“Le Fele le Sebeletse Polokeho ea Lōna”
“Le fele le sebeletse polokeho ea lōna ka tšabo le ka thothomelo.”—Ba-Filippi 2:12.
1. (a) Ke eng e rorisang Jehova ntle ho puo, ’me hona ho hlaha habonolo joang? (b) Ke bo-mang hape ba mengoang ho etsa joalo?
MESEBETSI ea Jehova e-ea mo rorisa. “Mo roriseng, lōna letsatsi le khoeli! Mo roriseng kaofela, lōna linaleli tse khanyang.” Li mo rorisa li ntse li sa tsebe ho bua. Ho joalo ka lithaba le maralla, limela le liphoofolo, linonyana le lihahabi. (Pesaleme ea 148:3, 9, 10; 19:1-4) Thoriso ee e hlaha habonolo joang ho se mantsoe? E bonolo hobane mosebetsi o senola ea o sebelitseng. Ho boleloa ka ho toba mabapi le Jehova: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.” (Ba-Roma 1:20) Haeba pōpo e sa tsebeng ho bua e lokela ho mo rorisa, ekaba libopuoa tse tsebang ho bua tsona li lokela ho mo rorisa hakaakang! Ke kahoo ho loketseng hore Lipesaleme tsa 146 ho ea ho 150 li qale le ho phetha ka mohoo o susumelletsang ketsong: “Bokang Jehova.”
2. Ke mesebetsi efe e lokelang ho senola Bokreste ba rōna?
2 Joalokaha mesebetsi ea Jehova e mo senola, ho joalo le ka mesebetsi ea rōna. Na e senola hore re ba batlang leruo kapa re barorisi ba Jehova? Mosebetsi o moholo oo Bakreste ba lokelang ho o etsa hona joale ke ho phethahatsa mantsoe a Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle, ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Mantsoe a hae a tumeliso ho barutuoa ba hae e bile a reng: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ha re ntse ‘re bea bopaki bo phethahetseng ka ntlo le ntlo,’ mosebetsi oa rōna oa ho bolela e lokela ho ba o tšoanelehang haholo. kahoo re ka ba boemong bo botle ka pel’a Marena Jehova le Kreste Jesu. “Na u lemohile motho ea mahlaha-hlaha mosebetsing oa hae? O tla ema pel’a marena.”—Liketso 20:20, 21; NW; Liproverbia 22:29.
3. Re koetlisetsoa mosebetsi ona joang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tsebo ho oona?
3 Ho lokiselitsoe Bibele bakeng sa taeo le koetliso e hlokahalang, e le hore “motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” Kahoo ka boithuto ba botho le ba sehlopha, ka ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho le ka ho kopanela mananeong a koetliso “u tiee matla ho iketsa ea lumelehang ho Molimo, mosebeletsi ea se nang ho nyatsuoa, ea rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.” (2 Timothea 3:17; 2:15) Satane, molimo oa lefatše lena le khopo la hona joale, o lohile marang-rang a mashano a bolumeli ’me o a jetse joaloka lesira holim’a lichaba e le hore ba sa lumelang ba foufalle leseli le tlisang khanya la litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Empa Lentsoe la Jehova le tšoana le sabole e leolitsoeng lintlha tse peli ’me Lipaki tsa Jehova li tlameha ho rua tsebo ea ho le tsokotsa hore le khaole likhole tsa lesira le foufatsang e be le lumella leseli hore le khanyetse likelellong le lipelong tsa banna, basali le bana ba kang linku.—2 Ba-Korinthe 4:3, 4.
Mahlabelo a Amohelehang a Thoriso
4. Thoriso ea rōna e tšoantšoa le eng, ’me ke ho hlōleha hofe ho bontšoang ho Malakia 1:6-8?
4 Mantsoe a rōna a thoriso ho Jehova a tšoantšoa le mahlabelo a neng a hlokoa ke molao oa Moshe: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” Mantsoe a boetse a tšoantšoa le “mahlabelo a maleme a rōna.” (Ba-Heberu 13:15; Hosea 14:2) Mahlabelo a neng a etsoa tlas’a molao a ne a tlameha ho hloka koli, ’me baprista ba neng ba hlokomoloha sena ba ile ba khalemeloa ka matla ke Jehova, joalokaha ho hlalosoa ho Malakia 1:6-8:
“Mora o hlonepha ntat’ae, le mohlanka o hlonepha morena oa hae. Haeba ke ntat’a lōna, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena oa lōna, e kae tšabo eo le ntšabang ka eona? ho bolela Jehova oa makhotla ho lōna baprista ba nyelisang lebitso la ka; athe le re: Re nyelisa lebitso la hao ka’ng? Le hlahisa sejo se sebe aletareng ea ka, ’me le re: Re u hlompholotse ka’ng? Ke ha le re: Tafole ea Jehova ea nyatseha. Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho ’musi oa hao: na o tla u thabela, kapa a khahloe ke uena na?”
5. Re ka qoba ho nyehela mahlabelo a thoriso a nang le sekoli joang?
5 Na kamoo ho leng matleng a rōna, re etsa hore kajeno “mahlabelo a maleme a rōna” le “tholoana ea melomo” ea rona li hloke sekoli? Na ka ho ithuta le ho ikoetlisa le ka ho sebelisa matla a rōna a ho nahana re etsa hore mahlabelo a rōna a thoriso a be matle kamoo re ka khonang? Na re batlisisa le ho nahanisisa ka mantsoe a ’nete, hore re a hlahise malapeng a batho ka tsela e khahlisang? “’Moleli o na a le bohlale. A boela a ruta sechaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa lipuo tsa maele tse ngata. ’Moleli o ’nile a phehella ho fihlela lipapiso tse khahlehang, ’me tse ngoliloeng ka ho loka ke taba tsa ’nete.”—Moeklesia 12:9, 10.
6. Re ka nolofaletsa batho ho amohela molaetsa oa ’Muso joang?
6 Ho thata hore batho ba lumele hore ba fositse le hore ho hlokahala hore ba fetole monahano oa bona, haholo ka ntho e amang maikutlo e kang maikutlo a bona ka bolumeli. Na re leka ho ba nolofaletsa litaba? Na re ipea sebakeng sa bona, joaloka moapostola Pauluse? O itse: “Ho ba-Jode, ke ikentse mo-Jode, hore ke rue ba-Jode; ho ba ka tlas’a molao, ke ikentse ea leng ka tlas’a molao, leha ke se ka tlas’a molao, ke tle ke rue ba leng ka tlas’a molao; ho ba seng ka tlas’a molao, ke ikentse ea seng ka tlas’a molao, leha ke se ea se nang molao ka nqa ho Molimo, athe ke molaong oa Kreste, ke tle ke rue ba seng ka tlas’a molao; ho ba fokolang, ke ikentse ea fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang. Tsohle tseo ke li etsa ka baka la Evangeli, hore le ’na ke tle ke be le kabelo teng.”—1 Ba-Korinthe 9:20-23.
7. Boboleli ba rōna bo ka ba le tsebo haholoanyane joang?
7 Na mantsoe a rōna ke a nang le kutloisiso le a mosa, a phekolang? “Ea pelo e hlalefileng o bitsoa ea maele, ’me molomo oa hae o monate o atisa tsebo. Puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.” Na re ithuta ka mokhoa oo re tla bontša bohlale ha re pakela ba bang ka ’muso oa Molimo, kahoo re phaella puo ea rōna ka tsebo? “Pelo ea motho ea bohlale e nepisa molomo oa hae hlalefong, e hlophisa lipuo tsa hae ka thuto.” (Liproverbia 16:21, 24, 23) Letsoai le natefisa lijo tse neng li tla hloka tatso ha li sa nōkoa, ’me Pauluse o sebelisa ’nete ena ho bontša hore lijo tsa moea tseo re li neang ba bang li lokela e be tse hlabosang: “Le polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nōkiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong.”—Ba-Kolosse 4:6.
U Hlophise Thuto ea hao ka Mesebetsi e Metle
8. Ntho ea bohlokoa ke efe haeba re tla qoba ho nyatsuoa hore re baikaketsi?
8 Ntle ho mesebetsi ea ho bolela litaba tse molemo, ho etsa seo re se bolelang ke habohlokoa haeba re sa tl’o nyatsuoa ka hore re baikaketsi. Moapostola Pauluse o ne a le seli haholo ho sena. O ile a nyatsa baruti ba bang ba Bajode ba mehleng ea hae ka hore ba molato oa boikaketsi: “Empa uena ea rutang ba bang, hle uena ha u ithute! Uena ea bolelang hore ho se ke ha utsuoa, ua utsoa! Uena ea reng, ho se ke ha fejoa, ua feba! Uena ea hloeang litšoantšo tsa melimo, u utsoa tsee e leng tsa melimo! Uena ea ithorisang ka molao, u hlompholla Molimo ka ho tlōla molao!” (Ba-Roma 2:21-23) Pauluse o ne a hlokometse kotsi ena ka ho hlakileng tabeng ena, a re: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Korinthe 9:27.
9. Ke likhang life tse hanyetsang maikutlo a bolumeli a hore ‘hang ha u pholositsoe, u pholositsoe’?
9 Hona ho bontša hore Pauluse o ne a sa tlatsetse maikutlong ao balumeli ba bangata ba nang le oona kajeno a hore ‘hang ha u pholositsoe, u pholositsoe.’ Ha re amohetse Jesu e le ’moloki oa rōna le molopolli, le hoba re neele bophelo ba rōna ho Jehova Molimo, re mpa re qalisitse feela tseleng e isang polokehong, ha rea s’o qete. Ka baka leo Pauluse o re eletsa hore re ‘sebeletse polokeho ea rōna ka tšabo le ka thothomelo.’ (Ba-Filippi 2:12) “Re fele” re sebetse hona “ka thothomelo” hobane’ng, haeba ‘hang ha motho a pholositsoe, o pholositsoe’? Ho bonolo ho oa ’me ho thata ho ba bang ba joalo hore ba tsosetsoe pakong hape, “hobane ba boela ba ithakhisetsa Mor’a Molimo.” ’Me Jesu o boletse hore ho bonolo hore e mong a ka “nka moqhaka oa hao.” A boetse a bua tjena litlhalosong tsa hae ka “ho fela ha lefatše”: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Ba-Heberu 6:4-6; Tšenolo 3:11; Mattheu 24:3, 13) Boemo ba rōna ba hona joale le Molimo ke bona ba bohlokoa, e seng seo re kileng ra ba sona, le haeba se ne se le sebe kapa se le setle. (Ezekiele 33:12-16) Ke ka baka leo re lokelang ho tsoela pele boboleling ba ’muso, boitšoarong bo nepahetseng ’me ka bobeli re li etsa ka tšabo e phelang ea hore re se fose kae-kae.
10. Ke boitlhopho bofe bo lokelang ho tsamaea le ho ruta ha rōna, hona ka liphello life?
10 Bakreste ba khothalletsoa ho ba ‘le mekhoa e itekanetseng, likelello tse hlaphohileng, boitšoaro ba borapeli, e se be baetselletsi kapa matahoa, ba be le lerato likamanong tsa lelapa, ba hloeke, ba be khabane lipuong le ho ba basebetsi ba molemo.’ Ke hobane’ng ha hona hohle ho hlokahala? “Hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.” Hape, hore ka boitšoaro bo joalo ba “hlophise thuto ea Molimo, ’Moloki oa rōna, nthong tsohle.” Ha li eketsa tlhophiso ena ea boitšoaro bo botle boboleling ba tsona, Lipaki tsa Jehova li fetoha ‘mohlala oa mesebetsi e molemo.’ (Tite 2:1-10) Moapostola Pauluse o ile a laela hore, “Laela ba ruileng tsa mehla ea joale hore ba se ke ba ikhohomosa, ba se ke ba tšepa moruo o sa tieang, ba mpe ba tšepe Molimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele. Ba sebetse se molemo, ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 6:17-19.
11. Ke ntho efe ea bohlokoa e sebeletsoang ke bophelo bona ba hona joale, ho sa tsotellehe matsatsi a seng makae a bona a tletseng likhathatso?
11 Bophelo bona ba hona joale kamoo lefatše le bo phelang ho hang hase bophelo. “Ea iphelelang menyakeng o shoele, leha a sa phela.” (1 Timothea 5:6) Bophelo bona, leha ho le joalo, bo sebeletsa tlhokahalo ena e le ‘ngoe ea bohlokoa, ho ‘ateloa ke mesebetsi e molemo,’ ho ‘thea motheo o molemo bakeng sa nako e tlang,’ ho ‘rua bophelo bo sa feleng’ sebakeng sa ’muso oa Jehova tlas’a ’muso oa Kreste. Re ka ’na ra ba le ntho eohle eo bophelo bona bo fanang ka eona, empa haeba re se na mesebetsi e molemo e tla ba lefeela le ntho e se nang thuso. Matsatsi a bophelo bona ha a sa le makae ’me a tletse bohloko le likhathatso, masoabi le mahlomola, masisa-pelo le mesarelo, bokhopo le lefu. Matsatsi ha a sa le makae, empa a teng a lekane hore re ka rua mesebetsi e molemo haeba re sa liehe. Ho etsa mesebetsi e joalo ho re tlisetsa thabo le khotsofalo, khotso le ho kholoa ha pelo, boikutlo ba hore ho na le ho molemo le morero, bophelo ba moea le ho phela ka ho sa feleng.
Mosebetsi o Khathollang o Isang Polokehong
12. Ke eng e ipakang e khathatsa ho Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang, empa ke eng e khathollang?
12 Le hoja ho ka bonahala ho makatsa mehleng ena ea ho iphapanya le khanyetso tse ngata, ho furalla boboleli ba ’muso oa Jehova hoa khathatsa ho Lipaki tsa Jehova tse sehlahlo. Ho bua hoa li khatholla le ho li lopolla. Ha Jeremia a fihletse qeto ea hore a ke ke a bolela, molaetsa o ne o tšoana le mollo masapong a hae, ’me qetellong a hoa: “Ke khathetse ke ho o boloka, kea sitoa.” (Jeremia 20:9) Elihu o ne a hloka hore a lokolloe ho bua linnete tseo e leng khale a li koetlile: “Ke khotše litaba, ’me moea o teng ho ’na o ntšututsang. Bonang, matšoafo a ka a joale ka veine e sa kang ea thibolloa, joale ka makuka a macha a ratang ho phatloha. Ke rata ho bua.” (Jobo 32:18-20) Elihu a ikutloa a khatholohile hoba a etse mosebetsi ona. Molimo oa khatholoha hoba o phethe mosebetsi oa oona oa ho bōpa. Ho phetha mosebetsi oa Jehova ho ne ho tšoana le lijo tse khathollang ho Jesu. ’Me ho phetha mosebetsi oa ho bolela hona joale ho khatholla Lipaki tsa Jehova. Li “fofa joale ka ntsu.”—Esaia 40:31.
13. Ho nakong hore re etse joang hona joale, ’me ke thuso ho mang hona joang?
13 Hona joale ke nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo Bibele, ho khaotsa ho tšoana le tsamaiso ena ea khale e khopo, ho fetoha ka ho nchafala kelellong. “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng.” “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:15, 17; Ba-Roma 12:2) Itlhomelle hore u tšelise ba llang ka litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Hlophisa thuto ea hao ka ho bea tholoana ea moea bophelong ba hao —‘lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo le boitšoaro.’ (Ba-Galata 5:22, 23) Thusa ba bonolo hore ba nchafatse likelello tsa bona, hore ba rue litholoana mesebetsing e molemo, le hore ba hlole ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:11, 29) Ba thuse ho sebetsa polokeho ea bona ha u ntse u sebeletsa ea hao.
14. (a) Ho fanoa ka keletso efe bakeng sa ho bolokeha, ’me ke hobane’ng ha e le nakong hona joale? (b) Ka ho itšebelisetsa eona, ho bonolo hore re be eng re be re e etse?
14 Mehla ena e thata ’me le nako e khutsufetse, kahoo keletso e tsoang ho Molimo e re: “U bolele lentsoe, u phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe.” “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.” “Bakeng sa mafolofolo le se ke la ba botsoa; le be le cheseho moeeng; le sebeletse Morena.” (2 Timothea 4:2; 1 Ba-Korinthe 15:58; Ba-Roma 12:11) Ka litsela tsena tsohle “le fele le sebeletse polokeho ea lōna ka tšabo le ka thothomelo . . . le tle le hloke sekoli le letheba, le be bana ba Molimo, ba sa nyatseheng har’a moloko o senyehileng, o khopo, oo le khanyang har’a oona joale ka maseli lefatšeng, le ntse le phahamisitse lentsoe la bophelo.”—Ba-Filippi 2:12, 15.
◻ Mesebetsi ea Jehova e mo rorisa joang?
◻ Molimo o amohela mahlabelo a mofuta ofe?
◻ Re ka nolofaletsa ba bang hore ba amohele molaetsa oa ’Muso joang?
◻ Ke mosebetsi ofe o ipakang o khatholla ho bahlanka ba Molimo?
◻ Ho hlokahala re hlophise thuto ea rōna ka mesebetsi efe e molemo?
◻ Ee joale ke nako ea ho etsa joang?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 15]
Na re batlisisa le ho nahanisisa ka mantsoe a ’nete, hore re a hlahise malapeng a batho ka tsela e khahlisang?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 16]
Mesebetsi ea ho etsa seo re se bolelang ke ea bohlokoa haeba re tla qoba ho nyatsuoa ka hore re baikaketsi
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Mesebetsi e babatsehang ea Jehova e senola hore na ke Molimo oa mofuta ofe. Mesebetsi ea rōna e senola hore na re batho ba mofuta ofe
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho bua ka linnete tsa Bibele ho ba bang ke mosebetsi o khathollang