Bokreste ba Kajeno—Ke bo Bokae Boo e Leng ba ’Nete?
NAKONG ea ntoa ea II ea lefatše monna oa le-Datche Hans van Meegeren o ile a rekisetsa monna oa le-Jeremane seo ho neng ho nkoa hore ke mosebetsi o tsebisahalang oa pele oa ea neng a ferefa litšoantšo lekholong la bo17 la lilemo oa le-Datche Jan Vermeer. Ho ile ha boleloa hore ke mosebetsi o tsoileng matsoho. Qetellong ea ntoa Van Meegeren o ile a tšoaroa ka hore o ile a rekisa mosebetsi ona oa bohlokoa o entsoeng ka matsoho a o rekisetsa sera. Nahana kamoo baqosi ba hae ba ileng ba makala ha a ipolela hore o kopilitse ka bolotsana mosebetsi o tsoileng matsoho oa Vermeer. Joale a ho paka ka hore a ferefe hape “Vermeer” e ’ngoe ha a le chankaneng!
Hona ho bontša eng? Hore mongolo o beoang e le bopaki oa lebitso kapa lebitso leo motho a le beang ha ho hlokahale hore e be ntho ea ’nete. E ka ’na ea eba bolotsana. Tabeng ea mesebetsi e etsoang ka matsoho hona ho senoloa ka ho hlahloba ka hloko mosebetsi ka boona le se sebelisitsoeng li bapisoa le setšoantšo se belaeIloang le sa ’nete.
Kajeno batho ba baloang ka limillione ba sebelisa “lebitso” la Bokreste. Mohlomong u e mong oa bona. Empa u ka bolela joang haeba u Mokreste oa ’nete, ntho ea sebele? Pele, hlahloba boitšoaro ba hao le seo u se lumelang ka tlaleho ea Bibele ea lithuto tsa Jesu Kreste le baapostola ba hae. Ho latelang, hlahloba kamoo Bakreste ba pele ba neng ba sebelisa lithuto tseo. Ha boraro, lokolisa bolumeli bo e leng ba hao ’me u bone hore na ka ’nete bo hlile bo lumellana le mohlala oa Kreste. Ebe joale ua ipotsa, Na bolumeli ba ka ke Bokreste ba ’nete? Na kea bo sebelisa?
Ho u thusa ho lokoliseng hona, ha re ke re hlahlobeng libaka tse seng kae tsa motheo tsa boitšoaro ho tiisa hore Bokreste ke ba ’nete.
NTOA: Jesu Kreste o itse: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:52.
Moapostola Pauluse o ngolile: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsoa ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” “Lerato ha le etse oa habo motho hampe.” (Ba-Roma 12:17, 18; 13:10) Hape, o itse: “Leha re tsamaea re le nameng, ha re loane ka nama; hobane libetsa tsa ntoa ea rōna ha se tsa nama.”—2 Ba-Korinthe 10:3, 4.
Tertullian, mongoli oa Mokreste ea tsoetsoetsoeng lilemong tse ka bang 100 hoba Kreste a shoe, o re thusa ho bona kamoo Bakreste ba pele ba neng ba talima ntoa le ho kopanela ho eona kateng: “Ke nahana hore pele re tlameha ho botsa hore na ebe ntoa ke ntho e loketseng Bakreste bohle. . . . Na ho tla nkuoa e le ntho e molaong ho sebelisa sabole ha Morena a bolela hore ea sebelisang sabole o tla bolaoa ka sabole? Hona na ngoana oa khotso o tla kopanela ntoeng ha e le ho bileng ho sa mo lokelang le hore a ka ea nyeoeng molaong?”
Tlaleho ea Bojakane ke efe mabapi le hore e be moetsi oa khotso le ’moloki oa khotso? Bolumeli boo u leng ho bona bo ema joang mabapi le khang ena? Ipotse: Ke lichaba life tse ileng tsa thoma lintoa tse peli tse lefatše tse ileng tsa baka polao e kana le mahlomola lekholong lee la lilemo? Na e ne e le ma-Solomane, ma-Hindu kapa ba-Buddha? Che, e ne e le hoo ho thoeng ke lichaba tsa Bokreste tsa Europa, li susumelletsoa ke mapolotiki a Mak’hatholike le Maprostanta le basebeletsi ba bolumeli. Hlaloso ea seboholi le mongoli oa Lenyesemane Malcolm Muggeridqe, e loketse hakaakang ha a re: “Lintoeng tse sa tšoaneng tsa mehleng ea rona Kereke e bile eona e ileng ea susumeletsa hore Molimo o ka lehlakoreng la rona le hore ke eena ea re hlohonolofalitseng ka ho sa tšoaneleheng bakeng sa mokhoa le ha e ka ba ofe oa ho li loana oo balaoli le mapolotiki ba ka o nkang o loketse. . . . E ’ngoe ea lipolelo tse bohlale ho fetisisa tsa mothei oa bolumeli ba Bokreste e bile hore ’muso oa Hae ha se oa lefatše lena.”
BONOKOANE LE BOTLOKOTSEBE: Kreste o rutile: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.”—Mattheu 22:39.
Ke motho ofe ea phelang hantle kelellong ea ratang ho utsoetsoa, ho shapuoa kapa ho bolaoa? Motheong ona ha ho Mokreste le ea mong oa ’nete ea ka etsang bonokoane bo joalo a bo etsetsa motho e mong, hobane Kreste o itse: “Ntho tsohle tseo le ratang ho re batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.
Moapostola Petrose o ile a toba taba keletsong ea hae: “Ho se ke ha e-ba e mong har’a lōna ea utloisoang bohloko hobane e le ’molai, kapa lesholu, kapa sesinyi.”—1 Petrose 4:15.
Tertullian o reng ka boitšoaro ba Bokreste mehleng ea hae? “Letotong la hao le lelelele la ba qosoang ka lihlōhō tse ngata le tsa mefuta e sa tšoaneng, na ’molai leha e le ofe, mang kapa mang ea utsoang ka lipokothong tsa batho, motho leha e le ofe ea molato . . . oa bosholu, ho utsoa liphahlo tsa batho ba sesang, lebitso la hae le kile la kenngoa leha e le kae kapa kae e le Mokreste? . . . Ka mehla ke oa heno eo lichankane li tletseng ka eena . . . ha ho Mokreste eo u tla mo fumana moo ntle le ha e le feela ka hore ke Mokreste, kapa haeba a le moo ka ntho e ’ngoe e itseng, ho hang ha e sa le Mokreste.”
Nakong ea hona joale boemo ke bofe ka bonokoane lichabeng tsa “Bokreste?” Bonokoane bo phahama haholo, lichankane li petetsane ’me batho ba tšaba ho tsoela kantle litseleng metseng e mengata e meholo ka lebaka la ho tšaba ho oela matsohong a linokoane. Na ha se ’nete hore ba bangata ho masholu ana le litlokotsebe ba ntse ba e-na le “Lebitso la Bokreste” joaloka ha ho pakoa ke ’nete ea ho re ba amohela ’Misa? Ha esita le ’Misa e Meholo e ’nile ea ketekoa lebitsong la mahoo-hoo. Kamoo ho bonahalang ha ho bohato ba letho ba khalemelo bo nkuoang ho hloekisa libaka tsena. Na bona ke bopaki ba bonnete ba Bokreste?
HO NTŠOA HA LIMPA: Mona hape re ka sebelisa mantsoe a Jesu: “Etsa batho ba bang kamoo u ratang ha ba ka u etsa le uena.”—Mattheu 7:12, The New English Bible.
Na u batla ho shoa? Nakong ea ntoa ea II ea lefatše ma-Nazi a bolaea ba baloang ka limillione likampong tsa oona tsa mahloriso. Ha u hetla morao, na u ne u ka ikhethela hore u be e mong oa babolauoa? Ho tšoana le babolauoa bao, ho ntšoa limpa ka mokhoa o senang boikhethelo, ’me li bolaoa ka mashome a limillione selemo se seng le se seng. Boemong bona keletso ea moapostola Pauluse e ea sebetsa: “Ho se ke ha eba e mong har’a lōna ea utloisoang bohloko hobane e le ’molai.”—1 Petrose 4:15.
Ntlheng ena litlhaloso tsa Bokreste ba lekholo la bobeli la lilemo, Tertullian le Athenagoras, ke tse tobileng taba: “Tabeng ea rona, ha re se re hanetsoe ho bolaea tlas’a maemo afe kapa afe, re ke ke ra ntša le mpa e ka popelong.” (Tertullian) “’Me ha re bolela hore basali bao ba sebelisang lithethefatsi ho ntša limpa baa bolaea, ’me ba tla ikarabella ho Molimo ka ho ntša limpa, ke motheong ofe re ka bolaeang?” (Athenagoras)
Ho na le letoto le sisimosang la limpa tse ntšoang ka tumello ea molao lichabeng tsa Bophirima tsa “Bokreste.” Ka mohlala, lenane le ntšitsoeng ka molao la limpa bakeng sa U.S.A. ka 1978 feela ke 1 157 776! Netherlands le Repabliki e Kopaneng ea Jeremane ho hakanngoa hore karolo ea 25 lekholong ea baimana e qetella e ntšitse limpa ka molao kapa kantle ho tumello ea molao. Lenane bakeng sa France ea Bok’hatholike ke 50 lekholong. Ha re bapisa se qotsitsoeng ka nako e fetileng se ileng sa boleloa ke Bakreste ba pele le lipalo tse sisimosang tjena re tlameha ho botsa, Na “Bakreste” ba kajeno ba fumanang tumello ea molao ea ho ntša limpa, le likereke tse buellang mokhoa ona, kannete ke Bokreste?
BOITŠOARO BA BOTONA LE BOTŠEHALI: Mothei oa Bokreste o itse: “Kahare pelong tsa batho, ke moo ho tsoang mehopolo e mebe le mafebe, . . . le bohlola, le mahlo a talimang hampe . . . Manyala ao ’ohle a tsoa kahare, ’me ke oona a silafatsang motho.”—Mareka 7:21, 22.
Morumuoa oa Mokreste Pauluse o lumela hore lintho tse joalo li silafatsa motho hobane oa ngola: “Ha e le . . . baboki le bafebi le ha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Joale ha re ke re lebeng mekhoeng ea lekholo la bobeli la lilemo ea Bokreste: “Ho na joale re suthetse hole-hole le ho itloaetsa mekhoa ea bootsoa, hoo e leng hore ha ho lumellehe le ho sheba motho ka ho mo lakatsa. (Athenagoras) “Mokreste o ipeetse moeli ka likamano tsa botona le botšehali. . . . Monna oa Mokreste ha ho kae kapa kae moo a amanang le mang kapa mang ha e se mosali oa hae feela.” (Tertullian)
Na Bojakane ba kajeno bo latetse mohlala oa Bokreste ba pele oa boitšoaro mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali? Na ‘mokhoa le thepa’ li sa tšoana le pele? Ntlheng ena Malcolm Muggeridge eo ho boletsoeng ka eena pele o ile a qhobeha hore a ngole: “Litabeng tse kang ho hlalana, bosodoma le seo ho thoeng ke Boitšoaro bo Bocha leqhubu le phalla ka matla ho loantšana le boemo ba Bokreste ba neano; hangata ho iphapanyelitsoe ke banna ba tsebisahalang ba kereke.”
Har’a Bojakane bohlola, bofebe le bosodoma ke lintho tse tletseng hohle. Maloetse a litšila a hlahileng ka baka leo ho fihlile moo joale e leng seoa. Na hoo ho bontša Bokreste ba ’nete? Kapa na ke bopaki ba hore re sebetsana le boiketsiso ba bohata le ba boikhakanyo?
HO KENELLA LIPOLOTIKING: Kreste o ile a bua tjena ka balateli ba hae: “Ha se ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Hape o ile a bua tjena ka pel’a Pilato: ’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena. . . . ’Muso oa ka ha se oa mona.”—Johanne 17:16; 18:36.
Roma ea boholo-holo lipolotiki le bolumeli li ne li lohellane haholo. Bakreste ba pele ba ile ba itšoara joang mabapi le boemo bona? Encyclopaedia Britannica e ea hlalosa: “Bakreste ba makholo a pele a mararo a lilemo ba ile ba ema ka matla ho ema khahlanong le bolumeli ba naha ba Roma . . . Bakreste ba ne ba italima e le baahi ba motse o tlang oa leholimo e le baeti le basele lefatšeng . . . e le litho tsa ’Muso oa Molimo . . . hoo ho neng ho se moo o amanang teng le lefatše lena le fetang ’me ka hoo le taolo ea lona ea lipolotiki.”
“Bokreste” ba kajeno bo ema joang mabapi le lipolotiki? Bo arohile ho tloha holimo ho fihlela tlase. Ho na le baruti ba ikhethollang le hoo e ka bang mokha o mong le o mong oa bopolotiki o teng, ho tloha ka baprista ba K’hatholike ba tšehetsang Bokomonisi Spain le Latin Amerika ho isa ho baruti ba Boprostanta ba sebeletsang lekhotleng la sechaba la manyesemane kapa ba itsebahatsang le lipolotiki tsa puso ea sechaba ka sechaba Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Tlaleho ea baruti ke ea boikokobetso bo se nang moeli, ntle ho khethollo e seng kae tabeng ea bo-Nazi le bo-Fasi lilemong tse fetileng tse mashome Jeremane, Italy le Spain ke e tsebisahalang ho batho.
Bojakane bo arohane likoto ’me ba tšepahalang ba arohane ho tšepahaleng bopolotiking. Mongoli oa le-Spanishe oa lekholo la bo20 la lilemo le seithuti Miguel de Unamuno o ne a nepile ka ho phethahetseng ha a ngola hore: “Ha habo Mokreste ha se lefatšeng lena.” “Bokreste ho hang ha bo kene lipolotiking.” Ha ho bapisoa, mongoli oa Lenyesemane Anthony Lejeune o ile a susumeletseha hore a ngole: “Baprista ba mapolotiki ba tletse hohle. . . . Kereke ha ho se letho leo e fanang ka lona ha e se lefatše, ho tla be ho eloa eng kerekeng?”
Hape, ho thoeng ka litlotla tse phoqang tse sebelisetsoang baruti likerekeng tse ngata hakana? Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le se ke la bitsoa Rabbi [“Moholo oa ka; Ea babatsehang ho ’na”—e leng ho lekanang le litlotla tsa bolumeli tse kang “Reverend,” “Reverend e Moholo,” joalo joalo], hobane moruti oa lona o mong, e leng Kreste, ’me lona bohle le bana ba motho a le mong. Le se ke la bitsa motho lefatšeng ntat’a lona hobane o mong feela eo e leng ntat’a lona ea leng maholimong,’’ (Mattheu 23:8, 9) Hona ho totobatsa hore ha ho mohla Bokresteng ba ’nete ho kileng ha e ba le morero oa hore ho be le sehlopha sa baruti le phutheho.
HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO”: Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o itse: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lona e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.”—Mattheu 5:14-16.
Khothatso ena ea ho khanya ka polelo le ka ketso e boetse e phetoa ke mantsoe a moapostola Pauluse: “A re hlahiseng ka mehla ka eena [Jesu] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” (Ba-Heberu 13:15) Tokelo le tšoanelo ea ho bolela “litaba tse molemo” tsa Bokreste ke tlamo holim’a molateli e mong le e mong oa Kreste.
Na Bakreste ba pele e le sehlopha “ba ile ba bolela lebitso la hae”? Kapa na ba ile ba potlakela ho khutsa kamorao ho lefu la baapostola ke ho nka sebaka ha sehlopha sa baruti? Ho latelang ho qotsitsoeng ho History of the Christian Religion and Church During the Three First Centuries ea Dr. Neander ho lokela ho arabela potso eo:
“Celsus [lekholong la bobeli la lilemo C.E.], oa pele ea ileng a ngola ho loantša Bokreste, o bo fetola sesomo, hore basebetsi ba mesebetsi e tlase, batei ba lieta, balemi, batho bao ho seng letho leo ba le tsebang le lisoasoi, ba lokela ho chesehela ho ba baboleli ba molaetsa.”
Ipotse lipotso tsena tse batlisisang: Na bolumeli ba ka bo khothaletsa le ho ntokisetsa ho ba mafolo-folo ho boleleng seo ke se lumelang joalo ka Mokreste? Na moea oa Bokreste ba ka o ntlamella hore ke ee malapeng a batho ba bang ho fumana ba hlileng ba hlokang Bokreste ba ’nete? Haeba ha ho joalo, ke bolumeli bofe ba Bokreste bo hlileng bo phethahatsang taelo eo Jesu a faneng ka eona?—Mattheu 24:14; Liketso 1:8; 1 Ba-Korinthe 9:16.
NA U MOKRESTE OA ’NETE?
Ke ha bohlokoa bakeng sa motho e mong le mong ea ipolelang hore ke Mokreste hore a arabele lipotso tsena ka nepo. Hobane’ng? Hobane ho amoheloa ke Molimo ho itšetlehile ka hona. Bokreste ha se feela ho lumela kapa lebitso, empa tsela eo ho pheloang ka eona. Na tsela eo u phelang ka eona e bonahatsa mehlala ea Bokreste? Na mokhoa oa hao oa bolumeli o lumellana le tšoanelo ea Bibele ea Bakreste ba pele eo re buisaneng ka eona?
Moapostola Pauluse o oa re mema: “Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona.” (2 Ba-Korinthe 13:5) Ho tla fihlela mona, re u mema hore u ke u hlahlobe letoto le latelang le lekhutšoanyane u bile u nts’o sheba mangolo a qotsitsoeng Bibeleng ea hao.
1. Na u kopanela ho tšepahaleng linthong tsa bosechaba kapa tsa bopolotiki tse bakang karohano har’a ba ipolelang hore ke Bakreste?—1 Ba-Korinthe 1:10; Johanne 18:36; Jakobo 1:27.
2. Lerato la Bokreste u le hlalosa joang?—1 Ba-Korinthe 13:4-8.
3. Na uena ka mekhoa, u leka ho bontša ho rata kannete eo u ahisaneng le eena? Joang?—Mattheu 22:39; Johanne 13:34, 35.
4. Na u mosa, u mohau le ho tšoarela ba bang?—Ba-Efese 4:31; Ba-Roma 12:10.
5. Bophelong ba hao ba tsatsi le leng le le leng, na u qoba leshano, ho utsoa, ho qhekella le ho sebelisa puo e lihlong le mahlapa?—Ba-Efese 5:3-5; 4:25-31.
6. Na u sekametse ho nahaneng hore boitšoaro ba botona le botšehali ke ntho e fokolang?—Mareka 7:20-23.
7. Na u sekametse mekhoeng ea ho ja le ho noa ka mokhoa o tlotseng?—Liproverbia 23:20, 21; Ba-Efese 5:18.
8. Na u leka ho buisana le ba bang ka tumelo ea ’nete ea Bokreste ka polelo le ka ketso?—Ba-Roma 10:9, 10; 1 Ba-Korinthe 9:16.
U fihla qetong efe? Na Bakreste ba ’nete ba hlile ba teng kajeno? Na u tseba leha e le ka bafe bao ka tieo ba lekang ho phela joalo ka Kreste ’me ka nako eo ba bile ba etsa boiteko bo feletseng ho buisana le ba bang ka tumelo ea bona ea Bokreste le tsela eo ba phelang ka eona? Na bolumeli ba hao ha e le ka thuto le ka mokhoa ke Bokreste ba ’nete? Kapa na feela ke lebitso le letle kapa mongolo o khahlang?
Haeba u sa ba tsebe, re khothaletsa hore u ke u shebisise Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno ’me u bone hore na ebe ka letsoalo le pholileng ha ba leke ho phela tumellanong le melao ea Bibele eo re buisaneng ka eona kaholimo. Haeba u sa tsebe hore na u ka li fumana kae, re tla thabela ho u thusa hore u kopane le tsona.—Esaia 43:10-12; Liketso 11:26.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Bojakaneng kajeno, boitšoaro bo bobe bo ntse bo hola ka matla khahlanong le boemo ba Bokreste, ka baka la batho ba kenang kereke
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]
Mongoli oa Brithani o ngotse: “Baprista ba mapolotiki ba tle tse hohle. . . . Haeba Kereke ho se letho leo e ka fanang ka lona ha e se lefatše, ho eloa’ng kerekeng?”