Likereke li Kenelletse
“KE NAKO ea hore barapeli ba kenye letsoho pusong.” Ana ke mantsoe a moruti oa California. Na u lumellana le eena, hore balumeli ba lokela ho kenella lipolotiking? Ba bangata baa lumela, ha ba hlomohile ke ho oa ha melao ea boitšoaro, keketseho ea bonokoane, ho oa ha moruo, likhohlano tse matla pakeng tsa lichaba, bofuma le tlala le ho tapa ha tumelo ho tlalang lefatše lohle.
Ke ʼnete, a mangata ho mathata ana ke boikarabelo ba mebuso. Empa hangata mebuso ha e na seo e ka se etsang. Ho hobe ka ho fetisisa, e mengata e tumme hampe. Litlaleho tsa tšilafalo le thetso li fokolisitse tšepo ea batho mebusong ea bona ho isa moo ba bangata ba lumellanang le mosali ea ileng a re: “Ho fihlile moo ke nahanang hore tsamaiso eohle ea bopolotiki e silafetse ebile e feletsoe ke boitšoaro.”
Kahoo, batho ba bangata ba tiileng ba ikutloa hore bolumeli bo lokela ho thusa. Ba ikutloa hore bolumeli bo emela Molimo ʼme ka nepo, ba lumela hore ho hlokahala ho fetang tsebo ea motho hore ho tle ho rarolloe mathata a motho. Ba rapella thuso, empa ha ba tsebe hantle hore na Molimo o tla ba thusa joang. Ba ikutloa hore mohlomong ho ho bona ho etsa ho hong. Kahoo, ba lakatsa ho bona “barapeli” ba kenella lipolotiking e le hore ba ka kenya motsoako oa bolumeli pusong. Baruti, baprista le batho ba balumeli ba ntse ba eketseha tšebetsong ea lipolotiki.
Na ee ke tsela e molemo haholo eo bolumeli bo ka thusang ka eona kajeno? Re ke re hlahlobeng se etsoang ke ba bang ho balumeli bana, ʼme re bone hore na tšepo ea bona ke ho finyella eng.
Bolumeli Lipolotiking
United States litumelo tse ling li na le ba etelang ba pusong malapeng hona motseng oa moreneng, ho leka ho susumetsa ba etsang melao. Ba na le tšepo ea ho finyella eng? Moprista oa K’hatholike o hlalosa hore: “Re ikutloa hore re na le tšusumetso ea nako e telele maikutlong a boitšoaro eo e leng eona e fanang ka mokhoa oa lipolotiki bakeng sa sechaba,” Moruti oa Moprostanta a phaella ka hore: “Ke tšoanelo hore re re ho ʼmuso: ʽLe fositse, le khethile tsela e fosahetseng.ʼ”
Ho etela ba pusong malapeng a bona ka tsela e joalo ho ʼnile ha etsoa ka lekunutu ka nako e telele. Phetoho e entsoeng morao tjena, ʼme e bonahala e le bothoto, ke ho theoa ha lihlopha tsa thahasello e khethehileng tse hlophisitsoeng ke Maprostanta. Lihlopha tsena, tse kang “Moral Majority” sa United States, li iponahalitse li tšehetsa ka matla khang ea Iseraele, litokelo tsa basodoma, tumellano ea Panama Canal, tšireletso ea Taiwan le ho ntšoa ha limpa. Mapolotiki a ithutile hore a ke ke a tella tšusumetso ea tsona. Baemeli ba Senate ba ileng ba tšehetsa mananeo a sa ratoeng ke lihlopha tsena ba ʼnile ba tlosoa litulong ka livoutu.
Lekhotla la Lefatše la Likereke, le theiloeng Europe, le kenelletse lipolotiking ka tsela e ʼngoe. Ho tloha ka 1970, ho tlalehoa le fane ka $3 millione (U.S.) ho mekha e sa tšoaneng ea phetohelo ea bopolotiki.
Hape, baruti ba bang ba batla litulo tseo ba li khetheloang pusong. Leha ho le joalo, sehlooho sa haufinyane koranteng se hlalositse seo mohlomong e leng pheletso ea ho kenella lipolotiking: “Baprista ba Philippine ba tlohela parishe, ba kenella ntoeng.” Taba e bolela ka baprista ba bane ba K’hatholike ba ileng ba ikopanya le mokha oa likhukhuni oa Bokomonisi. Ho kenella joalo mekheng e mecha ho atile haholo, empa ho lefuoa moputso o boima. Latin Amerika ho felletse ka ho bolaea, ho koetela le ho leleka baprista, baitlami ba basali le batho feela ba 850 lilemong tse leshome tse fetileng.
Tšebetso e joalo ea baeta-pele ba bolumeli lipolotiking u e talima joang? Na u-ua e thooletsa? Kapa na ua e belaela? Mohlomong ha u hanane le hore bolumeli bo bue ka bohlale litsekisanong tsa bopolotiki empa ha u monate ke hore baprista ba kene litoantšanong.
Empa, haeba re lumela hore bolumeli bo kene ka tsela leha e le efe lipolotiking, ho thata hore na joale hothoe bo eme hokae. Haeba ho amoheleha hore baruti ba bang ba etele ka lekunutu malapeng a ba pusong motseng oa moreneng oa sechaba ho buella mananeo ao ba ikutloang hore a molemo, ke hobane’ng ha e le phoso hore Maprostanta a hlophise lihlopha tsa khatello ka har’a naha e le hore ho ntšetsoe pele mananeo a bohlokoa ho ona? Hape, haeba Mahoo-hoo a ka buella ho sireletsoa ha Iseraele, ke hobane’ng ha Lekhotla la Lefatše la Likereke le ke ke la fana ka chelete sesoleng seo le ikutloang hore lea se rata? ʼMe haeba hoo ho nepahetse, ke hobane’ng ha ho hanyetsoa haeba, ho e-na le hore ho lefuoe batho ba bang hore ba bee bophelo ba bona kotsing, baprista ba K’hatholike ba loanela le ho shoela seo ba se tšehetsang Amerika Boroa le Aisa?
Leha ho le joalo . . . na u bona phoso ka monahano ona? Na kannete ee ke tsela e molemo haholo ea hore bolumeli bo thuse batho mehleng ee e thata?
Ha ho hocha hore bolumeli bo leke ho susumetsa lipolotiki. Chateng e leqepheng la 4 ho thathamisitsoe liketsahalo tse ling tse hlokomelehang tsa ha bolumeli le lipolotiki li ne li tsoakane.
[Lebokose le leqepheng la 4]
◻ Ka 1095 Mopapa Urban II a ipiletsa ho mabotho a Bophirima ho “ea thusa bana babo bona Bochabela ba Bokreste” ho loantša Maturk. Phello ea e-ba ntoa ea pele ea bolumeli le mokha oa masole a bolumeli, oo ka makholo a lilemo a mabeli o ileng oa tšolla mali a mangata.
◻ Lekholong la bo12 la lilemo Mopapa Adrian IV a fana ka molao ka naha ea Ireland ho morena oa Manyesemane, Henry II, ka tsela eo a tšoanelehisa (mahlong a ba tšepahalang) ho nka ha Manyesemane naha eo.
◻ Ka 1524 balemi ba Jeremane—ka lehlakoreng le leng ka lebaka la lithuto tsa Martin Luther—ba loana. Le hoja qalehong Martin Luther a ne a lumellana le tsela ea bona, ka 1525 a khothalletsa hore khosana ea Jeremane e robake “Balemi ba Meharo, ba Babolai.” Khosana ea latela keletso ea hae ka sehlōhō se seholo.
◻ Ka 1618 boiteko ba khosana ea Bohemia ba ho qobella Bok’hatholike baahing ba bangata ba Maprostanta ba thusa ho qhomisa ntoa ea lilemo tse mashome a mararo.
◻ Ka 1918 likereke tsa Bojakane tsa sebelisa tšusumetso ea tsona ho tšehetsa Selekane sa Lichaba. Empa hoo ha hoa ka ha se atlehisa. Kamorao ho lilemo tse mashome a mabeli feela lefatše la hohlomela ntoeng e sisimosang ka ho fetisisa paleng eohle ea motho. Hona joale likereke tsa Bojakane li emetse Machaba a Kopaneng, empa lichaba li hlometse le ho arohana ho feta leha e le neng pele.