Paki e Foufetseng e Pholosa Bophelo
Vicente o foufetse ’me o lilemo li 75. O sebelelitse Spain e le pula-maliboho e thusang ka lilemo tse hlano, o aba limakasine tse ka bang 110 khoeli ka ’ngoe, ’me o khanna lithuto tse tharo tsa Bibele. Bosiung bo bong bo batang ba mariha motsoalle oa hae tšebeletsong ha a ka a tla ho tla mo felehetsa ho ea leetong la ho boela mothong ea thahasellang, le lokisellelitsoeng 9:15 bosiu. Kaha o ne a tlile pejana hore a ka ea poelong ’me a sa batle ho senya nako a letile, Vicente a etsa qeto ea ho ea ka ntlo le ntlo a le mong. Monna ea ileng a arabela monyako a mo tšoara hantle, a mamela tšepo ea ’Muso ’me a amohela mpho ea limakasine tse peli. Libeke tse seng kae hamorao ha a eteloa hape a isetsoa litokollo tsa morao-rao, monna eo a re: “Señor Vicente, haeba u be u sa ka oa kokota monyako oa ka bosiung bola, re ka be re sa buisane hammoho kajeno. Ke ne ke entse qeto ea ho ithunya. Lekhatheng leo, ke ne ke lakatsa ho shoa feela, empa joale ha ke ntse ke bala limakasine tsena ’me ke ithuta ka ho eketsehileng ka ’Muso, thato ea ka ea ho phela e ntse e eketseha ka matla haholo.”