Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 7/1 leq. 32
  • Thuso ea Bohlokoa Thutong ea Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ea Bohlokoa Thutong ea Bana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 7/1 leq. 32

Thuso ea Bohlokoa Thutong ea Bana

Ke sona seo buka “Ho Mamela Mosuoe e Moholo” e bileng sona ho batsoali ba limillione. Likopi tse hlollang tse 29 000 000 tsa buka ena li hatisitsoe. Motsoali e mong a ngola:

“Mora oa rōna Jasone, o ne a le selemo ha buka e tsoa. Ra qala ho mo balla hang. Nakong eo a neng a bua o ne a tseba likarabelo tsohle ka pelo. A ka phetla setšoantšo ’me a mpolella hore na pale e bua ka eng. Ha a le lilemo li tharo ra qala ho mo ruta ho bala. Bonolo ba buka ba thusa haholo ho mo thusa ho ithuteng ha hae. . . .

“Ha a le lilemo li ’ne o ne a bala thuto kaofela, butle, a mpalla. . . . Hona joale, ha a le lilemo li hlano, o ‘tsamaisa’ thuto ea hae, a mpotsa lipotso ’me a sheba mangolo a hlahang. . . . Re na le tšepo ea hore ha Jasone a qala ho kena sekolo matla a hae a ho bala le tsebo ea Bibele tseo a li fumaneng ka buka ‘Mosuoe e Moholo’ li tla mo thusa ho tšepahala le ho ba mohlala o motle.”

U ka fumana buka ena e ntle ka ho tlatsa le ho rōmela leqetšoana lena.

Ka kōpo nthomelleng buka e maqephe a 192, e sekoahelo se thata “Ho Mamela Mosuoe e Moholo.” Ke kentse lisente tse 70.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela