Mareka, Mongoli oa Molaetsa oa Ketso
NA U potlakile ka linako tsohle? U haelloa ke nako ea ho bala? Empa na u rata ho fumana lintlha tsa bohlokoa tsa bophelo le thuto ea Jesu ka potlako, u sa tlangoa ke thuto ea bolumeli kapa maikutlo? Ka mantsoe a mang, na u rata ho utloa molaetsa oa Bokreste ka bokhutšoanyane? Nka Bibele ’me u bale buka ea Mareka. Re re “buka” le hoja e nka feela maqephe a ka bang 25 Bibeleng e boholong bo itekanetseng. Hona ke hobane’ng ha re re Mareka, e seng bangoli ba bang ba Molaetsa Mattheu, Luka le Johanne? Hobane Mareka ke eona e tobileng taba le e tletseng ketso Melaetseng e mene “kapa litaba tse molemo” tse ngotseng ka bophelo ba Jesu Kreste.
Moea oa Molaetsa oa Mareka o totobala khaolong ea pele moo a sebelisang lentsoe la Segerike euthús, “phakisa” kapa “hona hoo,” ka makhetlo a 11. Nako le nako o fana ka maikutlo a ho potlaka kapa ho phakisa tšebetsong ea Kreste ka ho sebelisa lentsoe ka makhetlo a 42 tlalehong eohle eo a e ngotseng.
Pele khaolong ea pele tlaleho ea Mareka e bua ka Jesu a kolobetsoa ke motsoala’e Johanne nōkeng ea Jordane. Litemaneng tsa 16 ho ea ho 21 Kreste o khetha barutuoa ba bane ba tsamaeang le eena leetong la hae la pele la boboleli Galilea. Ka ba pele ba babeli, Simone le Andrease, ba neng ba tšoasa lihlapi, rea bala: “Ba phakisa [euthús] ba tlohela matlooa a bona, ba mo latela.” Joale Jesu a khetha Jakobo le Johanne, ba neng ba rōka matlooa a bona le ntat’a bona, “a phakisa [euthús] a ba bitsa.”—Mareka 1:10-43.
Mokhoa o khethehileng oa ketso oa Mareka o boetse o bontšoa ke tlaleho e khaolong ea borobong le ea leshome moo a hlalosang bongata bo “titimela” ho Jesu, le hamorao, “ha a bona hobane bongata boa mo titimela.” Mohlankana ea botsang oa morui “a mo titimela, a khumama ka mangole pel’a” Jesu Kreste. Ke Mareka feela ho bangoli ba Melaetsa ba ngolang molaetsa o tšoanang (Mattheu, Mareka le Luka) ea bolelang ka ho titima mabakeng ana.—Mareka 9:15, 25; 10:17; bapisa Mattheu 19:16 le Luka 18:18.
Mareka e ne e le Mang?
Mohlomong u-ua botsa: Mareka e ne e le mang? Na o bone ka mahlo liketsahalo tseo a li hlalosang? Kapa o fumane litaba mohloling o mong?
Ho totobetse hore ’mè oa Mareka, Maria, e ne e le molumeli ’me ntlo ea hae e ne e sebelisetsoa libōka tsa Bokreste. Hape re tseba ka buka ea Liketso tsa Baapostola hore Mareka o ile a ea tšimong ea boromuoa e le motsoalle oa motsoala’e Barnabase le moapostola Pauluse. E ne e se moapostola kapa hore o bone ka mahlo liketsahalo tse ngata tseo a li bolelang. Mohlomong e ne e le morutuoa nakong eo Jesu a neng a tšoaroa ka eona, liithuti tse ling li mo tsebahatsa e le “mohlankana” ea ileng “a baleha a le feela” ka lekhetlo leo.—Liketso 12:6-17, 25; 15:36-41; Mareka 14:51, 52.
“Johanne ea reiloeng Mareka” o boleloa ka lekhetlo la pele tlalehong ea Bibele mabapi le ho lokolloa ha moapostola Petrose ka mohlolo teronkong selemong sa 44 C.E. Petrose a itlhahisa bosiu habo Mareka ho tsebisa Bakreste ba bōkaneng moo hore o lokolotsoe. (Liketso 12:12, 18) Ka nako eo Mareka o ne a sa hlokomele hore na moeti enoa o tla ba le tšusumetso e matla hakaakang bophelong ba hae lilemo hamoraonyana. Joang? Hobane hamorao e bile motsoalle ea haufi haholo ho moapostola Petrose, eo lengolong la hae la pele a bileng a mo bitsa “Mareka, mora oa ka.” (1 Petrose 5:13) Le hoja Mareka a ile a fumana mehloli e meng, ntle ho pelaelo Molaetsa oa hae o bontša haholo ho tloaelana ha Petrose le bophelo le tšebeletso ea Jesu. Ke bopaki bofe boo ho boleloang see ka bona? Mohlala o bonolo o tla supa taba.
Nakoana kamorao ho mokete oa Paseka oa 31 C.E., Jesu o ne a le leetong la hae la bobeli la ho bolela Galilea, a tsamaea le baapostola ba 12. A rera ho tšela Leoatle la Galilea ka seketsoana. Hoa khahlisa ho bapisa kamoo Mattheu le Mareka ba bolelang taba. Pele, Mattheu:
“Ha tsoha sefefo se seholo leoatleng, sekepana sa ba sa apesoa ke maqhubu, a metsi; empa Jesu eena o na a robetse.”—Mattheu 8:24.
Le hoja hona ho fana ka maikutlo a sefefo, ha ho hlile ha ho phahamise ketsahalo kapa ho susumetsa maikutlo. Mareka eena a hlalosa ketsahalo eona eo joang?
“Joale, ha tsoha sefefo se seholo sa moea; maqhubu a metsi a kena sekepaneng, ’me se ne se se se batla se tlala. Eena [Jesu] o na a le maraong, a robetse mosamong.”—Mareka 4:37, 38.
Mareka o ne a le sieo. E be o ne a ka fana ka tlhaloso e qaqileng hakaalo joang? Eo ho bonahalang a buisane le eena ke motšoasi oa litlhapi Petrose. Na u hlokometse tlhaloso e qaqileng ea sefefo le phello ea sona seketsoaneng. Le ho qaqisoa ha “maraong” ho molekhetho ea phelang moo ho omileng Mattheu a sa ho akarelletsang, le hoja a ne a le teng ka sekepaneng? Hona Petrose o ne e-na le leihlo le bolokang le le hopolang hakaakang hore a hopole ’nete ea hore Jesu o ne a “robetse mosamong.”—Hape bona Luka 8:23.
Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha liithuti tse ling tsa Bibele li hlalosa Mareka e le motolokelli oa Petrose. Empa na hona ho bolela hore Molaetsa oa Mareka o lokela hore o bitsoe Molaetsa ho ea ka Petrose? Le hanyenyane. Litabeng tse ngata taba e fana ka bopaki ba matla a temoho a Petrose le tlhokomelo e qaqileng. Empa mokhoa oa puo o hlakileng le o phallang habonolo oo ho fanoang ka maikutlo ka oona oa ketso e se nang khaotso ka ho hlakileng ke oa Mareka.
Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa e lokelang ho nahaneloa ke hore ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke moea oa Molimo’ le hore “boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.” Kahoo re na le motsoako oa polelo ea Petrose e nang le temoho le ho ngola ho qaqileng ha Mareka ho potlakileng ketsong. Ruri Mareka ke e mong oa ba neng ba tataisoa, kapa ‘ba susumelitsoe’ ke moea o halalelang oa Molimo kapa matla a oona a sebetsang.—2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:20, 21.
Mareka o ne a Ngolla Mang?
Ho totobetse hore mongoli e mong le e mong oa Molaetsa o ne a ngola a hopotse ’mali ea itseng. Mattheu eena o ngoletse Mojode haholo, joalokaha ho bontšoa haholo ke ho qotsa hangata ka Mangolong a Seheberu le ho ameha ha hae ka leloko la Jesu ho bontša hore ka molao o tsoile ho Abrahama. Luka o ngoletse “Theofile ea khabane” le batho ba lichaba tsohle, ka moloko o khutlelang morao ho Abrahama. (Luka 1:1-4; 2:14; 3:23-38) Kahoo e mong le e mong o na le mokhoa o fapaneng, le khatiso le temoho. Mareka eena o ne a ngolla mang haholo-holo?
Ho ka ’na ha etsahala hore o ngotse a le Roma ’me a hopotse balumeli ba Baroma. Segerike sa hae se bonolo le se tloaelehileng se nōkiloe ka ho ngola lintho ka mokhoa oa Selatine, ho neng ho ka etsahala habonolo bakeng sa motho ea buang Segerike ea phelang Roma. Bonyane o sebelisa mantsoe a Selatine ka makhetlo a 18, ho akarelletsa speculator (Segerike, spekoulátora, “mohlabani”), praetorium (Segerike, praitōrion, “ntlo ea bobusisi”) le centurio (Segerike, kenturíon, “molaoli oa lekholo”).—Mareka 6:27, 15:16, phet. e ncha; 15:39.
Bopaki bo bong ba hore Mareka o ne a ngolla Balichaba haholo ke ’nete ea hore ha ho kae kapa kae moo a bolelang ka ho tsoaloa ha Jesu kapa leloko la hae. Ha e le hantle, mantsoeng a hae a qalang o kena ka ho toba tšebeletsong ea Johanne Mokolobetsi le ho tsebahatsa ha hae Messia. Litaba tse ling tsohle tsa pelenyana tsa botho ka Jesu li ne li hlile li sa hlokahale, kaha li ne li boletsoe ka ho hlaka Melaetseng ea pelenyana ea Mattheu le Luka. Ke hobane’ng ha li ka phetoa hape molemong oa bao e seng Bajode? Hona, ka baka leo, ho hanyetsa liithuti tse ngata tsa kajeno tsa Bibele hore Mareka ke eena oa pele ea ngotseng Molaetsa, le hoja litsebi tse ngata tsa khale li lumellana hore Mattheu ke eena oa pele.
Kreste e le Motho
Mareka o fana ka Kreste e le motho oa mofuta ofe? Re iphumana re leka ho tšoara mosebetsi oa mehlolo ea sebetsang ka potlako eo kamorao ho litemana tse seng kae ho bonahalang a se a se mona le mona. Re mo sala morao ka mehlolo e ka bang 19 e entsoeng bonyane libakeng tse fapaneng tse 10 ho potoloha le Galilea le Judeaa. Empa leha ho le joalo re thusoa ho bona Jesu ea nang le kutloelo bohloko. Ho hlakisoa lintlha ho feta Molaetseng leha e le ofe, ’me boikutlo ba Jesu ba botho boa hlaka. Ka mohlala:
“Eaba o tlisetsoa bana, hore a ba ame; barutuoa ba hae ba ne ba khalemela ba ba tlisang. Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho ’na, . . . ha a ba sikile, a ba bea matsoho holimo, a ba hlohonolofatsa.”—Mareka 10:13-16.
Na u ka tšoantšetsa pono eo ka leihlong la kelello ea hao? Ke hakae re eeng re utloe kapa re bolele hore “bana ba lokela ho bonoa e seng ho utluoa”! Mona barutuoa ba ne ba bontša boikutlo bo joalo. Morena a itšoara joang? A ‘halefa.’ Petrose, ea boneng ka mahlo, ka ho totobetseng a hopola boitšoaro bo lokileng ba Jesu. Joale Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho ’na, ’me le se ke la ba thibela.” Mona Mareka o kenyelletsa taba ea botho haholo eo bangoli Mattheu le Luka ba sa e boleleng. Ho joalokaha eka o ile a sebelisa mochine o hōlisang lintho hore a be haufi haholo le hore a phahamise ntlha ha a ngola: “Ha a ba sikile.” Mona ke ketso le qenehelo ka nako e le ’ngoe. Ruri re bona Jesu ka mahlo a botho le a qenehelang a Petrose. Thabong ea rōna, moea o halalelang o ile oa susumetsa Mareka ho akarelletsa maikutlo ao a eketsehileng a qaqileng a etsang hore taba e be mofuthu.
Haeba u qala ho atamela Bibele kapa Bokreste, u ka ’na ua qala ka ho bala taba ena e bonolo ea “litaba tse molemo” ea monna oa ketso, Jesu Kreste. Koalla lefatše ka ntle le litšitiso tsa lona hora feela kapa tse peli ’me u nkehe paleng e thabisang ea Mareka, “Tšimoloho ea Evangeli ea Jesu Kreste.” (Mareka 1:1) Hona ke hobane’ng ha u sa ’phakise ho etsa joalo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe
a Bona “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” maqephe 287-289.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ke mang ea hlalositseng ka mokhoa o hlakileng haholo—Mattheu kapa Mareka?