“Ke Khotso, ha ho Kotsi”—Joale, “Ke Mohla Timetso e Tla ba Tsometsa”
“Mohla batho ba reng: ‘Ke khotso, ha ho kotsi,’ ke mohla timelo e tla ba tsometsa.”—1 Ba-Thess. 5:3, phet. e ncha.
1. Bashebelli ba bangata ba maemo a lefatše ba re’ng hona joale?
BA BANGATA ba shebelletseng litaba tsa batho ba lumellana hore maemo a lefatše a ntse a theoha lilemong tsa morao. Canada, sebokeng sa lefatše lohle ka nako e tlang, mookameli oa sehlopha sa litsebi tse hlomphehang tse lokolisang maemo a lefatše, Aurelio Peccei, o itse: ‘Hona joale lefatše le boemong bo bobe ho feta kamoo le neng le le kateng lilemong tse fetileng tse leshome—’me le ntse le senyeha ho ea pele. Kajeno lefatše le tšoana le kulo e ntseng e potoloha ’me e baka kotsi kamor’a kotsi.’ André Fontaine, mohlophisi oa koranta ea letsatsi le letsatsi ea Paris Le Monde, o itse: ‘Ha ho mang kapa mang Bophirima eo ho bonahalang a loana ka katleho le mathata a maholo a kang ho theoha ha matla a chelete le ho hloka mesebetsi. Lekhalo pakeng tsa Leboea le Boroa lea ahlama. Lintoa li ntse li eketseha, ’me peiso ea lihlomo e-ea tšosa. Ha ke bone lebaka leha e le lefe la tšepo. . . . Ha ke bone ‘Muso leha e le ofe lefatšeng kajeno oo ho bonahalang o loana ka katleho le mathata a maholo a moruo a nakong ea rōna.’ ’Me koranta ea Afrika Boroa ea tlaleha hore: ‘Ho bonahala batho ba le hlaha ho feta ka nako leha e le efe, ba hloka boitšoaro, ba se na boikarabelo, e le baithati ba bile ba le meharo.’
2. Maemo tsamaisong ea batho a tšoana joang le a neng a le teng pele ho moroallo oa mehleng ea Noe?
2 Maemo tsamaisong ea batho kajeno ruri a tšoana le se ileng sa etsahala lefatšeng pelenyana Molimo o timetsa lefatše la boholo-holo ka moroallo oa lefatše, ’me o boloka feela Noe ea lokileng le lelapa la hae. Ka mehla eo, Bibele e re: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng. . . . Empa lefatše le ne le bolile pela Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” (Gen. 6:5, 11) “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe,” kamoo Jesu Kreste a hlileng a bolela, ho joalo mehleng ea rōna. (Matt. 24:37) Hang hape lefatše lohle le “tletse ho bolaeana” hobane “bolotsana ba batho” bo bongata. Maemo a joalo pele ho Moroallo a ile afana ka bopaki ba hore bofelo ba tsamaiso eo ea lintho bo haufi. Kahoo kajeno bopaki ba maemo a lefatše phethahatsong ea boprofeta ba Bibele ka ho hlakileng bo paka hore tsamaiso ena ea hona joale ea lintho e “nakong ea bofelo” ea eona, ‘mehla ea qetello’ ea eona. Ho bile joalo ho tloha ka selemo sa 1914 C.E.—Dan. 12:4; Matt. 24:3-14; 2 Tim. 3:1-5.
3. (a) Re tseba joang hore re kene ka botebo “mehleng ea qetello”? (b) Ke hobane’ng ha re ka tšepa boprofeta ba Bibele ka ho feletseng?
3 Jesu o hlile a bolela hore ba tla beng ba phela ha ‘mehla ea qetello’ e qaleha ba tla phela ho bona bofelo ba tsamaiso ena. Ho se ho fetile lilemo tse 67 esale “moloko” oa 1914 o bone ho qaleha ha likhathatso tsena. (Matt. 24:34) Kahoo nako e felile bakeng sa “moloko o senyehileng, o khopo.” (Ba-Fil. 2:15) Haufinyane re tla tloha re e-ba lipaki tsa ho phethahala ha boprofeta bo bongata ba Bibele bo amanang le ho ‘feta ha lefatše lena.’ (1 Joh. 2:17) ’Me re ka tšepa ka ho feletseng hore boprofeta bona bo tla phethahala ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ea bona. Jehova, eo ‘ha e sa le ho hlaheng a bolelang tse tlang ho tla,’ Eena ea bululetseng boprofeta bona, “o hlapantse, a re: Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.”—Esa. 14:24; 46:10; 2 Pet. 1:20, 21.
“LETSATSI LA LIPHETETSO TSA” JEHOVA
4. Bo bong ba boprofeta bo amanang le bofelo ba tsamaiso ea lintho ke bofe, ’me bo hlahisa lipotso life?
4 Har’a bo bongata ba boprofeta ba Bibele ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ke bo ngotsoeng ho 1 Ba-Thessalonika khaolo ea 5, litemana 2 le 3 (Phetolelo e ncha) Bona boa baleha: “Le lōna le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla joaloka lesholu le tlang bosiu. Mohla batho ba reng: ‘Ke khotso, ha ho kotsi,’ ke mohla timelo e tla ba tsometsa joalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.” Polelo ee ea “Ke khotso, ha ho kotsi” ke eng? Hona ke bo-mang ba e buang? Hona ke timetso efe e tlang hang kamorao ho moo?
5. Boprofeta bo ho 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3 bo amana le ketsahalo efe?
5 Litemana tsena tsa Bibele li bua ka ‘letsatsi la Jehova,’ le tla fella ka ‘timelo e tsometsang.’ Kahoo ho totobetse hore boprofeta bona bo ama “letsatsi” kapa sebaka sa nako ha Jehova a tla phethahatsa likahlolo tsa hae tsamaisong ena e khopo ea lintho e laoloang ke Satane Diabolose. (2 Ba-Kor. 4:4; Tšen. 12:9) Lena e tla ba “letsatsi la liphetetso tsa” Jehova. (Esa. 61:2) Jesu o buile ka nako ena ka tsela ena: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho tla fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng, le ka mohla o le mong.” (Matt. 24:21) Moapostola Pauluse o ngotse hore ho phethahatsoa ho tlang ha kahlolo ho tla bolela hore ke “mohla Morena Jesu a bonahalang a e-etsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” A eketsa: “Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng, ba tlosoe pel’a Morena, le pel’a khanya ea matla a hae.”—2 Ba-Thess. 1:7-9.
6. ‘Mahlomola a maholo’ a qala joang le ho felella?
6 ‘Mahlomola a maholo’ a tlang, “letsatsi la liphetetso tsa” Jehova, a tla ama tsamaiso eohle ea lintho ea hona joale—bolumeli ba eona ba bohata hammoho le litsamaiso tsa eona tsa moruo, tulisano le lipolotiki. Hore na liketsahalo li tla latellana joang ‘mahlomoleng a maholo’ ao ho bontšoa ke boprofeta bo ka bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Boprofeta bona bo senola hore “letsatsi la liphetetso tsa” Jehova le simoloha ka ho timetsoa ha bolumeli bohle ba bohata. Le felella ha mekha ea bopolotiki le e meng ea lefatše la Diabolose, hammoho le batšehetsi ba eona, “ba baholo le ba banyenyane,” ba qetella ba timelitsoe.—Tšen., likhaoh 17 ho ea ho 19.
‘TIMELO E TSOMETSANG’
7. Ho re “Ke khotso, ha ho kotsi” ho tla pelenyana ho eng?
7 Kahoo, ho bolela hore “Ke khotso, ha ho kotsi,” ho tla nakoana pele ho ‘timelo e tsometsang’ ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e leng ’muso o bitsoang “Babylona e moholo” ka boprofeteng ba Bibele. (Tšenolo 17:5) Hape ho boleloa e le “seotsoa se seholo . . . seo marena a lefatše a febileng le sona.” (Tšen. 17:1, 2) Empa, ho phoqang, a mangata ho ‘marena ana a lefatše’ ao e kileng ea e-ba ‘baratuoa’ ba seotsoa, a tla se fetohela, hobane rea bolelloa: “Li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.”—Tšen. 17:16.
8. Ke hobane’ng ha Jehova a ahlola bolumeli ba lefatše ka matla hakaale?
8 Molato oa kahlolo e boima hakaalo ho tsamaiso ee ea lefatše ea bolumeli ke ofe? Lentsoe la Molimo lea arabela: “Libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong.” (Tšen. 18:5) Har’a libe tsena ke sena: “Ke ho oona ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšen. 18:24) Le hoja bo sa rute balateli ba bona ’nete e buang ka Molimo le melao ea oona, bolumeli ba bolefatše bo fetohile bo amehileng lintoeng tse felletseng ka ho bolaoa ha batho ba makholo a limillione ho theosa le makholo a lilemo. Hape, bolumeli ba bohata bo nkile ketello pele ho hloriseng bahlanka ba ’nete ba Molimo. (Luka 11:47-51; Tšen. 17:6) Kahoo, ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang, ka seo bo se entseng kapa bo sitiloeng ho se etsa, Jehova o nka “Babylona e Moholo” a ikarabella ka mali a “bohle ba bolailoeng lefatšeng.”
9, 10. (a) Batho ba bang ba hlokometse boikarabelo ba bolumeli ba bohata ka molato oa mali ho tla fihlela mehleng ea rōna joang? (b) Bonneteng, “Babylona e moholo” o ’nile a sebeletsa mang?
9 Bolumeli ba bohata bo tsoela pele ho bokella molato oa mali ho tla fihlela kajeno. Ka mohlala, New York Post ea la 18 Motšeanong, 1981, e ile ea tlaleha: “Eo e kileng ea e-ba Mookameli Carter o boletse maobane hore lehloeo le toantšano li entse hore ho bonahale eka ‘lefatše lea hlanya.’” Hape a bolela hore “kholiseho e tebileng ea bolumeli e neng e lokela ho tlamahanya batho leratong hangata ho bonahala e le karolo ea bohlanya le polao.” Ka ho tšoanang, matsatsi a mabeli pelenyana taba ea mohlophisi ea Mike Royko hona pampiring eo e ne e boletse hore Mak’hatholike, Maprostanta, Masolomane le Bajode “ba hlalosa boineelo ba bona ho [Molimo] ka ho bolaeana.” A hlokomela hore: “Ke nahana hore ba lumela hore ha lehlakore le leng le ka timetsa lehlakore le leng, ho tla paka hore tsela eo ba rapelang ka eona e nepahetse.” A bolela hore le hoja ho boleloa hore mopapa oa Kereke ea Roma e K’hatholike ke motho oa khotso, “balateli ba hae ba tsejoa ka ho tšolla mali a ligallone tse limillione tse seng kae ha bohale ba bona bo tuka.”
10 Kahoo, ‘mahlomola a maholo’ a qala hantle ka ho timetsoa ha ’muso oa lefatše oa boikaketsi oa bonyefoli oa bolumeli ba bohata. Ke kahlolo ea ho loka hobane bolumeli ba lefatše, “Babylona e moholo,” bo ipolela hore bo sebeletsa Molimo, empa ha e le hantle bo sebelelitse Diabolose. Kahoo ka “boloi” ba bona, bo thetsitse batho ba baloang ka makholo a limillione hore ba sebeletse lithahasello tsa Diabolose.—Tšen. 17:3-6; 18:23.
11. Ke eng e bontsang hore ho timela ha bolumeli ba bohata ho tsometsa ka ho nyarosang?
11 Ho oa ha “Babylona e moholo” ho tla ka tsometso e khōlō, ho hang ho sa lebelloa ke lefatše. Ho timela ha eona ho tla tsometsa hoo ho tla nyarosa babusi ba lipolotiki ba neng ba e tšehetsa, hobane rea bala: “’Me marena a lefatše a febileng le eena, a ileng a phela le eena menyakeng, a tla mo llela, a itete lifuba, ha a bona mosi oa ho cha ha hae; a ntse a eme hole le eena ke ho tšaba likotsi tsa hae, a re: Jo! Jo! Babylona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ea hao e hlahile joang ka hora e le ’ngoe!” Ba bang—“bahoebi ba lefatše” kapa mekha ea khoebo e neng e e tšehetsa—ka ho tšoanang e-ea tsota: “Jo! Jo! . . . maruo a kakalo a felile joang ka hora e le ’ngoe.”—Tšen. 18:9-19.
12. Ke ka tsela efe timetso e tlang ka ho tsometsa le habohloko?
12 Hona ho lumellana le tlhaloso e ho 1 Ba-Thesalonika 5:2 le 3, e bontšang hore timelo e tla ka ho tsometsa e bile e sa lebelloa, hobane “letsatsi la Morena [Jehova]” le tla tla “joaloka lesholu” la bosiu. Ke ka tsela efe le tlang ‘joaloka lesholu la bosiu’? Ka hore batho ba bangata ha baa falimehela ho senoloa ho tsoelang pele ha thato ea Molimo. Ba robetse moeeng. Ba tšoana le motho ea robetseng bosiu ha lesholu le tla ka ho tsometsa. Batho ba joalo ba lumetse hore ba foufatsoe ho tšehetsa tsamaiso ena e ahlotsoeng ea lintho. Kahoo ho timetsoa ha Babylona e moholo ho ba tlela ka ho tsometsa. Ruri, “Letsatsi la Morena [Jehova]” la ho timetsa mekha eohle ea tsamaiso ea Satane le tla tla joaloka lesholu la bosiu.’ Timelo e tla tlela lira tsa Molimo ka ho tsometsa le habohloko, “joalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.”—Bona hape 2 Petrose 3:10.
HORE ‘‘HO KHOTSO, HA HO KOTSI”
13, 14. (a) Ke joang ka nako e telele lichaba li ’nileng tsa bua ka hore ho khotso ha ho kotsi? (b) Ke hobane’ng ha ho se le bo bong ba boiteko bo joalo ba khotso boo e leng phethahatso ea 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3?
13 Liketsahalo tse sisinyang lefatše li tla tšoana le ‘timelo e tsometsang’ ea bolumeli ba bohata le lefatše lohle la Satane. Empa timelo eo e etelloa pele hanyenyane ke ho re “Ho khotso, ha ho kotsi.” Kahoo ke ho khahlisang haholo ho tseba hore na ho boleloa hona ha hore “ho khotso, ha ho kotsi” ho bolela eng. Ka ntlha e ’ngoe, ha ho bonahale hore ke boiteko feela bo tloaelehileng ba lichaba tse batlang khotso. Ke khale li buisana ka hoo. Ka mohlala, kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše lichaba tsa tekenela tumellano ea khotso Versailles. Hamorao, linaha tse ngata tsa saenela tumellano ea khotso ea Kellogg-Briand ea 1928. Ntoa ea II ea Lefatše le eona ea felella ka litumellano tsa khotso. Lilemong tsa morao Soviet Union le United States li ’nile tsa buisana ka khotso le ho tekenela litumeIlano tsa ho laola lihlomo. Lichaba tse sa tšoaneng tsa Bochabela bo Hare nako le nako li ’nile tsa kena litumellanong tsa khotso.
14 Empa ha ho le bo bong ba boiteko bona bo lumellanang le tlhaloso ea 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3. Hobane’ng? Ka baka la ’nete ea hore ‘mahlomola a maholo,’ “letsatsi la liphetetso tsa” Jehova, ha lea so qale. Hopola, Pauluse o boletse hore timelo e tla tla ka ho “tsometsa,” kamor’a hore ho boleloe hore “Ho khotso, ha ho kotsi!” Ho feta moo, phethahatso e tlameha ho ba ntho e totobetseng ho lekaneng ho netefatsa ho ngoloa ha eona e le boprofeta bo tobileng bo bululetsoeng ke Jehova. Hore “Ho khotso, ha ho kotsi” ho tlameha e be phetoho e khethehileng, e fapaneng le boiteko bo bongata ba khotso bo ’nileng ba etsoa ho tla fihlela ka nako eo.
15. Ke bo-mang ka ho utloahalang ba tla beng ba re “Ho khotso, ha ho kotsi”?
15 Hape, ke bo-mang “ba” ba reng “Ho khotso, ho iketliloe!” pelenyana bofelo bo tla? Ha ho bonolo hore karolo leha e le efe ea lefatše lena e ka bolela ntho e joalo ntle ho tšebelisano kapa tsamaiso ea mebuso e meholo ea bopolotiki. Kahoo, ho bonahala hore babusi ba lichaba ba nka karolo ea bohlokoa ho sebetsahaleng ha boprofeta bona. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o ho boleloang hore o ineetse khotsong, le oona o ka nka karolo. Hona ho thoe’ng ka mekha ea bolumeli? Kaha ke karolo e khōlō hakana ea lefatše ‘e feba le marena a lefatše,’ ho bonahala e ka ’na ea tšehetsa kapa ea phahamisa ka mafolo-folo boiteko ba mebuso ea lipolotiki ntlheng ena. Ho sena e tla be e etsisa baprofeta ba bohata ba Juda ea boholo-holo bao ka bohata ba ileng ba bolela hore: “Lentsoe la Jehova le re: Khotso e tla ba teng ho lōna.” Ho fapana le hoo, Molimo o ne o le haufi le ho ba tlisetsa koluoa, joalokaha moprofeta oa hae oa ’nete Jeremia a ne a boletse pele ho nako.—Jer. 23:16-22.
16, 17. (a) Na ho bonahala eka hona joale lichaba li leba ‘khotsong le ho hlokeng kotsi’? (b) Empa, ke hobane’ng ha re ka kholoa hore hoo ho tla etsahala?
16 Empa na lichaba haufi tjee li leba leha e le ka mokhoa ofe feela ‘khotsong le ho hlokeng kotsi’? Ka litaba tsa linakong tsa morao tjena, ho bonahala ho le ka ho fapaneng. George Kennan, eo e neng e le lenqosa la Amerika Soviet Union, o itse: ‘Ha ho mohla ka lilemo tse 30 maikutlo a bopolotiki a ileng a phahama hakana joaloka kajeno. Ka nako ena eohle ha ho mohla ho hloka kutloisiso, pelaellano, ho makala le tšabo e kana ea ntoa li kileng tsa phahama’ joaloka kajeno. Toronto Star sehloohong sa mohlophisi ea phaella: “E ne e se ho tšaba nako e tlang, empa ntho e ’ngoe e mpe haholoanyane: Ho tšaba nako ea hona joale.”
17 Likhoeling tsa morao tjena mebuso e meholo e ’nile ea bua ka mokhoa oa ho tsekisana le oa ho sokelana. Ho hloka botsitso ha baahi, mefere-fere har’a batho, liphetohelano, le lintoa li qhoma likarolong tsohle tsa lefatše. Moruo oa lefatše ha o-a tsitsa ho hang. Tlōlo ea molao le pefo li ntse li eketseha ho fihla moo joale e leng seoa. Ka sebele, ho thata ho bona kamoo “batho” ba ka reng “Ho khotso, ha ho kotsi!” Empa lentsoe la Jehova ha ho mohla le fosahalang. (Esa. 55:11; 1 Ba-Thess. 5:3, phet. e ncha) Ha le re bolella hore phetoho e joalo e tla tla pelenyana ‘timelo e tsometsang’ e otla, joale ruri ho tla tla, ho sa tsotellehe hore na hona ho bonahala ho ke ke ha etsahala hakae.
18. Ke joang boprofeta bo buang ka Babylona ea boholo-holo bo ka re thusang ho lumela ho phethahala ha kajeno ha boprofeta?
18 Hopola boprofeta bo bongata boo Molimo o ileng oa bululela bahlanka ba oona hore ba bo bolele khahlanong le Babylona ea boholo-holo, ’muso o moholo oa lefatše o matla o neng o le teng makholo a lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng. Setsebi se seng se ile sa hakanya hore monyetla oa hore boprofeta bo boholo ba Bibele bo phethahale khahlanong le Babylona o ne o sa bonahale ho hang. Ntle ho pelaelo batho ba bangata ba Molimo mehleng ea boholo-holo e tlameha ebe ba ile ba ipotsa hore na boprofeta boo bo ne bo ka phethahala joang holim’a ’muso oa lefatše o matla hakaalo le o itsetsepetseng joaloka Babylona. Empa bo ile ba phethahala, ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe ea bona. Kahoo kajeno, ho ka ’na ha bonahala eka hore “ho khotso, ha ho kotsi” ho tla lateloa ke ho timetsoa ha tsamaiso ea lefatše ho ke ke ha etsahala. Empa lentsoe la Molimo la boprofeta le bolela hore ho tla ba joalo!
KE LEKOKO FEELA
19. Ho bolela hore “Ho khotso, ha ho kotsi” ho ke ke ha bolela eng?
19 Hona hona re ka ho tiisa: Mohoo oa hore “Ho khotso, ha ho kotsi”—ho sa tsotellehe hore na o nka sebopeho sefe—ha o bolele hore boemo ba ’nete ba lefatše lena bo tla be bo etsollotsoe. Leha e le hore o bolela hore lichaba li tla lahla lihlomo kapa li tele boikutlo ba tsona ba mabifi. “Ha ho khotso e boloketsoeng ba bolotsana: ho bolela Molimo oa ka!” (Esa. 57:21) Ke hore feela, ka nakoana, baeta-pele ba lefatše, ka baka la ho tsieleha kapa ka baka la ho bona molemo o mong oa boithati ka ho phehella mekhoa e meng e mecha, ba tla bolela “Ho khotso, ha ho kotsi!” ka tsela e totobetseng ho feta pele.
20. (a) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore maemo a lefatše a tla ’ne a theohe? (b) Re ka lebella hore batho ba bangata ba etse joang mabapi le borapeli ba Molimo?
20 Ke hobane’ng ha re ka tiisa hakaalo hore lefatše lena le tla ’ne le tetebele? Hobane 2 Timothea 3:1, 13 e hlile ea bolela hore ‘mehleng ena ea qetello . . . bathetsi ba tla ’ne ba thetse ho ea pele.’ Ka baka leo, ho bolela hore “Ho khotso, ha ho kotsi” e tla ba lekoko feela. Ho ke ke ha ama boemo ba ’nete ba batho. Ha ho letho leo lefatše lena le tlas’a Satane le tlang ho le etsa le tla felisa hlaba ea tlōlo ea molao le toantšano, kapa le emise ho qhalana ha malapa, kapa le etsolle boitšoaro bo bobe bo tletseng hohle, kapa le thibele lipolao tse limillione tsa ho ntšoa ha limpa tsa bana ba so tsoaloe selemo se seng le se seng, kapa ho rarolla mathata leha e le afe a mang a maholo a batho. (Jer. 10:23) Leha e le hore batho ba bangata ka tšohanyetso feela ba tla retelehela borapeling ba ’nete ba Molimo. Boprofeta ba Bibele ka nepo bo ile ba bolela hore batho ba mehleng ea rōna e tla ba ba “ratang menate ea nama, e seng Molimo, ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.”—2 Tim. 3:4, 5; bona hape Mattheu 7:13, 14.
21. Bahlanka ba Jehova ba tla nka ho boleloa ha hore “Ho khotso, ha ho kotsi” ho tla etsoa e le ho bolelang eng?
21 Kahoo, le hoja lefatše le tla thetsoa ke ho tšepa lefeela nakong e tlang ea ha ho boleloa hore “Ho khotso, ha ho kotsi!” bahlanka ba Jehova ba ke ke ba thetsoa. Ho fapana le hoo, ba tla nka ho phethahala hona ha boprofeta hoo e leng hona ho tla etsahala bakeng sa seo ho hlileng ho leng sona: Pontšo ea ho qetela hore ‘mahlomola a maholo’ a tloha a qala! Hape ba tseba hore, kamorao ho “letsatsi la liphetetso tsa” Molimo, bahlanka ba hae ba tšepahalang ba tla kena tsamaisong e ncha ea lintho e lokileng e tla qala bophelo bo sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng le tla fetoleloa paradeiseng. (2 Pet. 3:13; Tšen. 7:9-17) Ha liketsahalo tsena tsohle tse thabisang li oelana holim’a rona, boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 21]
Bahlanka ba Molimo ba ke ke ba thetsoa ke mohoo o tlang oa hore “Ho khotso, ha ho kotsi!”
[Litšoantšo se leqepheng la 16]
Maemo kajeno a tšoane le a lefatšeng pele ho Moroallo ha lefatše le ne “le tletse ho bolaeana”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Kahlolo ea Molimo ho bolumeli ba bohata e matla hakana hobane ‘libe tsa bona li se li kolohane ho ea fihla leholimong’
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha ho boiteko ba nakong e fetileng ba khotso bo lumellanang le 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3 hobane ‘timelo e tsometsang’ ha e so tle