšang bakeng sa mosebetsi oa ’Muso.
KE BO-MANG BA BONTŠANG KAMEHO KAJENO?
Jesu le Bakreste baa ba pele ba re sietse mohlala o motle hakaakang hore re ka o latela lekholong lee la bo-20 la lilemo! Ka baahi ba lefatšeng lena ba ntseng ba eketseha kamehla, kajeno kotulo e khōlō ho feta lekholong la pele la lilemo. Ha ho bapisoa le tšimo e sephara e teng hore e kotuloe, “basebetsi” ba sa “fokola” ka palo. Kahoo ho sa hlokahala hore re kōpe Morena hore “a rōmele basebetsi kotulong ea hae.”—Matt. 9:37, 38.
Kajeno, ke bo-mang ba tšepahalang bao ka boithatelo ba arabelang pitsong e potlakileng ea ho nka bohato? Lipaki tsa Jehova li bontša ho ameha ka litaba tsena tse amanang le ’muso oa Messia o babatsehang oa Jehova. Hona ho pakoa ke boboleli ba tsona bo etsoang lefatšeng ka bophara ba ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Matt. 24:14, NW) Joaloka lekholong la pele la lilemo, joale re fumana banna le basali, ba banyenyane le ba baholo ‘ba sebetsa hammoho bakeng sa ’muso oa Molimo.’ Takatso feela ea bona pele tsamaiso ena ea lintho e fela ke ho re ba bue joaloka Morena oa bona, ‘re phethile mosebetsi oo u re neileng oona hore re o etse.’
Ka lilemo tse fetang 70 joale mosebetsi ona oa ho bolela o etsoang lefatšeng ka bophara o ’nile oa tsamaisoa ho tloha ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Mona le makaleng a 97 lefatšeng lohle ho na le basebetsi ba ithaopileng ba 5 039 ba bontšang ho ameha ka lithahasello tsa ’Muso. Joang? Ka ho neelana ka nako e tletseng ho lokiseng, ho hatiseng le ho poseng limillione-millione tsa Libibele, libuka, libukana le limakasine. Tsena li sebelisoa ke Lipaki tse fetang 21⁄4 ea limillione mosebetsing oa tsona oa ho bolela le ho ruta. E mong le e mong ho basebetsi bana ba fetang 5 000 ba baithaopi o fuoa thuso e nyenyane bakeng sa litšenyehelo le ho apara hammoho le lijo tse tšoanelehang le ntlo.
Ka baka la katoloho e potlakileng ea mosebetsi oa ’Muso linaheng tse ngata ho ile ha hlokahala ho atolosa mokhoa oa khatiso. E meng e se e phethiloe; e meng ke hona e ntseng e hahuoa. Boholo ba mosebetsi oa ho haha o etsoa ke baithaopi, kahoo ho theoloa litšenyehelo tsa ho haha.
Lilemong tsa morao tjena, ho namalalitsoe haholo mekhoeng ea ho hatisa, ’me mekhoa ena e mecha e ntse e kenngoa makaleng a mangata hammoho le ntlokholo ea Lipaki tsa Jehova. Molemo o mong oa katoloso ena le mosebetsi oa ho haha ke hore ho ka lebeloa mosebetsi oa ho bolela hamolemo haholoanyane liphuthehong tse 43 181 tsa Lipaki tsa Jehova. Ho etsoa e le hore molaetsa o hatisitsoeng o ka fanoa ka mokhoa o molemo haholo le o ipiletsang, hape le hore mosebetsi ona oa bohlokoa haholo o ka phethoa pele ho qhoma ‘mahlomola a maholo.’—Matt. 24:21.
HO EE HO ETSAHALE JOANG?
Ba bang ho babali ba rōna ba ka ’na ba ipotsa hore na ho etsahala joang ho phetha mosebetsi o joalo oa katoloso har’a tšenyehelo tse ntseng li phahama tsa mohaho, hammoho le litšenyehelo tse phahamang tsa ho tsamaea le ho phela. Ho etsahala feela hobane ho na le ba bangata ho Lipaki ba baloang ka likete, le ba bang ba bangata ba thahasellang tsela eo re rapelang ka eona, ba bontšitseng “ho ameha” selemong se fetileng. Joang? Ka meneelo ea bona ea boithatelō le ka likalimo ho Watch Tower Society.
Ho bohle ba ithaopang joalo, re re, Re leboha haholo ka kameho ea lōna e lerato litabeng tsena tse amanang le mosebetsi oa ’muso oa Jehova.
Matsoho a lōna a bulehileng a nolofalitse tsoelopele e potlakileng ka merero e mengata ea ho haha le ho reka le ho hahelloa ha thepa ea ho hatisa e ncha. Hape ho thusitse hore chelete e fumanehe e fetang limilione tse 22 tsa lidolara ho thusa ho phelisa bahlanka ba nako e tletseng ba likete-kete. Bana ba akarelletsa balebeli ba tsamaeang, baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka ho arolelana ka mosa ka tsela ena, hape le ka ho kopanela ka bolona ho boleleng ‘litaba tse molemo,’ ruri ‘le tlotlisa Jehova ka matlotlo a lōna a bohlokoa.’—Liprov. 3:9.
Re kholisehile hore Jehova o tla susumetsa lipelo tsa barapeli ba hae ba tšepahalang ho bontša kameho e khōlō selemong sena. Meneelo leha e le efe e amanang le mosebetsi oa Jehova e lokela ho rōmeloa ofising ea lekala ea Watch Tower Society naheng ea heno. Ho ba phelang Afrika e ka boroa, meneelo le likalimo li ka rōmeloa Private Bag 2, Elandsfontein 1406. Moneelo o mong le o mong o amoheloang Mokhatlo o tla ngola lengolo ho bontša hore o amohetsoe.
Khotsofalo e khōlō le thabo li thabeloa ke ba tlotlisang Jehova le ba bontšang ho ameha ka litaba tse amanang le ‘liketso tse hlollang tsa hae.’ Na u bontša “kameho” e joalo? Re na le tšepo ea hore ho joalo, hobane ke kahoo u ka thabelang mahlohonolo a khotsofatsang haholo a moea a tsoang letsohong le fupurulohileng la Jehova.—Pes. 145:15, 16.