‘Le Falimehe, ’Me le be le Kutloisiso’
‘Re se ke ra robala joaloka ba bang bohle, empa re lule re falimehile, re e-na le kutloisiso.’—1 Ba-Thess. 5:6, NW
1. Ke phethahatso efe ea boprofeta ba Bibele eo re ka e lebellang haufi?
HA JESU a bolela pele ho nako ho timetsoa ha Jerusalema molokong oa hae, o itse: “Matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngoliloeng li phethahale.” (Luka 21:22) Ka 70 C.E., kahlolo ea ho loka ea Molimo ea phethahatsoa ho ba neng ba silafalitse lebitso la oona, ba tlōla melao ea oona le ho hlorisa bahlanka ba oona. Ka ho tšoanang, ho phethahatsoa ha kahlolo ea ho loka ea Molimo holim’a tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo ho haufi le ho tla, hang hape ho bontša hore lintho tsohle tse ngotsoeng boprofeteng ba Bibele li tla phethahatsoa. ’Me kahlolo eo e tla tla ka ho tsometsa ho sisimosang ho ba sa itokisang, hobane Bibele e re: ‘Mohla batho ba tla re: “Ke khotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa.’—1 Ba-Thess. 5:2, 3, phet. e ncha.
2. Ke keletso efe eo Lentsoe la Molimo le re neang eona eo re ka e sebelisetsang nako e tlang e haufi?
2 Pakeng tsa hona le nako eo ka eona likahlolo tsa Molimo li phethoang, ke tlamo ho bahlanka ba Jehova hore ba be le kutloisiso e phahameng ka ho fetisisa le morero oa boitelo. Moapostola Pauluse, ea ngotseng boprofeta bo bululetsoeng ho 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, a boela a re: ‘Kahoo, he, re se ke ra robala joaloka ba bang, empa re lule re falimehile ’me re be le kutloisiso.’ (1 Ba-Thess. 5:6 NW) Jesu o ile a eletsa: “Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala.” (Luka 21:36) Moapostola Petrose ka ho tšoanang a ngola: “ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli.”—2 Pet. 3:11.
HO TLA HO JEHOVA HONA JOALE
3. Hore mang kapa mang a pholehele taolong e ncha ea Molimo, o tlameha ho etsa joang?
3 Motho mang kapa mang ea batlang ho pholohela taolong e ncha ea ho loka ea Molimo ho hlokahala hore ka potlako a kene kamanong e nepahetseng le Jehova le phutheho ea Hae ea lefatšeng hona joale. “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” (Liprov. 18:10) “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba li tla phallela teng.” (Esa. 2:2) E, batho leha e le bafe ba batlang ho phela taolong e ncha ea Molimo ea paradeise hona joale ba tlameha ho phallela thabeng ea Jehova, borapeli ba hae ba ’nete, bo hlomiloeng ka ho tiea ’me bo phahamiselitsoe kaholimo ho mofuta ofe kapa ofe oa borapeli.
4. Jesu o bontša joang hore ho ema halelele pele motho a tla ho Jehova ho ka bolela le fu?
4 Ke hobane’ng ha ho potlakile hakaalo ho tla borapeling ba ’nete ba Jehova hona joale? Na motho ea tšepahalang a ke ke a emela ho bona ha ho qaleha ho phethahatsoa ha kahlolo ea Jehova, ebe ka potlako o tla ka lehlakoreng la Hae? Le hoja hoo ho ka ’na ha utloahala ho ipiletsa ho ba bang na ka nako eo ho tla ba le nako e lekaneng ho haha kamano e nepahetseng le Jehova? Bopaki bo tsoang Mangolong bo arabela ka hore Che. Jesu o lemositse: “Empa le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehloho; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi.” (Luka 21:34, 35) Hlokomela hore ba sa falimehang moeeng ba tšoaroa ba sa hlokomela, hobane “letsatsi” leo lea ba “tsometsa,” ka ‘tšohanyetso,’ ka tsela e tšoanang leha ‘timelo e ba tsometsa’ ba ntse ba re “Ho khotso, ha ho kotsi.”
5. Ke mehlala efe ea Bibele eo re nang le eona ho bontša hore ho hlokahala hore batho ba ithute ka Jehova pele timetso e qaleha?
5 Jesu o tšoantša batho ba joalo le phoofolo e oelang lerabeng e sa tsebe. Hape a tšoantša batho ba sa lemohang moeeng le ba mehleng ea Noe ba sa kang “ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” Na ho ne ho e-na le nako bakeng sa batho bao ho ithuta ka Jehova le ho kena tšireletsong ea hae kamorao ho hore Moroallo o qalehe? Che, hobane Jesu ka ho hlakileng o bolela hore ha Moroallo o fihla “ba nkoa bohle ke oona.” Ka nako eo ba ne ba se ka arekeng le Noe le lelapa la hae. Hape, ha kahlolo ea Molimo e oela Sodoma le Gomorrha, na ho na le ba ileng ba pholoha kamorao ho hore timelo ea mollo e ne ho tsoa leholimong? Che, hobane bohle ba ile ba timetsoa ntle ho Lota le barali ba hae, ba neng ba se ba tlohile motseng. Le eena mosali oa Lota, ea neng a se a qalile ho tloha empa joale a tsila-tsila, a fumanoa ke makhotla a timetso. Ke ka lebaka le letle Jesu a ileng a re: “Hopolang mosali oa Lota.”—Matt. 24:37-39; Luka 17:32.
6. Matla a bopaki ba Mangolo a phea khang khahlanong le tumelo efe?
6 Empa na ho ka ba le sebaka sa nako kamorao ho hore “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e theohele tlase, sa ha batho ba tla ba le monyetla oa ho tsoha moeeng le ho batla Jehova? Matla a bopaki bo ka Mangolong bo hanana le sena. Ho phaella bopaki ba mehlala e fetileng, ho boetse ho teng ba sechaba sa Bajode sa lekholong la pele la lilemo. Bajode bao ba bolumeli ba ikutloa hore ba rapela Molimo ka ho lekaneng ’me ha ho hlokahale hore ba mamele ho bolela ha Jesu kapa balateli ba hae. Leha ho le joalo, Jesu o ne a lemositse: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe.” (Luka 21:20-22) Empa eare ha makhotla a Baroma a neng a potile Jerusalema a tloha ka selemo sa 66 C.E., Bajode ba itšepileng ho tlola ha ba ka ba ‘baleha.’ Ba qobelletse lebotho le chechang la Baroma hore le balehe ka ho le hlasela le kamorao, Bajode ba ikutloa hore ha ho hlokahale hore ba balehe. Ba lumela hore Molimo o na le bona, ba ba ba etsa chelete ea bona ea tšepe ea silevera e ncha e nang le mongolo o reng “Jerusalema e Halalelang.” Empa boprofeta bo bululetsoeng ba Jesu ba bontša hore Jerusalema ha e sa halalela ho Jehova.
7. Ke qetello efe e ileng ea oela Bajode ba entseng ho fapaneng le keletso ea Jesu?
7 Ba thetsitsoe ke bolumeli ba bohata, Bajode ha baa ka ba tloha Jerusalema le Judea ha ba sa na le monyetla oa ho etsa joalo. Ha e le hantle, selemo selemong sa 70 C.E., ba etsa ho fapaneng le hoo. Ba khobokana Jerusalema bakeng sa mokete oa bolumeli. Empa ka eona nako eo hantle, makhotla a matla a Roma tlas’a Molaoli Tite a khutla, a potapota Jerusalema ’me a chea batho bao bohle, joaloka liphoofolo tse tšoasitsoeng marabeng. Kamor’a ho thibella ka nako e khutšoanyane, Jerusalema ea timetsoa. Paki e boneng liketsahalo tseo ka mahlo, mongoli oa lipale Flavius Josephus, a ngola hore: “Joale palo ea ba ileng ba isoa botlamuoeng ntoeng ena eohle ea bokelloa hore ke likete tse mashome a robong a metso e supileng; joalokaha palo ea ba ileng ba timela ho thibelloeng hoo hohle e bile likete tse makholo a leshome le motso o le mong [1 100 000], bao boholo ba bona e neng e le ba sechaba se le seng [hammoho le baahi ba Jerusalema], empa ba sa lule motseng ka booona; hobane ba ne ba tlile bohle moketeng oa mahobe a sa lomosoang, ’me ka tšohanyetso feela ba koalloa ke lebotho, . . . sechaba kaofela joale sa koalloa ke lefu joalokaha eka ke ka teronkong, ’me lebotho la Baroma la kopela motse.”—Wars of the Jews, Buka VI, Khaolo IX, lirapa 3, 4, e fetoletsoeng ke William Whiston.
8. Bakreste ba ileng ba mamela Jesu ba hlaheloa ke eng, ha ho bapisoa le phello ho ba ileng ba leka ho baleha ka motsotso oa ho qetela?
8 Leha ho le joalo, Bakreste ba neng ba lutse ba falimehile ’me ba bile le kutloisiso ba ne ba se ba tsoile Jerusalema le Judea eohle, ba balehetse moo ho sireletsehileng ha monyetla o sa hlahile kamor’a selemo sa 66 C.E. Ka ho lumela mantsoe a boprofeta a Jesu le ka ho nka bohato ka oona, ba phonyoha. Empa, ha ‘mahlomola a maholo’ a tlela Bajode ka 70 C.E., ho ne ho se ho se nako ea hore ba ka baleha. Likete-kete tse ileng tsa leka ho tsoa ka har’a motse ba nyonyoba le moo Baroma ba neng ba kopetse le teng ba tšoaroa ke masole, a bileng a buoa ba bang ho Bajode bao hore ba fumane gauda eo ba bangata ho bona ba neng ba e koentse.
HO PHONYOHA “MAHLOMOLA” A MAHOLO HO FETA MOO HOLE
9, 10. (a) ‘Mahlomola a maholo’ a tla ba matla hakae? (b) Ke hobane’ng ha ho sa bonahale ho e-na le nako leha e le efe ea khutso kamorao ho timetso ea “Babylona e Moholo”?
9 Ao ruri e bile “mahlomola” a maholo a neng a kile a oela Bajode, haholo joalokaha Jesu a hlile a bolela. (Luka 19:43, 44) Empa Jesu mantsoe a hae a bontša hore ho sa na le “mahlomola” a maholoanyane a tla tla mehleng ea rōna ‘letsatsing la liphetetso tsa Jehova. Ha a arabela potso ka “pontšo” ea ho ‘ba teng ha hae,’ Kreste a re: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Matt. 24:3, 21) “Mahlomola” ana a ke ke a tlela “Babylona e moholo” feela empa le tsamaiso eohle ea Satane, ho akarelletsa litokisetso tsa eona tsa bopolotiki le kahisano le moruo.
10 Le hoja timetso e tla qaleha ‘ka ho tsometsa’ tabeng ea bolumeli ba bohata, e tla tsoela pele ho se khathatso ea letho ho fihlela e fella. (1 Ba-Thess. 5:3) Bakeng sa khang ea hore ho ka ba le nako ea khutso e tla tla kamor’a hore ho lihuoe “Babylona e moholo,” boprofeta ba Bibele bo bontša hore makhotla a hananang le Molimo a tla timetsa Babylona a ke ke a bontša lipaki tse ineetseng tsa Jehova mohau leha e le ofe. Ho fapana le moo, makhotla ana a hananang le Molimo a tla hloea batho ba Molimo ’me le bona a tla ba futuhela. Bibele e bontša hore ‘sebata sona sane se nang le linaka tse leshome’ se ileng sa timetsa “Babylona e Moholo” hape se tla “loana le Konyana” Jesu Kreste, joalokaha a emeloa ke balateli ba hae lefatšeng. (Tšen. 13:1; 17:12-14, 16; 19:19) Bana ba tla beng ba tletsoe ke moea oa tlhōlo ho bolumeli ba bohata ntle ho pelaelo ba tla nka bahlanka ba Molimo e le bolumeli bo bong feela bo lokelang ho tlosoa tseleng e le hore ho ke ke ha e-ba le tšitiso e salang ho buseng ha bona lefatše lohle.—Ezek. 38:14-16.
11. ‘Mahlomola a maholo’ a fihla tlhorong joang?
11 Leha ho le joalo, ho hlasela bahlanka ba Molimo hona ho tla tšoana le ho hlasela Molimo ka booona, hobane o re: ‘Ea le amang o ama thaka ea leihlo la ka.’ (Zak. 2:8; Ezek. 38:18, 19) Hoo ho tlisa bohato bo potlakileng bo tsoang ho Jehova. Ho khothalletsa bohale ba hae ba Harmagedone holim’a bahlaseli. (Tšen. 16:14, 16) O laela Mora oa hae oa Morena, Kreste Jesu, le makhotla a hae a leholimo hore a ee ntoeng! Ka matla a thumakanyang, Kreste le makhotla a hae a leholimo o otla marena a lefatše le mekha eohle e saletseng ea tsamaiso ena eo e seng ea bomolimo, hammoho le bohle ba e tšehetsang. Le hooa ka lentsoe le phahamileng, lengeloi le mema linonyana tsa leholimo. “Tlong, le phuthehele mokete o moholo oa Molimo, le tle le je linama tsa marena, le linama tsa balaoli ba likete, le linama tsa linatla, le linama tsa lipere, le tsa ba li kaletseng, le linama tsa bohle ba sa ruoang le ba ruiloeng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.” (Tšen 19:17, 18) Kahoo, ‘mahlomola a maholo’ a fihla tlhorong ea oona “Letsatsi la liphetetso” tsa Molimo la ho loka holim’a tsamaiso ena ea bosatane ea lintho lea felella.
12. Batho ba tšepahalang ba lokela ho ‘batla Jehova’ neng?
12 Ho tloha qalehong ea ‘timetso e tsometsang,’ ho qaloa ka ho timetsoa ha “Babylona e moholo,” ho isa ho hlaseleng ha lichaba bahlanka ba Jehova le ho kenella ntoeng ea Molimo ea Harmagedone, ha ho bonahale eka ho tla ba le khaotso ea letho “mahlomoleng a maholo.” Kahoo ha ho na lebaka la Mangolo la ho fihlela qeto ea hore ho tla ba le nako e lekaneng ho retelehela ho Molimo kamor’a hore ho timetsoe bolumeli ba bohata. Hoe-na le hoo, ba batlang ho pholoha ba phela ho kena taolong e ncha ea Molimo ba lokela ho retelehela ho Jehova hona joale. “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.” (Esa. 55:6) Hona joale ke nako eo ka eona batho ba tšepahalang ba lokelang ho loana ka matla ho ba le bophelo ba tumelo, sebete, lerato le tšebeletso. Hona joale ke nako eo ka eona ba lokelang ho itokisetsa ho emellana le likhatello tse tla tlela batho ba Molimo ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang ka potlako.
13. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tšoantšoa le eng, hona ka litsela life?
13 Lentsoe la Molimo le tšoantša bahlanka ba tšepahalang be hae le masole a koetlisitsoeng hantle a mamelang ka hloko, a ntseng a apere lihlomo tsa oona tsa tšireletso, le a lokileng ho mamela taelo efe kapa efe eo a e neoang ke moetapele oa oona. Ha ba tšoane le makhotla a sa lokang a robetseng matlong a oona ka nako ea kotsi le e potlakileng. Pauluse o re: ‘Ha ho le joalo, re se ke ra robala joaloka ba bang bohle, empa re lule re falimehile, re e-na le kutloisiso. Hobane ba robalang ba tloaetse ho robala bosiu, le ba tahoang hangata ba tahoa bosiu. Empa ha e le rōna bao re leng ba motšehare, re be le kutloisiso ’me re apare tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato ’me bakeng sa katiba ea tšireletso [re roale] tšepo ea pholoho; hobane Molimo ha oa ka oa re abela bohale, empa hore re rue poloko ka Morena oa rōna Jesu Kreste.’—1 Ba-Thess. 5:6-9, NW.
14. Ke eng e bontšang hore bahlanka ba Molimo ruri ba tla tsebisoa litaba ka nepo e le hore ba ka etsa thato ea Molimo?
14 Hape, bahlanka ba Molimo ba kholisehile ka ho feletseng hore Molimo o tla tsebisa phutheho ea oona litaba ka ho feletseng, e le hore e ka nka mehato e loketseng bakeng sa pholoho. Hona re ka ho tiisa hobane boprofeta bo bululetsoeng bo ho Tšenolo, khaolo ea bosupa, bo bontša hore ‘bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, . . . ba tsoa mahlomoleng a maholo’ ’me ba pholohela taolong e ncha ea Molimo moo “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšen. 7:9, 14, 17) Hona “bongata bo boholo” bo pholoha hobane’ng? Hobane bo ‘sebeletsa Molimo motšehare le bosiu,’ ’me kahoo o ‘ba sireletsa ka tente ea oona ea tšireletso.’ (Tšen. 7:15) Ba e-na le tsebo e ntle ea litaba, ba tseba hore na ba ka sebeletsa Molimo ka ho amohelehang joang. Ha ba eme ka boiphapanyo feela ho bona hore na ho tla etsahala joang. Ba tseba hore “ea etsang thato ea Molimo” ke eena ea tla “hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.
MOSEBETSI O EKETSEHILENG
15. Lipaki tsa Jehova li mametse taelo ea ho ‘bolela litaba tse molemo tsa ‘muso oa Molimo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona’ joang?
15 Ho akarelletsoang e le karolo ea thato ea Molimo bakeng sa mehla ea rōna ke ho phethahala ha boprofeta ba Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:14) Ho Bakreste ba ’nete, mantsoe ana a boprofeta, ha e le hantle, ke taelo ea ho bolella ba bang ka litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le ho tla ha taolo e ncha. ’Me ruri ke seo Lipaki tsa Jehova li se utloang ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Tim. 3:1; bapisa Mattheu 28:19, 20.) Ka boitelo ba sebelisitse nako ea bona le matla ao ba nang le oona ho ruta ba bang ka morero o babatsehang oa Molimo bakeng sa lefatše lena. E le phello ea mosebetsi ona ’ohle o boima, hoo e ka bang batho ba limillione tse hlano lefatšeng lohle ba bontšitse ho thahasella taolo e ncha ea Molimo le tokisetso ea oona ea poloko ka Jesu Kreste ka ho bokana hammoho selemong se fetileng ka ’Mesa ho boloka Sehopotso sa lefu la Kreste.
16, 17. (a) Ke litaelo life tse ileng tsa neoa Baiseraele pele Molimo o timetsa Jeriko? (b) Litaelo tseo tsa phethahatsoa joang?
16 Ha phutheho ea Jehova e tsoelang pele e atamela lilemo tse qetellang tsa mosebetsi oa eona oa ho bolella lefatše lena, ha ho pelaelo ka hore mosebetsi o tla hōla. Hopola hore na Baiseraele ba ile ba laeloa hore ba etse joang pelenyana Molimo o timetsa Jeriko. Pele, ba laeloa hore ba pote motse hang ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng. Empa joale ba bolelloa hore: “Ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, ’me baprista ba letse literompeta. Etlere ha ba letsa halelele ka manaka a tlerolang, ha le utloa molumo oa terompeta, sechaba kaofela se hlabe litlatsi tse kholo; ’me lerako la motse le tla heleha kaofela.”—Josh. 6:2-5.
17 Ka letsatsi leo la bosupa le la ho qetela, Baiseraele ba ne ba lokela ho eketsa mosebetsi oa bona ka makhetlo a supileng! Ebe joale ba ‘hlaba litlatse tse kholo.’ Ba etsa kamoo ba neng ba laetsoe hantle. “Ka tsatsi la bosupa, ba tsoha e sa le hosasa, tsatsi le e-so ho chabe, ba potoloha motse hasupa ka mokhoa oo. . . . Ka lekhetlo la bosupa, ha baprista ba letsa literompeta, Joshua a re ho sechaba: Hlabang litlatse, hobane Jehova o le neetse motse. . . . ’me sechaba ha se utloa molumo oa literompeta, sa hlaba litlatse tse kholo; lerako la heleha kaofela.”—Josh. 6:15, 16, 20.
18. Re lebelletse eng mabapi le boholo le mokhoa oa mosebetsi oa ho bolela pele tamaiso ee e felella?
18 Re ka lebella katoloho e joalo ea mosebetsi oa rōna oa ho bolela hona joale, ha mehla e se e ile hakana. Ntle ho pelaelo, pele ‘mahlomola a maholo’ a felella, re tla bona ho pakeloa ho hoholo ho feta hohle ha lebitso la Molimo le ’muso paleng ea lefatše lena. ’Me le hoja hona joale bopaki bo akarelletsa ho memeloa ho tla phuthehong ea Jehova bakeng sa poloko, ntle ho pelaelo ho tla tla nako eo ka eona molaetsa o tla ba matla haholoanyane, joaloka ‘litlatse tse kholo tsa ntoa.’ Tšenolo 16:21 e bontša hore ‘sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta [lik’hilograma tse 50] sa na leholimong, sa oela holim’a batho; ’me batho ba nyefola Molimo, ka baka la kotsi ea sefako, kahobane e bile kotsi e kholo haholo.’ Sefako ke metsi a hoammeng, a thatafetseng. Kahoo hona ho tšoantšetsa kamoo, qetellong, molaetsa oa kahlolo ea Jehova o tla romeloa holim’a batho ba sa mameleng o tla tšoana le ho theoha ha sefako se otlang ka matla. ’Nete ea hore kotlo ea sefako e boleloa e le “se seholo” bo sa tloaelehang e fana ka maikutlo a hore qetellong ea litaba ho boleloa ha “letsatsi la liphetetso” tsa Jehova ho tla etsoa ke bahlanka ba Jehova ho tla ba thata haholo.
19. Ka baka la bokamoso bo haufi, ‘re lokela ho ba batho ba joang’?
19 Kahoo, ke hantle ha re bua joaloka Petrose re re, “Joale, ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli.” (2 Pet. 3:11) Ka sebele, ‘re ke re tšelisane ’me re hahisane.’ Ka mehla ‘re batle se leng molemo ho bohle.’ (1 Ba-Thess. 5:11, 15) “Ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.” (Ba-Gal. 6:10) Ho tla fihlela mona, u se ke ua sitoa ‘ho lula u falimehile u na le kutloisiso.’—1 Ba-Thess. 5:6, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Batho leha e le bafe ba batlang ho pholohela ka taolong e ncha ea Molimo ba tlameha ho phallela borapeling ba ’nete ba Jehova hona joale
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bakreste ba ileng ba mamela Jesu ba baleha Jerusalema ka nako ’me ha ba ka ba shoa lefu la eona ka 70 C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lentsoe la Molimo le tšoantša bahlanka ba oona ba falimehileng le masole a koetlisitsoeng hantle a nang le lihlomo tsa tšireletso le a lokileng hore a mamele
[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]
Ha Baiseraele ba qala ho hoa ba ‘tlerola litlatse tse kholo,’ marako a Jeriko a heleha