Iphepe Kamehla ka Linnete Tsa Bibele!
MORUTI e moholo ea kileng a phela o kile a bolela hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa hape o hloka lijo tsa moea, Lentsoe la Molimo. Ka seo, na ka ho utloahalang re ke ke ra etsa qeto ea hore Bakreste ba lokela ho iphepa kamehla ka lijo tsa moea, joalokaha ba etsa ka bohobe ba sebele? Ho joalo ruri. (Matt. 4:4) Lijo tse joalo tsa moea ha li akarelletse feela Bibele empa libuka tse re thusang ho utloisisa Bibele. Ke ka baka leo boemeli bo hatisang le bo tsamaisang bakeng sa Lipaki tsa Jehova, Watch Tower Society, bo sa ikhotsofatseng feela ka ho hatisa Libibele. Hape bo hatisa lithuso tsa Bibele kamehla ho thusa babali ho utloisisa Bibele ka ho feletseng.
Ho ’nile ha hlahisoa potso ka molemo oa ho bala lingoliloeng tsena kamehla, kaha ka linako tse ling ho hlaha taba e le ’ngoe e nahanoa bocha. Empa na ha re je bohobe, litapole kapa reise kamehla? Hape, moapostola Petrose o ngolile: “Ke ka baka leo nke keng ka lesa ho le hopotsa taba tseo ka mehla, leha le se le rutehile ’me le tiile ’neteng eo e seng e le ho lōna.” (2 Pet. 1:12) Hape, ho ke ho hlokomeloe hore ha ho buuoa ka taba ka makhetlo a fetang le le leng hangata ho na le mekhoa e mecha, lintlha tse ncha, temoho e eketsehileng, le hore e fanoe ka mokhoa o molemo haholoanyane. Joalokaha Liproverbia 4:18 e bolela: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”
HO UTLOISISA LETSOALO HAMOLEMO
Bakeng sa mohlala o tobileng, nka taba ea letsoalo. Ka Loetse 1972, Molula-Qhooa (ka Senyesemane) oa hatisa letoto la lihlooho ka letsoalo la motho karolong ea lona e le “paki.” Tsena tsa bontša hore matsoalo a rōna ke paki e ka ho rōna, e re emelang kapa e re tsoang, le hore letsoalo le ne le sebetsa le pele Jehova Molimo a nea motho molao o ngotsoeng. Lihlooho tsena tsa boetse tsa supa bohlokoa ba ho hlompha matsoalo a ba bang le hore na letsoalo le nka karolo efe litabeng tsa mosebetsi. Ha ho mohla litaba tsena li neng li kile tsa hlakisoa hantle hakana.
Joale ka ’Mesa 1975, ha boetse ha hlaha lihlooho tse ling tse peli ka letsoalo. Har’a lintlha tse sa tšoaneng tse ileng tsa boleloa ke lihlooho tsena ke hore ho na le likarolo tse peli tse khōlō tse phethoang ke letsoalo. E ’ngoe ke se ka talingoang e le karolo ea boahloli. Hona ke karolo e nkoang ke letsoalo “ha ho se ho etsahetse,” ha le re ahlola hore re molato ka baka la hore re fositse ka mokhoa o itseng. (2 Sam. 24:10) Leha ho le joalo, bakeng sa Bakreste, hangata letsoalo le lokela ho nka karolo ea seo re ka se bitsang karolo ea molao. Koana, hona ha ho bolele hore le hlile le etsa melao e mecha bakeng sa Bakreste. Empa, ho theiloe melaong le metheong e ka Bibeleng, letsoalo le matla la Mokreste le tla mo tataisa. Ho tšoana leha le mo etsetsa melao pele ho nako hore tsela eitseng a phoso. Mohlala o tsebisahalang hantle oa Mangolo oa sena ke oa mora oa Jakobo Josefa ha a hana katamelo e litšila ea mosali oa Potifaro.—Gen. 39:9.
Joale hamorao haholoanyane, Molula-qhooa (ka Senyesemane, ka la 1 September, 1976) oa ba le sehlooho se seng se reng “Ho Ruta Matsoalo a Rōna ho re Etsetsa ho Eketsehileng.” Ka kakaretso, ha ho buuoa ka litaba tsa letsoalo taba ke hore na ntho e mpe kapa e molemo, e fosahetse kapa e nepahetse. Empa sehlooho sena sa hatisa ho amahanya ha Bibele letsoalo le letle le tumelo le lerato. (1 Tim. 1:5) E, hase feela hore matsoalo a rōna a re thibele ho siteloa melao ea Jehova Molimo empa hape a kene tabeng ka ho ipha melemo ea menyetla ea ho etsa lintho tse itetseng, tse bokhabane, tse mosa, le tse lerato.—Bapisa Luka 10:29-37.
Kahoo, u se ke ua nka hore feela hobane sehlooho se hlahang ho Molula-Qhooa se sebetsana le taba eo o kileng oa bua ka eona ke ho pheta taba. Ke ’nete, ka linako tse ling ha hoa ntlafatsoa hakaalo-kaalo, empa kaofela ho phaella ho hong ho re senolela ’nete ea Bibele hantle haholoanyane, ka mokhoa o utloahalang haholoanyane, e, ka mokhoa o thusang haholoanyane.
Hona hohle ho hopotsa ka taba e boleloang ka Michelangelo. Motsoalle o ne a ile a bolela kamoo a ratileng seemahale se setle se entsoeng ke Michelangelo. Ha a tla ho eena hamoraonyana, motsoalle a utloa a maketse ha a mo fumana a sa ntsane a sebetsana le seemahale sona sane. Michelangelo a mo supisa lintho tsohle tseo a li ntlafalitseng ho tloha mohla ba arohaneng, e leng hoo motsoalle oa hae a ileng a mo arabela, ‘Empa li nyenyane haholo.’ Ha a arabela, Michelangelo a re: ‘E, ke ’nete. Empa lintho tse nyenyane li etsa ntho e phethahetseng ’me ntho e phethahetseng hase ntho e nyenyane!’ Kahoo le hoja ka makhetlo a mangata ho ntlafatsa ho etsoang kutloisisong ho ka ’na ha bonahala e se ha bohlokoa hakaalo, empa ho thusa hore kutloisiso ea rōna ebe e feletseng kapa e batlang e phethahetse.
HO LULA RE LOKETSE NTOA
Leha e le hore ke phetho. Bibele le libuka tse re thusang ho utloisisa Bibele hamolemo ha li amane feela le tsebo ea hlooho. Lentsoe la Molimo ke ‘lebone la maoto a rōna le leseli tseleng ea rōna.’ (Pes. 119:105) Hape, re bolelloa hore Lentsoe la Molimo le “molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa o hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Tim. 3:16, 17) Empa ke feela ho isa moo re le sebelisang bophelong ba rōna le ka phethang merero ena. ’Me re ka le sebelisa joang haeba re lebetse seo re se balileng?
Hore re ’ne re hopotsoe keletso ea Lentsoe la Molimo ke habohlokoa haholo ka baka la lira tse tharo tseo re lokelang ho loantšana le tsona. Ke lefatše; ho ba motsoalle oa lona ho bolela ho ba sera sa Jehova Molimo. (Jak. 4:4) Mabapi le ntoa ea rōna le lefatše, moapostola Johanne o ngolile: “Hlōlo e hlōtseng lefatše, ke tumelo ea rōna.” (1 Joh. 5:4) Tumelo e itšetlehile ka tsebo—tsebo e khutlisetsoang mohopolong habonolo, e seng taba e neng e lebaloe khale. Kaha lefatše le re hatella ka matla hakana tsatsi le leng le le leng, ho hlokahala hore re hopotsoe nako le nako hore re se ke ra rata lefatše leha e le lintho tse lefatšeng; hobane lefatše le sohle se ho lona lia feta, empa ea etsang thato ea Molimo o tla hlola ka ho sa feleng.—1 Joh. 2:15-17.
Hape re na le Diabolose le bademona ba hae e le lira tsa rōna. “Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” (1 Pet. 5:8) Eena le bademona ba hae baa re loantša ’me kahoo ho hlokahala hore re apare lihlomo tse feletseng tsa moea tsa Molimo, tseo moapostola Pauluse a li hlalosang ho Ba-Efese 6:11-17. Ho apara ha rōna lihlomo tsena le ho li sebelisa ho itšetlehile ka hore re ’ne re iphepe ka Lentsoe la Molimo. Ntle ho pelaelo, ho ba le hona ho tsokotsa ‘lerumo la moea, e leng lentsoe la Molimo,’ hamolemo, ho hlokahala hore lentsoe leo le be lecha likelellong le lipelong tsa rōna.
Sera sa rōna sa boraro hase eng kapa eng ha e se litšekamelo tsa rōna tseo re tsoetsoeng le tsona, tse futsitsoeng tsa boetsalibe, tseo re lokelang ho li loantša ka tieo le ntle ho khaotso. Kaha bo-mmè ba rōna ba re ‘emoletse sebeng le ho re tsoalla phosong,’ ho tloha bocheng litšekamelo tsa rōna li mpe. (Gen. 8:21; Pes. 51:5) Kaha ho tjena, bohle re ka lla, joaloka moapostola Pauluse: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa.” (Ba-Roma 7:19) Ka baka la lefutso lena, re fumana hore pelo ea motho e mano, e bolotsana e maqheka. Empa ka thuso ea Lentsoe la Molimo le lithuso tsa Bibele tse re thusang ho utloisisa le ho sebelisa metheo ea Bibele, re ka loana ka katleho le sera sena se ka ho rōna. Leha ho le joalo, ho tšoana le moapostola Pauluse, re tlameha ho laea ’mele ea rōna re e khanne joaloka makhoba.—Liprov. 3:32; Jer. 17:9; 1 Ba-Kor. 9:27.
NAKO EA TENG EONA HO THOE’NG KA EONA?
Bophelo ba Mokreste ke bo feletseng. Ke Bibele e lokelang ho baloa, hammoho le makasine e ncha beke le beke, tokisetso e lokelang ho etsoa bakeng sa liboka, le ho ba ho tsona, le ho kopanela mosebetsing o moholo oa ho etsa barutuoa ka ba mamelang ka thabo. Hape, ho na le litlameho tsa tsatsi le leng le le leng tsa lefatše tse lokelang ho etsoa ho hlokomela motho le lelapa. Ke hantle ha motho e mong le e mong a ka ipotsa: Ke nako e kae eo ke e senyang ke bala likoranta le limakasine tsa lefatše? Ke nako e kae eo ke e nehelang ho shebella thelevishene kapa ke mametse ’mino o ratehang? Ke ’nete, lintho tsena ke mokhoa oa ho ikhatholla le ho ithabisa, ha ba bangata ba ka talima ho lokisetsa liboka tsa Bokreste le ho bala libuka tsa Bokreste e le ‘mosebetsi o mongata haholo.’ Empa na ho lokisetsa joalo le ho bala ho lokela ho talingoa ka tsela eo? Mopesaleme o itse: “Ke ithabisa ka lentsoe la hao, joale ka motho ea ithabisang ka khapo e kholo.” (Pes. 119:162) Kahoo ho hlokahala re nahane ka hloko hore na bophelo ba rōna bo hlile bo re khetholla re le batho ba moea ho e-na le ba nama.—1 Ba-Kor. 2:14-16.
Hona hohle ho re hopotsa ka mantsoe a Jesu ka thabo ea ba falimehetseng seo ba se hlokang moeeng. (Matt. 5:3, NW) Libopuoa tse tlase tsa lefatšeng—linonyana, likokoanyana, lihahabi, lihlapi, le tse joalo—ha li hloke letho moeeng. Empa motho eena o na le hoo a ho hlokang. Ho hlokomoloha ha hae seo a se hlokang moeeng ho tlatselitse morusung o soabisang o lefatšeng kajeno. Maikutlo a lintho tse bonahalang le mehopolo a khannela motho holenyana le Molimo. Seo ba se hlokang nameng—lijo, liaparo le matlo—le likamano tsa botona le botšehali, hammoho le menate, kapa ho laba-labela puso, li fetoha ntho e khōlō bophelong ba bona. Empa haeba kannete re falimehetse seo re se hlokang moeeng, re tla iphepa ka mehla ka linnete tsa Bibele re fumana nako ea ho etsa joalo le ho li ananela ka ho feletseng. Moputso? Re tla thusoa ho phehella tsela ea borapeli, e ‘thusang kahohle, kaha e na le pallo ea bophelo ba hona joale le ba nako e tlang.’—1 Tim. 4:8.