Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 7/15 leq. 3
  • Na Kreste o Khutlile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Kreste o Khutlile?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela “Kreste”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho ba Teng ha Messia le Puso ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Lehlohonolo ba Fumanoang ba Lebeletse!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 7/15 leq. 3

Na Kreste o Khutlile?

“‘JESU KRESTE’ O KHUTLILE—KITWE.” Ke kamoo ho neng ho baleha sehlooho se ka pele sa Times of Zambia ea la 24 Tlhakubele, 1980. Taba ea tsoela pele: “Monna ea ipolelang hore ke Jesu Kreste o hlophisa mokha oa bolumeli . . . ‘Ke ’na Jesu Kreste ka sebele ’me ke amohetsoe ke matšoele,’ kamoo a boletseng.”

Ka bopaki bo hlahang ka litlaleho tsa litaba ho totobetse hore ena taba ha e hlahe sebakeng se le seng. Linaheng tse ling tsamaiso eohle, “Moonies,” e hlahelletse ho pota Sun Myung Moon, e hlalosoang likoranteng ka mabitso a kang “Morena oa ho Khutla ha Bobeli,” “Adama oa boraro, Messia e Mocha.”

Ho emela ho khutla ha Kreste hase ntho e hlahang bocha. Ho theosa le makholo a pale ba bangata ba ’nile ba itlhahisa ka phoso e le Kreste ea khutlileng. Ba bang ba limillione ba ’nile ba emela ho tla labobeli ha Jesu. Ha e bua ka “ba tšepahalang ba kereke ea pele [ea Bokreste],” Encyclopædia Britannica e-ea hlalosa: “Ba ne ba lumela hore litšepiso tsa Testamente ea Khale ka ea tlang ho tla tlisa poloko li ne li phethahalitsoe ho Jesu Kreste, empa hore phethahatso ha e-ea so felle. Kahoo, ba ne ba lebelletse ho tla habobeli ha Kreste, e leng hoo ba neng ba lumela hore ho haufi.”

Leha ho le joalo, ba bangata kajeno ba talima boprofeta boo ba Bibele bo buang ka ho khutla ha Kreste ka lekhonono. Hona ho bontšoa ke tlhaloso ea mohlophisi oa koranta e tsoang ka letsatsi le leng le le leng ea U.S. ea bolumeli ea ileng a ngola hore: “Ho ’nile ha boleleha hore ‘re ka fumana makhetlo a lekholo a sa tšoaneng paleng ao ka oona ho ea ka lintoa—litšisinyeho tsa lefatše-litlala, Jesu a ka beng a se a khutlile.”

Boemo bona bo ferekanyang ka ho khutla ha Kreste bo re qobella ho talimana le lipotso tse ling tse tobileng, tse kang: Na kannete Kreste o lebelletsoe hore a khutle a le nameng? Na re tla mo bona? Re tla mo lemoha joang ha e le mona ho e-na le bolotsana bo bongata hakaale? Sehlooho se latelang se tla arabela tse ling tsa lipotso tsena.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela