Mattheu a Bolela: ‘Messia o Tlile’
KE liketsahalo life tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse kileng tsa etsahala paleng ea batho? Ntle ho pelaelo leha e le efe, e bile tsoalo, tšebeletso, lefu, tsoho le ho nyolohela leholimong ha Jesu, Mora oa Molimo.
Tumellanong le motheo oa Molimo hore ‘ke ka molomo oa lipaki tse peli kapa tse tharo,’ taba e ’ngoe le e ’ngoe e lokelang ho pakoa, Jehova Molimo a hlokomela hore litlaleho tsa ho tsoaloa ha Jesu lia tlalehoa ho paka bonnete ba liketsahalo tsena. (Deut. 17:6; 2 Ba-Kor. 13:1) Batho ba bane bao a ba sebelisitseng ke Mattheu, Mareka, Luka le Johanne. Ho hlokomelehile hantle ka bangoli bana ba bane hore e mong le e mong o na le sehlooho sa hae se khethehileng, sepheo sa hae ka boeena, ha e le hantle botho boo e leng ba hae bo bonahalang ’me kelellong ea hae a hopotse ka babali ba hae.
Ka Mattheu, oa pele ho bangoli bana, ha re tsebe ho hongata hakaalo. Leha ho le joalo, re fihlela qeto ea hore e ne e le motho ea itekanetseng, hobane ke tlalehong ea hae feela moo re fumanang hore e ne e le molekhetho ea nyatsehang. (Matt. 9:9) ’Me hase feela balekhetho ba neng ba nyatsuoa! Tabeng e ’ngoe, ba ne ba emela joko ea Baroma moo e neng e utloisa bohloko haholo, ka pokothong! Ho feta moo, ba ne ba tsebisahala ka ho sebelisa hampe matla ao ba neng ba a filoe, ba fetoha ba ratang leruo! Mantsoe a molekhetho Zakea, a bontša sena. Hoba Jesu a tle lapeng ha hae pelo ea Zakea ea fetoha, a re: “Ha ke amohile motho ntho e ’ngoe ka thetso, ke busetsa ho eena ka tse ’ne.” (Luka 19:8) Empa ho bonahala eka pelaelo ke e fokolang ka hore Mattheu e ne e ka ba moemeli ea bokellang chelete ea sa tšepahaleng ho seng joalo Jesu o ne a ke ke a mo memela hona mosebetsing oa hae hore e be molateli oa Hae.
Ho ea morao nakong ea ho se mamele ha Adama Edeneng, Jehova Molimo, ka puo e tšoantšetsang, o ne a hlile a bolela ho tla ha Messia, a bua ka eena e le “peō ea mosali.” E sa le pele nakong ea Morena Davida ho ile ha buuoa ka enoa e le motlotsuoa oa Molimo. Moprofeta Daniele ka ho khethehileng o hlile a bolela ka ho tla ha Messia. (Gen. 3:15; 22:17, 18; Pes. 2:2; Dan. 9:24-27) Hore Messia eo e neng e le khale a lebelletsoe o ne a fihlile qetellong ruri e ne e le litaba tse thabisang haholo hoo Mattheu a sa kang a senya nako ho ho bolela ka Molaetsa oa hae. Ka bopaki bo molemo haholo bo teng, ho bonahala eka o ile a ngola tlaleho ea hae hoo e ka bang ka 41 C.E.
LITŠOBOTSI TSE TOTOBETSENG
Ho hlakile hantle hore Mattheu o ne a rerela tlaleho ea hae ea Molaetsa ho ba borokho pakeng tsa liketsahalo tse tlalehiloeng ka Mangolong a Seheberu le tse amanang le bophelo ba Messia. Ho ea ka bopaki ba bangoli ba pele ba pale ba kereke, pele Mattheu o ngotse ka Seheberu ’me a etsa kopi ea Segerike ea Molaetsa oa hae. Ho tšehetsang boikutlo bona ke ’nete ea hore sohle seo a se qotsitseng mangolong a pelenyana ha a ea se nka ho Septuagint Version ea Segerike, joalokaha ho atisa ho ba joalo ka bangoli ba bang ba Melaetsa, empa litemaneng tsa Seheberu. Tumellanong le sehlooho sena sa hore ruri Kreste e ne e le Messia ea hlileng a boleloa, Mattheu, ho feta ba bang, o bontša kamoo bophelo ba Jesu le liketso li ileng tsa phethahatsa boprofeta ba Bibele. (Bapisa Mattheu 8:6, 7 le Mareka 1:34 le Luka 4:40.) Mattheu hape, ho fapana le bangoli ba bang ba Melaetsa, o hatisa sehlooho sa ‘’Muso oa maholimo,’ hoo molaetsa oa hae o bitsoang “Molaetsa oa ’Muso.”—Matt. 4:17; 5:3; 11:12; 22:2.
Hore Mattheu o ne a kile a sebetsa e le molekhetho ho bonahala lengolong la hae. Taba ea bohlokoa, o ne a ananela haholo mosa o sa tšoanelang oo a o filoeng e le molekhetho hore e be moapostola oa Messia. Kahoo re mo fumana a tlaleha ka ho khethehileng ho hatisa ha Jesu ’nete ea hore mohau e seng feela mahlabelo o-oa hlokahala. Ho khahlisang, ke Mattheu feela ea re neang mantsoe ao a tšelisang a Jesu a ileng a qala ka memo: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla!”—Matt. 9:9-13; 11:28-30; 12:7; 18:21-35.
Hore Mattheu e ne e kile ea e-ba molekhetho ho boetse ho khanya tseleng eo a hlokomelang lipalo ka eona. Ke eena feela ea re bolellang hore Judase o ile a eka Jesu ka lichelete tsa silevera tse 30. (Matt. 26:15) Ho feta moo, moo ba bang ba ngolang taba ka bonngoe kapa ba ngola ntho e le ’ngoe, Mattheu eena o qaqisa haholoanyane ’me o bolela lintho tse peli kapa o li ngola ka bongateng. (Bapisa Mattheu 4:3; 8:28; 20:29, 30; le Mareka 5:2; 10:46, 47; Luka 4:3; 8:27; 18:35-38.) Ha e le hantle, ho bonahala Mattheu a ne a rata lipalo haholo. Ke kahoo Thapelong ea Mohlala khaolong ea botšelela re fumanang a beile likopo tse supileng (bapisa le tsa Luka tse hlano), lipapiso tse hlano ho khaolo ea 13, le malimabe a supileng a ileng a boleloa ke Jesu khahlanong le baruti ba Bajode ba mehleng ea hae ho khaolo ea 23. ’Me Mattheu o arotse leloko leo Jesu a tsoileng ho lona ka lihlopha tse tharo tsa ba 14.—Matt. 1:1-17.
Litšobotsi tse totobetseng tsa Molaetsa oa Mattheu li boetse li totobala ha re hlokomela ka mokhoa oo tlaleho ea hae e nyallanang le ea Luka. Hona ke ho ka lebelloang ha re nahana kamoo monahano oa molekhetho le oa ngaka e neng e ka fapana kateng. Leha e le hore re ka tlohella karolo eo moea o halalelang o ileng oa e nka tabeng ena. Hape Mattheu o ne a ngola ho susumelletsa Bajode ba tšepahalang hore Jesu e ne e le Messia eo e leng khale tšepisitsoe, ha Luka eena a ngola ho hlahisa Jesu e le ’Moloki oa batho bohle. Ke kahoo Mattheu a latellisang moloko oo Jesu a tsoileng ho oona ho tloha ho Abrahama ho ea fihla ho Davida feela, ’me Luka eena a o latellisa ho ‘fihla ho Adama Mora oa Molimo.’ (Matt. 1:1-16; Luka 3:23-38) Ka ho totobetseng Mattheu o latellisa moloko oa Jesu ka lesika la ntat’ae ea mo hōlisitseng Josefa, ’me Luka eena a o latellisa ka lesika la tlhaho leo a tsoileng ho lona la ’m’ae Maria. Mattheu o tlaleha hore lengeloi le ile la itlhahisa ho Josefa, ntate ea hōlisitseng Jesu. Luka o bolela ka lengeloi Gabriele le itlhahisa ho Maria, ’mè oa Jesu. Ka ho tšoanang, Mattheu o bolela ka balepi ba linaleli ba tlileng ho tla etela ngoana Jesu, ‘morena oa Bajode,’ ba mo tlisetsa limpho tse rekiloeng haboima, ha Luka eena a bolela ka balisa ba baikokobetsi ba ileng ba memeloa ho tla bona ’Moloki ea tsoetsoeng bocha.
TSELA EO MATTHEU A HLAHISANG MESSIA KA EONA
Ha a tlaleha ka bophelo ba Jesu, Mattheu ha a ka a senya nako ea ho paka hore Jesu e ne e le Messia ea hlileng a boleloa. Hona o ho entse joang? Ka hore a supe ka Mangolong a Seheberu ka makhetlo a ka bang 100 ho tšehetsa sehlooho sa hae. Ka mohlala, ha a fana ka lintlha tse qaqileng tsa ho tsoaloa ha Jesu o hatisa hore Jesu o ile a tsoaloa ke kharebe ea Mojode Maria phethahatsong ea boprofeta. (Esa. 7:14; Matt. 1:21-23) Ha a tlaleha ho baleha ha Josefa le lelapa la hae hore ba phonyohe taelo ea ho bolaea ea Morena Heroda, Mattheu o hlokomela hore e ne e le hore Mangolo a ka phethahatsoa: “Ke bitsitse mora oa ka Egepeta.” (Hos. 11:1; Matt. 2:14, 15) Mahlomola a ileng a bakoa ke hore Heroda a laele hore ho bolaoe bana bohle ba bashemane ba lilemo tse peli le ka tlase ho moo Bethlehema le seterekeng sa eona, kamoo Mattheu a bontšang kateng, le hona ka ho tšoanang ho hlile ha boleloa.—Jer. 31:15; Matt. 2:16-18.
Likhaolong ea boraro le ea bone Mattheu o kenyelletsa selelekela sa Jesu, Johanne Mokolobetsi, a bolela ka ho kolobetsa ha hae Jesu le hore Molimo ka booona o ile oa lumela hore Jesu ke Mora oa Oona. Joale ho latela meleko e meraro ea Jesu lefeelleng le ho qala ha Jesu tšebeletso ea hae ea ho bolela “’muso oa maholimo o atametse,” ha ka nako eona eo a boetse a etsa mesebetsi e mengata ea ho phekola ka mohlolo. Boboleli ba Jesu bo bontšoa ho ba phethahatso e ’ngoe ea boprofeta.—Esa. 9:1, 2; Matt. 4:13-17.
Mattheu, ntle ho likhaolong tse 10 tsa hae tse qetellang, o etsa boiteko bo bonyenyane ba ho hlahisa litaba ka tatellano ea nako. Kaha Thuto ea Jesu ea Thabeng ke thuto e totobetseng hakana, Mattheu o e bolela hantle qalehong ea tšebeletso ea Jesu, le hoja Jesu a ile a etsa hoo e ka bang selemo hamorao. Ha ho pelaelo ka hore ke e ’ngoe ea lithuto tse khōlō ka ho fetisisa tse kileng tsa boleloa, Mattheu o re nea tlaleho e phethahetseng ka kutloisiso ea eona. O qala ka ‘thabo’ e makhetlo a robong e tšelisang kannete ho bohle ba ratang ’nete le ho loka. Ha re tsoela pele, ho ke ho hlokomelehe hore, hona hase ‘mahlohonolo,’ empa ke ‘thabo’ ke ka lebaka leo liphetolelo tsa kajeno tse kang The Jerusalem Bible le Today’s English Version li sebelisang ‘thabo’ ho fapana le “lehlohonolo,” joalokaha ho etsa joalo New World Translation.
Ka thuto ea Thabeng, ho tlalehoa hore Mahatma Gandhi ka nako e ’ngoe o kile a bua ho eo e neng e le moemeli India, Lord Irwin: “Ha naha ea hao le ea ka li tla kopana hammoho lithutong tse ileng tsa raloa ke Jesu Thutong ea Thabeng, kaofela re tla be re rarollotse mathata, e seng a linaha tsa rōna feela, empa le a lefatše lohle.” Thuto eo e boetse e na le Molao o Moholo. Tumellanong le sehlooho sa Mattheu, o bolela hore Jesu o ne a tlile e seng ho tla tla senya molao oa Moshe empa ho tla tla o phethahatsa le hore Molao o Moholo ha e le hantle ke sona seo Molao le baprofeta ba neng ba hlile ba bua ka sona.—Matt. 5:17; 7:12.
Ho bonahala eka Mattheu o ne a hlile a khahliloe ka ho khethehileng ke thuto ea Jesu. Joalokaha e bapisoa le Melaetsa e meng, hase feela hore tlaleho ea hae ea Thuto ea Thabeng e batsi haholoanyane, empa hape ho joalo le ka litlaleho tsa Jesu ha a ne a roma baapostola ba hae ba 12 (khaolo 10), tlaleho ea hae ea litšoantšo tse supileng tsa ’Muso (khaolo 13), le tlaleho ea hae ea keletso ea Jesu ka hore mohau ke oa bohlokoa, hore re ithaopele ho ba ba tšoarelang ‘ka makhetlo a mashome a supileng a baloang hasupa.’—Khaolo 18.
Likhaolong 8, 9, 11, 12, le 14-17, Mattheu haholo-holo o tlaleha ka mehlolo e mengata ea Jesu e kang ea ho fepa ba 5 000 ka lekhetlo le le leng le ka lekhetlo le leng “banna ba kete tse ’ne, ha ho sa baloe basali le bana.” Likhaolo tsena li boetse li na le lithohako tsa Jesu tse tobileng ba babe ka boomo baeta-pele ba baikaketsi ba bolumeli ba Bajode, ba neng ba entse sebe se sa tšoareloeng. Ho feta moo, likhaolong tsena re fumana ho bolela ha Petrose “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang” le tlhaloso ea phetoho, eo ho eona hape Jehova Molimo a ileng a tiisa hore Jesu Kreste ruri ke Mora oa Hae.—Matt. 16:16; 17:1-9.
MATSATSI A HO QETELA A TŠEBELETSO EA JESU
Ha joale re fihla liketsahalong tse qetellang tšebeletso ea Jesu, re fumana hore Mattheu o ngotse lintho tsena ka tatellano eo li etsahetseng ka eona. Boholo ba seo Mattheu a se ngotseng ka nako e fetileng se etsahetse Galilea, empa hona joale o ama tšebeletso ea nakong ea moraonyana ea tšebeletso ea Jesu Berea. Bahanyetsi ba bolumeli ba phephetsa Jesu tabeng ea tlhalo, ba tšepile hore ba tla mo hlabisa lihlong. Empa, ho e-na le hoo, ba soetseha ka baka la bohlale ba Jesu le tsebo ea hae e fetisisang ea Mangolo: Lebaka feela la ho hlala ke “bofebe.” Mohlankana oa morui oa ’musisi o tla ho Jesu a mo botsa hore na e ka khona a etse joang hore a fumane bophelo bo sa feleng, empa o tloha ka ho kokobetsoa ho hoholo bakeng sa boiphahamiso ba hae, hobane leruo la hae e ne e le la bohlokoa haholo ho eena ho feta bophelo bo sa feleng. Moea oa karohano o arola baapostola, o etsa hore Jesu a ba hopotse hore o tlile ‘e seng ho tla sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.’—Matt. 19:1–20:34.
Ka beke ea ho qetela ea Jesu lefatšeng e le motho, joale re retelehela ho tloha Bethania ho ea Jerusalema, ’me moo re bala ka ho kena ha hae ho phahameng motseng oo. Jesu o latela ketsahalo ena ka ho ea tempeleng le ho e hloekisa ka ho leleka bohle ba hoebang ba bolumeli. Ho latelang, o bolela setšoantšo sa balemi ba ileng ba bolaea mojalefa oa tšimo ea merara ’me o lumella lira tsa hae hore o-oa hlokomela hore na li hopotse eng.—Matt. 21:1-46.
Le hoja nako le nako ba ’nile ba hlōloa lipuisanong tsa bona tsa nakong e fetileng le Jesu, bahanyetsi ba hae ba bolumeli ba boetse ba leka ho mo hlabisa lihlong ka ho mo botsa lipotso tse bolotsana ka ho lefuoa ha lekhetho le sa rateheng la Roma, ka tsoho le ka molao o moholo ho eohle. Likarabelo tsa hae tse bohlale le tsa Mangolo lia ba khutsisa. Joale, Jesu o eletsa barutuoa ba hae ka hore hoa hlokahala hore e be baikokobetsi. Hape, o boetse o khalemela bahanyetsi ba hae ba baikaketsi ba bolumeli ka matla, a bolela malimabe a supileng. Ka lebaka la khanyetso ea bona ntlo ea bona e tla lahloa.—Matt. 22:1–23:39.
Litlhaloso tsa ba bang ho baapostola ba hae ka bokhabane ba tempele ea Heroda li nea Jesu hore a bolele boprofeta ba hae bo boholo ka bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejode, le ka ho khutla ha hae, le ho ba teng ha hae, e leng mantsoe a phethahetseng ka ho totobetseng ho tloha ka 1914. Joale o pheta litšoantšo tse tharo tse phethahetseng mehleng ea rōna, setšoantšo sa baroetsana ba bohlale le ba maoatla, sa litalenta le sa linku le lipōli.—Matt. 24:1–25:46.
Mattheu joale o re nea tlaleho eo e leng eona feela ea paki e boneng ka mahlo eo re nang le eona ea ho thea ha Jesu Sejo sa Morena sa Mantsiboea boikhopotsong ba lefu la hae. Ho ea pele, Mattheu o pheta ka ketsahalo ea Gethesemane, ho tšoaroa ha hae, tatolo ea Petrose, ho botsoa ha Kreste, ho chira-chira ha Pilato le ho hlatsoa ha hae matsoho a hae, joale le ho khokhotheloa ha Jesu pakeng tsa batloli ba molao ba babeli e le Morena oa Bajode leralleng le tsejoang e le Lehata.—Matt. 26:1-75.
Ha Jesu a tšoaroa baapostola ba hae ba baleha kaofela. ’me moea oa bona oa tepella ka lebaka la ketsahalo ena. Empa ha hoa ka ha nka nako. Ka letsatsi la boraro ba utloela hore Jesu o tsohile bafung. Hamorao, ba kopana le Jesu Galilea, moo, ntle ho pelaelo nakoana pele a nyolohela leholimong, a ba neang taelo ea hae ea karohano: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse . . . ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Matt. 28:19, 20.
Ntle ho pelaelo, Mattheu o paka sehloohong sa hae hore Jesu oa Nazaretha ruri ke Messia, Mora oa Molimo. Hona Mattheu o ho etsa ka ho supa boprofeteng bo bongata bo phethahalitsoeng ke Jesu, mehlolo eo Jesu a e entseng le linnete tseo Jesu a ileng a li ruta. Ntle ho pelaelo Mattheu o ne a e-na le kelello e chatsi le e ananelang, e potlakisoang ke moea o halalelang oa Molimo. Kaha o ile a tsamaisoa ke moea oa Molimo le hore o mo hopotse lintho tseo Jehova Molimo a li batlang ha li ngotsoe, o tsebile hore a ngole tlaleho e utloahalang le e matla ea bophelo ba Jesu.
Re leboha Jehova Molimo hakaakang hore o ile a bululela mohlanka ea ikokobelitseng, ea tšepahalang le eo e seng moikhabi joalo oa hae le molateli oa Mora oa hae hore a ngole tlaleho e matlafatsang tumelo hakana ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng! E se eka kannete re ka tloaelana le tlaleho ena e le hore re ka phela ka metheo eo Jesu a ileng a e bea le ho bolella ba bang ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ‘litaba tse molemo’ tseo Messia eo e neng e le khale a tšepisitsoe a ileng a tla ka nako e khethiloeng ke Molimo ho phethahatsa bo bongata ba boprofeta bo tlalehiloeng Mangolong a Seheberu.—Matt. 24:14.