Na Bibele e Bolela ka Bofelo ba Qitikoe e Lefatše?
BOFELO BA LEFATŠE—mantsoe a mararo a ’nileng a kenya tšabo lipelong tse ngata ho theosa le makholo a lilemo a pale ea motho. Kajeno ha a sa na matla a makaalo, kaha tumelo bolumeling e ntse e theoha. Empa boprofeta ba tlokotsi ea lefatše ha boa lekanyetsoa feela lebaleng la bolumeli. Bahlalefi ba makaleng a mangata a thuto ea batho ba lemosa ka tlokotsi e tlelang moloko oa motho.
TŠABO EA BAHLALEFI
Ba ithutetseng linaleli ba thathamisa bonyane litšokelo tse ’nè bakeng sa hore bophelo bo ka tsoela pele lefatšeng. Tlas’a sehlooho se reng ‘Litlokotsi tse ’Nè tse Kholo tse Nyarosang Lefatše,’ makasine ea mafora ea mahlale Science et Vie ea kolokisa tsena e le ho qhoma ha naleli e khōlō, khanya e fetisisang ea mahlaseli a letsatsi, ho oa ha phatsa e khōlō e chesang kapa ho koaheloa ha tsamaiso eohle ea mahlaseli a letsatsi ke leru le leholo la lerōle le tla monya boholo ba mocheso oa letsatsi hoo lefatše le tla hoama.
Ka nako eona eo, ba ithutetseng kahisano ea lintho tse phelang ba ntse ba bolela kotsi e amanang le likotsi tsa tšilafatso ka ho sebelisoa kapa ho sebelisoa hampe ha lintho tseo e seng tsa tlhaho tse beang bophelo kotsing le hona ho phela ha batho le ba libopuoa tsa naha. E, tšilafatso e kenya chefu moeeng oo re o phefumolohang, mobung le lijong tse beoang ke oona, le maoatleng hammoho le lihlapi tseo re li jang. Ho rengoa ha meru ho etsoang ka bothoto ho hlahisitse likhohola tse kotsi le mahoatata a entsoeng ke batho.
Ha li nkoa ka bonngoe, litšokelo tsena tsa tikoloho ntle ho pelaelo ha lia lekana ho felisa bophelo bo lefatšeng. Empa ha li bokelloa hammoho, li bōpa kotsi e ke keng ea qojoa. Puisanong le koranta e tsoang ka beke ea Paris L’Express, Maurice Strong, eo e neng e le mongoli-kakaretso oa Seboka sa Lefatše sa Tikoloho, o sa tsoa bolela hore: “Haeba motho a tsoela pele ho nka boikutlo bo bobe hakana ka tlhaho, le hoja ke sa rate ho ho bolela, o tla qetella a nyametse.”
Leha ho le joalo, ntho e tšosang bophelo bo lefatšeng ka potlako—eo ho ’nileng ha boleloa ka eona e le “Tlokotsi ea ho qetela” ’me ka phoso e boleloa e le “Harmagedone”—ke ntho e ka ’nang ea etsahala ka ho feletseng—ntoa ea libetsa tse chefu. Lichaba tsa sesole tsa lefatše li bokelletse lihlomo tse chefu tse nang le matla a ho qhoma a lithane tse ngata tsa “TNT” bakeng sa motho e mong le e mong oa monna, mosali le ngoana lefatšeng. Hase feela kotsi ea libetsa tse chefu e boleloang e le bofelo ba lefatše!
LIKEREKE LI RUTA ENG?
Ho Mak’hatholike le Maprostanta a baloang ka makholo a limillione lipolelo tse kang “Letsatsi la Kahlolo” kapa “bofelo ba lefatše” li hlahisa lipono tsa ho ikarabella ka lekhetlo la ho qetela le ho timetsoa ha qitikoe e lefatše. Tlas’a sehlooho se reng “Bofelo ba Lefatše,” Dictionnaire de Théologie Catholique e-ea bolela: “Kereke e K’hatholike e lumela ebile e ruta hore lefatše la hona joale, kamoo Molimo o le entseng kateng le kamoo le leng kateng, le ke ke la ema ka ho sa feleng. Libopuoa tsohle tse bonahalang tse entsoeng ke Molimo ho theosa le mehla . . . li tla felloa ke bophelo ’me li tla fetoloa ho ba ’mōpo o mocha.”
Likereke tsa Bojakane li ruta hore qetello ea motho ke lehlohonolo leholimong kapa kotlo ea ka ho sa feleng “liheleng.” Ho ea ka bona, lefatše ha le na karolo ea ka mehla morerong oa Molimo. Empa baruti ba bolumeli ba Mak’hatholike le Maprostanta ba tseba hantle hore Bibele e bua ka ho tla ha ’muso oa Molimo e le hore thato ea Molimo e ka etsoa ‘lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong.’ (Matt. 6:10) Ba tseba hore ena ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo Bakreste ba li rapellang. Ba tloaelane hantle haholo le tšepiso ea Bibele ea “lefatše le lecha” leo ho loka ho tla ikahela ho lona. (2 Pet. 3:13; Tšen. 21:1-4) Empa thuto ea bolumeli ea K’hatholike le Prostanta mangolong ana le a mang a mangata a buang ka lefatše morerong oa Molimo ke e sa hlakang le e bileng e qobang litaba.
Ka lehlakoreng le leng, ba rōmetse bohle ba lokileng leholimong le ba khopo “liheleng,” baruti ba bangata ba bolumeli ba Bojakane ba potlakela ho qotsa mangolo a kang “Leholimo le lefatše li tla feta” (Matt. 24:35) ho ‘paka’ hore lefatše le tla timetsoa. Ba thabile haholo ho felisa lefatše har’a bona, kaha ho se moo ba le fumanelang sebaka thutong ea bona ea bolumeli. Ka ho ba loketseng hantle ba fetolela seo liphetolelo tse ling tsa Bibele li se bitsang ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ e le se bolelang ho fela ha lefatše.—Matt. 24:3.
MAIKUTLO A BIBELE
Bibele e bolela eng, he, ka “ho fela ha lefatše”? Pele, ho ke ho hlokomeloe hore hoo liphetolelo tse ling li ho fetolelang e le ‘ho fela ha lefatše,’ tse ling e le ‘ho fela ha mehla’ (Revised Standard Version, likhatiso tsa Maprostanta le Mak’hatholike), ‘phetho ea mehla’ (Marshall—The Interlinear Greek-English New Testament) kapa ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ (New World Translation). Mantsoe “ho fela” “phetho” kapa “qetello” ke phetolelo e batlang e nepahetse haholoanyane ea lentsoe la Segerike synteʹleia, joalokaha e khethollehile ho telos (bofelo kapa bofelo bo feletseng; bapisa Mattheu 24:6, 14). Ka ho tšoanang, “mehla” le “tsamaiso ea lintho” ke liphetolelo tse nepahetseng haholoanyane tsa ai·onʹ, joalokaha e khethollehile ho koʹsmos, eo ka kakaretso e supang lefatše la batho.
Ho khahlisang, lentsoe koʹsmos ha ho moo le hlahang mangolong a nang le mantsoe ao ka linako tse ling a fetoleloang ka phoso e le ‘ho fela ha lefatše.’ Kahoo polelo eo ha e bolele ho fela ha batho. E bua ka ho fela ha tsamaiso e khopo ea lintho, phetho ea mehla (ai·onʹ) e tšoauoang ka liketso tse mpe tsa “banyefoli.”—Bapisa 2 Petrose 3:7.
Ho fapana hole le ho bolela pele ho nako ka ho fela ha qitikoe e lefatše, Bibele e na le tšepiso ea bokamoso bo babatsehang bakeng sa lefatše la rōna le letle. Empa pele lefatše le lokela ho hloekisoa tsamaiso ea hona joale e khopo. Ho fela ha tsamaiso ena ka baka leo ke ntho eo re ka e tšepang, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.