Boboleli ba ’Muso Likarolong Tse Ling Tsa Panama
KE ENG eo u ka thabelang ho e mamella ho re u sebeletse Molimo? Na u ka haola har’a sekhoa? Ho thoe’ng ka monyetla oa ho oelana le libatana? Leoatle lona na u ka le thula ka phatla?
’Na le mosali oa ka re u memela ho tsamaea le rōna ha re etela tse ling tsa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova potolohong e le ’ngoe feela ea Panama. Joale u tla bona seo Bakreste ba naheng eo e Amerika-Hare ba se etsang ho sebeletsa Molimo oa bona, Jehova.
Cayo Paloma le Tobobe
Maeto a rōna a qala seterekeng sa Bocas del Toro, ho sika le lebopo la Caribbean. Mona ho lula Maindia a Guaymi, batho ba bakhutšoanyane, ba batšo, ba sehlahlo ba nang le moriri o otlolohileng o motšo. Cayo Paloma le phuthehong e haufi le moo ea Tobobe, ho boleloa ka ’Muso haholo ka leleme la Guaymi, le hoja ho hlokahala hore ho paka ho hong ho etsoe ka Spanishe le Senyesemane. E mong oa baena ba rōna ba Guaymi ea bitsoang Ignacio o bua maleme ka boraro. Eena le mosali oa hae, Virgilia, ba na le bana ba bararo; empa leha ho le joalo ke bo-pula-maliboho ba khethehileng, baboleli ba nako e tletseng ba litaba tse molemo.
Ho fihla ho batho sebakeng sena ka mosebetsi oa boboleli, re tlameha ho sika le mabopo a matle moo ho ka sesoang re hloa le maralla le likhohlo tse majoe. Libaka tse ling ho fihloa ho tsona ka ho tsamaea leoatleng. Kahoo Ignacio o fihla ho tsona ka seketsoana sa hae (cayuco), Kaha mona batho ba tloaetse ho hata ka leoto fatše, hangata ke ’na le mosali oa ka feela ba roalang lieta. Empa kapele ra ithuta hore na ke habohlokoa hakaakang ho tsamaea lebōpong la leoatle ntle ho tsona.
Ha re fihla ntlong ea pele tšimong ea rōna, re hlokomela hore ha ho lemati leo re tlamehang ho kokota ho lona. Matlo a mangata a na le monyako o ahlameng feela, ’me ke seoelo a nang le marako. Hona ho molemo libakeng tse chesang tse bohareng ba lefatše. Matlo a entsoe ka lifate tsa “bamboo” ’me a ruletsoe ka makala a palema, a ahoa holim’a lithupa tse tenya. Ho na le thupa e betletsoeng ho hloella ka tlung. Ka tloaelo baeti ba leba hona ka tlung ’me mohlomong ba bile ba “ipha litulo” ka ho lula fatše kapa libencheng pele ba lumelisa mong’a ntlo. Joale ka kakaretso bohle ba teng ba mamela ka hloko ha ho fanoa ka bopaki. Kaha ke sebaka sa balemi, hangata ba se nang chelete ba fana ka lijo bakeng sa libuka tsa rōna tse buang ka Bibele.
Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho mona ke Natanaele le Oliva. Ba tsamaea ka mehla ho tloha Cayo Paloma ho ea tšimong ea bona Buena Vista, motsana o lebopong la leoatle Chiriquí Lagoon. Ke ho leka ho hocha ho hang hore ’na le mosali oa ka re kopanele le bona mosebetsing oa bona oa boboleli. Re tšela hloahloa ka ho tsamaea ka lihora tse ka bang tharo har’a sekhoa se teteaneng, se lefifi, se nang le melumo ea linonyana tsa mefuta-futa tsa linaha tse chesang. Re tlameha ho sebelisa lirifi, ka baka la qhafutso le linoha. Hape, ho molemo ho nka thipa e khōlō eo u tla e sebelisa ha bothata bo hlaha ka tšohanyetso. Ka linako tse ling, re tlameha ho loana le li-hornet kapa likokoanyana tse ling. ’Me melatsoana e mengata e tlameha ho tšeloa ka “borokho” bo entsoeng ka lifate tse oeleng. Natanaele le Oliva ba nka lintho tse hlokahalang ka chacara, mokotlana o lohiloeng ka ho nyehlisa. Ha Natanaele a o jara lehetleng, mosali eena o o kenya molaleng, a o pepa.
Hoba re tsamaee sebaka se selelele, re fihla nōkeng e tala e khutsitseng tu. Ka cayuco re tsamaea metsotso e mashome a mararo ho theosa le nōka, pele re feta metsing a sa tebang haholo tlas’a moriti oa lifate tse khōlō tse koahetsoeng ke moriri oa mekhoabo. Joale nōka e-ea phatlalla e be re fihla leoatleng. Buena Vista, Natanaele o na le ntlo ea bobeli leralleng le haufi le lebopo. Ntlo ena e sebelisoa joaloka Holo ea ’Muso ea sebaka seo, moo batho ba mashome a mane kapa a mahlano ba kopanang kamehla. Le sebakeng sena se hole baena ba rōna ba Bakreste ba nang le likabelo mananeong a liboka ba apara lisutu ba fasa le lithae. Liboka li tsamaisoa ka Spanishe le ka Guaymi.
Chiriquí
Ho fihla seterekeng sa Chiriquí ho tloha Buena Vista, ho molemo hore pele u tsamaee ka lihora tse hlano ka cayuco metsing a tletseng marua-rua. Joale ho latele leeto la hora ka terene, joale e be leeto la moeeng la metsotso e mashome a mararo ka sefofane se senyenyane holim’a mokoloko oa lithaba ho ea ka lehlakoreng la Pacific la naha.
Holimo thabeng e pholileng ke motse o lekhalong o botleng oa Boquete. Ea kopanelang le phutheho ena e nyenyane ke khaitseli oa Mokreste eo ka sebele e leng mohlala o motle oa mamello. Le hoja monna oa hae e se e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ba teng kamehla libokeng ka Sontaha. Hangata, o na le boholo ba bana ba hae ba bahlano haeba a sa ea le bona kaofela. O lula holimo lithabeng ’me o tlameha ho nka leeto ho ea libokeng, e seng ka metsotsoana e seng mekae feela, empa lihora tse ka fihlang borarong. Hangata o fihla le bana ba hae ka shoalane lapeng, a tsamaile ho nyolosa leralla sebakeng se nang le linoha ’me hangata le likatse tse kang litau (puma). Empa o ho etsa kamehla ka thabo e le hore a ka fumana molemo oa moea libokeng.—Ba-Heberu 10:24, 25.
Karolong e ’ngoe ea Chiriquí e bitsoang Bijagual, ka linako tse ling mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo o etsoa ho kaletsoe lipere. Leha ho le joalo, ha motho a tsamaea, ka linako tsa lipula o tlameha ho tsamaea butle ka bohlale har’a qhafutso a bile a qothoma matangoana a metsi, ha ka linako tsa komello a itsamaela har’a lerōle le ommeng la lehlabathe. Ho sa tsotellehe maemo a joalo bopaki bo na le mahlohonolo a bona le hona mona.
Sena ke sebaka se lemang koae, kahoo hoba ba ithute linnete tsa Lentsoe la Molimo, ba bangata ba tlohetse ho lema koae, e leng oona mokhoa feela oo ba neng ba phela ka oona. (2 Ba-Korinthe 7:1) Ho bile joalo ka e mong ea bitsoang Baltazar. Hoba a qea-qee ka nakoana, a khaotsa ho lema koae, a ngolisa lenyalo la hae ka molao ’me a kolobetsoa le mosali oa hae. Kamor’a nako ea hore a leme sejalo se seng, a bolela hore boemong ba lichelete o bile o botleng ho feta pele.
Leoatleng
’Na le mosali oa ka re batla ho u tsebisa Luís, Gumercinda le bana ba bona ba bararo, ba kopanelang le phutheho e sikileng le lebōpo la Pacific. Ka Pherekhong 1974 pula-maliboho ea khethehileng ea bitsoang Antonino a hira ntlo ha Luís Horconcitos, a ho etsa ka ntat’ae. Kaha Luís o ne a e-na le polasi e nyenyane sehleke-hlekeng, ha a ka a tla toropong ho fihlela ha ho fetile likhoeli tse ’nè kapa tse hlano hamorao. Eaba Antonino o qala ho mo pakela. Eaba Luís o khutlela sehleke-hlekeng, a qalisa ho bala libuka tse buang ka Bibele tse a mo sietseng tsona le ho bolella ba bang seo a ithutang sona. Qetellong, eena le Gumercinda ba ithuta hammoho, ’me nako le nako ha ba khutlela toropong, ba ne ba botsa Antonino lipotso. Ho sa tsotellehe khanyetso e ngata le ho songoa ke beng ka bona le metsoalle, ba bolela hore ba lakatsa ho kolobetsoa.
Ba ne ba tla kolobetsoa kopanong ea setereke ka Tlhakola 1975. Ha ho fihla nako ea kopano, lelapa lohle la palama seketsoana ’me la tloha sehleke-hlekeng ka Labone ka hora ea bobeli ka meso. Empa ka Tlhakola leoatle lea befa. Joale ba ne ba tlameha ho khutlela morao le ho lebella. ka 11 hoseng moea le leoatle li ne li khutsitse, eaba ba tloha hape. Ka 2 motšehare oa mantsiboea, ba batla ba le hare, leoatle la befa hape, seketsoana sa leba koana le koana ’me maqhubu a kena kahare. Kaha lebōpo le ne le sa le sebakana, ba sesisetsa seketsoana haufi la mafika a maholo ho ea itšireletsa teng. Ka hora ea leshome le motso o le mong bosiung boo moea oa khutsa-khutsa ’me ba khona ho fihla Hornoncitos ka 5 hoseng ka Labohlano. Le hoja ba ne ba chesitsoe ke letsatsi ba khathetse, ba tšoara bese e eang moo kopano e leng teng hosesane ’me ka thabo ba itlhahisa bakeng sa kolobetso ea metsing ka Sontaha.
Na Jehova o ba hlohonolofalelitse boiteko bo joalo? O ho entse ka sebele. Ka mohlala, hona joale Luís ke mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. ’Me o bile le hona ho thusa ngoana e mong oa ‘bo hore a tsoele pele ho fihla ntlheng ea boineelo le kolobetso.
Camarón
Camarón. e seterekeng sa Chiriquí, ho na le phutheho eo boholo ba eona e leng Maindia a Guaymi. Ho e etela, re tlameha ho tsamaea ka koloi ho fihlela moo re ka khonang, thoko le tsela e khōlō ka metsotso e mashome a mararo. Moo baena ba re khahlametsa ka lipere. Hoba re tšele nōka, re hloella lithabeng. Hoo e ka bang lihora tse peli hamorao re fihla lapeng ha balumeli bahabo rōna ba re neang ntlo eo re tla phela ho eona re le babeli ho fihlela re tloha. Kamorao ho lijo tse hlabosang le ho tola nōkaneng, re phomolela seboka sa hosesane hoseng. Ho tloha mona, ke leeto le ka nkang hora le metsotso e leshome le metso e mehlano ho nyolosa leralla ho ea Holong ea ’Muso Camarón. Ho fihla moo, baena ba bang le bona ba tsamaea libaka tse telele. U hlokomela hore Holo ea ’Muso e ruletsoeng ka makapa ha e na mabota. Empa e na le pontšo, temana ea selemo ea Bibele le sebapala lirekoto se sebetsang ka “battery” bakeng sa lipina tsa ’Muso.
Kamorao ho seboka, re ea sebakeng se haufi haholo bakeng sa bopaki. Se hole ka leeto la metsotso e mashome a mabeli a metso e mehlano. Kapele feela re se re qetile matlo a moo a ’maloa. Joale sebaka se latelang se hokae? Leeto le leng la hora ho ea pelenyana!
Tolé
Na ka linako tse ling u ee u fumane sebaka seo le bolelang ho sona se le thata? Ka hona ’na le mosali oa ka re u memela ho kopanela le rōna ho boleleng litaba tse molemo Tolé. Ha re le maralleng re retelehela thōko le Tsela e khōlō ea Pan-American. Haufi re se re le motseng oa Tolé, moo Holo ea ’Muso e leng haufi le tsela e khōlō, Hangata baitlami ba basali ba Mak’hatholike ba teng mona ba setse Lipaki morao e le hore ba ka nka libuka tse buang ka Bibele tse setseng malapeng a batho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena sohle, batho ba bangata ba tiileng ba ’nile ba amohela ’nete ea Bibele.
Ka mohlala, ho na le Paki e kholoanyane eo re batlang ha u ka teana le eona. E ile ea thahasella lilemong tse fetileng hobane Paki e neng e e-na le lebenkele e ne e sa mo rekisetse koae. E ananela liboka tsa Bokreste, e ne e atisa ho palama pere ka lihora tse tšeletseng ho ea sebokeng. Leha ho le joalo, ea fihlela qeto ea hore ho ka ba molemo ha e ka fallela haufi le Holo ea ’Muso. Hona joale e hole ka leeto la lihora tse ’nè feela! Ha e e-ea sebokeng e tšela nōka ka makhetlo a mararo ka pere. Na hona e ho etsa kamehla? E, e ho entse ka lilemo tse fetang leshome joale!
’Na le mosali oa ka re thabetse ho u neha leseli la ho re na ho joang ho etela liphutheho le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela likarolong tsa Panama.—Tlatselletso.
[’Mapa o leqepheng la 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Panama
Cayo Paloma
Buena Vista
Tobobe
Chiriqui Lagoon
Bocas del Toro
Boquete
Bijagual
Chiriqui
Horconcitos
Camarón
Tolé
Boca Brava
Pacific Ocean
Caribbean Sea
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Re tseleng e eang sebakeng sa boboleli
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Holo ea ’Muso e Camarón