Hong Kong e Phetheselang e Bona ho Atolosoa ha Boboleli ba ’Muso
HONG KONG, ‘kou e ntle,’ ruri e ea boheha, empa hape e tšoarehile ke sephethe-phethe. Ho tloha Victoria Peak, e phahameng, e fietsoeng ke moea, e leng eona e okametseng Hong Kong, u bona libaka tse khethehileng tsa bolulo tse mathuleng. Joale u bona matlo a hirisoang a phahameng, sebaka se tletseng sephethe-phethe sa khoebo, ’me, ka mose o mong ho kou, mehaho e phahameng le mehahong e meng ea Kowloon. Kou e phethesela ka mesebetsi ka likepe tse fetang 50 tse tsoang lefatšeng lohle tseo ho sebetsanoang le tsona letsatsi le leng le le leng. Letsatsi lefe kapa lefe la selemo, liketsoana li bonoa li bapile le likepe tse khōlō, tse koung.
Sona sephethe-phethe sena sa tšebetso se bonoang koung se boetse se bonoa le ka hare ho naha. Ke sona sebopeho sa Hong Kong. Baahi ba eona ha baa eketseha feela ho tloha ho 23 000 ho ea ho ba fetang limillione tse 5 ka lilemo tse fetileng tse 140, empa katoloso ea mesebetsi ea khoebo le mehaho lilemong tse fetileng tse 20 e bile mohlolo.
Katoloso matlong e bonahala matlong a maholo le matlong a hirisoang a ntseng a hlaha nako le nako. Literene tse entsoeng moetso oa kajeno tse pholileng, tse tlatsoang ke li-taxi, libese tse khōlō le tse nyenyane, le liketsoana tse tsamaeang koung, ke tse ling tse entseng tokisetso e ntle ka ho fetisisa le e cassette lefelloang ka mokhoa o tlase haholo bakeng sa ho tsamaea lefatšeng lohle. Moea oa kholiseho, nala le mahlahahlaha o busa motse le baahi ba oona.
HO BOLELOA HA ‘LITABA TSE MOLEMO’ HO TSOELA PELE
Moo batho ba leng teng, litaba tse molemo tsa ’muso oa Jehova li tlameha ho boleloa. (Mar. 13:10) Ho ile ha boleloa ka mokhoa o monyenyane ke Lipaki tsa Jehova tse neng li chakile pele ho 1949. Joale baromuoa ba babeli ba tsoang sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ba sehlopha sa 11, William Carnie, le Roy Spencer, ba fihla. Empa batho ba babeli ba ne ba ka etsa’ng ka hare ho motse ona o moholo o phetheselang o nang le matlo a oona a mekato e mene kapa e mehlano a mangata? Ba qalisa ka ntlo le ntlo ba hloella ka litepisi tse lefifi, le tse patisaneng, ba ntse ba batla batho ba thahasellang ’muso oa Molimo. Pele, baromuoa ba ne ba paka feela ka ho bua le ba tsebang Senyesemane. Empa butle-butle ba ithuta puo ea Cantonese, ’me ba tseba ho bua le bohle bao ba kopanang le bona.
Mona le mane batho ba bang ba bontša thahasello ’me thuto ea qaleha. Ba bang ho bana ea e-ba Lipaki tsa Jehova, ’me ba ikopanya le baromuoa ba babeli mosebetsing oa boboleli. Ha ba keneng mosebetsing oa ho bolela ba ntse ba eketseha, ho ne ho hlokahala hore nako le tlhokomelo li neeloe bakeng sa ho haha tumelo ea bona ho Jehova le kananelo bakeng sa hae le ho sebetsa ha phutheho ea hae. Ba fumana molemo ho baholo ba khethiloeng ho haha liphutheho.
Ka Phato 1973, palo ea ba kopanelang mosebetsing oa boboleli e ne e phahametse ho 278. Bana ba ne ba lebelletse ka cheseho e khōlō Kopano ea Lichaba tsohle ea “Tlholo ea Molimo” e neng e reretsoe ho ba Hong Kong selemong seo. Kananelo ea bona bakeng sa phutheho e ka lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova ea khothalletsoa ke boteng kopanong ena ba baemeli ba bahlano ba Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ha kopano ena e qaleha ho ne ho le teng ba 462. Mona e ne e le bopaki ba hore joale mosebetsi o ne o tsoela pele ka potlako.
MAQEPHE A HATISITSOENG AA THUSA MOSEBETSING
Le hoja ha ho bapisoa le baahi ba Hong Kong, Lipaki tsa Jehova li le nyenyane, hoo ha hoa li nyahamisa. Li ananetse haholo thuso ea libuka tse hatisitsoeng, haholo buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Mohlala oa phello ea libuka tse hatisitsoeng o ka bonoa phihlelong ea Paki e ileng ea kopana le mohlankana lapeng ea neng a itokisetsa ho tsamaea. O ne a se na nako ea ho mamela Paki, ’me a bua ka mokhoa o khaolelang. Empa Paki ea mo nea limakasine tse peli ka moea oa botsoalle. Ha a retelehela ho ’mè oa hae ea seng a tsofetse, mohlankana a re: “Mo nee moneelo.” Ha a neeloa limakasine tse peli, a re ka ho tsoafa: “Li behe tafoleng moo.” Ha a ka a li bala, empa metsoalle ea hae e ’meli e ileng ea tla hamoraonyana ea sheba limakasine ’me ea botsa hore na o li nkile kae. A re: “Li nkeng, ’me le li bale haeba lea li batla, ha ke na nako.” Bahlankana bana ka bobeli ba fela ba etsa joalo ’me hamorao ba beeletsa limakasine ka bobeli.
Mabakeng a mang, moromuoa o ile a khothalletsa seithuti se senyenyane se neng se tšoarehile haholo hore se ka ba le puisano ka Bibele, hore se beeletse Tsoha! A fela a etsa joalo ’me a bala lihlooho tse fapa-fapaneng ka linako tse fapa-fapaneng ka selemo sohle. Ea e-ba ea amohelang haholoanyane molaetsa oa ’Muso ’me a nchafatsa peeletso ea hae. Kamor’a nako a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. Kajeno mohlankana enoa le likhaitseli tsa hae tse peli ba kopanela ka mafolofolo mosebetsing oa boboleli.
BACHA BA BANGATA BA NKA KAROLO
Hoa hlokomeleha hore ba bangata ho ba kopanelang mosebetsing oa boboleli ba ’Muso Hong Kong ke ba lilemong tsa bocha. Bana ba bang ke ba Lipaki tsa Machina tse ineetseng, ha ba bang ba bangata ba nkile linnete bocheng ba bona.
Ka kakaretso, bacha ba kajeno ha baa tlangoa haholo ke meetlo joaloka batsoali ba bona. Ka tšusumetso ea thelevishene le likoranta bacha ba batla ba hlokomela haholo likhathatso tsa lefatše le likhatello tsa bophelo. Tsena li tiisoa ke phihlelo ea bona. Le hoja ba thabela mokhoa oa bophelo o molemonyana ho feta batsoali ba bona bocheng ba bona, bacha hangata ba bona hore boiteko ba motho ke bo tla hlōleha.
Ha ba ithuta hore ’muso oa Molimo ke oona tšepo feela ea batho ba ineela bobona ka pelo eohle ’neteng. Ba nkile boithuto ba botho ka ho teba haholo, ho ba teng libokeng tsa phutheho, ho kopanela mosebetsing oa boboleli, hammoho le lithapelo tsa bona. Hona ho ba thusa hore ba tsoelepele kapele moeeng. Kahoo ba matlafalla hore ba hanele likhatello leha e le life tsa lintho tse bonahalang tsa lefatše la hona joale le ho boloka cheseho e babatsehang tšebetsong ea Jehova.—1 Joh. 2:15-17.
MAHLAHA-HLAHA A FUMANA LITHOLOANA
Mahlaha-hlaha a khethollang batho ba Hong Kong a boetse a khetholla Lipaki tsa Jehova mona. Li fumana litholoana tse molemo ’me li tsoela pele. Ho tsamaisoa ha libuka ho phahame. Ka mohlala, ka Phuptjane 1981, bahoeletsi ba bangata ba 895 ba ’Muso ba ile ba tsamaisa limakasine tse fetang 34 000 le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele tse 1 391.
Liphello tsena ha li finyelloe ka lebaka la hobane baahi ba Hong Kong ba amohela molaetsa ho feta batho ba libakeng tse ling. Karolong e ’ngoe, liphello ho ka boleloa hore li bonahatsa cheseho ea bahoeletsi. Le hoja Lipaki tse ngata li sebetsa lihora tse telele lifemeng, leha ho le joalo ba fetang 800 ho tsona ba neelana ka karolelano ho fetang lihora tse 15 ka khoeli ho thusa ba bang ho ithuta linnete tsa Bibele. Hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ho bana e sebelisa nako ea eona e tletseng selemo sohle mosebetsing oa boboleli, ’me hoo e ka bang karolo e bohareng ea ba setseng e kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang hang kapa ka makhetlo a fetang moo ka selemo. Ke cheseho eona ena hammoho le ho hlokomela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang, ho fumanang litholoana.
Ka mohlala, sebakeng se khethehileng ka ho fetisisa se bitsoang “The Peak” ho thata ho kopana le batho ha u ea ka ntlo le ntlo. Ba babeli ho Lipaki tsa Jehova ba hlokomela hore batho ba thapolla ’mele ka ho tsamaea hoseng haholo tseleng tse nang le lifate le ka litsela tsa maoto; ’me kahoo le bona ba fihlela qeto ea ho thapolla ’mele ka ho tsamaea libakeng tsena ka hora ea bosupa ka Sontaha hoseng ho hong le ho hong. Baa tsamaea ’me ba buisane le batho. Ba bangata ho bana ba ne ba mamela ’me ba amohela limakasine. Ka khoeli e le ’ngoe bahoeletsi ba babeli ba tsamaisa limakasine tse 300 ka tsela ena. Kahoo batho sebakeng sena se khethehileng joale baa finyelloa.
Mohlala o mong ke oa phutheho ea bahoeletsi ba ’Muso ba 60 ba ileng ba lokisetsa ho nka seketsoana ho ea libakeng tse ka thōkō ho ea bolella batho ba moo. Ka makhetlo a fetileng Lipaki li ne li lula hammoho ka seketsoaneng ’me li thabela botsoalle ba Bokreste. Ka lekhetlo lena, leha ho le joalo, tsa etsa qeto ea hore li tla buisana le motho e mong le e mong ea ka seketsoaneng ka litaba tse molemo tsa ’Muso le ho fana ka limakasine. Kahoo ha li palama seketsoana bahoeletsi ba fetang 50 ba itjala ka har’a baeti, e mong le e mong a bala makasine. Ha hoa ka ha nka nako pele meqoqo e qaleha ’me ho tsamaisoa limakasine. Kamoo Paki e ’ngoe e hlalosang: “Muso oa Jehova e ne e le eona ntho eo ho buuoang ka eona haholo seketsoaneng hoseng hoo ’me batho ba bangata ba nka libuka tsa Bibele ha ba e-ea hae.”
Hoo e ka bang motho e mong le e mong ea bolelang molaetsa oa ’Muso o na le lithuto tse fetang e le ’ngoe tsa Bibele tse tsamaisoang Hong Kong. Palo ena e ntle ea lithuto tsa Bibele ha e ea finyelloa hobane ho le bonolo ho qalisa lithuto. Ha e le hantle, ho thata hore motho a qalise ’me ho thata haholoanyane hore thuto e tsoele pele motheong oa kamehla. Empa Lipaki tsa Hong Kong li amohela phephetso ena. Le leng la mabaka a ho thahasella tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang ke hore motho a ka fumana lithuto tsa Bibele.
Mosali e mong oa lelapa le ’mè oa bana ba bane o ne a sa tsoa ithuta ho bala le ho ngola hoba a tsebe ’nete. O ile a sareloa ka ho se tsamaise lithuto tsa Bibele. Empa a khothalletsoa hore a kopanele tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ’me a nke lihora tse 60 ka khoeli tšebeletsong, hobane ka tsela ena o ne a tla tseba ho aba libuka tse eketsehileng ho batho, le ho fumana menyetla e eketsehileng bakeng sa ho etsa maeto a ho boela ’me a be le litebello tse ngatanyana ho qalisa lithuto. Ka cheseho a kopanela tšebeletsong ena ’me ho tloha ka nako eo o tsamaisa lithuto tse peli tsa mahae tsa Bibele.
Selemong sa tšebeletso sa 1980 feela, ho bile le karolelano ea ba 90 ba kopanelang mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang khoeli le khoeli. Ka likhoeli tsa pele tse tšeletseng tsa selemo sa tšebeletso sa 1981, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba 92, ka karolelano, ba ’nile ba kopanela tšobotsing ena ea tšebeletso. Kahoo ho ka ananeloa hore palo e phahameng ea lithuto tsa Bibele Hong Kong ke phello e tobileng ea cheseho le mahlaha-hlaha tse bontšoang ke Lipaki.
Lipaki tsa Hong Kong li sekametse moeeng haholo ’me li ananela ka botlalo hore le hoja li ka bontša ho chesehela mosebetsi oa tsona oa ho lema le ho nosetsa, ke Jehova ‘ea etsang hore ho mele.’ (1 Ba-Kor. 3:6, 7) Kholo ena e boetse e bonoa ka ’nete ea hore karolo e khōlō ea mosebetsi o etsoang mona hona joale e phethahatsoa le Lipaki tsa moo tsa Machina. Li na le moea o motle le kananelo e tebileng bakeng sa tokelo ea ho sebeletsa Jehova tšimong. Ho feta moo, li nkile ka ho teba ’me kannete li batla ho etsa se nepahetseng. Ke ho hlokomelelang hore paleng ea lilemo tse 30 ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Hong Kong ke ba 15 feela ba seng ba khaotsoe.
Joaloka likarolong tsohle tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova Hong Kong li boetse li talimane le lipelaelo le likhatello ka ho eketsehileng. Empa li na le tšepo le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi oa tsona oa ho bolela ‘litaba tse molemo,’ li kholisehile hore, ka tlhohonolofatso ea Jehova, mosebetsi o tla tsoela pele.—1 Ba-Kor. 15:58; 16:13, 14.