Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ka Matla ’Ohle a ka
Kamoo ho boletseng Henry E. Atiemoh
TABA ea ka e qala naheng ea heso, Ghana. E ne e le Laboraro motšehare oa mantsiboea ka Tlhakubele, 1951. Bacha ba babeli ba Bakreste—Daniel S. Acquah le James K. Ameyaw—ba kokota ha ka ka nako ea phomolo ea mantsiboea. Hoseng hona tsatsing leo, eo ke sebetsang le eena temong ea “cocoa,” Dan, o ne a bile le lipuisano tse matla le bahlankana ba bang ‘nakong ea phomolo’ ofising ea rōna. Tseleng ha re ea hae ka bese, ka bokhutšoanyane a mpolella hore o ne a buisane le bona ka seotsoa se hlalosoang ka Bibeleng bukeng ea Tšenolo, khaolo ea 17.
Ra khaohana, kamorao ho nakoana le pele ke ja le ho paqama ke ha Dan a fihla le motsoalle oa hae James. Empa pele ke le bolella ka pheletso ea puisano ea rōna, ntumelleng hore ke le bolelle ka semelo sa ka.
Bolumeli
Ntate o ne a tloaetse ho nka lelapa lohle ho ea merung ho ea rapela melimo eitseng lebitsong la rōna. Kaha ke ’na moshemana e moholo lapeng la banana ba bane le bashemane ba tšeletseng, ke ne ke ba haufi haholo le ntate ka linako tsena.
Ha ke le lilemo li supileng, ka kolobetsoa Kerekeng ea Presbitheriane ke se na tsebo ea letho e nepahetseng ea Bibele. Leha ho le joalo, sekolong re ne re hopola ka hlooho likarolo tse itseng tsa Bibele le ho li pheta hape re ithuta litaba tse ling tsa Bibele. Ka 1946, ha ke le lilemo li 15, ka tiiseletsoa kerekeng le ho amohela ka lekhetlo la pele ebile e le la ho qetela. Ka nako ena eohle ntate o ne a ntse a re isa merung ho ea tšolla joala le ho hlaba likhoho e le mahlabelo lebitsong la rōna. Letsoalo la ka le ne le sa ntšoenye ho hang kaha Bakreste ’mōtoana ba bang ba kolobelitsoeng le bona ba ‘nile ba tsoela pele ba kopanela litšebeletsong tse joalo.
Hoba ke qete likolong tse bohareng ka 1947, ke ile ka kena sekolo sa tšebetso ea khoebo ka nakoana eaba joale ke qala ho sebetsa Koforidua, Ghana. Ka 1950 ka fallela Accra ho ea sebetsa lekaleng la Temo. Ha ke le motseng oo, ke ne ke sa tsamaee litšebeletso tsa kereke empa ke ne ke bala Bibele ka nako e ’ngoe, ke sa utloisise letho ho fihlela ha Bakreste bao ba babeli—Dan le James ba nketela motšehare oa mantsiboea ka Laboraro leo le hopolehang.
Liphello tsa “Ntoa” e Potlakileng ea Thuto
Pele ho tsohle, ka hla ka ‘ketoloa’ habonolo le ka potlako thutong ea ho se shoe ha moea. Ka mohlala, e bile tšenolo ho ithuta hore ho sitoa ha motho kapa sebe, ho ile ha fella ka lefu le hore moea o-oa shoa. (Ezekiele 18:4, 20) Lefung, liphoofolo le batho ka ho tšoanang ba khutlela lerōleng.—Moeklesia 3:18-20.
Sa bobeli, ka hlōloa ka mokhoa o kholisang thutong ea kolobetso ea masea. Ha suptjoa ka Bibele hore pele motho a kolobetsoa o tlameha ho khetha hore o batla ho ba morutuoa oa Jesu Kreste. (Mattheu 28:19, 20) ’Me, bonneteng, ka baka la matla a bona a sa fellang a temoho, masea a ke ke a tseba ho khetholla pakeng tsa ho nepahetseng le ho fosahetseng, kapa ho ba barutuoa.—Ba-Heberu. 5:13, 14.
Puisano ea rōna motšehareng oa mantsiboea ao ea nka karolo ea bohlokoa ho nkhannela hore ke qetelle ke ikemiselitse ho bontša lerato la ka ho Jehova Molimo le ho mo sebeletsa ka matla ’ohle a ka. (Deuteronoma 6:5) Bonneteng, ka nako eo ke ne ke batla ho tseba hore na Dan le James ba ithutile lintho tsena tseo ba mpolellang tsona hokae. Ba re, ‘Holong ea ’Muso.’ Na motho e mong eo e seng setho sa phutheho a ka ea ho ea mamela? karabelo ea e-ba E. Labohlano leo ka rera ho ea Holong ea ’Muso hore ke be le tsebo e ntle ea Bibele. Dan le James ba ntumelisa ka thabo e khōlō, ’me ka khahloa ke mokhoa oa lipotso le likarabo oa puisano ea Bibele. Ka fana ka tlhaloso e fosahetseng, empa ea tšoereng sebōka a mpabatsa leha ho le joalo, ’me hoo ha nthabisa haholo.
Ke entse qeto ea ho tsoela pele le Lipaki tsa Jehova, ka botsa hore na ho tla ba le sebōka ka Sontaha. Metsoalle ea ka ea re, E, empa ba bolela hore ba tla ea ka ntlo le ntlo hoseng ho ea memela batho sebokeng sa phatlalatsa mantsiboeeng ao. Ha ke botsa hore na nka ea le bona mosebetsing oo, Dan a re E. Eaba ke tsamaea le eena tšebeletsong ea tšimo mohlang oo ’me ka tsamaisa limemo tse seshoai. Ho tloha nakong eo ho ea pele ke ne ke sitoa ho thōla ho kopanela ’nete ea Bibele le ba bang lapeng le mosebetsing.
Ho Mamella Khanyetso
Rakhali e mong o ne a hanyetsa ka matla qeto ea ka e tiileng ea ho kopanela le Lipaki tsa Jehova. A bolela hore le haeba ke fumane ’nete, ke ’ne ke lule ke le Moprostanta ’me ke bolele ho litho tsa kereke ea rōna. Ka araba ka hore ke tla tlameha ho lebisa bamameli ba ka sehlopheng sa barutuoa ba ’nete ba Jesu le hore ’na ka sebele ke lokela ho ba teng e le hore nka amohela bana ba fihlang bocha. A se ke a rata qeto ea ka, empa ke ne ke sa batle feela le ho nahana ka ho e fetola.
Khoeling e latelang, ka la 29 ’Mesa, 1951, ka tšoantšetsa boineelo ba ka ho Jehova ka ho kena qoelisong ea metsi kopanong ea potoloho Suhum, moo rakhali a lulang teng. Bohato bona ka bo nka ke ‘sa botse nama le mali.’ (Ba-Galata 1:16) Sebōkeng sa tšebeletso likhoeli tse tharo hamorao, ha buuoa ka bopulamaliboho puong ’me kamorao ho beke ka be ke entse qeto ea ho ba pula-maliboho (kapa, ’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso). Tšebeletso ea ka ea bopula-maliboho ea qala ka la 1 Pulungoana, 1951. Ka nako eo ke le lilemo li 20, ka lokisetsa ho sebeletsa ka nako e tletseng bonyane lilemo tse 20, ho lefa nako eo ke e sentseng ke sa sebeletse Jehova ho tloha bonyenyaneng.—Moeklesia 12:1.
Liketso tsa ka tse tiileng tsa ho bolela tsa tsosa khanyetso e matla haholo, kaha ho ile ha rōmelloa ntate melaetsa ea hore kea hlanya, ke tlohetse mosebetsi ’me ha ke khaotse ho tsekela har’a motse oa Accra ke nkile libuka le lipampiri ka linako tsohle. Eaba o rōma khaitseli ea ka e moholo ho bona hore na litlaleho tseo ke ’nete kapa che. A fumana bopaki bo kholisang ba Bibele ’me a rōmela tlaleho e ntle ho ntate, le hoja a ne a sa thabela hore ke tsoile kerekeng ea Presbiteriane.
Kamorao ho likhoeli tse ’maloa re le bo-pula-maliboho ba kamehla ’na le motsoalle oa ka Dan S. Acquah ra rōmela likōpō tsa bopula-maliboho bo khethehileng. Ha re emetse karabo, ka rōmela molaetsa o eang ho batsoali ba ka ke ba bolella hore nka ’na ka ea ka leboea ho Ghana ho ea bolela ‘litaba tse molemo’ moo. Ntate a tla ka boeena, ’me e le ka morero o motle ho tla mphehella hore o tla nthusa ho haha ntlo. O ne a batle ha ke bolela Accra e seng ka leboea. Le eena ha bo ho fihlile nako ea hore a fumane bopaki bo botle ’me ka mo bolella hore ke se ke itse ho Jehova: “Ke ’na enoa, roma ’na.” (Esaia 6:8) Hape ka mo bontša hore ka ho tšepahala ho Molimo, ka tsatsi le leng ke tla ikahela ntlo ’me ke phele ka ho sa feleng. (Bapisa Esaia 65:21, 22.) A hlokomela boikemisetso ba ka, ntate ha a ka a hlola a tsitlella ’me ka thabela ho mo utloa a re: “Ha ho ea ka thibelang e mong ho etsa thato ea Molimo.”
Ho Itokolla Mosebetsing oa Boipheliso
Likōpo tsa rōna tsa bopula-maliboho bo khethehileng tsa amoheloa. Eaba ke ngolla bahiri ba ka lengolo la ho itokolla mosebetsing. Ka makala ha mookameli oa lekala leo ke sebetsang ho lona le motšoari e moholo oa matlotlo ba kōpa ho bonana le ’na. Ka botsoa hore na ke batla ho ekeletsoa moputso ka baka la hore ka botšepehi ke boloke libuka tsa ’muso tsa ntlo khōlō tse sebelisoang ho se tahlehelo ea letho kapa likhaello. Ka arabela ka Che. Joale mookameli a mpalisa lengolo leo a neng a le ngotse a buella hore ke eo koetlisoa hore ke be ofisiri ea sehlopha sa bobeli ho e-na le ho tsoela pele ke le mothusi feela. Ka leboha mosa oa hae haholo empa ka bolela hore qeto ea ka e tiileng e se e entsoe. Eaba ke lumelloa ho tsamaea, ke amohela moputso oa ka, oo karolo e ’ngoe ea oona ke ileng ka e sebelisa ho reka baesekele bakeng sa mosebetsi oa ka oa bopulamaliboho. Dan le eena a itokolla mosebetsing, ’me basebetsi ba bangata ba nahana hore tsebo ea Bibele e re entse mahlanya. Empa hona ha se ke ha re tšoenya.
Ho Thabela Kabelo e Ncha
Ka la 1 Phato, 1952 ra qala ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Navrongo Ghana e ka leboea. Moo ra fumana ba rapelang liphoofolo, ba bang e le Mak’hatholike le ba seng bakae ba Masolomane, ’me ka baka la lerato ra pakela bohle.
Pele, ra bolela har’a baahi ba buang Senyesemane. Leha ho le joalo, ba ne ba hlile ba sa ananele molaetsa oa ’Muso. Ka baka leo ra tlameha ho ithuta Kasem (Grunshi) e le hore re ka etsa hore ’nete e lume ka mokhoa o hlakileng litsebeng tsa batho ba pelo li mosa ba rapelang liphoofolo. Jehova a hlohonolofatsa boiteko ba rōna ’me ra atleha ho ithuta puo eo.
Ka 1954, hoba ho hahuoe phutheho e nyenyane e nang le bahoeletsi ba batala ba moo ba chesehang ba ka bang 30, Dan S. Acquah a abeloa mosebetsi oa potoloho. Molekane oa ka e mocha oa bopula-maliboho ea e-ba Moena Opare Adu, eo ke neng ke le motolokeli oa hae e moholo puong ea Kasem. Mafelong a 1956, ha le ’na ke kena mosebetsing oa potoloho, phutheho e ne e e-na le tlhoro ea bahoeletsi ba ’Muso ba 105.
Litokelo tse Ling tsa Tšebeletso
Mathoasong a 1958, Mokhatlo oa re mema le Dan hore re ee hammoho Sekolong sa Bibele sa Gileade United States. Leha ho le joalo, ha se ke ha etsahala joalo kaha ke ile ka kula libeke tse seng kae pele ho nako eo re neng re lokiselitsoe ho tsamaea ka eona ’me ka tlameha ho ntšoa lelana. Ka sebetsoa ka katleho ntle ho ho tšeloa mali, ’me ka lokolloa kamorao ho libeke tse peli.—Liketso 15:28, 29.
Ke matlafetse kapele, ka ba teng kopanong ea lichaba ea Thato ea Molimo motseng oa New York ka 1958, ha Dan a qeta sehlopheng sa bo31 sa Sekolo sa Gileade. A phakisa a rōmeloa ho ea sebeletsa Sierra Leone. Hoba ke qete ke le seithuti sa sehlopha sa bo32, ka Tlhakola 1959, ka rōmeloa hape Ghana ho ea tsoela pele le mosebetsi oa potoloho.
Ka 1960 ka neoa kabelo ea nakoana ea Bethele ofising ea lekala ea Watch Tower Society ea Ghana, moo ke ileng ka sebeletsa ka lilemo tse 10, tse supileng ho tsona ke sebetsa ke le mofetoleli oa puo ea Twi. Thabo ea ka ea ata ha baena ba ka Nicholas le Edward ba amohela ‘nete. Nicholas o se a shoele, empa hona ho etsahetse a ntse a sebeletsa ka botšepehi e le molebeli ea okamelang oa phutheho e ’ngoe ho tsa Accra. Edward o ntse a sebeletsa e le moholo oa Mokreste. O jere boikarabelo ba hae hantle e le ntate oa bana ba bararo a bile a ntse a le mosebetsing oa bopula-maliboho bo khethehileng.
Kabelo Naheng Esele e Haufi
Ke khutletse mosebetsing oa potoloho ka 1970, tlhokahalo ea e-ba khōlō bakeng sa bo-pula-maliboho ba khethehileng Ivory Coast. Ntle ho ho senya nako, ka kenya kōpo. Eaba ka Tšitoe 2, 1972, Moena Daniel Anim le ’na re fihla seemelong sa lifofane sa Abidjan. Matsatsi a mabeli hamorao, ra qala ho ithuta puo ea Sefora ’me ra “feta” ka katleho kamorao ho khoeli.
Mathoasong a Pherekhong 1973, ’na le Moena Anim ra fumana kabelo ea rōna ho ea Agboville, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 90 ho tloha Abidjan. Ra rapela ka mehla ho Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba rōna ba ho bua Sefora e le hore re ka neelana ka ‘litaba tse molemo’ hamolemo ho batho ba amohelang baeti ba Ivory Coast. E, lithapelo tsa rōna li arabetsoe ’me re thabela mosebetsi oa ho bolela naheng ena.
Ho bonahala ho loketse ho bolela kananelo ea ka bakeng sa lerato la boena le ho tšehetsoa linthong tse bonahalang ho ileng ha etsoa ke balumeli hammoho le ’na ba ratehang lebitsong la ka Ghana le Ivory Coast. Kahoo ke ile ka thusoa hore ke tšoarelle tšebeletsong ea nako e tletseng. Teboho ea ka ea sehlooho e ea ho Jehova bakeng sa liketso tse mosa tsena kaofela, kaha ke mohloli oa ‘mpho tsohle tse ntle le lineo tsohle tse phethehileng.’—Jakobo 1:17.
Ho tloha ka Pherekhong 1977, ke bile mosebetsing oa potoloho naheng ena. Tokelo e ’ngoe eo ke e filoeng ke ho sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala ea Ivory Coast. Ka pelo eohle ea ka ke rorisa le ho leboha Jehova Molimo ea mphileng matla a ho mo sebeletsa ka nako e tletseng ka lilemo tse 30. Ke le lilemo li 50 ke ikutloa ke le sehlahlo joaloka ntsu ’me ke na le tšepo ea hore ke tla tsoela pele le tšebeletso ea nako e tletseng. (Esaia 40:31) Empa ho sa tsotellehe hore na nako e tlang e tla le life, ke boikemisetso ba ka ho sebetsa ka matla a ka ’ohle ho tlotliseng le ho hlompheng Jehova.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 25]
‘Khaitseli ea ka a rōmela tlaleho e ntle ho ntate, le hoja a ne a sa thabela ho bona ke tlohela kereke’