Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 4/1 leq. 16
  • Lithapelo Tsa Lipesaleme li ka U Tšelisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithapelo Tsa Lipesaleme li ka U Tšelisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 4/1 leq. 16

Lithapelo Tsa Lipesaleme li ka U Tšelisa

Ke batho ba ’maloa ba tsebileng hore na ho qoela ke ntho e joang ’me ba koenngoa ke hlapi e kholo ’me ba phonyoha hore ba ka ho bolela. Monna e mong ea ileng a etsa joalo ke Jonase. Boemo boo a ileng a iphumana ho bona ruri e bile bo khethollehileng har’a batho. Le ha ho le joalo o bile le hona ho sebelisa maikutlo a boletsoeng ho tse ling tsa Lipesaleme tse bululetsoeng ha a ipiletsa ka thapelo ha a le phihlelong e sa tloaelehang ka ho fetisisa ea hae. Bapisa mantsoe a latelang a Jonase le a fumanoang ho Lipesaleme.

“Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, ’me a nkutloa.”—Jonase 2:2a.

“Matsoalong a ka ka phahamisetsa mehoo ea ka ho Jehova, ’me ua nkaraba.”—Pesaleme 120:1.

“Ke le mpeng ea nģalo ea bafu ka hoeletsa.”—Jonase 2:2b.

“Jehova, botebong ba boliba ke bitsa ho uena!”—Pesaleme 130:1.

“’Me oa utloa lentsoe la ka.”—Jonase 2:2c.

“Morena utloa lentsoe la ka.”—Pesaleme 130:2.

“Hobane u no u ntahletse bolibeng, bohareng ba leoatle, likhohola tsohle li ne li mpotile kahohle.”—Jonase 2:3a

“Ke tetebetse metsing a boliba; maqhubu a ’ona a nkimela.”—Pesaleme 69:2.

“Maqhubu ’ohle a hao le likhapatseho tsa hao li ne li nkapesitse.”—Jonase 2:3b.

“Meroallo ea hao kaofela le maqhubu a hao ’ohle a fetile holim’a ka.”—Pesaleme 42:7.

“Ka ba ka re: ke lahliloe hole le uena; le ha ho le joalo, ke tla boela ke bone tempele ea hao e khethehileng.”—Jonase 2:4.

“Ka na ka re tsietsing ea ka: Ke tlositsoe pel’a mahlo a hao.”—Pesaleme 31:22.

“Metsi a ne a mpotile ho fihla le moeeng oa ka; boliba bo ne bo mpotile ka hohle, litlama tsa leoatle li ithatetse hlohong ea ka.”—Jonase 2:5.

“Hobane metsi a batla ho nka bophelo ba ka!”—Pesaleme 69:1.

“Ke ne ke theohetse tlase metheong ea lithaba, lefatše le ne le nkoaletse ka mekoallo ea lona ho isa ho sa feleng. Ebile u nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Molimo oa ka.”—Jonase 2:6.

“Jehova, u nyolotse moea oa ka nģalong ea bafu, u ntsositse, hore ke se theohele lebitleng.”—Pesaleme 30:3.

“Eanaeare ha moea oa ka o fela ka ho ’na, ka hopola Jehova.”—Jonase 2:7a.

“Ke tšela molumaelo oa ka pel’a hae, ke mo beela tsieleho ea ka.”—Pesaleme 142:2, 3.

“’Me thapelo ea ka ea fihla ho uena, tempeleng ea hao e khethehileng.”—Jonase 2:7b.

“A utloa lentsoe la ka a le sehalalelong sa hae.”—Pesaleme 18:6.

“Ba sebeletsang masaoana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang.”—Jonase 2:8.

“Ke hloile barapeli ba melimo ea bohata; empa ke beile tšepo ea ka ho Jehova.”—Pesaleme 31:6.

“Empa ’na ke tla u hlabela mahlabelo ka lipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng.”—Jonase 2:9a.

“U abele Molimo liteboho tsa hao, u lefe likano tsa Mookameli ea phahameng!”—Pesaleme 50:14.

“Poloko ke ea Jehova!”—Jonase 2:9b.

“Poloko e tsoa ho Jehova!”—Pesaleme 3:8.

Joaloka ha Jonase a ne a ka sebelisa puo ea Lipesaleme tse joalo maemong a hae, ho joalo le ho rona. Ke ka lebaka leo, ho sa tsotelleheng hore na boemo ba hao ke bofe hona joale, u ka tšelisoang le ho khothatsoa ke lithapelo tse tlalehiloeng bukeng ea Lipesaleme.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela