Bolumeli bo ka Nolofatsa Maima Joang?
KHATELLO, tlala, melao e oang ea boitšoaro, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ho tšosa ha ntoa ea libetsa tse chefu—tsena ke tse ling tsa likhang tseo baruti ba bang ba bolumeli ba tšoarang lipitso tsa bopolotiki ka tsona. Ka ho hlakileng, Bakreste bohle ba amehile ka litaba tse joalo. Empa na ho kenella lipolotiking ke eona tsela ea ho nolofatsa maima a lefatše?
Baeta-pele ba bolumeli ba kenella lipolotiking hobane ba batla ho ʻbeela lipolotiki mokhoaʼ kapa ho lemosa mebuso ha e nka ʻtsela e fosahetseng.ʼ Ho ba joang ha bona, bo nka tsela e fosahetseng? Ka mohlala, haufinyane, pontšong ea bochaba ea Maserbia, moprista oa Moserbia a qhomisa ntlo ea moemeli oa Yugoslavia e United States. Kannete ketso e joalo ea bokhukhuni e fosahetse, haholo ha e etsoa ke moprista! Ho sa tsotellehe hore na o ne a susumetsoa ke eng, moprista o ipolela hore ke moemeli oa Molimo. Empa Lentsoe la Molimo ka ho hlakileng le hlokomelisa bohle ba ipolelang hore ba lumela ho eena hore: “Le se ke la iphetetsa e le lōna, . . . hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ʼna ke tlang ho busetsa, ho rialo Morena [Jehova].” (Ba-Roma 12:19) Liketso tse kang eo ea moprista li fokolisa ketello pele ea boitšoaro eo balumeli ba bang ba lekang ho fana ka eona.
Ho feta moo, le hona Kerekeng e K’hatholike, ba bangata ba belaela haholo ka ho kenella ha baprista le baitlami ba basali lintoeng. Mojesuti oa Colombia o itse: “Batho ba pele ba tla utloa bohloko ke bofetoheli bo etsoang ka ntoa ke mafutsana ka booona, e seng baruti kapa babishopo. Re ka tšehetsa boemo bo joalo joang?” Mopapa ka boeena o lekile ho felisa ho kenella ho itseng lipolotiking, a bolela hore ke tšoanelo ea moprista kapa moitlami oa mosali ho sebeletsa se hlokoang ke mohlape moeeng, ho e-na le ho o hlophisetsa borabele.
Limpho tsa Lekhotla la Lefatše la Likereke ho lihlopha tsa bofetoheli le tsona ka ho tšoanang li tsositse likhang haholo ha ho bonahala hore tse ling tsa lihlopha tse amohelang limpho li na le tlaleho ea ho hlorisa baromuoa. Salvation Army e ile ea emella ka thōko Lekhotleng ka lebaka lona leo.
Le tsona lihlopha tsa khatello tsa Boprostanta tsa United States li ʼnile tsa nyatsuoa. Mohlophisi oa makasine a hlokomela hore: “Liketsong tsa litokelo tsa Bokreste, ho seng ho saletse feela ke lebitso la Jesu.” Ka ho totobetseng mohlophisi o ne a ikutloa hore ka ho kenella lipolotiking, batho ba joalo ba tšoana haholo le mapolotiki a se nang boitšoaro ho fapana le baruti ba bolumeli. Hona ho re hopotsa ka keletso ea mongoli oa Bibele Jakobo, hore Mokreste oa ʼnete o lokela ho ipoloka “a se na le lethebanyana” lefatšeng.—Jak. 1:27.
Kahoo, ho kenella ha bolumeli ho hlahisa lipotso tse thata likelellong tsa batho ba nahanang. Empa ho thoe’ng haeba baeta-pele ba bolumeli ba fella feela ho faneng ka keletso e “bohlale” ka mekhoa e tobileng ea mebuso? Le hona hona ho baka mathata, kaha baeta-pele bana ba fana ka keletso e hananang. Ha e etse letho ho felisa maima.
United States ka mohlala, balumeli ba bang ba buella hore ho lahloe lihlomo. Ba bang, leha ho le joalo, ba batla ho bona naha ea habo bona “e na le sesole se matla ha e sa le Pōpo e ba teng.” Mahoohoo a sebeletsa “ho pholoha ha Amerika,” hammoho le tsamaiso ea eona ea leruo. Leha ho le joalo, mosebeletsi oa Lekhotla la Lefatše la Likereke o ile a ngola hore: “Bofetoheli ba lefatše boa hlokahala ho lopolla batho tšenyehong, tahlehelong, tlatlapong le khatellong, tse ntšelitsoeng pele ke puso ea leruo.” A tsoela pele ho rorisa tlhaloso ea Cuba ea “bofetoheli ba lefatše.”
Le litabeng tsa boitšoaro ba botona le botšehali, baeta-pele ba bolumeli ba fana ka maikutlo a sa tšoaneng. Kahoo motho ea ka thōko a ka tseba joang hore na molao oa “boitšoaro” o lokelang ho bolokoa ke ofe le hore na “tsela e fosahetseng” ke efe e tla qojoa? Na “botle” kapa “bobe” bo itšetlehile ka sechaba seo motho a tsoaletsoeng ho sona, mokha oa bopolotiki oo a leng ho oona, lebala la letlalo la hae kapa boemo ba hae licheleteng? Kapa na Molimo o beile molao o sebetsang ho mang le mang le hokae kapa kae?
Ka litsela tse ngata, ho kenella ha bolumeli lipolotiking ho bakile pherekano ho e-na le ho kenyelletsa motsoako oa “borapeli” litabeng tsa lefatše. Na hona ho bolela hore ha ho karolo eo bolumeli bo ka e nkang? Na bo ke ke ba tlatsetsa ka letho ho nolofatseng maima lefatšeng?
Tsela e Molemo Haholo ea ho Thusa
ʼNete ke hore, bolumeli ba ʼnete bo ka tlatsetsa haholo. Empa hore re bone hore na bo ka tlatsetsa ka eng, re tlameha ho utloisisa linnete tse itseng tsa bohlokoa.
Pele, hore ebe ba bohlokoa, bolumeli bo tlameha ho bua ka lentsoe la Molimo, e seng la motho. Hona bo ka ho etsa joang? Bibele e re: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ʼme a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Ha moruti oa bolumeli a bolela maikutlo a hae, le haeba a nkile Bibele ka letsohong la hae, maikutlo ao hase a molemo oa letho joaloka maikutlo a mang le mang. Leha ho le joalo, haeba seo a se bolelang se hlile se boletsoe ke Bibele, kapa “Mangolo” se emela mohopolo oa Molimo.
Sa bobeli, Jesu o itse: “ʼMuso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Johanne 18:36) Kahoo, bolumeli ba ʼnete bo theiloeng Bibeleng ha bo nke lehlakore lipolotiking tsa lefatše. Ha bo emele kapa hona ho hanela sechaba, morabe, tsamaiso ea bopolotiki kapa tokisetso ea moruo leha e le efe. Bakreste ba phahamisa ʼmuso oa Molimo, e seng ʻʼmuso’ o mong oa lefatše lena. Mokreste ha a lokela ho nka lehlakore litsekisanong tsa lipolotiki tsa lefatše lena joalokaha Jesu a sa ka a nka lehlakore ho ntšetseng pele likhang pakeng tsa Bajode le Baroma mehleng ea hae.—Mareka 12:17.
Joaloka Bakreste kajeno, Jesu o ne a thusa ka botho ba kulang le ba hlokang ha a na le hona. Empa o ne a sa kenella lipolotiking. Mosebetsi oa hae o moholo e ne e le ho bolela ʻlitaba tse molemo tsa ʼmusoʼ (Mattheu 9:35) Ho bolela ʻlitaba tsona tsena tse molemoʼ ke tsela e ntle haholo eo Mokreste a ka thusang eo a ahisaneng le eena ha ho talingoa maemo a thata a lefatše a kajeno.
Ke hobane’ng ha hona ho le molemo ho feta ho kena lipolotiking? Hobane joalokaha motho e mong le e mong ea nang le ʼnete a lumela, mathata a batho a ke ke a rarolloa ka botlalo ke bohato ba lipolotiki, ho sa tsotellehe boiteko bo bohlale le bo tiileng ba mapolotiki a mang. Ho tla hlokahala matla a phahametseng motho ho felisa bofuma, ho kula, bobe le maloetse a mang ʼohle a rōna. ʼMe Bibele e hlalosa hore ho joalo ho tla finyelloa feela ke Molimo ka ʼmuso oa oona, puso ea oona ea leholimo ka Jesu Kreste e le morena.—Jeremia 10:23; Daniele 2:44.
Kahoo, Jesu ha a ka a rōma balateli ba hae hore ba leke ho susumetsa mapolotiki a lefatše, empa hore ba etse barutuoa, e leng hoo ba ho etsang kajeno ka ho bolela ʻlitaba tse molemoʼ tsa ʼmuso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mattheu 24:14) Ba lokela ho bolella batho hore na ke hobane’ng ha ʼmuso oo o tla tlosa maima, le hore na ke joang re tsebang hore o haufi haholo hona joale. Mosebetsi oa bona ke ho bolella ba bang ka mahlohonolo a tla phalla a tsoa ʼmusong oo hona joale le nakong e tlang, ʼme ba lokela ho thusa batho ho ba barutuoa ba Jesu Krese, e leng ho tla ba nolofaletsa ho kopanela mahlohonolong ana.—Mattheu 28:19, 20; 1 Timothea 4:8; Tšenolo 21:3, 4.
Molaetsa ona ke oa bohlokoa haholo ho ba o amohelang. O arabela lipotso tse ba imetseng haholo, o tlosa lipelaelo tsa bona, o ba thusa ho loana ka katleho le maima a ba tlakileng hona joale ʼme, ka baka leo o ba supisa hore na ba ka fumana “khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle” joang.—Ba-Filippi 4:6, 7.
Na Hona ho Lekane?
Ho bonahala ba bang ba ikutloa hore hona ha hoa lekana. Moruti ea tšoarehileng lipolotiking oa naha ea Bophirima e hlasetsoeng ke maikutlo a hore bolumeli bo tsoe lipolotiking le ke boitšoaro bo bobe o itse: “Ho tla tlameha hore Bakreste ba nke boikutlo bo matla . . . ho seng joalo re felile.” Empa na Bokreste bo tla hlōloa haeba Bakreste-ʼmotoana ba sa tšoarehe lipolotiking?
Baromuoa ba bang ba linaheng tse futsanehileng ba ikutloa hore ʻlitaba tse molemoʼ ha lia lekana. Ba ikutloa hore hona joale batho ba hloka thuso. Kahoo, ba kopanela liketsong tsa lintoa. Empa kannete boiteko leha e le bofe ba ho liha mebuso e theiloeng bo hanana le keletso ea Bibele: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.” (Ba-Roma 13:1) Hape ho hanana ka ho phethahetseng le boitšoaro ba Jesu le balateli ba hae ba pele bao e neng e “se ba lefatše.” (Johanne 17:16) Ho sebeletsa feela ho eketsa maima.
Jesu a tšepisa balateli ba hae ba ʼnete hore: “Bonang, ʼna, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Matt. 28:20) Makholong a pele a lilemo hoba Jesu a shoe, ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba lumela tšepiso eo. Ba emella thōko lipolotiking. ʼMe, le hoja ba ne ba hlorisoa ba bile ba likiloe ke ba sa lumeleng, tumelo ea Bokreste ea pholoha.
Kajeno, Jesu o sa na le balateli ba hae. O sa na le hona ho boloka Bokreste ba ʼnete ntle ho hore Bakreste ba kenelle lipolotiking. ʼMe o tla finyella morero oa Molimo oa ho fetola lefatše paradeise e tletseng batho ba thabileng le ba se nang maima, ho sa tsotellehe ʼnete ea hore batho ba bangata hakana kajeno ba ikutloa hore ke bona ba ka fetolang lefatše.—Daniele 2:44; Tšenolo 21:4.
Empa na ʻlitaba tse molemoʼ li lekane bakeng sa mafutsana a lefatše? E mong oa Lipaki tsa Jehova eo e bileng moromuoa ka lilemo tse telele Bochabela bo Hole o itse:
“Ke ʼnete hore hangata re ne re utloa bohloko ke bofuma boo re neng re bo bona. Empa ho ne ho tla thusa joang haeba re ne re khothallelitse mafutsana hore a rabele? Ke mang ea neng a ka tiisa hore ʼmuso o latelang o ne o ka etsa hamolemo ho feta o teng?
“Eaba re hlokomelisa ka ʼmuso oo re tsebang hore o ka etsa hamolemo, ʼmuso oa Molimo. Eare ha mafutsana ao a amohela litaba tse molemo ka ʼmuso ona, a utloa kamano e ncha le Molimo. A ikutloa hore ruri o-oa a hlokomela ʼme a utloa kamoo o a thusitseng kateng litlokotsing tsa bophelo ba oona. Hona ha a nea boikutlo ba hlompheho le tšepo ka nako e tlang.”
E mong ho Lipaki tsa Jehova, ea qetileng lilemo tse ngata a bolela ʻlitaba tse molemoʼ tsa ʼmuso Amerika e Hare, o lumela joalo. A phaella: “Mafutsana a ileng a amohela ʻlitaba tse molemoʼ a tlohela tumela-khoela ea oona le limpe tsa oona, tse kang ho tsuba, papali ea chelete, botahoa le ho hlafuna betel nut; ʼme boemo ba bona ba lintho tse bonahalang ba ntlafala hobane ba ile ba sebelisa seo ba nang le sona hamolemo. ʼMe ha ba etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba bona, bofuma ba bona ba bebofala haholoanyane. Ha baa ka ba hlola ba honohela barui, hobane ba ne ba hlokomela hore ba na le ho hong hoo barui ba ho hlokang.”
E, ke tlhaho ho ameha ka ho ata ha bonyefoli, khatello e tletseng hohle, tlala le maloetse a mang a tsamaiso ena ea lintho. Ho ba teng ha lintho tse thata tsena ka mokhoa o tsoetseng pele ho bontša hore motho o hloka ʼmuso oa Molimo ka potlako. Ke oona tšepo feela eo mang kapa mang a ka bang le eona bakeng sa ho bona bokamosa bo thabileng, ʼme ke feela bolumeli ba ʼnete ba Bokreste bo theiloeng Bibeleng bo hlileng bo thusang batho ho lumela ho oona. Ka ho etsa joalo, bo thusa haholo ho nolofatseng maima a kajeno.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Balumeli ba bang ba batla ho bona naha ea habo bona “e na le sesole se matla ha e sa le Pōpo e le teng”
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Eaba re hlokomelisa ka ʼmuso oo re tsebang hore o ka etsa hamolemo, ʼmuso oa Molimo.”—MOROMUOA
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu o rutile balateli ba hae ho etsa barutuoa, e seng ho tšoareha lipolotiking
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Molaetsa oa Bibele o thusa batho ho loana ka katleho le litlokotsi bophelong ba bona